Mangolo a halalelang
Alma 10


Khaolo ea 10

Lehi ke setloholo sa Manasse—Amuleke o pheta tsa taelo ea lengeloi hore a hlokomele Alma—Lithapelo tsa ba lokileng li etsa hore batho bao ba qeneheloe—Babuelli ba sa lokang le baahloli ba baka hore ho be le motheo oa timelo ea batho. Ka bo 82 B.C.

1 Joale ana ke mantsoe ao Amuleke a a rutileng ho batho ba neng ba le lefats’eng la Ammoniha, a re:

2 Ke Amuleke; ke mora oa Giddona, eo e neng e le mora oa Ishmaele, eo e neng e le setloholo sa Aminadi; ’me e ne e le Aminadi ea ts’oanang ea ileng a toloka lingoliloeng tse neng li le leboteng la tempele, tse neng li ngotsoe ke monoana oa Molimo.

3 ’Me Aminadi e ne e le setloholo sa Nefi, eo e neng e le Mora oa Lehi, ea tlileng ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, eo e neng e le setloholo sa Manasse, eo e neng e le mora oa Josefa eo a ileng a rekisetsoa Egepeta ka letsoho la bana babo.

4 ’Me bonang, hape ke monna oa botumo bo seng bonyane har’a bohle ba ntsebang; ee, ’me bonang, ke na le maloko a mangata le metsoalle, ’me hape ke fumane maruo a mangata ka letsoho la ka la mosebetsi.

5 Le ha ho le joalo, kamor’a tsena tsohle, ha ho ka mohla ke ileng ka tseba haholo ka litsela tsa Morena, le liphiri tsa hae le matla a tsotehang. Ke itse ha ho ka mohla ke ileng ka tseba ka lintho tsena; empa bonang, kea fosa, hobane ke bone bongata ba liphiri tsa hae, le matla a hae a tsotehang; ee, esita le paballong ea maphelo a batho ba hae.

6 Le ha ho le joalo, ke ile ka thatafatsa pelo eaka, hobane ke ile ka bitsoa makhetlo a mangata ’me ke ne ke sa batle ho utloa; ka baka leo, ke ne ke tseba malebana le lintho tsena, le ha ho le joalo ke ne ke sa batle ho tseba; ka baka leo ke tsamaile ke fetohela khahlanong le Molimo, bokhopong ba pelo eaka, esita le hofihlela letsatsing la bone la khoeli ena ea bosupa, eo e leng selemo sa bo leshome sa puso ea baahloli.

7 Ha ke ntse ke le leetong ho ea bona maloko a haufi haholo, bonang lengeloi la Morena le ile la hlaha ho ’na ’me la re: Amuleke, khutlela ntlong ea hau, hobane u tla fepa moporofeta oa Morena, ee, monna ea halalelang, eo e leng monna ea khethiloeng oa Molimo; hobane o itimme bakeng sa matsatsi a mangata ka lebaka la libe tsa batho bana, ’me o lapile, ’me u tla mo amohela ntlong ea hau ’me u mo fepe, ’me o tla u hlohonolofatsa le ba ntlo ea hau; ’me hlohonolofatso ea Morena e tla ba holim’a hau le ba ntlo ea hau.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ke mamele lentsoe la lengeloi, ’me ka khutla ho leba ntlong eaka. ’Me ha ke ntse ke ea moo ke ile ka fumana monna eo lengeloi le ileng la re ho ’na: U tla mo amohela ntlong ea hau—’me bonang e ne e le monna enoa ea ts’oanang eo a neng a ntse a bua ho lona malebana le lintho tsa Molimo.

9 ’Me lengeloi le ile la re ho ’na ke monna ea halalelang; ka baka leo kea tseba hore ke monna ea halalelang hobane e boletsoe ho ’na ke lengeloi la Molimo.

10 ’Me hape, kea tseba hore lintho tseo ho tsona a pakileng ke ’nete; hobane bonang ke re ho lona, hore ka Morena a phelang, esita le joaloka ha a rometse lengeloi la hae ho etsa hore lintho tse li senolohe ho ’na; ’me sena o se entse ha enoa Alma a ne a lula ntlong eaka.

11 Hobane bonang, o hlohonolofalitse ntlo eaka, o ntlhohonolofalitse, le basali ba ntlo eaka, le bana ba ka, le ntate le beng ka ’na; ee, esita le maloko a ka o a hlohonolofalitse, ’me hlohonolofatso ea Morena e lutse holim’a rona ho latela mantsoe oa a a buileng.

12 ’Me joale, ha Amuleke a buile mantsoe ana batho ba ile ba qala ho makala, ba bona hore ho ne ho e na le ho feta paki e le ’ngoe e pakileng ka lintho tseo ka tsona ba neng ba qosoa, ’me hape ka lintho tseo li neng li tlo tla, ho latela moea oa boporofeta o neng o le ka ho bona.

13 Le ha ho le joalo, ho ne ho e na le ba bang har’a bona ba neng ba hopotse ho ba botsa, hore ka maano a bona a masene ba tle ba ba ts’oare mantsoeng a bona, hore ba tle ba pake khahlanong le bona, hore ba tle ba ba nehele ho baahloli ba bona hore ba tle ba ahloloe ho latela molao, le hore ba tle ba bolaoe kapa ba akheloe chankaneng, ho latela botlokotsebe boo ba neng ba ka etsa hore bo hlahe kapa bo pake khahlanong le bona.

14 Joale e ne e le banna bao ba neng ba batla ho ba timetsa, bao e neng e le babuelli, ba neng ba hiriloe kapa ba khethiloe ke batho bao ho phethisa molao ka linako tsa linyeoe tsa bona, kapa linyeoeng tsa botlokotsebe ba batho ka pele ho baahloli.

15 Joale babuelli bana ba ne ba rutehile ka maqheka oohle le masene a batho; ’me sena e ne ele ho ba lumella hore ba tle ba be hloahloa mosebetsing oa bona.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba qala ho botsa Amuleke, hore ka hona ba tle ba mo etse hore a tle a fapanye mantsoe a hae, kapa a hanyetse mantsoe ao a tlang ho a bua.

17 Joale ba ne ba sa tsebe hore Amuleke o ne a ka tseba ka merero ea bona. Empa ho ile ha etsahala hore ha ba qala ho mo botsa, o ile a lemoha mehopolo ea bona, ’me a re ho bona: Oho lona moloko o khopo o khelohileng, lona babuelli le baikaketsi, hobane le beha metheo ea diabolose; hobane le beha maraba le mamena ho ts’oasa ba halalelang ba Molimo.

18 Le beha meralo ea ho khelosa litsela tsa ba lokileng, le ho tlisa tlase khalefo ea Molimo holim’a lihlooho tsa lona, esita le ho timela ha batho bana ka botlalo.

19 Ee, hantle Mosaia o ile a re, eo e neng e le morena oa rona oa ho qetela, ha a ne a le makhatheng a ho nehelana ka puso, a se na mang kapa mang eo a ka e behang holim’a hae, a etsa hore batho ba habo ba tle ba busoe ka mantsoe a bona—ee, ke hantle a ileng a re ha nako e ka fihla eo lentsoe la sechaba sa habo le tla khetha bokhopo, ke ho re, haeba nako e tla fihla ea hore sechaba sena se oele tlolong, ba tla be ba butsoitse bakeng sa timelo.

20 ’Me joale ke re ho lona ke hantle kamoo Morena a ahlolang bokhopo ba lona; ke hantle kamoo a phatlalatsang ho sechaba sena, ka lentsoe la mangeloi a hae; Bakang lona, bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.

21 Ee, ke hantle a phatlalatsang, ka lentsoe la mangeloi a hae hore: Ke tla tla tlase har’a sechaba sa ka, ka tekano le ka toka matsohong a ka.

22 Ee, ’me ke re ho lona hore haeba e ne e se ka lithapelo tsa ba lokileng, bao hajoale ba leng lefats’eng leo, hore esita le joale le ne le tla eteloa ka timelo e tletseng; le ha ho le joalo e ne e keke ea eba ka moroallo, joalo ka ha ho bile joalo matsatsing a Noe, empa e ne e tla ba ka tlala, le ka lefu la seoa, le ka sabole.

23 Empa ke ka lithapelo tsa ba lokileng hore e be le qenehetsoe; joale ka baka leo, haeba le tla lahla ba lokileng ho tsoa har’a lona joale Morena a keke a thiba letsoho la hae; empa ka khalefo ea hae e bohale o tla tla kantle khahlanong le lona; e be le otloa ka tlala, le ka lefu la seoa, le ka sabole; ’me nako e atametse haufi ntle le hore le bake.

24 ’Me joale ho ile ha etsahala hore batho bao ba ne ba halefetse Amuleke ho feta, ’me ba hoelehetsa, ba re: Monna enoa o nyefola khahlanong le melao ea rona e lokileng, le babuelli ba rona ba bohlale bao re ba khethileng.

25 Empa Amuleke a otlollela letsoho la hae ho bona, ’me a hoelehetsa haholo ho feta ho bona a re: Oho lona moloko o khopo ’me o khelohileng, hobaneng Satane a nkile taolo e kholo hakaale lipelong tsa lona? Hobaneng le inehela bo lona ho eena hore a tle a be le matla holim’a lona, ho foufatsa mahlo a lona, hore le se ke la utloisisa mantsoe a builoeng, ho latela ’nete ea ona?

26 Hobane bonang, na ha kea paka khahlanong le molao oa lona? Ha le utloisisi; le re ke buile khahlanong le molao oa lona; empa ha kea etsa joalo, empa ke buile molemong oa molao oa lona, kahlolong ea lona.

27 ’Me joale bonang, ke re ho lona, hore motheo oa timelo ea sechaba sena o qala ho behoa ke bokhopo ba babuelli ba lona le baahloli ba lona.

28 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Amuleke a se a buile mantsoe a na sechaba seo se ile sa hoelehetsa khahlanong le eena ba re: Joale rea tseba hore monna enoa ke ngoan’a diabolose; hobane o buile leshano ho rona; hobane o buile khahlanong le molao oa rona. ’Me joale o re ha a ea bua khahlanong le ona.

29 ’Me hape, o nyefotse khahlanong le babuelli ba rona, le baahloli ba rona.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore babuelli ba behe lipelong tsa bona hore ba tle ba hopole lintho tsena khahlanong le eena.

31 ’Me ho ne ho ena le e mong har’a bona ea neng a bitsoa Zeezrome. Joale o ne a le ka pele ho qosa Amuleke le Alma, eena e le e mong oa ba iphihletseng haholo har’a bona, a ne a ena le mosebetsi o mongata ho o etsa har’a sechaba seo.

32 Joale morero oa babuelli ba na e ne e le ho fumana leruo; ’me ba ne ba fumana leru ho latela mesebetsi ea bona.

Hatisa