Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3: Thuto ea 2—Morero oa Ntate ea Maholimong oa Pholoho


“Khaolo ea 3: Thuto ea 2—Morero oa Ntate ea Maholimong oa Pholoho,” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Khaolo ea 3: Thutto ea 2,” Ruta Evangeli Eaka

Khaolo ea 3: Thuto ea 2

Morero oa Ntate ea Maholimong oa Pholoho

Setśoantśo
Seemahale sa Kreste

Batho ba ka Ipotsa

  • Ke eng morero oa bophelo?

  • Ekaba ke tsoa hokae?

  • Na o teng Molimo ea ntsotellang? Nka utloa joang hore O oa tsotella?

  • Nka lumela ho Molimo joang ha lintho tse mpe tse ngata hakaale li etsahala?

  • Hobaneng ha bophelo bo le thata hakaale ka nako tse ling? Nka fumana matla joang har´a linako tse?

  • Nka fetoha motho ea betere joang?

  • Ho etsahala eng kamor´a hore ke shoe?

Envangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste e ka re thusa ho araba lipotso tsa bohlokoa tsa moea. Ka evangeli, re ithuta ka boitsebiso ba rona ba bo-Molimo le bokhoni ba rona ba bosafeleng re le bana ba Molimo. Evengeli e re fa ts´epo ´me e re thusa ho fumana khotso, thabo, le moelelo. Ho phela evangeli ho re thusa ho hola le ho fumana matla ha re shebana le liphepetso tsa bophelo.

Molimo o batla tse molemo ka ho fetisa bakeng sa bana ba hae ´me o lakatsa ho re fa lihlohonolofatso tsa hae tse kholokholo, tseo e leng ho se shoe le bophelo ba bosafeleng (bona Moshe 1 :39; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 14:7). Hobane O oa re rata, O fane ka moralo bakeng sa rona ho amohela lihlohonolofatso tsena. Ka mangolong a halalelang, moralo ona o bitsoa morero oa pholoho, moralo o moholo oa thabo, le moralo oa topollo (bona Alma 42:5, 8, 11, 13, 15, 16, 31).

Moralong oa Molimo, e mong le e mong oa rona o etsa leeto la ho tloha bophelong ba pele ho ho shoa, tsoalo, bophelo ba ho shoa, lefu, le bophelo ba kamor´a lefu. Molimo o fane ka tseo re li hlokang nakong ea leeto lena e le hore kamor´a hore re shoe re ka qetelletse re khutlela ponts´eng ea hae ´me re amohele nyakallo ka botlalo.

Jesu Kreste o khubung ea moralo oa Molimo. Ka Topollo ea hae le Ho tsoha bafung, Jesu o ile a etsa hore ho khonehe hore e mong le e mong oa rona a amohele ho se shoe le bophelo ba bosafeleng.

Nakong ea bophelo ba rona lefats´eng, re sitoa ho hopola bophelo ba rona ba pele ho ho shoa. Le haele ho utloisisa ka botlalo bophelo ba kamor´a lefu. Le ha ho le joalo, Molimo o senotse linnete tse ngata ka likarolo tsena tsa leeto la rona la bosafeleng. Linnete tsena li fana ka tsebo e lekaneng bakeng sa rona ho utloisisa morero oa bophelo, ho fihlella nyakallo, le ho ba le ts´epo ea lintho tse molemo tse tlang. Tsebo ena ke letlotlo le halalelang ho re tataisa ha re le lefats´eng.

Litlhahiso Bakeng sa ho Ruta.

Karolo ena e fana ka mohlala oa lintlha ho u thusa ho lokisetsa ho ruta. E boetse e kenyelelitse le mehlala ea lipotso le limemo tseo u ka li sebelisang.

Ha u ntse u lokisetsa ho ruta, ela hloko ka boemo ba borapeli ba motho e mong le emong le litlhoko tsa hae tsa moea. Nka qeto ea hore na ke eng e tla thusa haholo ho e ruta. Lokisetsa ho hlalosa mantsoeao batho ba ka sitoang ho a utloisisa. Hlophisa ho latela hore na ke nako e kae eo u tlang ho ba le eona, u ntse u hopola ho boloka lithuto li le khuts´oanyane.

Khetha mangolo a halaleleng ao u tla a sebelisa ha u ntse u ruta. Karolo ea “Motheo oa thuto ea Tumelo” ea thuto e kenyelelitse mangolo a halalelang a mangata a tleseng thuso.

Nahana lipotso tseo u tlang ho li botsa ha u ntse u ruta. Rera limemo tseo u tlang ho li fana tse tlang ho khothaletsa motho e mong le e mong ho nka khato.

Hatella taba eaa lihlohonolofatso tsa Molimo tse ts´episitsoeng, ´me u arolelane ka bopaki ba hau ba seo u se rutang.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta lelapa

Seo u ka se rutang batho ka metsotso e 15-25

Khetha e le ´ngoe kapa ho feta tsa metheo e latelang ho ruta ka morero oa pholoho. Motheo oa thuto ea tumelo bakeng sa motheo o mong le o mongo fanoe kamor´a tlhaloso ena.

Bophelo ba pele ho ho shoa: Morero oa Molimo le Moralo oa hae bakeng sa Rona

  • Kaofela re bana ba moea ba Molimo. O re bopile ka sets´oants´o sa hae.

  • Re phetse le Molimo pele re tsoaloa lefats´eng. Re litho tsa lelapa la Hae. O tseba le ho rata e mong le e mong oa rona.

  • Molimo o fane ka moralo bakeng sa thabo ea rona le ho tsoelapele bophelong bona le ho bosafeleng.

  • Bophelong ba rona ba pele ho ho shoa, re ile ra khetha ho latela moralo oa Molimo. Sena se ne se bolela ho tla lefats´eng e le hore re tle re nke mohato o latelang tsoelopeleng ea rona ea bosafeleng.

  • Jesu Kreste o khubung ea moralo oa Molimo. O etsa hore ho khonehe bakeng sa rona hore re be le ho se shoe le bophelo ba bosafeleng.

Popo

  • Tlasa tataiso ea Molimo, Jesu Kreste o ile a bopa lefats´e.

Ho oa ha Adama le Eva

  • Adama le Eva e ne e le ba pele ba bana ba Molimo ba semoea ba ho tla lefats´eng. Molimo o ile a bopa ´mele ea bona ´me a ba beha ts´imong ea Edene.

  • Adama le Eva ba ile ba tlola, ba lahleloa kantle ho ts´imo, ´me ba aroloa ho tsoa ponts´eng ea Molimo. Ketsahalo ena e bitsoa Ho oa.

  • Kamorao ho Ho oa, Adama le Eva ba ile ba fetoha ho ba ba le ´mele o shoang. Joaloka ba shoang, ba ile ba khona ho ithuta, ho tsoela pele, le ho ba le bana. Hape ba ile ba utloa masoabi, sebe, le lefu.

  • Ho oa e ne e le mohato o lebisang pele bakeng sa batho. Ho oa ho ile ha etsa hore ho khonehe ho rona ho tsoaloa lefats´eng le ho tsoela pele moralong oa Ntate eaMaholimong.

Bophelo ba Rona Lefats´eng

  • Moralong oa Molimo, re ne re hloka ho tla lefats´eng ho tla amohela ´mele oa nama, ho ithuta, le ho hola.

  • Lefats´eng, re ithuta ho tsamaea ka tumelo. Le ha hole joalo, Ntate ea Maholimong ha a re sia re le bang. O fane ka lineo tse ngata le litataiso ho re thusa ho khutlela ponts´eng ea Hae.

Topollo ea Jesu Kreste

  • E mong le e mong oa rona o etsa sebe, ´me e mong le e mong oa rona o tla shoa. Hobane Molimo o oa re rata, O rometse Mora oa Hae, Jesu Kreste, lefats´eng ho re lopolla ho tsoa sebeng le lefung.

  • Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa topollo, re ka ts´oareloa le ho hlatsuoa libe tsa rona. Lipelo tsa rona li ka fetoloa bakeng sa ho ba betere ha re ntse re baka. Sena se etsa hore re khutlele ponts´eng ea Molimo le ho amohela nyakallo ka botlalo.

  • Ka lebaka la ho tsoha bafung ha Jesu, re tla khona ho tsoha bafung kamor´a hore re shoe. Sena se bolela hore , moea le ´mele oa motho e mong le e mong li tla kopana hape, ´me e mong le e mong oa rona o tla phela ka hosafeleng, ka ´mele o phethahetseng, o tsohileng bafung.

  • Jesu Kreste o fana ka mats´eliso, ts´epo, le pholo. Sehlabelo sa hae sa topollo ke ponts´o ea ho qetela ea lerato la hae. Tsohle tse nang le leeme bophelong li ka etsoa tse lokileng ka Topollo ea Jesu Kreste

Lefats´e la Moea

  • Ha ´mele oa nama o shoa, ´mele ea rona ea moea e tsoelapele ho phela lefats´eng la moea. Bona ke boemo ba nakoana ba ho ithuta le ho itokisa pele ho tsoho ea bafu.

  • Evangeli ea Jesu Kreste e ea rutoa lefats´eng la moea, ´me re ka tsoelapele ho hola le ho tsoelapele.

Tsoho ea bafu, Poloko, le Phahamiso

  • Kamorao ho nako ea rona lefats´eng la moea, ho tsoha bafung ke mohato o latelang leetong la rona la bosafeleng,

  • Ho tsoha bafung ke ho kopana hape ha moea le ´mele. E mong le e mong oa rona o tla tsoha bafung ´me a be le ´mele oa nama o phethahetsng. Re tla phela ka ho sa feleng. Sena se entsoe hore se khonahale ka Topollo ea Mopholosi le Ho Tsoha Bafung.

Kahlolo le Mebuso ea Khanya

  • Ha re se re tsohile bafung, Jesu Kreste e tla ba moahloli oa rona. Ntle le mekhelo e fokolang, bana bohle ba Molimo ba tla amohela sebaka ´musong oa khanya.

  • Le haele moo re tlang ho tsoha bafung kaofela, ha se bohle re tlang ho amohela khanya e ts´oanang ea bosafeleng. Jesu o tla re ahlola ho latela tumelo ea rona, mesebetsi, le pako nakong ea ho shoa le lefats´eng la moea. Re ka khutlela ho ea phela ponts´eng ea Molimo haeba re na le tumelo

Lipotso tseo U ka li Botsang Batho

Lipotso tse latelang ke mehlala ea seo u ka se botsang batho. Lipotso tsena li ka u thusa hore u be le lipuisano tse nang le moelelo le ho utloisisa litlhoko tsa motho le temoho.

  • Ke eng seo u utloang eka ke morero oa bophelo?

  • Ke eng se u tlisetsang thabo?

  • Ke liphephetso li feng tseo u hlokang hore Molimo a u thuse ka tsona?

  • U ithutile eng liphepetsong tseo u ileng oa shebana le tsona?

  • Ke eng seo u se tsebang ka Jesu Kreste? Ke joang bophelo ba Hae le thomo ea li ammeng bophelo ba hau?

Limemo Tseo U ka li Etsang

  • Na u tla botsa Molimo ka thapelo ho u thusa ho tseba hore seo re se rutileng ke ´nete? (Bona“Litemoso tsa ho Ruta: Thapelo” ka karolong ea ho qetela ea thuto ea 1.)

  • Na u ka kena kereke le rona Sontaheng sena ho tla ithuta ho feta ka seo re se rutileng?

  • Na u tla bala Buka ea Mormone le ho rapela ho tseba hore ke lentsoe la Molimo? (U ka khothaletsa likhaolo kapa litemana tse khethehileng.)

  • Na u tla latela mohlala oa Jesu Kreste ´me u kolobetsoe? (Bona“Memo ea ho kolobetsoa le ho Tiisoa,” eo e etellang hang thuto ea 1.)

  • Na re ka beha nako bakeng sa ketelo ea rona e latelang?

Setśoantśo
botaki ba morero oa pholoho

Motheo oa Thuto ea Tumelo

Karolo ena e fana ka thuto ea tumelo le mangolo a halalelang bakeng sa hau ho matlafatsa tsebo ea hau le bopaki ba evangeli le ho u thusa ho ruta.

Setśoantśo
lihlopha tsa linaleli

Bophelo ba pele ho ho shoa: Morero oa Molimo le Moralo oa hae bakeng sa Rona

Re bana ba Molimo, ´me Re Phetse le Eena pele ho Tsoalo ea Rona.

Molimo ke Ntate oa meea ea rona. Re bana ba Hae ka kotloloho, ba bopiloeng ka sets´oants´o sa hae. E mong le emong oa rona o na le bo-Molimo joalo ka ngoana oa Molimo. Tsebo ena e ka re thusa ho feta linakong tse boima ´me e ka re susumeletsa ho fetoha bo rona bo botle ho fetisa.

Re phetse le Molimo re le bana ba Hae ba se-moea pele re tsoaloa lefats´eng. Re litho tsa lelapa la Hae.

Setśoantśo
Mookameli M. Russell Ballard

“Ho na le boitsibiso bo le bong ba bohlokoa boo bohle re bo arolelanang, boo bo tlamehang hore bo se ke ba re sirela le ka mohla, le boo re tlamehang ho bo lebohela. Hoo ke hore u eena ´me haesale u le mora kapa morali oa Molimo ka metso ea se-moea ka bosafeleng.

“… Ho utloisiseng ´nete ena—ho e utloisisa e le kannete le ho e ananela—ho fetola bophelo. E u fa boitsibiso bo fetang bo tloalehileng boo ho se nang mang ea ka bo nkang ho uena. Empa ho feta mono, ho tlameha ho u fa maikutlo a maholo a bohlokoa le kutloisiso ea boleng ba hau bo sa feleng. Qetellong, e u fa morero oa bo-Molimo, o tlotlehang, le o ts´oanelehang oa bophelo” (M. Russell Ballard, “Bana ba Ntate ea Maholimong” [Brigham Young University devotional, Mar. 3, 2020], 2, speeches.byu.edu).

Re Khethile ho Tla Lefats´eng

Ntat´a rona ea Maholimong oa re rata ´me o lakatsa hore re ts´oane le eena. Ke motho ea phahamisitsoeng ka ´mele oa nama o tlotlisitsoeng.

Bophelong ba rona ba pele ho ho shoa, re ile ra ithuta hore Molimo o na le moralo bakeng sa rona hore re ts´oane le eena. Karolo e ´ngoe ea moralo oa hae e ne e le hore re tla sia lehae la rona le leholimong ´me re tle lefats´eng ho amohela ´mele ea rona ea nama. Hape re ne re hloka ho fumana boiphihlelo le ho nts´etsa pele tumelo nakong ea hoba hole le boteng ba Molimo. Re ne re tla sitoa ho hopola ho phela le Molimo. Le ha ho le joalo, O ne a fana ka se hlokahalang e le hore re tle re khutle ho ea phela le Eena.

Boikhethelo, kapa bolokolohi le bokhoni ba ho khetha, ke karolo ea bohlokoa ea moralo oa Molimo bakeng sa rona. Bophelong ba rona ba pele ho ho shoa, e mong le e mong oa rona o ile khetha ho latela moralo oa Molimo le ho tla lefats´eng e le hore re tle re nke mohato o lateng tsoelopeleng ea rona ea bosafeleng. Re ne re utloisisa hore ha ntse re le mona, re tla ba le menyetla e mecha e mengata ea ho hola le ho fihlella nyakallo. Hape re ne re utloisisa hore re tla tobana le khanyetso. Re tla fihlella moleko, liteko, masoabi, le lefu.

Ka ho khetha ho tla lefats´eng, re ile ra ts´epa lerato la Molimo le thuso. Re ile ra ts´epa moralo oa Hae bakeng sa poloko ea rona.

Ntate ea Maholimong o ile a Khetha Jesu Kreste ho re Lopolla.

Jesu Kreste o khubung ea moralo oa Molimo. Pele re tla lefats´eng, re ne re tseba hore retla sitoa ho khutlela ponts´eng ea Molimo ka bo rona. Ntate ea Maholimong o ile a khetha Jesu Kreste, Mora oa Hae oa letsibolo, ho etsa hore ho khonehe bakeng sa rona ho khutlela ho eena le ho fumana bophelo ba bosafeleng.

Jesu o ile a amohela ka boikemisetso. O ile a lumela ho tla lefats´eng le ho re lopolla ka sehlabelo sa hae se lopollang. Topollo ea Hae le Ho tsoha Bafung ho ne ho tla lumella hore merero ea Molimo bakeng sa rona e phethahale.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Bana ba Molimo

Morero oa Molimo

Bophelo ba pele ho ho shoa

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Bophelo ba pele ho ho shoa,” “Moralo oa Topollo

  • Buka ea tsamaiso e Akaretsang, 1.1: “Moralo oa Molimo oa Thabo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Pele ho ho shoa,” “Morero oa pholoho

Setśoantśo
letsatsi le likelang holim´a leoatle

Popo

Moralo oa Ntate ea Maholimong o ile oa fana bakeng sa popo ea lefats´e, moo bana ba Hae ba moea ba neng ba tla amohela ´mele ea nama le ho fumana boiphihlello. Bophelo ba rona lefats´eng bo ea hlokahala bakeng sa rona hore re tsoelepele le ho fetoha ho ba joaloka Molimo.

Ka tlasa tataiso ea Ntate ea Maholimong, Jesu Kreste o ile a bopa lefats´e le lintho tsohle tse phelang. Natate ea Maholimong o ile a bopa monna le mosali ka sets´oants´o sa Hae. Popo ke ponts´o ea lerato la Molimo le takatso ea hae bakeng sa rona ho fumana monyetla oa ho hola.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Bopa, Popo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Popo

Setśoantśo
Ba sia ts´imo ea Edene, Ka Joseph Brickery

Ho oa ha Adama le Eva

Pele ho Ho Oa

Adama le Eva e bile bana ba pele ba Molimo ba se-moea ba ho tla lefats´eng. Molimo o ile a bopa ´mele ea bona ea nama ka sets´oants´o sa Hae ´me a ba beha ts´imong ea Edene. Ts´imong ba ne ba se na molato, ´me Molimo o ne a fana bakeng sa litlhoko tsa bona.

Ha Adama le Eva ba ne ba le ts´imong, Molimo o ile a ba laela hore ba se ke ba ja thoalana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe. Haeba ba mamela taelo ena, ba ne ba ka sala ts´imong sa Edene. Le ha ho le joalo, ba ne ba tla sitoa ho tsoelapele ka ho ithuta ho tsoa khanyetsong le liphephetsong tsa bophelo ba ho shoa. Ba ne ba tla sitoa ho tseba nyakallo hobane ba ne ba sitoa ho fihlella masoabi le bohloko.

Satane o ile a leka Adama le Efa ka hore ba je tholoana e hanetsoeng, ’me baile ba khetha ho etsa joalo. Ka lebaka la khetho ena, ba ile ba lahleloa kantle ho ts´imo ´me ba arohana le ho ba ponts´eng ea Molimo. Ketsahalo ena e bitsoa Ho oa.

Kamor´a ho Ho Oa

Kamorao ho Ho oa, Adama le Eva ba ile ba fetoha ho ba ba le ´mele o shoang. Ha ba se ba se boemong ba ho hloka molato, ba ile ba utloisisa le ho fihlella ka bobeli botle le bobe. Ba ne ba ka sebelisa boikhethelo ba bona ho khetha lipakeng tsa tsona. Hobane Adama le Eva ba ile ba tobana le khanyetso le liphephetso, ba ile ba ithuta le ho tsoelapele. Hobane ba ile ba fihlella masoabi, hape ba ne ba ka fihlella nyakallo. (Bona 2 Nefi 2:22–25.)

Ho sa natsoe mathata a bona, Adama le Eva ba ile ba utloa bophelo ba ho shoa e le hlohonolofatso e kholo. Hlohonolofatso e ´ngoe ke hore ba ne ba ka ba le bana. Sena se ile sa fana ka tsela ea hore bana ba bang ba Molimo ba se-moea ba tle lefats´eng le ho amohela ´mele ea nama.

Malebana le lihlohonolofatso tsa Ho oa, bobeli Adama le Eva ba ile ba nyakalla. Eva o ile a re, “Ha e ne e se ka tlolo ea rona re ne re sa tlo hlola re ba le [bana], ´me re sa tlo hlola re tseba botle le bobe, le nyakallo ea topollo ea rona, le bophelo ba bosafeleng boo Molimo a bo fang bohle ba mamelang” (Moshe 5:11; bona hape temana 10).

Boithuto ba mangolo a halalelang

Ts´imong

Ho Oa

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Ho Oa ha Adama le Eva,” “Boikhethelo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Ho Oa ha Adama le Eva,” “Boikhethelo le Boikarabello

Bophelo ba Rona Lefats´eng

Batho ba bangata ba ea ipotsa, “Hobaneng ke le moo lefats´eng?” Bophelo ba rona lefats´eng ke karolo ea bohlokoa ea morero oa Molimo bakeng sa ho tsoelapele ha rona ha bosafeleng. Morero oa rona qetellong ke ho lokisetsa ho khutlala ponts´eng ea Molimo le ho amohela nyakallo e tletseng. Lethathamo le ka tlase ke tse ling tsa litsela tseo bophelo ba lefats´e bo re lokisetsang sena.

Setśoantśo
moshanyana ea bososelang

Amohela ´Mele oa Nama

Morero o mong oa ho tlalefats´eng ke ho amohela ´mele oa nama e leng ka moo moea o ka lulang, ´Mele ea rona ke lipopo tsa mehlolo, tse halalelang tsa Molimo. Ka ´mele ea nama, re ka etsa, ra ithuta, le ho fihlella lintho tse ngata tseo meea ea rona e neng e sitoa. Re ka tsoela pele ka litsela tseo re neng re sitoa ha re le meea.

Hobane ´mele ea rona e ea shoa, re fihlella bohloko, boloetse le liteko tse ling. Boiphihlelo bona bo ka ba re thusa ho ho ithuta mamello, kutloelo-bohloko, le limelo tse ling tsa bo-Molimo. Li ka eba karolo ea tsela ea rona ho ea nyakallong. Ho khetha se nepahetseng ha ho le thata ho etsa hangata ke kamoo tumelo, ts´epo, le qenehelo li fetohang karolo ea semelo sa rona.

Ithute ho sebelisa Boikhethelo ka Bohlale

Morero o mong oa bophelo ba ho shoa ke ho ithuta ho sebelisa boikhethelo ba rona ka bohlale—ho khetha se nepahetseng. Ho ithuta ho sebelisa boikhethelo ba rona ka bohlale ho bohlokoa ho fetoheleng ho ts´oana le Molimo.

Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba re ruta se nepahetseng ho fana ka litaelo ho re tataisetsa thabong. Satane o re leka ho etsa tse fosahetseng, a batla hore re be mahlomoleng joalo ka eena. Re tobana le khanyetso lipakeng tsa botle le bobe, e leng se hlokahalang ho ithuta ho sebelisa boikhethelo ba rona (bona 2 Nefi 2:11).

Ha re mamela Molimo, rea hola le ho fumana lihlohonolofatso tsa hae tse ts´episitsoeng. Ha re sa mamele, re ipeha hole le Eena le ho fumana litlamorao tsa sebe. Le ha ka nako e ´ngoe se hlaha ka tsela e itseng, sebe qetellong se lebisa ho hlokeng thabo. Hangata lihlohonolofatso tsa ho mamela—le litlamorao tsa sebe—ha li hlake hang hang kapa ho bonahala kantle. Empa li netefetse, hobane Molimo o lokile.

Esita le ha re etsa ka mokhoa o fetisang, bohle re etsa sebe ´me “ha re ts´oaneloe ke khanya ea Molimo” (Baroma 3:23). Ka ho tseba sena, Ntate ea Maholimong o fane ka tsela bakeng sa rona hore re bake e le hore re tle re khutlele ho Eena.

Pako e tlisa matla a Molopolli oa rona Jesu Kreste, bophelong ba rona (bona Helamane 5:11). Ha re baka, re fetohela ho hloeka ho tsoa sebeng ka sehlabelo se lopollang sa Jesu Kreste le mpho ea Moea o Halalelang (bona 3 Nefi 27:16–20). Ka pako re fihlella nyakallo. Tsela e khutlelang ho Ntate ea Maholimong e butsoe ho rona, hobane o tletse mohau. (Bona “Pako” ka ho thuto ea 3.)

Ithute ho Tsamaea ka Tumelo

O mong oa merero ea bophelo bona ke ho fumana boiphihlello boo bo ka tlang feela ka karohano ho tloha ho Ntate ea Maholimong. Hobane ha re mo bone, re hloka ho ithuta ho tsamaea ka tumelo (bona 2 Bakorinthe 5:6–7).

Molimo ha a re siea re le bang leetong lena. O fane ka Moea o Halalelang ho re tataisa, ho re matlafatsa, le ho re halaletsa. O boetse hape o fane ka mangolo a halalelang, baporofeta, thapelo, le evangeli ea Jesu Kreste.

Karolo e ngoe le e ngoe ea boiphihlello ba rona bophelong ba ho shoa—linyakallo le masoabi, likatleho le lits´itiso—li ka re thusa ho hola ha re ntse re itokisetsa ho khutlela ho Molimo.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Nako ea ho Hola le ho Tsoelapele

Khetho

Botle le Bobe

Sebe

Re Tlameha hore Re Hloeke hore Re be le Molimo

Ithute haholo ka Motheo Ona

Topollo ea Jesu Kreste

Ka lebaka la Ho oa ha Adama le Eva, bohle re tlasa sebe le lefu. Re sitoa ho hlola litlamorao tsa sebe le lefu ka bo rona. Morerong oa Ntate ea Maholimong oa pholoho, o fane ka tsela ea ho hlola litlamorao tsa Ho Oa e le hore re khone ho khutlela ho Eena. Pele lefats´e le boptjoa, o ile a khetha Jesu Kreste ho ba Mopholosi oa Rona le Molopolli.

E ne e le Jesu Kreste feela ea neng a ka re lopollang sebeng le lefung. Ke mora oa Molimo ka kotloloho. O phetse bophelo bo senang sebe, a mamela Ntate oa Hae ka botlalo. O ne a itokisitse le ho ikemisetsa ho etsa thato ea Ntate ea Maholimong.

Topollo ea Mopholosi e kenyelelitse ts´otleho ea Hae Gethsemane, ts´otleho le lefu la Hae sefapanong, ho ho tsoha bafung ha Hae. O ile a sotleha ho feta kutloisiso—haholo hoo a ileng a tsoa mali lesobeng le leng le le leng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18).

Topollo ea Jesu Kreste ke ketsahalo e tlotlehang ka ho fetisa nalaneng eohle ea batho. Ka sehlabelo sa Hae se lopollang, Jesu o ile a etsa hore Moralo oa Ntate oa hae o sebetse. Re ne re tla hloka thuso ntle le ka Topollo ea Jesu Kreste hobane re sitoa ho ipholosa ho tsoa sebeng le lefung (bona Alma 22:12–15).

Sehlabelo sa Mopholosi oa rona e ne e le ponts´o e phahameng ka ho fetisisa ea lerato bakeng sa Ntate oa Hae le rona. “Bophara, le bolele, le botebo, le bophahamo” ba lerato la Kreste bo feta kutloisiso ea rona (Ba-Efese 3:18; bona hape temana ea 19).

Setśoantśo
Ho Thakhisoa, ka Harry Anderson

Jesu Kreste o Hlotse Lefu Bakeng sa Bohle

Ha Jesu Kreste a ne a shoa sefapanong, moea oa hae o ile oa arohana le ´mele oa Hae. Ka letsatsi le boraro, moea oa Hae le ´mele oa hae li ile tsa boelana ho se hlole li arohana hape. O ile a itlhahisa ho batho ba bangata, a ba bonts´a hore o ne a ena le ´mele o sa shoeng oa nama le masapo. Poelano ena ea ´mele le moea e bitsoa ho Tsoha Bafung.

Joalo ka ba shoang, e mong le e mong oa rona o tla shoa. Le ha ho le joalo, hobane Jesu o hlotse lefu, motho e mong le e mong ea tsoetsoeng lefats´eng o tla tsoha bafung. Tsoho ea Bafu ke mpho ea bo-Molimo bakeng sa bohle, e fanoeng ka mohau oa Mopholosi le topollo ea mohau. Moea le ´mele oa motho e mong le e mong li tla kopana hape, ´me e mong le e mong oa rona o tla phela ka ho safeleng, ka ´mele o phethahetseng, o tsohileng bafung. Haeba e ne e se ka Jesu Kreste, lefu le ne le tla felisa ts´epo eohle ea ho phela nakong e tlang le Ntate ea Maholimong (bona 2 Nefi 9:8–12).

Jesu o Etsa hore ho Khonahale hore re Hloekisoe Libe tsa Rona

Ho utloisisa ts´epo eo re ka e fumanang ka Kreste, re hloka ho utloisisa molao oa toka. Ona ke molao o sa fetoheng o tlisang litlamorao tsa liketso tsa rona. Ho mamela Molimo ho tlisa litlamorao tse ntle, ´me ho se mamele ho tlisa tse mpe. (Bona Alma 42:14–18.) Ha re etsa sebe, re fetoha ho silafala moeeng, ´me ha hona letho le sa hloekang le ka phelang ponts´eng ea Molimo (bona 3 Nephi 27:19).

Setśoantśo
Jesu Kreste o rapela a le Gethsemane, ka Harry Anderson

Nakong ea sehlabelo se lopollang sa Jesu Kreste, o ile a ema sebakeng sa rona, a sotlehela, le ho patala kotlo ea libe tsa rona (bona 3 Nefi 27:16–20). Moralo oa Molimo o fa Jesu Kreste matla a ho etsa poelano bakeng sa rona—ho ema lipakeng tsa rona le toka (bona Mosaia15:9). Ka lebaka la sehlabelo se lopollang sa Jesu, a ka tseka litokelo tsa hae tsa mohau bakeng sa rona ha re na le tumelo e isang pakong (bona Moroni 7:27; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 45:3–5). “Ke joana mohau o ka khotsofatsang litlhoko tsa toka, le ho pota pota [rona] liatleng tsa polokeho” (Alma 34:16).

Ke feela ka mpho ea Topollo ea Mopholosi le pako ea rona re ka boelang ra phela le Molimo. Ha re baka, rea ts´oareloa le ho hloekisoa se moeeng. Re phomotsoa boimeng ba molato oa libe tsa rona. Meea ea rona e lemetseng e ea folisoa. Re tlatsoa ka nyakallo (bona Alma 36:24).

Le ha re sa phetheha ’me re ka nna ra oela hape, ho na le mohau o fetang, lerato, le mohau ho Jesu Kreste ho feta ho hloleha, bofokoli, kapa sebe ka ho rona. Molimo kamehla o itokiselitse le ho chesehela ho re aka ha re ea ho Eena le ho baka (bona Luka 15:11–32). Ha ho letho hape ha ho motho “ea tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Jesu Kreste Morena oa rona” (Ba-Roma 8:39).

Jesu Kreste o ile a Inkela ho Eena Mahloko a Rona, Litlhokofatso, le Mefokolo

Sehlabelong sa Hae se lopollang, Jesu Kreste o ile a inkela ho Eena bohloko ba rona, litlhokofatso, le mefokolo. Ka lebaka lena, O oa tseba “ho latela nama ke joang a ka thusang batho ba hae ho latela mefokolo ea bona.” (Alma 7:12; see also temana ea 11). O ea mema “Tlohong ho ´na,” ´me ha re etsa joalo, o re fa phomolo, ts´epo, matla, maikutlo, le pholo (Mattheu 11:28; bona hape litemana tsa 29–30).

Ha rentse re itshetleha ka Topollo ea Jesu Kreste, a ka re thusa ho mamella liteko, bokuli, le bohloko. Re ka tlatsoa ka nyakallo, khotso le mats´eliso. Tsohle tse leeme bophelong li ka etsoa tse lokileng ka Topollo ea Jesu Kreste.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Topollo ea Mopholosi

Tsoho ea Bafu

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Jesu Kreste,” “Hlakola, Topollo,” “Mohau

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Jesu Kreste,” “Topollo ea Jesu Kreste,” “Mohau

Setśoantśo
lelapa le etetse lebitla

Lefats´e la Moea

Batho ba bangata ba ipotsa, “Ho etsahala eng kamora hore ke shoe?” Morero oa pholoho o fana ka likarabo tse ling tsa bohlokoa potsong ena.

Lefu ke karolo ea “moralo o tletseng mohau” oa Molimo bakeng sa rona (2 Nefi 9:6). Ho ena le ho felisa boteng ba rona, lefu ke mohato o latelang tsoelopeleng ea rona ea bosafeleng. Ho fetohela ho ba joalo ka Molimo, re tlameha ho fihlella lefu ´me hamorao re amohele ´mele e phethahetseng, e tsohileng bafung,

Ha ´mele oa nama o shoa, ´mele ea rona ea moea e tsoelapele ho phela lefats´eng la moea. Bona ke boemo ba nakoana ba ho ithuta le tokisetso pele ho ho tsoha bafung le kahlolo ea ho qetela. Tsebo ea rona ho tsoa bophelong ba ho shoa e sala le rona.

Lefats´eng la meea, batho ba ileng ba amohela le ho phela Evangeli ea Jesu Kreste “ba amohelloa boemong ba thabo, bo bitsoang paradeise” (Alma 40:12). Bana ba banyane le bona ba amohelloa paradeising ha ba shoa.

Meea e paradeising e tla ba khotsong ho tloha mathateng le masoabing. Ba tla tsoelapele kholong ea bona ea moea, ba etsa mosebetsi oa Molimo le ho sebeletsa ba bang. Ba tla ruta evangeli ho bao ba sitiloeng ho e e amohela nakong ea bophelo ba bona ba ho shoa (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138:32–37. 57–59

Lefats´eng la Meea, batho ba ileng ba sitoa ho amohela evangeli lefats´eng, kapa ba ileng ba khetha ho se latele litaelo, ba tla fihlella likhahello tse itseng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138:6–37; Alma 40:6–14). Le ha ho le joalo, hobane Molimo o lokile le ho tlala mohau, ba tla fumana monyetla oa ho rutoa evangeli ea Jesu Kreste. Haeba ba e amohela le ho baka, ba tla lopolloa ho tsoa libeng tsa bona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138:58; bona hape 138:31–35; 128:22). Ba tla amoheloa khotsong ea paradeisi. Qetellong ba tla fumana sebaka ´musong oa khanya ho ipapisitsoe le likhetho tseo ba li entseng bophelong ba ho shoa le lefats´eng la Meea.

Re lula lefats´eng la moea ho fihlela re tsoha bafung.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea mangolong a halalelang, “Paradeisi

Tsoho ea bafu, Poloko, le Phahamiso

Tsoho ea Bafu

Moralo oa Molimo o etsa hore re hole le ho amohela bophelo ba bosafeleng. Kamorao ho nako ea rona lefats´eng la meea, ho tsoha bafung ke mohato oa rona o latelang leetong la rona kholong eo.

Ho tsoha bafung ke ho kopana hape ha moea le ´mele ea rona. E mong le e mong oa rona o tla tsosoa bafung. Sena se entsoe hore se khonahale ka Topollo ea Mopholosi le Ho Tsoha Bafung. (Bona Alma 11:42–44

Ha re tsositsoe bafung, e mong le e mong oa rona re tla ba le ´mele e phethahetseng ea nama, e lokolohileng ho bohloko le bokuli. Re tla be re sa shoe re phela ka ho sa feleng.

Pholoho

Hobane re tla tsosoa bafung, re tla pholosoa—kapa ho fumana poloko—ho tsoa lefung la nama. Mpho ena re e fuoa ka mohau oa Jesu Kreste.

Hape re ka pholosoa—kapa ra fumane poloko—ho tsoa litla-moraong tseo molao oa toka o li batlang bakeng sa libe tsa rona. Mpho ena hape e etsoa hore e khonahale ka makhabane le mohau oa Jesu Kreste ha re ntse re baka. (Bona Alma 42:13–15, 21–25.)

Phahamiso

Phahamiso, kapa bophelo ba bosafeleng, ke boemo bo ka holimo ho fetisa ba thabo le khanya ´musong oa khanya ea letsatsi. Phahamiso ke mpho e nang le lipehelo. Mookameli Russell M. Nelson o ile a ruta “Maemo ao a ts´oanelang a kenyeletsa tumelo ho Morena, pako, kolobetso, ho amohela Moea o Halalelang le ho sala ba ts´epahalletse lits´ebeletso le lilekane tsa temple” (“Poloko le Phahamiso,” Liahona, Tlhakubele 2008,9).

Ho phahamisoa, ho bolela ho phela le Molimo ka ho sa feleng malapeng a bosafeleng. Ke ho tseba Molimo le Jesu Kreste le ho fetoha ho ba joaloka Bona, le ho fihlella bophelo boo Ba bo phelang.

Boithuto ba mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Tsoho ea Bafu

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Tsoho ea Bafu, ” “Phahamiso

Setśoantśo
mahlaseli a letsatsi a khanya har´a maru

Kahlolo le Mebuso ea Khanya

Ntlha: Ha u qala ho ruta ka Mebuso ea khanya, ruta ka boemo ba mathomo ho latela litlhoko tsa motho le kotloisiso.

Ha re se re tsohile bafung, Jesu Kreste e tla ba moahloli oa rona ea lokileng ea tletseng mohau. Ka mekhelo e fokolang, bana bohle ba Molimo ba tla amohela sebaka ´musong oa khanya. Le ha rona bohle re tlang ho tsoha bafung, ha re na ho amohela khanya e ts´oanang ea bosafeleng. (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:22–24, 29–34; 130:20–21; 132:5).

Botho ba sitiloeng ho fumana monyetla oa ho utloisisa ka botlalo le ho mamela melao ea Molimo nakong ea bophelo ba bona ba ho shoa ba tla fuoa monyetla oo lefats´eng la Meea. Jesu o tla ahlola motho e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae, litakatso, le pako bophelong ba ho shoa le lefats´eng la meea (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138:32–34, 57–59).

Mangolo a halalelang a re ruta ka mebuso ea khanya ea letsatsi, khoeli, le ea linaleli. E ngoe le e ngoe ea tsona ke ponahatso ea lerato la Molimo, toka, le mohau.

Bao ba sebelisang tumelo ho Kreste, ba bakela libe tsa bona, ba amohela lits´ebeletso tsa evangeli, ba boloka lilekane tsa bona, ba amohela Moea o Halalelang, le ho mamella ho ea qetellong ba tla pholosetsoa ´musong oa khanya ea letsatsi. ´Muso ona hape o tla kenyelletsa batho bao ba sitiloeng ho fumana monyetla oa ho fumana evangeli nakong ea bophelo ba bona ba ho shoa empa “ba ne ba tla e amohela ka lipelo tsohle tsa bona”´me ba etsa joalo lefats´eng la Meea (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 137:8; bona hape temana ea 7). Bana ba fetileng pele ho lilemo tsa boikarabello (lilemo tse robeli) le bona ba tla pholosetsoa ´musong oa khanya ea letsatsi (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 137:10).

Ka mangolong a halalelang, ´muso oa khanya ea letsatsi o bapisoa le khanya kapa ho khaya ea letsatsi.(Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:50–70.)

Batho ba phetseng maphelo a hlomphehang “ba sitiloeng ho fumana bopaki ba Jesu Kreste nameng, empa kamorao ho moo ba bo amohela” ba tla fumana sebaka ´musong oa khanya ea khoeli (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:74). Se ts´oanang ke ´nete bakeng sa bao ba neng ba se matla bopaking ba bona ba Jesu. ´Muso ona o bapisoa le khanya ea khoeli. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:71–80.)

Bao ba tsoetseng pele libeng tsa bona ´me ba sa baka bophelong bona kapa ho amohela evangeli ea Jesu Kreste lefats´eng la Meea ba tla amohela moputso oa bona ´musong oa khanya ea linaleli. ´Muso ona o ts´oants´oa le khalalelo ea linaleli. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:81–86.)

Boithuto ba mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

Lethathamo la thuto le lekhuts´oanyane ho isa bohareng

Lethathamo le latelang ke mohlala oa seo u ka se rutang motho e mong haeba u na le nako e khuts´oanyane feela. Ha u sebelisa lethathamo lena, khetha taba ea motheo e le ´ngoe kapa ho feta ho e ruta. Motheo oa thuto ea tumelo bakeng sa taba e ´ngoe le e ´ngoe ea motheo e fanoe pelenyana thutong ena.

Ha u ruta, botsa lipotso ´me u mamele. Fana ka limemo tse tlang ho thusa batho ho ithuta na ke joang ho holela ho ba haufi le Molimo. E ´ngoe memo ea bohlokoa ke bakeng sa hore motho eo a kopane le lona hape. Bolele ba thuto bo tla its´etleha ka lipotso tseo u li botsang le ho mamela hoo u ho etsang.

Seo u ka se Rutang Batho ka Metsotso e 3-10

  • Kaofela re bana ba moea ba Molimo. Re litho tsa lelapa la Hae. O tseba le ho rata e mong le e mong oa rona.

  • Molimo o fane ka moralo bakeng sa thabo ea rona le ho tsoelapele bophelong bona le ho bosafeleng.

  • Moralong oa Molimo, re ne re hloka ho tla lefats´eng ho tla amohela ´mele oa nama, ho ithuta, le ho hola.

  • Jesu Kreste o khubung ea moralo oa Molimo. O etsa hore ho khonehe bakeng sa rona hore re fumane bophelo ba bosafeleng.

  • Tlasa tataiso ea Molimo, Jesu Kreste o ile a bopa lefats´e.

  • Boiphihlelo ba rona lefats´eng bo reretsoe ho re thusa ho lokisetsa ho khutlela ponts´eng ea Molimo.

  • E mong le e mong oa rona o etsa sebe, ´me e mong le e mong oa rona o tla shoa. Hobane Molimo o oa re rata, O rometse Mora oa Hae, Jesu Kreste, lefats´eng ho re lopolla ho tsoa sebeng le lefung.

  • Tsohle tse nang le leeme bophelong li ka etsoa tse lokileng ka Topollo ea Jesu Kreste

  • Ha ´mele oa rona oa nama o shoa, ´mele ea rona ea moea e tsoelapele ho phela lefats´eng la meea. Qetellong e mong le e mong oa rona o tla tsosoa bafung. Sena se bolela hore , moea le ´mele oa motho e mong le e mong li tla kopana hape, ´me e mong le e mong oa rona o tla phela ka hosafeleng, ka ´mele o phethahetseng, o tsohileng bafung.

  • Ha re se re tsohile bafung, Jesu Kreste e tla ba moahloli oa rona. Ntle le mekhelo e fokolang, bana bohle ba Molimo ba tla amohela sebaka ´musong oa khanya. Re ka khutlela ho ea phela ponts´eng ea Molimo haeba re na le tumelo

Hatisa