Lipamphits´ana tsa ho Ruta
Lenaneo la mantswe


Lenaneo la mantswe

BoporistaKe tumello le matla a Modimo. Modimo o neha motho matla ana ho etsa dintho lebitsong la Hae. Boporista ba Aarone bo tsosolotswe ka Joseph Smith ke Johanne Mokolobetsi, ya neng a kolobetse Jesu. Boporista ba Melki zedek bo tsosolotswe ke Petrose, Jakobo, le Johanne, ba bararo ho ba Lehome le metso e Mmedi ba baapostola ba Jesu.

Boporista ba MelkizedekBoporista bo phahameng kapa bo boholo. Bo fuwe lebitso la Melkizedek wa Testamente ya kgale ka Bibeleng,eo e neng ele moporista e moholo ebile ele morena ya lokileng.

Boporista ba AaroneBoporista bo bonyenyaneBoporista bona bo ena le matla a ho kolobetsa mme bo fuwe lebitso la Aarone wa Testamente ya kgale ka Bibeleng.

EvangediMoralo wa Ntate ya Mahodimong wa ho re thusa ho fumana kgotso bophelong bona le thabo ka hosafeleng. Evangedi e tsepame hodimo ha Topollo ya Jesu Kreste mme ere hloka hore re ebe le tumelo ho Eena, re bakele dibe tsa rona, re kolobetswe, re fuwe mpho ya Moya o Halalelang, mme re mamelle ho isa pheletsong.

KgelohoKe ha batho ka bo mong, kereke, kapa dichaba tsohle li fetohela kapa ho lahla evangedi ya Jesu Kreste. Kgeloho e baka karohano, pherekano, le tahlehelo ya matla a boporista, kapa tokelo ya ho etsa dintho lebitsong la Modimo.

KolobetsoKe mohato wa bohlokwa wa ho amohela tshwarelo ya dibe. Ka kolobetso le tiiseletso ka matla a Boporista, re eba ditho tsa Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno. Kolobetso e etswa ka ho inelwa, ho bolelang hore motho ha a kolobetswa mmele wa hae o kenngwa ka metsing kaofela ha nakwana e nyenyane. Kolobetso e bontsha boitelo ba rona ho latela mohlala wa Kreste le ho etsa dilekane le Modimo.

MoapostolaKe lebitso leo Jesu Kreste a neng a le fe banna ba leshome le metso e mmedi bao a neng a ba kgethe ele basebetsi mmoho ba Hae ba kgethehileng nakong ya bosebeletsi ba Hae lefatsheng bao a ileng a ba neha matla a ho etsa dintho ka lebitso la Hae. Mehleng ena, Jesu Kreste o bitsitse banna ba bang ho sebetsa ele Baapostola ba Hae. Jwalo ka dinakong tse fetileng, Moapostola ke paki e ikgethileng ya Jesu Kreste mme o ena le matla a tswang ho Eena.

Moya o HalalelangHape o bitswa Moya o Halalelang, Moya wa Modimo, le Motshedise. O tsebahatsa, kapa ho paka ka Ntate ya Mahodimong le Jesu Kreste hape o senola le ho ruta nnete.

TopolloKe ketsahalo e entseng hore re boele ho Modimo. Ho lopolla ke ho hlokofaletswa kotlo ya sebe, ele ho tlosa ditla-morao tsa sebe ho baetsa-dibe ba bakang. Jesu Kreste e ne ele Eena feela ya neng aka lokelwa ke ho etsa Topollo e phethahetseng bakeng la batho bohle. Topollo ya Hae e bile ho hlokofaletswa dibe tsa rona, ho tshollwa ha madi a Hae, le lefu le Tsoho ya Hae Bafung. Ka lebaka la Topollo, bohle ba phetseng ba tla tsoha bafung. Topollo e boetse e re neha tsela eo re tshwarelwang dibe tsa rona ka yona le ho ya phela ka hosafeleng le Modimo.

Tshebeletso ya EvangediKe tshebeletso e halalelang, e hlophisitsweng e etswang ka matla a boporista. Mohlala ke kolobetso.

TshenoloPuisano pakeng tsa Modimo le bana ba Hae, ha ngata ka Moya o Halalelang. Batho ka bo mong ba ka amohela tshenolo ho tsamaisa maphelo a bona, empa ke feela moporofeta ya kghethilweng ke Modimo ya amohelang Tshenolo bakeng la lefatshe lohle. Tshenolo e tla ka mekgwa e mengata, empa ha ngata e tla ka mokgwa wa menahano, maikutlo, le dinyenyeletso.

Tsoho ya bafuKamorao ho lefu la mmele, kopano ya moya le mmele o phethahetseng wa nama le masapo. Jesu Kreste ke eena wa pele wa ho tsoha bafung.

TsosolosoKe ho etsa ntho jwalo kaha e ne ele ka teng; ho e theha hape; ho e tlisa hape botjha. Kamor’a hore nnete le matla di lahlehe lefatsheng, evangedi e ile ya tsosoloswa ka moporofeta Joseph Smith. Tsosoloso e fapana le ntlafatso ka hore ho ntlafatsa ho hlalosa ho tlisa diphetoho mokgatlong o seng o ntse o le teng kapa ditlwaelo tseo di ntseng di le teng ele ho leka ho e khutlisetsa moo e neng e le kateng pele, ha ho tsosolosa ho hlalosa ho boela o theha hape kapa ho boela o ntjhafatsa mokgatlo kapa ditlwaelo tsa pele di ntse di le jwalo di felletse.

Hatisa