Mangolo a halalelang
Mosaia 26


Khaolo ea 26

Litho tse ngata tsa kereke li etelloa sebeng ke ba sa lumeleng—Alma o tse’episoa bophelo ba bosafeleng—Bao ba bakang ’me ba kolobetsoa ba fumana ts’oarelo—Litho tsa kereke tse sebeng tse bakang le ho ipolela ho Alma le ho Morena ba tla ts’oareloa; ntle le moo, ha ba na ho baloa har’a batho ba kereke. Ka bo 120–100 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore ho ne ho ena le ba bangata ba moloko o holang ba neng ba sitoa ho utloisisa mantsoe a morena Benjamine, ka ha e ne e le bana ba banyane ka nako eo a buileng le batho ba habo; ’me ba ne ba sa lumele mekhoeng ea bo ntat’a bona.

2 Ba ne ba sa lumele se neng se boletsoe malebana le ho tsoha bafung ha ba shoeleng, le haele ho lumela malebana le ho tla ha Kreste.

3 ’Me joale ka lebaka la ho se lumele ba ne ba sitoa ho utloisisa lentsoe la Molimo; ’me lipelo tsa bona li ne li thatafetse.

4 ’Me ba ne ba sa kolobetsoe; kapa ho kena kereke. ’Me e ne e le batho ba arohaneng ha e le ho tumelo ea bona, ’me ba ile ba sala ba le joalo ka ho sa feleng, esita le boemong ba bona ba nama le ho tlala sebe; hobane ba ne ba sa bitse ho Morena Molimo oa bona.

5 ’Me joale pusong ea Mosaia e ne e se karolo e baloang ka bongata joalo ka batho ba Molimo; empa ka lebaka la liphapang har’a baena ba ile ba fetoha ho ba bangata ho feta.

6 Hobane ho ile ha etsahala hore ba thetse ba bangata ka mantsoe a bona a hohelang, ba neng ba le ka kerekeng, ’me ba etsa hore ba etse libe tse ngata; ka baka leo ho ile ha hlokahala hore bao ba entseng sebe, ba neng ba le ka kerekeng, ba tle ba eletsoe ke kereke.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ba tlisoe ka pele ho baprista, ’me ba ile ba neheloa ho baprista ke baruti; ’me baprista ba ba tlisa ka pele ho Alma, eo e neng e le moprista e moholo.

8 Jaole morena Mosaia o ne a file Alma tokelo holim’a kereke.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma o ne a sa tsebe malebana le bona; empa ho ne ho ena le lipaki tse ngata khahlanong le bona; ee, batho ba ile ba ema ’me ba paka ka bokhopo ba bona ka bongata.

10 Joale ho ne ho so ka ho eba le ntho e joalo e etsahalang pele ka kerekeng; ka baka leo Alma o ne a khathatsehile moeeng oa hae, ’me o ile a etsa hore ba tlisoe ka pele ho morena.

11 ’Me o ile a re ho morena: Bona, ke bana ba bangata bao re ba tlisitseng ka pele ho uena, ba qosoa ke ba habo bona; ee, ’me ba ts’oeroe ka bokhopo bo fapakaneng. ’Me ha ba bakele bokhopo ba bona; ka baka leo, re ba tlisitse ka pele ho uena, hore u ke u ba ahlole ho latela melato ea bona.

12 Empa morena Mosaia a re ho Alma: Bona, ha ke ba ahlole, ka baka leo ke ba nehela matsohong a hau hore ba ahloloe.

13 ’Me joale moea oa Alma o ne o khathatsehile hape; ’me o ile a tsamaea ’me a lo botsa Morena hore na a etseng malebana le taba eo, hobane o ne a ts’aba hore a tle a etse phoso mahlong a Molimo.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore a ts’ollele moea oa hae oohle ho Molimo, lentsoe la Morena la tla ho eena le re:

15 Ho lehlohonolo uena, Alma, ’me ho lehlohonolo bao ba ileng ba kolobetsoa metsing a Mormone. U lehlohonolo ka lebaka la tumelo ea hau e fetisang mantsoeng feela a mohlanka oa ka Abinadi.

16 ’Me ba lehlohonolo ka lebaka la tumelo ea bona e fetisang mantsoeng feela ao u a buileng ho bona.

17 ’Me u lehlohonolo hobane u thehile kereke har’a batho ba na; ’me ba tla tiisoa, ’me e tla ba batho ba ka.

18 Ee, ho lehlohonolo batho ba na ba ikemeselitseng ho inkela lebitso la ka; hobane ke ka lebitso la ka ba tlang ho bitsoa; ’me ke ba ka.

19 ’Me hobane u mpotsitse malebana le setloli, u lehlohonolo.

20 U mohlanka oa ka; ’me ke etsa selekane le uena hore u tla ba le bophelo ba bosafeleng; ’me u tla nts’ebeletsa ’me u tsamaee ka lebitso la ka, ’me u tla bokella hammoho linku tsa ka.

21 ’Me ea tla utloa lentsoe la ka e tla ba nku ea ka; me eena le tla mo amohela kerekeng eaka, ’me le ’na ke tla mo amohela.

22 Hobane bona, ena ke kereke ea ka, mang kapa mang ea kolobetsoang o tla kolobelletsoa pakong. ’Me mang kapa mang eo le mo amohelang o tla lumela lebitsong la ka; ’me eena ke tla mo ts’oarela ka bolokolohi.

23 Hobane ke ’na ea nkelang ho ’na libe tsa lefats’e; hobane ke ’na ea ba bopileng; ’me ke ’na ea fileng eena ea lumelang ho fihlela qetellong sebaka letsohong la ka le letona.

24 Hobane bona, ba bitsoa ka lebitso la ka; ’me haeba ba ntseba ba tla tla, ’me ba tla ba le sebaka ka bosafeleng letsohong la ka le letona.

25 ’Me ho tla etsahala hore ha terompeta ea bobeli e tla lla joale bao ba sa kang ba ntseba ba tla tla ’me ba eme ka pele ho ’na.

26 ’Me joale ba tla tseba hore ke Morena Molimo oa bona, hore ke Molopolli oa bona; empa ba keke ba lopolloa.

27 ’Me joale ke tla ipolela ho bona hore ha ke so hlole ke ba tseba; ’me ba tla fallela mollong o sa feleng o hlophiselitsoeng diabolose le mangeloi a hae.

28 Ka baka leo ke re ho uena, hore ea kekeng a utloa lentsoe la ka, eena ea joalo le keke la mo amohela kerekeng ea ka, hobane nkeke ka mo amohela ka letsatsi la ho qetela.

29 Ka baka leo ke re ho uena, Tsamaea; ’me mang kapa mang ea tlolang khahlanong le ’na, eena u tla mo ahlola ho latela libe tseo a li entseng; ’me haeba a ipolela libe tsa hae ka pele ho uena le ’na, ’me a baka ka bots’epehi ba pelo ea hae, eena u tla mo ts’oarela, ’me ke tla mo ts’oarela le ’na.

30 Ee, ’me ha ngata ka moo batho ba ka ba bakang ke tla ba ts’oarela litlolo tsa bona khahlanong le ’na.

31 ’Me le lona hape le tla ts’oarelana e mong le e mong litlolo tsa lona; hobane ka ’nete ke re ho uena, ea sa ts’oareleng moahisane oa hae litlolo ha a re oa baka, ea ts’oanang o itlisa tlasa kahlolo.

32 Joale ke re ho uena, Tsamaea; ’me mang kapa mang ea sa bakeleng libe tsa hae ea ts’oanang a keke a baloa har’a batho ba ka; ’me sena se tla hlokomeloa ho tloha nakong ena ho ea pele.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a utloile mantsoe ana o ile a a ngola fats’e hore a tle a be le ona, le hore a tle a ahlole batho ba kereke eo ho latela litaelo tsa Molimo.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma a tsamaee ’me a ahlole bao ba ileng ba ts’oaroa ka bokhopo, ho latela lentsoe la Molimo.

35 ’Me mang kapa mang ea baketseng libe tsa hae ’me a li boletse, bona o ile a ba balla har’a batho ba kereke;

36 ’Me bao ba neng ba sa ipolele libe tsa bona le ho bakela bokhopo ba bona, ba ts’oanang ba ne ba sa balloe har’a batho ba kereke, ’me mabitso a bona a ile a hlakoloa.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma o ile a laola litaba tsohle tsa kereke; ’me ba ile ba qala hape ho ba le khotso le ho atleha ka ho fetisisa litabeng tsa kereke, ba tsamaea ka tsela e hlokolosi ka pele ho Molimo, ba amohela ba bangata, ’me ba kolobetsa ba bangata.

38 ’Me joale lintho tsena tsohle Alma o ile a li etsa le basebetsi ’moho le ba neng ba le holim’a kereke, ba tsamaea ka mafolofolo, ba ruta lentsoe la Molimo linthong tsohle, ba mamella mekhoa eohle ea mahlomola, ba hlorisoa ke bohle ba neng ba sa kene kereke ea Molimo.

39 ’Me ba ile ba khalema ba habo bona; ’me le bona ba ile ba khalengoa, e mong le e mong ka lentsoe la Molimo, ho latela libe tsa hae kapa libe tseo a li entseng, ba laeloa ke Molimo ho rapela ntle le ho emisa, le ho fana ka liteboho linthong tsohle.

Hatisa