Mangolo a halalelang
Alma 45


Pale ea batho ba Nefi, le lintoa tsa bona le liphapang, matsatsing a Helamane, ho latela lingoliloeng tsa Helamane, tseo a li bolokileng matsatsing a hae.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 45 ho isa ho 62.

Khaolo ea 45

Helamane o lumela mantsoe a Alma—Alma o porofeta ho timetsoa ha Ba-Nefi—O hlohonolofatsa le ho rohaka lefats’e leo—Alma e ka nna eaba o ile a nkeloa holimo ke Moea, esita le joalo ka Moshe—liqabang lia hola ka kerekeng. Ka bo 73 B.C.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore sechaba sa Nefi se ne se nyakalletse ka ho fetisisa, hobane Morena o ne a ba lopollotse hape ho tsoa matsohong a lira tsa bona; ka baka leo ba ile ba fana ka liteboho tsa bona ho Morena Molimo oa bona; ee, ba ile ba itima haholo le ho rapela haholo, ’me ba ile ba khumamela Molimo ka nyakallo e fetisisang.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa bo-mashome a robong sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, hore Alma o ile a tla ho mora oa hae Helamane ’me a re ho eena: Na u lumela mantsoe ao ke a boletseng ho uena malebana le lingoliloeng tseo tse bolokiloeng?

3 ’Me Helamane a re ho eena: Ee, kea lumela.

4 ’Me Alma a re hape: Na u lumela ho Jesu Kreste, ea tla tla?

5 ’Me o ile a re: Ee, Ke lumela mantsoe oohle ao o a boletseng.

6 ’Me Alma o ile a re ho eena hape: Na u tla boloka litaelo tsa ka?

7 ’Me a re: Ee, ke tla boloka litaelo tsa hau ka pelo eohle eaka.

8 Joale Alma a re ho eena: U lehlohonolo; ’me Morena o tla u atlehisa lefats’eng lena.

9 Empa bona, Ke na le hanyane ho porofeta ho uena; empa seo ke se porofetang ho uena u tla etsa hore se se tsebahale; ee, seo ke se porofetang ho uena se ha se na ho etsoa hore se tsebahale, esita le ho fihlela boporofeta boo bo phethahetse; ka baka leo ngola mantsoe ao ke tlang ho a bolela.

10 ’Me ke ana mantsoe ao: Bona, kea lemoha hore sechaba sona sena, Ba-Nefi, ho latela moea oa ts’enolo o ka ho ’na, ka lilemo tse makholo a mane ho tloha nakong eo Jesu Kreste a tlang ho iponahatsa ho bona, ba tla fela ke ho se lumele.

11 Ee, ’me joale ba tla bona lintoa le mafu a seoa, ee, litlala le ts’ollo ea mali, esita le hofihlela sechaba sa Nefi se fetoha ho fela.

12 Ee, ’me sena hobane ba tla fela ke ho se lumele ’me ba oele mesebetsing ea lefifi, le bohlola, le mekhoa eohle ea bokhopo; ee, ke re ho uena, hore hobane ba tla etsa sebe khahlanong le leseli le leholo hakaalo le tsebo, ee, ke re ho uena, hore ho tloha letsatsing leo, esita le moloko oa bone o keke oa feta pele bokhopo bona bo boholo bo kaa tla.

13 ’Me ha letsatsi leo le leholo le tla, bona, nako e haufi haholo e fihla eo bao joale, kapa peo ea bao joale ba baloang har’a sechaba sa Nefi, ha ba sa tla hlola ba balloa har’a sechaba sa Nefi.

14 Empa mang kapa mang ea salang, ’me ba sa timetsoa ka letsatsi leo le leholo le ts’abehang, ba tla balloa har’a Ba-Lamane, ’me ba tla fetoha ho ba joaloka bona, bohle, ntle le hore e be ba fokolang ba tlang ho bitsoa balateli ba Morena; ’me bona Ba-Lamane ba tla ba latella hofihlela ba tla fetoha ho fela. ’Me joale, ka lebaka la bokhopo, boporofeta bona bo tla phethahala.

15 ’Me joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Alma a bolele lintho tsena ho Helamane, o ile a mo hlohonolofatsa, hape le bara ba hae ba bang; ’me hape o ile a hlohonolofatsa lefats’e molemong oa ba lokileng.

16 ’Me o ile a re: Ke joana ho bolelang Morena Molimo—ho tla rohakeha lefats’e, ee, lefats’e lena, ho sechaba se seng le se seng, leloko, leleme, le batho, ho isa timelong, bao ba etsang bokhopo, ha ba butsoitse ka botlalo, ’me joalo ka ha ke boletse ho feela ho tla ba joalo, hobane Morena o sitoa ho sheba sebe le ka bonyenyane ba tumello.

17 ’Me joale, ha Alma a se a boletse mantsoe a na o ile a hlohonolofatsa kereke, ee, bohle bao ba tlang ho ema ka tieo tumelong ho tloha nakong eo ho ea pele.

18 ’Me ha Alma a se a entse sena o ile a tsamaela kantle ho lefats’e la Zarahemla, joaloka ha eka ho ea lefats’eng la Meleke. ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ka a hlola a utloahala; ha ele ka lefu la hae kapa lepato ha re na tsebo eo.

19 Bonang, sena sona rea se tseba, hore e ne e le monna ea lokileng; ’me polelo eo e ile ea tsamaea hohle ka kerekeng hore o ne a nketsoe holimo ke Moea, kapa o patiloe ke letsoho la Morena, esita le joalo ka Moshe. Empa bonang, mangolo a halalelang a re Morena o nketse Moshe ho eena; ’me re nahana hore hape o amohetse Alma ka moea, ho eena, ka baka leo, ke ka lebaka lena re sa tsebeng letho ka lefu la hae le lepato.

20 ’Me joale ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa bo-mashome a mane sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi, hore Helamane o ile a tsamaea har’a sechaba seo ho phatlalatsa lentsoe ho bona.

21 Hobane bonang, ka lebaka la lintoa tsa bona le Ba-Lamane le liphapang tse ngata tse nyenyane le liqabang tse bileng har’a sechaba seo, ho ile ha fetohela hore ho be molemo hore lentsoe la Molimo le phatlalatsoe har’a bona, ee, le hore molao o etsoe hohle kerekeng.

22 Ka baka leo, Helamane le bana babo ba ile ba tsamaea ho ea theha kereke hape lefats’eng leo lohle le neng le ruiloe ke sechaba sa Nefi. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khetha baprista le baruti hohle lefats’eng leo lohle, holim’a likereke tsohle.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Helamane le bana babo ba khethe baprista le baruti holim’a likereke hore ho ile ha tsoha liphapang har’a bona, ’me ba ne ba sa mamele mantsoe a Helamane le bana babo.

24 Empa ba ile ba holela ho ba ba ikhohomosang, ba phahamiselitsoe holimo lipelong tsa bona, ka lebaka la maruo a bona a fetisisang; ka baka leo ba ile ba holela ho ba barui mahlong a bona, ’me ba ne ba keke ba mamela mantsoe a bona, ho tsamaea ka ho loka ka pele ho Molimo.

Hatisa