Mangolo a halalelang
Alma 3


Khaolo ea 3

Ba-Amliki ba ne ba its’oaile ho latela lentsoe la boporofeta—Ba-Lamane ba ne ba rohakiloe ka lebaka la phethohelo ea bona—Batho ba itlisetsa lithohako tsa bona—Ba-Nefi ba hlola lebotho le leng la Ba-Lamane. Ka bo 87–86 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba sa kang ba bolaoa ka libetsa tsa ntoa, kamora ho pata bao ba bolailoeng—Joale palo ea ba bolailoeng e ne sa baloe, ka lebaka la boholo ba palo ea bona—kamora hore ba qete ho pata beng ka bona ba shoeleng bohle ba ile ba khutlela mafats’eng a bona, le ho matlo a bona, le basali ba bona, le bana ba bona.

2 Joale basali ba bangata le bana ba ile ba bolaoa ka sabole, ’me hape le bongata ba likhuts’oane tsa bona le mehlape ea bona; ’me hape masimo a bona a mangata a lijo thollo a ile a timetsoa, hobane a ile a hatikeloa ke mabotho a banna.

3 ’Me joale joaloka ba bangata ba Ba-Lamane le Ba-Amliki ba ileng ba bolaeloa holim’a lebopo la noka ea Sidone ba ile ba lahleloa ka metsing a Sidone; ’me bonang masapo a bona a botebong ba leoatle, ’me a mangata.

4 ’Me Ba-Amliki ba ne ba khetholohile ho tloha ho Ba-Nefi, hobane ba ne ba its’oaile ka bofubelu liphatleng tsa bona kamor’a mokhoa oa Ba-Lamane; le ha ho le joalo ba ne ba sa beola lihlooho tsa bona joaloka Ba-Lamane.

5 Joale lihlooho tsa Ba-Lamane li ne li beotsoe; ’me ba ne ba hlobotse, ntle le letlalo le neng le tlanngoe thekeng ho bona, ’me hape lihlomo tsa bona, tse neng li tlanngoe ho ba pota pota, le liqha tsa bona, le metsu ea bona, le majoe a bona, le matjeketjane a bona, joalo joalo.

6 ’Me letlalo la Ba-Lamane le ne le le lefifi, ho latela lets’oao le ileng la behoa holim’a bo ntat’a bona, leo e neng e le thohako holim’a bona ka lebaka la tlolo ea bona le ho fetohela bana ba bo bona ha bona, ba kopantseng Nefi, Jakobo, le Josefa, le Seme, bao e neng e le banna ba lokileng ba halalelang.

7 ’Me bana ba bo bona ba ne ba batla ho ba timetsa, ka baka leo ba ile ba rohakuoa; ’me Morena Molimo a beha lets’oao holim’a bona, ee, holim’a Lamane le Lemuele, ’me hape bara ba Ishmaele, le basali ba Ba-Ishmaele.

8 ’Me sena se ile sa etsoa hore peo ea bona e tle khetholohe ho tloha peong ea bana ba bo bona, hore ka hona Morena Molimo a tle a boloke batho ba hae, hore ba tle ba se tsoakane le ho lumela meetlo e fosahetseng e ne tla netefatsa timelo ea bona.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore mang le mang ea kopanyang peo ea hae le eo ea Ba-Lamane o ne a tlisa thohako e ts’oanang holim’a peo ea hae.

10 Ka baka leo, mang le mang ea itumellang ho etelloa hole ke Ba-Lamane o ne a bitsoa tlasa hlooho eo, ’me ho ne ho ena le lets’oao le behoang holim’a hae.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore mang le mang ea neng a sa lumele mekhoeng ea Ba-Lamane, empa a lumela lingoliloeng tseo tse ileng tsa tlisoa ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ’me hape mekhoeng ea bo ntat’a bona, e neng e nepahetse, ba neng ba lumela litaelong tsa Molimo ’me ba li boloka, ba ne ba bitsoa Ba-Nefi, kapa batho ba Nefi, ho tloha nakong eo ho ea pele—

12 ’Me ke bona ba bolokileng lingoliloeng tseo e leng tsa ’nete ka batho ba bona, le hape ka batho ba Ba-Lamane.

13 Joale re tla khutlela hape ho Ba-Amliki, hobane le bona ba ne ba na le lets’oao le beuoeng holim’a bona; ee, ba ile ba beha lets’oao holima bona, ee, esita le lets’oao la bofubelu holim’a liphatla tsa bona.

14 Ke joana lentsoe la Molimo le phethahatsoang, hobane a na ke mantsoe ao a boletseng ho Nefi: Bona, Ba-Lamane ke ba file thohako, ’me ke tla beha lets’oao holim’a bona hore bona le peo ea bona ba ke ba aroloe ho tloha ho peo ea hau, ho tloha nakong ena ho tloha joale le ka ho sa feleng, ntle le ha ba ka bakela bokhopo ba bona ’me ba fetohela ho ’na hore ke tle ke be le mohau ho bona.

15 ’Me hape: Ke tla beha lets’oao holima eena ea kopanyang peo ea hae le bana beno, hore ba tle ba rohakehe le bona.

16 ’Me hape: Ke tla beha lets’oao holima eena ea loanang khahlanong le peo ea hau.

17 ’Me hape, ke re ea fallang ho tsoa ho uena ha a sa tla bitsoa peo ea hau; ’me ke tla u hlohonolofatsa, le mang le mang ea tla bitsoa peo ea hau, ho tloha joale le ka ho sa feleng; ’me tsena ke lits’episo tsa Morena ho Nefi le ho peo ea hae.

18 Joale Ba-Amliki ba ne ba sa tsebe hore ba phethahatsa mantsoe a Molimo ha ba qala ho its’oaea liphatleng tsa bona; leha ho le joalo ba ne ba ile ba tsoela kantle ka ho fetohela khahlanong le Molimo; ka baka leo ho ne ho lokela hore thohako ena e oele holim’a bona.

19 Joale ke lakatsa hore le tle le bone hore ba itliselitse holim’a bona thohako eo; ’me esita le motho e mong le emong ea rohakehang o tlisa ho eena kahlolo ea hae.

20 Joale ho ile ha etsahala hore matsatsi a seng mangata kamor’a ntoa eo e ileng ea loaneloa lefats’eng la Zarahemla, ke Ba-Lamane le Ba-Amliki, ho ne ho na le lebotho le leng la Ba-Lamane le tlileng holim’a batho ba Nefi, sebakeng se ts’oanang moo lebotho la pele le kopaneng le Ba-Amliki.

21 ’Me hoile ha etsahala hore ho be le lebotho le romeloang ho ba khannela kantle ho lefats’e la bona.

22 Joale Alma ka boeena a ne a hlokofetse ka leqeba ha a ka a nyolohela ntoeng ka nako ena khahlanong le Ba-Lamane;

23 Empa o ile a romela bongata ba lebotho khahlanong le bona; ’me ba nyoloha ’me ba bolaea ba bangata ba Ba-Lamane, ’me ba khannela karolo e setseng ea bona kantle ho meeli ea lefats’e la bona.

24 ’Me ba ile ba khutla hape ’me ba qala ho theha khotso lefats’eng leo, ba sa hlole ba khathatsoa bakeng sa nako ke lira tsa bona.

25 Joale lintho tsena tsohle li ile tsa etsoa, ee, lintoa tsena tsohle le likhang li ile tsa qala le ho fella ka selemo sa bohlano sa puso ea baahloli.

26 ’Me ka selemo se le seng likete le mashome a likete a meea e ile ea romeloa lefats’eng la bosafeleng, hore ba tle ba kotule meputso ea bona ho latela mesebetsi ea bona, hore na e bile molemo kapa hore na e bile mebe, ho kotula thabo ea bosafeleng kapa mahlomola a bosafeleng, ho latela moea oo ba khethileng ho o mamela, hore na ke moea o molemo kapa o mobe.

27 Hobane motho e mong le e mong o fumana moputso oa eo a khethileng ho mo mamela, ’me sena ke ho latela mantsoe a moea oa boporofeta; ka baka leo tlohellang hore e be holatela ’nete. ’Me ke joana ho ileng ha fela selemo sa bohlano sa puso ea baahloli.

Hatisa