Lipamphits´ana tsa ho Ruta
Tsosoloso ya Evangedi ya Jesu Kreste


Modimo Ke Ntate wa Hao ya Mahodimong Ya Lerato

Modimo ke Ntate wa hao ya Mahodimong. O o tseba ka kotloloho mme o o rata ho feta kamoo o nahanang kateng. O batla hore o thabe bophelong bona le ka hosafeleng.

Ho phethahatsa morero ona, Ntate ya Mahodimong o fane ka morero o bitswang evangedi* ya Jesu Kreste. Jesu Kreste ke Mora wa Modimo; Bophelo le dithuto tsa Hae ke tsona bathusi ba rona hore re fumane kgotso bophelong bona le thabo ka hosafeleng.

Evangedi e Hlohonolofatsa Malapa le Batho ka Bomong

Evangedi ya Jesu kreste e hlohonolofatsa bohle ba e amohelang mme ba phela ka yona. Se seng sa libaka tsa bohlokwa ho ithuta le ho sebedisa Evangedi ke ka hare ho malapa. Modimo o hlodile malapa ho tlisa thabo ho bana ba Hae, ho re fa monyetla wa ho ithuta metheo ya evangedi ka hare ho sebaka se lerato, le ho itlhophisetsa ho khutlela ho Eena kamorao ho ho shwa ha rona. Leha dikamano tsa malapa di eba le diphepetso ka dinako tse ding, Ntate ya Mahodimong o a re hlohonolofatsa ha re tsitlallela ho latela dithuto tsa Jesu Kreste. Dithuto tsena di re thusa ho matlafatsa malapa a rona.

Ntate ya Mahodimong O Senola Evangedi ya Hae

Ele karolo ya morero wa Hae, Modimo o khetha baporofeta, jwalo ka Adama, Noah, Abrahama le Moshe. Baporofeta:

  • Ba ruta ka Modimo mme ke paki tse khethehileng tsa Mora wa Hae, Jesu Kreste.

  • Ba fumana Tshenolo, kapa tsela ho tswa ho Morena.

  • Ba ruta evangedi ho lefatshe lohle le ho hlalosa lentswe la Modimo.

Baporofeta ba fuwa boporista, kapa matla a halalelang ho bua leho etsa ditshebeletso ka lebitso la Modimo ho etella pele bana ba Hae. Batho ba latelang baporofeta ba fumana ditlhohonolofatso tseo Modimo a ba tshepisitseng tsona. Ba latolang evangedi le baporofeta ba Modimo ba lahlehelwa ke ditlhohonolofatso tseo mme ba ikarohanya le Modimo. Bao ba latolang baporofeta mme ba lahla kano ya ho latela Modimo ba boemong bo bitswang Kgeloho.

Leha ele hore bongata ba bana ba Modimo ba mo latotse ka makgetlo Eena le Baporofeta ba Hae, Ntate ya Mahodimong, o tswela pele ho rata bana ba Hae. O batla ho re fa tsohle tseo re di hlokang hore re thabe ha jwale mme re khutlele ho Eena kamorao ho lefu la rona. Mangolo a halalelang a senola tsela ya Modimo ka makgetlo ha a bitsa bana ba hae, leha ele hore ha se kamehla re mamelang.

  • Modimo o khetha moporofeta.

  • Moporofeta o ruta evangedi hape o etella batho pele.

  • Modimo o hlohonolofatsa batho.

  • Butle-butle batho ba qalella ho se tsotelle kapa ho se mamele dithuto tsa moporofeta. Ba qetella ka ho latola moporofeta le dithuto tsa hae mme ba wele boemong ba kgeloho.

  • Ka lebaka la kgeloho, batho ba lahlehelwa ke tsebo ya evangedi. Matla a boprista a nkuwa ho tloha ho bona.

  • Ha nako e nepahetse mme batho ba itokiseditse ho latela Eena hape, Modimo o khetha moporofeta e mong, o tsosolosa boprista le kereke mme a laele moporofeta ho ruta evangedi.

Jesu Kreste o Thehile Kereke Ya Hae

Ho tloha tshimolohong, bana ba Modimo haesale ba lebelletse hotla ha Mopholosi Jesu Kreste. Jwalo kaha a tshepisitse, Ntate ya Mahodimong o ile a romela Mora wa Hae, Jesu Kreste, lefatsheng dilemo tse fetang tse 2,000 tse fetileng.

Jesu Kreste o phetse bophelo bo phethehileng, bo hlokang sebe. O thehile kereke ya Hae, a ruta evangedi ya Hae, mme a etsa mehlolo e mengata. O kgethile banna ba leshome le metso e mmedi ho ba baapostola ba Hae, hammoho le Petrose, Jakobo le Johanne. O ba rutile mme a ba neha matla a boprista ho ruta ka lebitso la Hae le ho etsa ditshebeletso tsa evangedi, tse halalelang jwalo ka kolobetso.

Ha Jesu a ne a theha Kereke ya Hae, O fuwe ditaelo ke Ntate ya Mahodimong. Ha Eena a laetse barutuwa ba Hae. Jesu o rutile balatedi ba Hae hore tshenolo e tswang ho Modimo ke lefika leo a tlang ho haha Kereke ya Hae ho lona.

Qetellong ya bophelo ba Hae, Jesu Kreste o ile a hlokofatswa le ho shwela dibe tsa motho e mong le e mong ya phetseng kapa ya tlang ho phela lefatsheng. Sehlabelo sena se bitswa Topollo. Ka lebaka la tlhokofatso, lefu, le Tsoho ya Hae Bafung, Mopholosi o entse hore ho be bobebe ho rona ho fumana tshwarelo. Ba nang le tumelo ho Eena, ba bakela dibe tsa bona, ba boloka melao ya Hae ba fumana tshwarelo ya dibe mme ba tlalwa ke kgotso le thabo.

Ka morao ho Tsoho ya Hae Bafung, Jesu Kreste o file Baapostola ba Hae tsela ya tsamaiso ka tshenolo. Bibele e bontsha mekgwa e mengata eo ka yona Modimo a tswetseng pele ho tsamaisa Kereke ya Hae (sheba ka ho Liketso 10; Tshenolo 1:1). Ka hoo haesale Kereke ya Jesu Kreste e eteletswe pele ke Modimo eseng batho.

Kgeloho e Kholo

Ka morao ho lefu la Jesu Kreste, baetsa dibe ba ile ba hlorisa le ho bolaya ditho tsa Kereke tse ngata. Ditho tse ding tsa Kereke di ile tsa kgeloha metheong ya evangedi e neng e rutwa ke Jesu Kreste le Baapostola ba Hae. Baapostola ba ile ba bolawa, mme matla a boporista a kenyeleditseng dinotlolo tsa boporista ho tsamaisa le ho fuwa Tshenolo bakeng la Kereke a ile a nkuwa Lefatsheng. Hobane Kereke e ne ese esa tsamaiswe ka matla a boporista, diphoso di ile tsa kenella dithutong tsa Kereke. Batho ba lokileng le nnete e itseng di ile tsa sala di ntse di le teng, empa haele evangedi e neng e thehilwe ke Jesu Kreste e ile ya lahleha. Nako ena e bitswa Kgeloho e Kgolo.

Kgeloho ena e ile ya tswala tlhophiso ya dikereke tse ngata ka dithuto tse lwantshanang. Nakong ena, banna le basadi ba bangata ba ne ba batlana le nnete, empa ba ne ba sa e fumane. Batho ba lokileng ba bangata ba ne ba dumela ho Modimo le Jesu Kreste mme ba ne ba leka ho utloisisa le ho ruta nnete, empa ba ne ba hloka evangedi e feletseng kapa matla a boporista. Ka lebaka lena, moloko o mong le o mong o ile wa eja lefa boemo bona ba Kgeloho kaha batho ba ne base ba le tlasa tshosumetso ya meloko e fetileng, mmoho le diphetoho tse entsweng evangeding ya Kreste.

Ba bang ba batho ba nyenyeleditsweng ke moya wa Modimo jwalo ka Martin Luther le John Calvin, ba ile ba elellwa hore ditsamaiso le dithuto tsa tumelo di se di fetotswe kapa di se di lahlehile. Ba ile ba leka ho lokisa dikereke tseo e neng ele ditho ho tsona. Le ha hole jwalo, ka lebaka la ho hloka matla a boporista, metheo ya evangedi ya Kreste ene e keke ya hlola e tshwana le ya pele. Tsosoloso ene e hlokahala.

Modimo o ne a tseba hore ho tla eba le kgeloho. Ka moporofeta wa Testamente ya kgale, O itse:

“Bonang, matsatsi a tla … ao ke tla romela ho lapa Lefatsheng, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyorelwa metsi, empa ho lapela ho utlwa lentswe la Morena:

“Mme(batho)ba tla tsamaya ba etswa lewatleng le leng ba eya ho le leng, le ho tloha leboya ho isa botjhabela, ba tla matha ho leba kwana le kwana ba batlana le lentswe la Morena, mme ba ke ke ba le fumana.”

Tsosoloso ya Evangedi

Ka 1820, jwalo kaha a entse dinakong tse fetileng, Ntate ya Mahodimong o ile a boela a kgetha moporofeta ho tsosolosa evangedi le boporista lefatsheng. Lebitso la moporofeta eo ke Joseph Smith. Ha esale moshemane, Joseph Smith o ne a ferekantswe ke diphapano tse neng di le teng pakeng tsa dikereke tsa tikoloho ya habo mme o ne a batla ho tseba hore na hare ho tsona e nepahetseng ke efe. Hobane o ne a tseba hore o hloka bohlale, o ile a latela boeletsi bo neng bo fumaneha ka har’a Bibele, “Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, O sitsang bohle ka phano e kgolo, O se na ho kganana; mme o tla bo newa” (Jakobo 1:5).

Joseph Smith o ile a etsa qeto ya ho botsa Modimo hore na a etse eng. Ha Joseph a ntse a rapella ho tseba nnete, Ntate ya Mahodimong le Jesu Kreste ba ile ba itlhahisa ho eena. Jesu Kreste o ile a bolella Joseph hose kene kereke efe kapa efe, hobane “kaofela di ne di fosahetse” mme “di ne di ikatametsa ho Nna ka melomo ya bona, empa dipelo tsa bona di le hole le Nna, ba ruta melao ya batho ba lefatshe bakeng la dithuto tsa tumelo, di ena le Bomodimo, empa ba latola matla a Modimo” (Pale ya Joseph Smith 1:19).

Jwalo kaha Modimo a entse ka Adama, Noah, Abrahama, Moshe, le ka baporofeta ba bang, O ile a bitsa Joseph Smith hore ebe moporofeta eo evangedi e feletseng e tlang ho tsosoloswa ka eena.

Tsosoloso ya Boporista

Ka 1829, Joseph Smith o ile a amohela Boporista bo tshwanang Le boo Jesu Kreste a neng a bo fe Baapostola ba Hae. Johanne Mokolobetsi, ya neng a kolobetse Jesu, o ile a itlhahisa ho Joseph Smith mme a mo neha Boporista ba Aarone, kapa boporista bo bonyenyane. Petrose, Jakobo, le Johanne (baapostola ba bararo ho ba neng ba kgethwe ke Jesu Kreste) hamorao ba itlhahisa ho Joseph Smith mme ba mo neha Boporista ba Melkizedek, kapa boporista bo boholo.

Kamorao ho hore a fuwe matla a boporista, Joseph Smith o ile a laelwa hore a hlophise hape Kereke ya Jesu Kreste Lefatsheng. Ka eena, Jesu Kreste o ile a boela a bitsa le ho hlophisa Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi.

Jwalo kaha Jesu Kreste a ne a tsamaisa Baapostola ba Hae ka tshenolo kamorao ho tsoho ya Hae, O ntse a tswela pele ho tsamaisa Kereke ya Hae kajeno ka baporofeta le baapostola ba phelang. Moetapele wa Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno ke moporofeta ya kgethilweng ke Modimo kajeno. Eena, batlatsi ba hae, le Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi ba tshwere matla a boporista a neng a tshwerwe ke baporofeta le baapostola ba nakong tse fetileng. Banna bana ke baporofeta, bo Radipono le basenodi.

Buka ya Mormon

Ele karolo ya Tsosoloso ya evangedi, Modimo o ile a tlisa Buka ya Mormon: Testamente e Nngwe ya Jesu Kreste. Ka matla a Modimo, Joseph Smith o ile a fetolela buka ena ho tloha ho dingodilweng tsa mehleng ya kgale tseo di neng di ngotswe matlapeng a kgauta. Buka ya Mormon “ke bopaki ba kamano ya Modimo le batho ba kgale bao ba neng ba phela lefatsheng la Amerika hape e tletse ka evangedi ya bosafeleng e feletseng” (Selelekela sa Buka ya Mormon).

Buka ya Mormon ke paki e matla ya Jesu Kreste. Ere thusa ho utlwisisa dithuto tsa Hae, mmoho le tse ka hare ho Bibele.

Buka ya Mormon ke bopaki bo re kgodisang hore evangedi e tsosolotswe ka Joseph Smith. Oka tseba ditaba tsena ka bo wena hore Buka ya Mormon ke nnete. Ho fumana tsebo ena, o tshwanetse ho ipalla yona, o thuise molaetsa wa yona, mme obe le tabatabelo ya ho tseba hore na efela ele nnete. O tshwanela ho kopa Ntate ya Mahodimong ho tiisa hore efela ele Lentswe la Hae. Ha oka etsa jwalo, O tla o senolela ka Moya o Halalelang hore ke nnete.

Ha ose o tseba hore Buka ya Mormon ke nnete, o tla tseba ka nyenyeletso ya moya o halalelang hore Joseph Smith e ne ele moporofeta wa Modimo, hore evangedi ya Jesu Kreste e tsosolotswe ka eena, le hore Kereke ya Jesu Kreste ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno e eteletswe pele ke moporofeta le baapostola kajeno.

Nka tseba Jwang?

O ka tseba hore molaetsa ona ke nnete. Ha o ka botsa Ntate wa hao ya Mahodimong ka thapelo, o ka fumana karabo ho tswa ho Eena ka nyenyeletso ya Moya o Halalelang. Moya o halalelang o boetse o bitswa Moya wa Modimo, mme o mong wa mesebetsi ya Hae ke ho tsebahatsa, kapa ho paka, ka nnete.

Tsebo ena eka etsa mehlolo le ho fetola bophelo, empa e atisa hotla ele tiiso e imametseng, e sa tleng ka boiponahatso ba boikgabo ba matla a Modimo. Moya o Halalelang o tiisa nnete ka maikutlo, menahano, le dinyenyeletso. Jwalo ka ha ho rutilwe ka Bibeleng, “Tholwana tsa Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, ho loka, tumelo, boikokobetso, le boitshwaro” (Bagalata 5:22 le 23). Maikutlo ana a tswang ho Moya o Halalelang ke tshenolo ho wena hore evangedi ya Jesu Kreste e tsosolotsweng ka Joseph Smith ke nnete. Jwale he otla hloka ho kgetha hore na otla phela ka khotso ka tsebo ena eo o e amohetseng.

  • Mantswe a ngotsweng ka bofubedu a hlalositswe maqepheng a 18 le 19.

Hatisa