Mangolo a halalelang
Alma 12


Khaolo ea 12

Alma o bua le Zeezrome—Liphiri tsa Molimo li ka fuoa feela ba tletseng tumelo—Batho ba ahloloa ka mehopolo ea bona, litumelo, mantsoe, le mesebetsi—Ba khopo ba tla mamella lefu la moea—Bophelo bona ba ho shoa ke boemo ba tekolo—Moralo oa topollo o tlisa ho tsoha bafung ’me, ka tumelo ts’oarelo ea libe—Ba bakileng ba na le tokelo holim’a mohau ka Mora ea tsoetsoeng a ’Nots’i. Ka bo 82 B.C.

1 Joale Alma, ka ho bona hore mantsoe a Amuleke a khutsisitse Zeezrome, hobane o ile a bona hore Amuleke o mo ts’oere leshanong la hae le ho thetsa ho mo timetsa, le ka ho bona hore o ile a qala ho thothomela tlas’a tsebo ea melato ea hae, o ile a bula molomo oa hae ’me a qala ho bua le eena, le ho tiisa mantsoe a Amuleke, le ho hlalosa lintho ho ea ka nqane, kapa ho phuthulla mangolo a halalelang ka nqane ho seo Amuleke a neng a se entse.

2 Joale mantsoe ao Alma a a buileng ho Zeezrome a ile a utluoa ke batho ba mo teetseng har’e ho potoloha; hobane bongata bo ne bo le boholo, ’me o ile a bua ka tsela e tjena:

3 Joale Zeezrome, ka ho bona hore uena u fumanoe leshanong la hau le maano, hobane ha ua thetsa batho feela empa u thetsitse Molimo; hobane bona, o tseba mehopolo ea hau eohle, ’me ua bona hore mehopolo ea hau e tsebahatsoa ho rona ke Moea;

4 ’Me ua bona hore rea tseba hore morero oa hau e ne e le morero o poteletseng, joaloka bolotsana ba diabolose, ka lebaka la ho bua leshano le ho thetsa sechaba sena hore u tle u ba behe khahlanong le rona, ho re rohaka le ho re lahlela kantle—

5 Joale ona e ne e le morero oa sera sa hau, ’me o sebelisitse matla a hae ka har’a hau. Joale ke lakatsa hore u tle u hopole hore ke seo ke se buang ho uena ke se bua ho bohle.

6 ’Me bonang ke re ho lona bohle hore hona e ne e le leraba la sera, leo a le behileng ho ts’oara sechaba sena, hore a tle a le tlise taolong ea hae, hore a tle a le pota pote ho potoloha ka liketane tsa hae, hore a tle a le fasetse tlase ho isa timelong e sa felelng, ho latela matla a litlamo tsa hae.

7 Joale ha Alma a se a buile mantsoe a na, Zeezrome o ile a qala ho thothomela ho feta ka ho fetisisa, hobane o ne a kholisehile ho feta le ho feta ka matla a Molimo, ’me o ne a kholisehile hape hore Alma le Amuleke ba ne ba ena le tsebo ka eena, hobane o ne a kholisehile hore ba ne ba tseba mehopolo le maikemisetso a pelo ea hae; hobane ba ne ba fuoe matla a hore ba tle ba tsebe lintho tsena ho latela moea oa boporofeta.

8 ’Me Zeezrome a qala ho ba botsa ka mafolofolo, hore a tle a tsebe ho feta malebana le ’muso oa Molimo. ’Me o ile a re ho Alma: E bolela eng taba ena eo Amuleke a e buileng malebana le ho tsoha bafung ha ba shoeleng, hore bohle ba tla tsoha bafung, ’moho ba lokileng le ba sa lokang, ’me ba tlisoa ho tla ema ka pele ho Molimo ho ahloloa ho latela mesebetsi ea bona?

9 ’Me joale Alma a qala ho hlalosa lintho tsena ho eena, a re: Ho fanoe ho ba bangata ho tseba liphiri tsa Molimo; le ha ho le joalo ba behiloe tlas’a taelo e thata hore ha ba na ho fana feela ho latela karolo ea lentsoe la hae leo le fanang ho bana ba batho, ho latela ho mamela le mafolofolo ao ba mo fang ona.

10 ’Me ka baka leo, ea tla thatafatsa pelo ea hae, ea ts’oanang o fumana karolo e nyenyane ea lentsoe; ’me eo ea kekeng a thatafatsa pelo ea hae, ho eena ho fanoa ka karolo e kholonyana ea lentsoe, ho fihlela ho fanoe ho eena hore a tsebe liphiri tsa Molimo hofihlela a li tseba ka botlalo.

11 ’Me bao ba tla thatafatsa lipelo tsa bona, ho bona ho fanoa ka karolo e nyenyane ea lentsoe hofihlela ba sa tsebe letho malebana le liphiri tsa hae; ’me ba nkeloa litlamong ke diabolose, ’me ba etelloa ke thato ea hae ho ea tlase timelong. Joale hona ke hona ho boleloang ka liketane tsa lihele.

12 ’Me Amuleke o buile ka ho hlaka malebana le lefu, le ho tsosoa ho tloha ho ho shoa hona ho ea boemong ba ho phela ka ho sa feleng, le ho tla tlisoa ka pele ho tulo ea kahlolo ea Molimo, ho ahloloa ho latela mesebetsi ea rona.

13 E be haeba lipelo tsa rona li ne li thatafetse, ee, haeba re thatafalitse lipelo tsa rona khahlanong le lentsoe haholo hoo le sa fumaneheng ka har’e ho rona, joale boemo ba rona bo tla ts’abeha, hobane joale re tla ahloloa.

14 Hobane mantsoe a rona a tla re ahlola, ee, mesebetsi eohle ea rona e tla re ahlola, ha re na ho fumanoa re se na letheba; le mehopolo ea rona hape e tla re ahlola; ’me boemong bona bo ts’abehang re keke ra ba le sebete sa ho sheba holimo ho Molimo oa rona; ’me re ne re tla khotsofalla ho thaba haeba re ne re ka laela mafika le lithaba ho oela holim’a rona ho re pata ho tloha ponts’eng ea hae.

15 Empa sena se sitoa ho ba joalo; re tlameha ho tla le ho ema ka pele ho eena khanyeng ea hae, le matla a hae, ’me ka matla a hae, boholo, le matla a puso, le kamohelo ea ts’oabo ea rona e sa feleng hore likahlolo tsohle tsa hae li lokile; hore o lokile mesebetsing eohle ea hae, le hore o tletse mohau ho bana ba batho, le hore o na le matla oohle ho pholosa motho e mong le e mong ea lumelang lebitsong la hae ’me a tlisa litholoana tse lokelang pako.

16 ’Me joale bonang, ke re ho lona joale ho tla lefu, esita le lefu la bobeli, leo e leng lefu la moea; joale ke nako eo mang kapa mang ea shoang a le libeng tsa hae, joaloka lefu la nama, ba tla shoa hape lefu la moea, ee, o tla shoa haele ho lintho tse amanang le ho loka.

17 Joale ke nako eo litlhokofatso tsa bona li tla bang joalo ka lets’a la mollo le sebabole, leo lelakabe la teng le nyolohelang holimo kamehla le kamehla; ’me joale ke nako eo ba tlang ho tlameloa tlase timelong e sa feleng, ho latela matla a litlamo tsa Satane, eena a ba busitse ho latela thato ea hae.

18 Joale, ke re ho lona, ba tla ba joaloka ha e ka ha ho ka ha eba le topollo e etsoang; hobane ba tla sitoa ho lopolloa ho latela toka ea Molimo; ’me ba sitoa ho shoa, ka ho lemoha hore ha ho sa na timelo.

19 Joale ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a entse pheletso ea ho bua mantsoe a na, batho bao ba qala ho makala le ho feta;

20 Empa ho ne ho ena le e mong Antiona, eo e neng e le morena ea moholo har’a bona, a tla pele ’me a re ho eena: Ke eng seo u se buileng, hore motho a tle a tsohe bafung ’me a fetoloe ho tloha ho ho shoa ho ho ea boemong ba ho phela ka ho sa feleng, hore moea ha ho ka mohla o ka shoang?

21 Lengolo le halalelang le bolelang, le reng Molimo o behile cherubime le sabole e tukang ka bophirima ba serapa sa Edene, e se re batsoali ba rona ba pele ba tle ba kene ’me ba je tholoana ea sefate sa bophelo, ’me ba phele ka ho sa feleleng? ’Me ke joana re bonang hore ho ne ho se na monyetla oa hore ba tle ba phele ka ho sa feleng.

22 Joale Alma a re ho eena: Ena ke eona ntho eo ke neng ke le makhatheng a ho e hlalosa. Joale rea bona hore Adama o ile a oela ka ho ja tholoana e thibetsoeng, ho latela lentsoe la Molimo; ’me ke joana re bonang, hore ka ho oa ha hae, batho bohle ba ile ba fetoha ba lahlehileng le batho ba oeleng.

23 ’Me joale bonang, ke re ho lona hore haeba ho ne ho ile ha khoneha ho Adama hore e be o jele tholoana ea sefate sa bophelo ka nako eo, ho ka be ho se na lefu, ’me lentsoe e ka be e le lefeela, ho etsa Molimo ea leshano, hobane o itse: Haeba u ja kannete u tla shoa.

24 ’Me rea bona hore lefu le tla holim’a batho, ee, lefu leo Amuleke a buileng ka lona, leo e leng lefu la nama, le ha ho le joalo ho ne ho ena le sebaka se fanoeng ho motho seo a ka bakang; ka baka leo bophelo bona bo ile ba fetoha boemo ba teko; nako ea ho lokisetsa ho kopana le Molimo; nako ea ho lokisetsa bakeng sa boemo boo bo sa feeleng bo boletsoeng ke rona, boo e leng kamorao ho ho tsoha bafung ha ba shoeleng.

25 Joale, haeba e ne e se ka moralo oa topollo, o ileng oa behoa ho tloha mothehong oa lefats’e, ho ne ho keke ha eba le ho tsoha bafung ha bafu; empa ho ne ho ena le moralo oa topollo o behiloeng, oo o tlang ho etsa hore ho tsoha bafung ha ba shoeleng; empa ho tla ba le moralo oa topollo o behoang, o tlang ho etsa hore ho be le ho tsoha bafung ha ba shoeleng, ho boletsoeng.

26 Joale bonang, haeba ho ne ho khoneha hore batsoali ba rona ba pele ba ile ba ea ’me ba ja sefate sa bophelo ba ne ba ka be ba le mahlomoleng ka ho sa feleng, ba hlokile boemo ba boitukisetso; ’me ke joana moralo oa topollo o ka beng o ile oa tsieleha, ’me lentsoe la Molimo e ka be e bile lefeela, le senang phello.

27 Empa bonang, ho ne ho se joalo; ho ne ho khethetsoe batho hore ba tlameha ho shoa; ’me kamor’a lefu, ba tlameha ho tla kahlolong, esita le eona kahlolo eo e ts’oanang eo re buileng ka eona, eo e leng qetellong.

28 ’Me kamorao hore Molimo a khethe hore lintho tsena li tle li tlele motho, bonang, joale o ile a bona hore ho ne ho lokela hore motho a tsebe malebana le lintho tseo ho tsona a li khethetsoeng;

29 Ka baka leo o ile a romela mangeloi ho bua le bona, ao a ileng a etsa hore batho ba bone khanya ea hae.

30 ’Me ba ile ba qala ho tloha ka nako eo ho ea pele ho bitsa ho lebitso la hae; ka baka leo Molimo o ile a bua le batho, ’me a etsa hore ho bona ho tsebahale moralo oa topollo, oo o ileng oa lokisoa ho tloha mothehong oa lefats’e; ’me sena o se entse hore se tsebahale ho bona ho latela tumelo ea bona le pako le mesebetsi ea bona e halalelang.

31 Ka baka leo, o ile a fa batho litaelo, bona ba ne ba qalile ka ho tlola litaelo tsa pele joaloka ka lintho tseo e leng tsa nama, ’me ba fetoha melimo, ba tseba botle ho bobe, ba ipeha boemong ba ho etsa, kapa ba behoa boemong ba ho etsa ho latela thato ea bona le monyaka, hore na ke ho etsa bobe kapa ho etsa botle—

32 Ka baka leo Molimo o ile a ba fa litaelo, kamor’a hore a etse hore ho tsebahale ho bona moralo oa topollo, hore ba se etse bobe, kotlo ea teng e le lefu la bobeli, leo e neng e le lefu le sa feleng haele lintho tse amanang le ho loka; ho ba joalo moralo oa topollo o ne o keke oa ba le matla, hobane mesebetsi ea toka e ne e keke ea timetsoa, ho latela molemo oa Molimo o moholo ka ho fetisa.

33 Empa Molimo o ile a bitsa batho, ka lebitso la Mora oa hae, (ona e le moralo oa topollo o ileng oa behoa) a re: Haeba le tla baka, ’me le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona, ke tla ba le mohau ho lona, ka oa ka Mora ea tsoetsoeng a ’Nots’i;

34 Ka baka leo, mang kapa mang ea bakang, ’me a sa thatafatse pelo ea hae, o tla ba karolo ea mohau ka oaka Mora ea tsoetsoeng a ’Nots’i, ho isa ts’oarelong ea libe tsa hae; ’me ba na ba tla kena phomolong eaka.

35 ’Me mang kapa mang ea tla thatafatsa pelo ea hae ’me a etse bokhopo, bonang, ke hlapanya ka khalefo eaka hore a keke a kena phomolong eaka.

36 ’Me joale, bana beso, bonang ke re ho lona, hore haeba le tla thatafatsa lipelo tsa lona le keke la kena phomolong ea Molimo; ka baka leo bokhopo ba lona bo mo qholotsa hore a romele tlase khalefo ea hae holim’a lona joaloka qhololotsong ea pele, ee, ha latela lentsoe la hae qholotsong ea ho qetela le joaloka ea pele, ho isa timelong e sa feleng ea meea ea lona; ka baka leo, ho latela lentsoe la hae, ho isa lefung la hoqetela, le joaloka la pele.

37 ’Me joale, bana beso, ka ho bona hore re tseba lintho tsena, ’me ke ’nete, ha re bakeng, ’me re se ke ra thatafatsa lipelo tsa rona, hore e be re qholotsa Morena Molimo oa rona ho hulela khalefo ea hae tlase holim’a rona ho eena melao ea hae ea bobeli eo a re fileng eona; empa ha re keneng phomolong ea Molimo e lokisitsoeng ho latela lentsoe la hae.

Hatisa