Mangolo a halalelang
Jakobo 1


Buka ea Jakobo
Moena oa Nefi

Mantsoe a thuto ea hae ho bana babo. O hlola monna ea batlang ho phethola thuto ea Kreste. Mantsoe a ’maloa malebana le nalane ea batho ba Nefi.

Khaolo ea 1

Jakobo le Josefa ba batla ho kholisa batho ho lumela ho Kreste ’me ba boloke litaelo tsa hae—Nefi oa shoa—Bokhopo bo ea ata har’a Ba-Nefi. Ka bo 544–421 B.C.

1 Hobane bonang, ho ile ha etsahala hore lilemo tse mashome a mahlano li ne li se li fetile kamor’a hore Lehi a tlohe Jerusalema; ka baka leo, Nefi o file ’na, Jakobo taelo malebana le matlapa a manyenyane, ao lintho tsena li ngotsoeng ho ona.

2 ’Me o file ’na, Jakobo, taelo ea hore ke ngole holim’a matlapa ana lintho tse ’maloa tseo ke nahanang hore ke tsa bohlokoa haholo; hore ke se ke ka ts’oara, ntle le hanyane, malebana le nalane ea batho bana ba bitsoang batho ba Nefi.

3 Hobane o itse nalane ea batho bana e tle e ngoloe matlapeng a mang a hae, ’me ke tle ke boloke matlapa ana ’me ke a fetisetse tlaase ho peo eaka, ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong.

4 ’Me haeba ho na le thero e hahalelang, kapa ts’enolelo e kholo, kapa boporofeta, ke tle ke ngole lihlooho tsa teng matlapeng ana, ’me ke tle ke ts’oare ho tsona ka hohle kamoo ho khonehang, molemong oa Kreste, le molemong oa batho ba habo rona.

5 Hobane ka lebaka la tumelo le ho ts’oenyeha ho hoholo, re ile ra senoleloa ka ’nete malebana le batho ba habo rona, hore ke lintho li fe tse tla etsahala ho bona.

6 ’Me hape re ne re na le lits’enolelo tse ngata, le moea oa boporofeta bo bongata, ka baka leo, re ne re tseba ka Kreste le ’muso oa hae o tla tla.

7 Ka baka leo re sebelitse ka mafolofolo har’a batho ba habo rona, hore re tle re ba kholise ho tla ho Kreste, ’me ba nke molemo oa Molimo, hore ba tle ba kene phomolong ea hae, esere ka mokhoa ofe kapa ofe a tle a hlapanye ka khalefo ea hae hore ba se ke ba kena, joaloka qholotso matsatsing a teko ha bana ba Iseraele ba ne ba le lefelleng.

8 Ka baka leo, re ne re na le cheseho ho Molimo hore re ka kholisa batho bohle ho se fetohe khahlanong le Molimo, ho mo qholotsa khalefo, empa hore batho bohle ba lumele ho Kreste, ’me ba shebe lefu la hae, ’me ba hlorisetsoe sefapano sa hae ’me ba mamelle lihlong tsa lefats’e; ka baka leo, ’na, Jakobo ke inkela ho ’na ho phethahatsa litaelo tsa moholoane oaka Nefi.

9 Joale Nefi a qala ho tsofala, ’me a bona hore haufi o tlameha ho shoa; ka baka leo, o ile a tlotsa motho ho ba morena le ’musi holim’a batho ba habo joale, ho latela ho busa ha marena.

10 Batho bao ba ne ba ratile Nefi ka ho fetisa, eena e bile mosireletsi ea moholo bakeng sa bona, hobane a sebelisitse sabole ea Labane ts’ireletsong ea bona, ’me a sebelitse matsatsing ohle a hae bakeng sa boiketlo ba bona—

11 Ka baka leo, batho bao ba ne ba lakatsa ho boloka khopolong ea bona lebitso la hae. ’Me mang kapa mang ea busang boemong ba hae o ne a bitsoa ke batho, Nefi oa bobeli, Nefi oa boraro, joalo joalo, ho latela puso ea marena; ’me ke joana ba neng ba bitsoa ke batho, le haeba ba ne ba ka ba le mabitso a fe.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore Nefi a shoe.

13 Joale batho bao e neng e se Ba-Lamane e ne e le Ba-Nefi; le ha ho le joalo, ba ne ba bitsoa Ba-Nefi, Ba-Jakobo, Ba-Josefa, Ba-Zorame, Ba-Lamane, Ba-Lamuele, le Ba-Ishmaele.

14 Empa ’na, Jakobo, ha ke na ho ba hlalohanya ka mabitso a na kamorao ho mona, empa ke tla ba bitsa Ba-Lamane bao ba batlang ho timetsa batho ba Nefi, ’me bao ba botsoalle ho batho ba Nefi ke tla ba bitsa Ba-Nefi, kapa batho ba Nefi, ho latela puso ea marena.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba Nefi, tlasa puso ea morena oa bobeli, ba qala ho thatafala lipelong tsa bona, ’me ba inehella hanyane mekhoeng ea bokhopo, joalo ka Davida oa khale ba batla basali ba bangata le lirethe ’me le Solomone, mora oa hae.

16 Ee, ’me hape ba ile ba qalella ho batla khauta e ngata, le Silevera, ’me ba qalella ho phahama hanyane ka boikhohomoso.

17 Ka baka leo, ’na, Jakobo, ke ile ka ba fa mantsoe joalo kaha kea rutile ka tempeleng, ke se ke ile ka fumana pele thomo eaka ho tsoa ho Morena.

18 Hobane ’na, Jakobo, le moena oaka Josefa re ne re behiloe ho ba baprista le baruti ba batho bana, ka letsoho la Nefi.

19 ’Me re ile ra tlotlisa boemo ba rona ho Morena, ra inkela ho rona boikarabelo, ho arabela libe tsa batho bao holim’a lihlooho tsa rona haeba re sa ba rute lentsoe la Molimo ka mafolofolo ohle; ka baka leo, ka ho sebetsa ka matla a rona mali a bona a keke a rothela liaparong tsa rona, ha ho ne ho se joalo mali a bona a ne a tla rothela liaparong tsa rona, ’me re ne re keke ra fumanoa re se na letheba ka letsatsi la ho qetela.

Hatisa