Mangolo a halalelang
2 Nefi 31


Khaolo ea 31

Nefi o bolela hore hobaneng Kreste a ile a kolobetsoa—Batho ba tlameha ho latela Kreste, ba kolobetsoe, ba amohele Moea o Halalelang, ’me ba mamelle ho isa qetellong hore ba pholosoe—Pako le kolobetso ke khoro ea tsela e patisaneng e ts’esane—Bophelo ba bosafeleng bo tla ho ba bolokang litaelo kamora kolobetso. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale ’na, Nefi, ke etsa pheletso ea boporofeta baka ho lona, bana beso ba ratoang. ’Me ke sitoa ho ngola empa ntho tse ’maloa, tseo ke tsebang kannete hore li tla etsahala, le haele ho khona ho ngola feela mantsoe a ’maloa a ngoaneso Jakobo.

2 Ka baka leo, lintho tseo ke li ngolang li lekane ho ’na, ntle le mantsoe a ’maloa ao ke tlamehang ho a bua malebana le thuto ea Kreste; ka baka leo, ke tla bua le lona ka ho hlaka, ho latela ho hlaka ha boporofeta ba ka.

3 Hobane moea oaka o thabela ho hlaka; hobane ke ka oona mokhoa ona Morena a sebetsang har’a bana ba batho. Hobane Morena Molimo o fana ka khanya ho ba utloisisang; hobane o bua le batho ho latela puo ea bona, kutloisisong ea bona.

4 Ka baka leo, ke batla hore le hopole hore ke buile le lona ka moporofeta eane eo Morena a mponts’itseng eena, hore o tla kolobetsa konyana ea Molimo, e tla tlosa libe tsa lefats’e.

5 ’Me joale, haeba Konyana ea Molimo, eena a halalela, a hloka hore a kolobetsoe ka metsi, ho phethahatsa ho loka hohle, Oho joale, ke ho feta hakakang re tlamehang, rona re sa halalele, hore re kolobetsoe, ee, esita ka metsi!

6 ’Me joale, kea le botsa, bana beso ba ratoang, ke kae moo Konyana ea Molimo a phethahalitseng ho loka hohle ka ho kolobetsoa ka metsi?

7 Na ha le tsebe hore o ne a halalela? Empa le ha ho le joalo eena a halalela, o bonts’itse bana ba batho hore, ho latela nama o ikokobetsa ka pele ho Ntate, ’me o pakahatsa ho Ntate hore o tla mo mamela ka ho boloka litaelo tsa hae.

8 Ka baka leo, o ile a kolobetsoa ka metsi Moea o Halalelang oa theohela holima hae ka sebopeho sa leeba.

9 ’Me hape, ke ho bonts’a bana ba batho ho otloloha ha tsela, le bosesane ba khoro eo ba tlamehang ho kena ka eona, eena a ba etselitse mohlala ka pele ho bona.

10 ’Me o itse ho bana ba batho: Le latele ’na. Ka baka leo, bana beso ba ratoang, na re ka latela Jesu ntle le hore e be re ikemiselitse ho boloka litaelo tsa Ntate?

11 ’Me Ntate o itse: Bakang, bakang, ’me le kolobetsoe ka lebitso la Mora oaka ea Ratoang.

12 ’Me hape, lentsoe la Mora le ile la tla ho ’na, le re: Ea kolobetsoang ka lebitso la ka, eena Ntate o tla mo fa Moea o Halalelang, joaloka ’na; ka baka leo, le ntatele, ’me le etse lintho tseo le boneng ke li etsa.

13 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, kea tseba hore ha le ka latela Mora, ka morero oa pelo e phethahetseng, le sa bonts’e boikaketsi le thetso ka pele ho Molimo, empa ka maikemisetso a ’nete, le bakela libe tsa lona, le paka ho Ntate hore le ikemiselitse ho inkela ho lona lebitso la Kreste, ka kolobetso—ee, ka ho latela Morena oa lona le Mopholosi ho ea tlaase ka metsing, ho latela lentsoe la hae, bonang, joale le tla amohela Moea o Halalelang; ee, joale ho tla kolobetso ea mollo le ea Moea o Halalelang; ’me joale le ka bua ka maleme a mangeloi, ’me la hoeletsa lithoriso ho Mohalaleli oa Iseraele.

14 Empa, bonang, bana beso ba ratoang, joana ho tlile lentsoe la Mora ho ’na, le re: Kamora hore le bakele libe tsa lona, ’me le pake ho Ntate hore le ikemiselitse ho boloka litaelo tsa ka, ka kolobetso ea metsi, ’me le amohetse kolobetso ea mollo le ea Moea o Halalelang, ’me le ka khona ho bua ka leleme le lecha, ee, esita le ka leleme la mangeloi, ’me kamora tsena le ntatole, ho ne ho ka ba molemo ho lona hore ebe ha lea ka la ntseba.

15 ’Me ka utloa lentsoe le tsoang ho Ntate, le re: Ee, mantsoe a oaka ea Ratoang ke ’nete ’me a ts’epahala. Ea mamellang ho isa qetellong, ke eena ea tla pholoha.

16 ’Me joale, bana beso ba ratoang, ke tseba ka sena hore ntle le hore motho a tle a mamelle ho isa qetellong, ka ho latela mohlala oa Mor’a Molimo a phelang, o tla sitoa ho pholoha.

17 Ka baka leo, etsang lintho tseo ke le boleletseng hore ke li bone hore Morena le Mopholosi oa lona o tla li etsa; hobane, ke ka lebaka lena ke ileng ka li bonts’oa, hore le tle le tsebe khoro eo le tla kenang ka eona. Hobane khoro eo le tla kenang ka eona ke pako le kolobetso ka metsi; ’me joale ho tle ts’oarelo ea libe tsa lona ka mollo le ka Moea o Halalelang.

18 ’Me joale le ka har’a tsela ena e patisaneng e ts’esane e isang bophelong ba bosafeleng; ee, le kene ka khoro; le entse ho latela litaelo tsa Ntate le Mora; ’me le amohetse Moea o Halalelang, o pakang ka Ntate le Mora, ho phethahatseng ha ts’episo eo a e entseng, hore ha le kene ka tsela eo le tle le e amohele.

19 ’Me joale, bana beso ba ratoang, kamora hore le kene ka hare ho tsela e e patisaneng e ts’esane, ke tla botsa haeba tsohle li entsoe? Bonang, ke re ho lona, Che; hobane ha lea tla ho fihlela mona ntle le hore e ne e le ka lentsoe la Kreste ka tumelo e sa thekeseleng ho eena, le its’etlehile ka ho fella holima bokhabane ba eena ea matla ho pholosa.

20 Ka baka leo, le tlameha ho hatella ho ea pele ka ho tsitsa ho Kreste, le na le ho khanya ts’epo e phethehileng, le lerato la Molimo le batho bohle. Ka baka leo, ha le ka hatella ho ea pele, le keteka ka lentsoe la Kreste, ’me la mamella ho isa qetellong, bonang, o re joana Ntate: Le tla ba le bophelo ba bosafeleng.

21 ’Me joale, bonang, bana beso ba ratoang, ena ke eona tsela; ’me ha hona e ’ngoe tsela kapa lebitso le fanoeng tlasa leholimo leo motho a ka pholosoang ’musong oa Molimo. ’Me joale, bonang, ena ke thuto ea Kreste, ’me ke eona feela thuto ea tumelo ea ’nete ea Ntate, le ea Mora, le ea Moea o Halalelang, e leng Molimo o mong o se nang pheletso. Amen.

Hatisa