Mangolo a halalelang
Jakobo 6


Khaolo ea 6

Morena o tla lopolla Iseraele matsatsing a ho qetela—Lefats’e le tla chesoa ka mollo—Batho ba tlameha ho latela Kreste ho qoba lets’a la mollo le sebabole. Ka bo 544–421 B.C.

1 ’Me joale, bonang, bana beso, joaloka ha ke boletse ho lona hore ke tla porofeta, bonang, bona ke boporofeta ba ka—hore lintho tseo moporofeta Zenose a li buileng, malebana le ntlo ea Iseraele, eo a e ts’oants’isitseng le sefate sa mohloare se thapisitsoeng, li tlameha ho tla etsahala.

2 ’Me letsatsi leo a tla lokisa letsoho lahae hape lekhetlo la bobeli ho lopolla batho ba hae, ke letsatsi leo, ee, esita le nako ea ho qetela, hore bahlanka ba Morena ba tla tsamaea ka matla a hae, ho matlafatsa le ho hlaolela ts’imo ea hae ea morara, ’me kamorao ho moo pheletso e haufi e tla.

3 ’Me ho lehlohonolo joang ba sebelitseng ka mafolofolo ts’imong ea hae ea morara; ’me ho rohakehile joang bao ba tla lahleloa sebakeng sa bona! ’Me lefats’e le tla chesoa ka mollo.

4 ’Me o lereko joang Molimo oa rona ho rona, hobane o hopola ntlo ea Iseraele, ka bobeli methapo le makala, ’me o ba otlollela letsoho la hae boleleleng ba letsatsi lohle; ’me ke batho ba satalalitseng melala le ba hanyetsang; empa joaloka bongata bo ke keng ba thatafatsa lipelo tsa bona ba tla bolokoa ’Musong oa Molimo.

5 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, ke le kopa ka mantsoe a hlaphohetsoeng kelellong hore le ke le bake, ’me le tle ka boitlamo bo feletseng, ’me le ts’epahalle Molimo joaloka ha a le ts’epahalla. ’Me ha letsoho la hae le lereko le otlolletsoe ho ea ho lona ho sa khanya, se ka thatafatsang lipelo tsa lona.

6 Ee, kajeno, haeba le tla utloa lentsoe la hae, le se thatafatse lipelo tsa lona; ka lebaka la hobaneng le tla shoa?

7 Hobane bonang, kamora hore le matlafatsoe ka lentsoe le Molemo la Molimo boleleleng ba letsatsi lohle, na le tla tlisa tholoana e mpe, hore le tlamehe ho ratheloa fats’e ’me le lahleloe mollong?

8 Bonang, na le tla latola mantsoe aa? Na le tla latola mantsoe a baporofeta; ’me na le tla latola mantsoe ohle a builoeng malebana le Kreste, kamora hore ba bangata hakaale ba bue malebana le eena; ’me le hane lentsoe le molemo la Kreste, le matla a Molimo, le mpho ea Moea o Halalelang, ’me le thibele Moea o Halalelang, ’me le etse ts’omo ka morero o moholo oa topollo, o thehetsoeng lona?

9 ’Na ha le tsebe hore haeba le etsa ntho tse, hore matla a topollo le tsoho ea bafu, tse ho Kreste, li tla le tlisa ho tla ema ka ts’oabo le molato o bohloko kapela setulo sa kahlolo ea Molimo?

10 ’Me ho latela matla a toka, hobane ho keke ha hanoa toka, le tlameha ho tsamaela hole ho ea lets’eng la mollo le sebabole, leo malakabe a teng a sa thibeheng, ’me mosi oa teng o nyolohela holimo ka hosafeleng, lets’a leo la mollo le sebabole ke tlhokofatso e sa feleng.

11 Oho ha ho le joalo, bana beso ba ratoang, bakang, ’me le kene ka khoro e otlolohileng, ’me le tsoelepele tseleng eo e ts’esane, hofihlela le tla fumana bophelo ba bosafeleng.

12 Oho e bang bohlale; nka reng ho feta moo?

13 Qetellong, ke le salisa hantle, hofihlela ke tla kopana le lona kapela tulo sa kahlolo e thabisang ea Molimo, tulo ea kahlolo e otlang ba khopo ka ts’abo le letsoalo le bohloko. Amen.

Hatisa