Mangolo a halalelang
Jakobo 2


Khaolo ea 2

Jakobo o nyatsa lerato la maruo, boikhohomoso, le bohlola—Batho ba ka batla maruo ho thusa batho ba bang—Morena o laela hore har’a Ba-Nefi ho se ke ha eba le monna ea nang le ho feta mosali a le ’mong—Morena o thabela bohloeki ba basali. Ka bo 544–421 B.C.

1 Mantsoe ao Jakobo, moena oa Nefi a a buileng ho batho ba Nefi, kamor’a lefu la Nefi:

2 Joale, bana beso ba ratoang, ’na, Jakobo, ho latela boikarabelo boo ke leng tlasa bona ho Molimo, ho tlotlisa thomo eaka ka botebo, ’me le hore ke tle ke tlose libe tsa lona liaparong tsa ka, ke nyolohela ka hare ho tempele kajeno hore ke tle ke le phatlalletse lentsoe la Molimo.

3 ’Me lona ka bo lona lea tseba hore pele ho mona hofihlela joale ke bile mafolofolo thomong ea pitso eaka; empa kajeno ke hateletsoe tlaase ke takatso e kholoanyane le ho ts’oenyeha bakeng sa boiketlo ba meea ea lona ho feta pele le hofihlela joale.

4 Hobane bonang, hofihlela joale, le mametse lentsoe la Morena, leo ke le fileng lona.

5 Empa bonang, lona ’mameleng, ’me le tsebe hore ka thuso ea ea matla ohle ’Mopi oa leholimo le lefats’e nka khona ho le bolella malebana le mehopolo ea lona, kamoo le qalellang ho sebetsa sebeng, sebe se hlahang se nyonyeha haholo ho ’na, ee, le ho nyonyeha ho Molimo.

6 Ee, ho hlonamisa moea oaka ’me ho etsa hore ke sosobane ke ts’oabo ponts’eng ea ’Mopi oaka, hore ke tlameha ho paka ho lona malebana le bokhopo ba lipelo tsa lona.

7 ’Me hape ke hlonamisoa ke hore ke tlameha ho sebelisa bohale bo bongata ba puo malebana le lona, kapel’a basali ba lona le bana ba lona, bongata ba bona bo leng maikutlo a bonolo ka ho fetisa le ho hloeka le ho tiea kapela Molimo, e leng ntho e thabisang ho Molimo;

8 ’Me ke lekanya hore ba nyolohetse mona ho tla utloa lentsoe le thabisang la Molimo, ee, lentsoe le folisang moea o lemetseng.

9 Ka baka leo, ho imela moea oaka hore kea qobelleha, ka lebaka la taelo e thata eo ke e fumaneng ho tsoa ho Molimo, ho le eletsa ho latela melato ea lona, ho eketsa temalo ea bao ba seng ba ntse ba lemetse, ho ena le ho ts’elisa le ho folisa maqeba a bona; ’me ba sa lemalang, ho ena le hore ba keteke ka lentsoe le thabisang la Molimo ho beuoe lithipa ho hlaba meea ea bona le ho lematsa likelello tsa bona tse tiileng.

10 Empa, ho sa natsehe boholo ba mosebetsi, ke tlameha ho etsa ho latela litaelo tse thata tsa Molimo, ’me ke le bolelle malebana le bokhopo ba lona le manyala, ponts’eng ea bao ba lipelo li hloekileng, le bao ba pelo li robehileng, ’me tlasa bonyarelo ba leihlo le phunyeletsang la Molimo ea Matla ohle.

11 Ka baka leo, ke tlameha ho le bolella ’nete ho latela ho hlaka ha lentsoe la Molimo. Hobane, bonang, ke botsitse Morena, ka hona hoa tla lentsoe ho ’na, le re: Jakobo, ema u nyolohele tempeleng hosane, ’me u phatlalatse lentsoe leo ke tla u fa lona ho batho bana.

12 ’Me joale bonang, bana beso, lena ke lona lentsoe leo ke le phatlalatsang ho lona, hore ba bangata ba lona ba qalile ho batla khauta, le silevera, le mefuta eohle ea lits’epe tsa bohlokoa, tse lefats’eng lena, leo e leng lefats’e la pallo ho lona le ho peo ea lona, tse tletseng ka bongata.

13 ’Me letsoho la paballo le bososetse holima lona ka ho khahlisa ho hoholo, hore e be le fumane maruo a mangata; ’me hobane ba bang ba lona le fumane bongata bo boholoanyane ho feta ba bana ba bo lona le phahametse boikhohomosong ba lipelo tsa lona, ’me le apere melala e satalletseng le lihlooho tse holimo ka lebaka la liaparo tsa lona tse theko e boima, ’me le hlorisa bana ba bo lona hobane le nahana hore le betere ho ba feta.

14 ’Me joale, bana beso, na le nahana hore Molimo ha a le bone molato nthong ee? Bonang, ke re ho lona, Che. Empa o oa le nyatsa, ’me haeba le pheella linthong tsena likahlolo tsa hae li tlameha ho phakisa li tle holima lona.

15 Oho hore a tle a le bonts’e hore a ka le phunyeletsa, ’me ka ho nyarela ha ’ngoe ha leihlo la hae a ka khona ho le otlella leroleng!

16 Oho hore o tla le tlosa bokhopo bona le manyala. ’Me Oho hore le ke le mamele lentsoe la litaelo tsa hae, ’me le se ke la lumella boikhohomoso bona ba lipelo tsa lona bo timetse meea ea lona!

17 Nahanang ka bana ba bo lona joaloka ka ha le inahana, ’me le be le botsoalle le bohle le ho fana ka bolokolohi ka ling tsa lona, hore ba tle ba rue joaloka lona.

18 Empa pele le batla maruo, batlang ’muso oa Molimo.

19 ’Me kamora hore le fumane ts’epo ho Kreste le tla fumana maruo, haeba lea batla, ’me le tla a batla ka maikemisetso a ho etsa botle—ho apesa ba hlobotseng, le ho fepa ba lapileng, le ho lokolla ba litlamong, le ho fana ka phomolo ho ba kulang le ba hlorisoang.

20 ’Me joale, bana beso, ke buile le lona malebana le boikhohomoso; ’me bao ho lona ea hlorisitseng moahisane oa hae, ’me oa mo tlatlapa hobane le ne le ikhohomositse lipelong tsa lona, ka lintho tseo Molimo a le fileng tsona, le reng ka eona?

21 Na ha le nahane hore lintho tse joalo ke manyala ho eena ea bopileng nama eohle? ’Me a le ’mong o bohlokoa ponts’eng ea hae joaloka e mong. ’Me nama eohle kea lerole; ’me ka sepheo se ts’oanang o ba bopile, hore ba tle ba boloke litaelo tsa hae ’me ba mo tlotlise ka hosafeleng.

22 ’Me joale ke etsa pheletso ea ho bua le lona malebana le boikhohomoso bona. ’Me ha e ne eba ha kea tlameha ho bua le lona malebana le ts’ito e feteletseng, pelo eaka e ne e tla thaba ka ho fetisa ka lebaka la lona.

23 Empa lentsoe la Molimo lea nkimela ka lebaka la lits’ito tsa lona tse feteletseng. Hobane bonang, ho bolela Morena: Batho bana ba qala ho tetebela bokhopong; ha ba utloisisi mangolo a halalelang, hobane ba batla mabaka a ho etsa bofebe, ka lebaka la lintho tse ngotsoeng malebana le Davida, le Salomone mora oa hae.

24 Bonang, Davida le Salomone ka ’nete ba ne ba na le basali ba bangata le lirethe, ntho e neng e nyonyeha ka pele ho ’na, ho bolela Morena.

25 Ka baka leo, ka hona ho bolela Morena, ke etelletse batho bana ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ka matla a letsoho la ka, hore ke tle ke holise lekala le lokileng ho tsoa tholoaneng ea letheka la Josefa.

26 Ka baka leo, ’na Morena Molimo ha ke na lumella hore batho bana ba etse joaloka bane ba khale.

27 Ka baka leo, bana beso, nkutloeng, ’me le mamele lentsoe la Morena: Hobane ha ho na ba le monna har’a lona ea tla ba le haese mosali a le ’mong; ’me lirethe ha a na ho ba le tsona;

28 Hobane ’na, Morena Molimo, ke thabela bohloeki ba basali. ’Me bofebe ke manyala ka pele ho ’na; ho bolela Morena oa Makhotla.

29 Ka baka leo, batho bana ba tla boloka litaelo tsa ka, ho bolela Morena oa Makhotla, kapa lefats’e lena le tla rohakeha ka lebaka la bona.

30 Hobane haeba ke tla, ho bolela Morena oa Makhotla, holisetsa peo ho ’na, ke tla laela batho baka; ho seng joalo ba tla mamela lintho tsena.

31 Hobane bonang, ’na, Morena, ke bone masoabi, ’me ke utloile lillo tsa barali ba batho ba ka lefats’eng la Jerusalema, ee, le mafat’seng ohle a batho ba ka, ka lebaka la bokhopo le manyala a banna ba bona.

32 ’Me ha ke na lumela, ho bolela Morena oa Makhotla, hore lillo tsa barali ba batle ba batho bana, bao ke ba etelletseng ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, hore ba tle ho ’na khahlanong le banna ba batho baka, ho bolela Morena oa Makhotla.

33 Hobane ba ke ke ba etella hole barali ba batho ba ka ho isa litlamong ka lebaka la bonolo ba bona, ntle le hore ke ba etele ka thohako e bohloko, esita le ho isa ts’enyehong; hobane ba tla etsa bofebe, joaloka bane ba khale, ho bolela Morena oa Makhotla.

34 ’Me joale bonang, bana beso, lea tseba hore litaelo tsena li ne li fuoe ntat’a rona, Lehi; ka baka leo, le li tsebile pele; ’me le fihletse tsuo e kholo; hobane le entse lintho tsena tseo le neng le sa lokela ho li etsa.

35 Bonang, le entse bokhopo bo boholo ho feta Ba-Lamane bana ba bo rona. Le robile lipelo tsa basali ba lona ba bonolo, ’me le lahlehetsoe ke ts’epo ea bana ba lona, ka lebaka la mehlala e mebe kapele ho bona; ’me lillo tsa lipelo tsa bona li nyolohela holimo ho Molimo khahlanong le lona. ’Me ka lebaka la ho tiea ha lentsoe la Molimo, le theohelang tlaase khahlanong le lona, lipelo tse ngata li shoele, li phunyehile maqeba a tebileng.

Hatisa