Lipamphits´ana tsa ho Ruta
Rorisa le Rona


Rorisa le Rona

Tlo o Tlilo Iponela Ka moo Evangedi e Tsosolotsweng e ka Hlohonolofatsang Bophelo Ba hao

Setśoantśo
Ditho tsa lekala la Kereke

Kopano ya Selallo ke yona ya mantlha tshebeletsong ya thoriso. E tlwaetse ho nka nako eka hodingwana le hora mme e kenyeletsa tse latelang:

Difela:Di binwa ke phutheho. (Dibuka tsa difela di teng Kerekeng)

Dithapelo:Di etswa ke ditho tsa Kereke

Selallo:Bohobe le metsi di a hlohonolofatswa mme di fetisetswa phuthehong e le sehopotso sa Topollo ya rona ke Jesu Kreste.

Dibui:tlwaelo ke hore a le mong kapa ba babedi ba ditho tsa phutheho ba kopuwa ho tla fana ka puo e thehilweng hodimo ha taba ya evangedi.

Moaparo:Bo-ntate le bashemane ba apara lisutu kapa borikhwe bo botle le hempe le thae bo-mme le barwetsana ba apara mese le mese ya matheka.

Dinehelo ha di kopuwe nakong ya ditshebeletso.

Re boetse re o mema ho ba teng dikopanong tse ding, ho latela ditabatabelo tsa hao le dilemo tsa hao. Tatellano ya dikopano le ho fumaneha ha tsona ho ka fapana.

Sekolo sa Sontaha: Dihlopha tseo ho ithutwang mangolo a halalelang le dithuto tsa tumelo tsa evangedi.

Dikopano tsa Boporista: Dihopha tsa banna le bashemane ba dilemo tse 12 le ho feta.

Mokgatlo wa Thekolohelo:Dihlopha tsa basadi ba dilemo di 18 le ho feta.

Barwetsana:Dihlopha tsa banana ba dilemo di 12 ho isa ho 18.

Sekolo sa bana:Sehlopha sa tshebeletso le dihlopha tsa bana ba dilemo di 3 ho isa ho 11. Dihlopha tsa masea a dikgwedi di 18 ho isa dilemong tse tharo di a fumaneha.

Nako ya kopano ya Selallo:

Aterese ya ntlo ya Thapelo:

Hatisa