Mangolo a halalelang
Jakobo 3


Khaolo ea 3

Ba hloekileng ka pelong ba amohela lentsoe le thabisang la Molimo—Ho loka ha Ba-Lamane ho feta ha Ba-Nefi—Jakobo o lemosa khahlanong le bofebe, bohlola, le sebe se seng le se seng. Ka bo 544–421 B.C.

1 Empa bonang, ’na Jakobo, ke tla bua le lona ba hloekileng ka pelong. Shebang ho Molimo ka ho tia ha kelello, ’me le mo rapele ka tumelo e fetisang, ’me o tla le ts’elisa mahlomoleng a lona, ’me o tla buelella nyeoe tsa lona, ’me a romele toka holim’a ba batlang ts’enyeho ea lona.

2 Oho lona bohle ba hloekileng ka pelong, phahamisang lihlooho tsa lona ’me le amohele lentsoe le thabisang la Molimo, ’me le keteke leratong la hae; hobane le ka etsa joalo, haeba likelello tsa lona li tiile ka hosafeleng.

3 Empa, ho malimabe, ho malimabe, lona ba sa hloekang ka pelong, ba lits’ila ka letsatsi lena ka pela Molimo; hobane ntle le hore le bake lefats’e le rohakehile molemong oa lona; ’me Ba-Lamane, bao ba seng lits’ila joalo ka lona, le ha ho le joalo ba rohakehile ka thohako e bohloko, ba tla le otla esita le ho isa ts’enyehong.

4 ’Me nako e phakisa ho tla, ea hore ntle le hore le bake ba tla rua lefats’e la lona la bojalefa, ’me Morena Molimo o tla etella hole ba lokileng ho tsoa har’a lona.

5 Bonang, Ba-Lamane bana ba bo lona, bao le ba hloileng ka lebaka la ho silafala ha bona le thohako e tlileng holima matlalo a bona, ba lokile ho le feta; hobane ha ba lebala taelo ea Morena, e ileng ea fua ntat’a rona—hore ba se ke ba eba le mosali ntle le a le mong, ’me lirethe ba se ke ba eba le tsona, ’me ho se ke ha eba le bofebe bo etsoang har’a bona.

6 ’Me joale, taelo ena ba leka ho e boloka; ka baka leo, ka lebaka la boiteko, ka ho boloka taelo ena, Morena Molimo a keke a ba timetsa, empa o tla ba lereko ho bona; ’me ka letsatsi le leng ba tla fetoha batho ba hlohonolofetseng.

7 Bonang, banna ba teng ba rata basali ba bona, le basali ba teng ba rata banna ba bona; ’me banna ba teng le basali ba teng ba rata bana ba bona; ’me ho se lumele ha bona le lehloeo la bona ho lebana le lona ke ka lebaka la bokhopo ba bo ntat’a bona; ka baka leo, le fetisa ha kae ho bona, ponts’eng ea ’Mopi ea moholo oa lona?

8 Oho bana beso, ke ts’aba hore ntle le hore le bakele libe tsa lona matlalo a bona a tla ba matle ho feta a lona, ha le tlisoa ka pele ho terone ea Molimo.

9 Ka baka leo, ke le fa taelo, eo e leng lentsoe la Molimo, hore le se hlole le ba hlapaola ka lebaka la lefifi la matlalo a bona; le ha e le ho ba hlapaola ka lebaka la ho silafala ha bona; empa le tla hopola ho silafala ha lona, ’me le hopole hore ho silafala ha bona ho tlile ka lebaka la bo ntat’a bona.

10 Ka baka leo, le tla hopola bana ba lona, kamoo le hlonamisitseng lipelo tsa bona ka lebaka la mohlala oo le o siileng ka pele ho bona; ’me hape, hopolang hore le ka nna, ka lebaka la ho silafala ha lona, la tlisa bana ba lona ts’enyehong, ’me libe tsa bona li bokelloe holima lihlooho tsa lona ka letsatsi la ho qetela.

11 Oho bana beso, mamelang mantsoe a ka; tsosang boiphihlelo ba meea ea lona; itlhotlhoreng hore le ke le tsohe borokong ba lefu; ’me le its’oasolle ho tsoa mahlokong a lihele hore le se ke la fetoha mangeloi a diabolosi, ho lahleloa lets’eng lane la mollo le sebabole e leng lefu la bobeli.

12 ’Me joale ’na, Jakobo, ke buile ntho tse ngata ho batho ba Nefi, ke ba lemosa khahlanong le bofebe le bohlola, le mofuta o mong le o mong oa sebe, ke ba joetsa litlamorao tse mpe tsa teng.

13 ’Me karoloana ea bo lekholo ea liketso tsa batho bana, tseo joale li qalileng ho ba ngata, ha li khone ho ngoloa holima matlapa a na; empa bongata ba liketso tsa bona li ngotsoe holima matlapa a maholoanyane, le lintoa tsa bona, le likhang tsa bona, le ho busa ha marena a bona.

14 Matlapa a na a bitsoa matlapa a Jakobo, ’me a ne a e ntsoe ka letsoho la Nefi. ’Me ke etsa pheletso ea ho bua mantsoe ana.

Hatisa