Mangolo a halalelang
Jakobo 4


Khaolo ea 4

Baporofeta bohle ba khumametse Ntate ka lebitso la Kreste—Sehlabelo sa Abrahama ka Isaaka e ne e le ts’oants’iso ea Molimo le Mora oa hae a ’Nots’i—Batho ba etse poelehano le Molimo ka Topollo—Ba-Juda ba tla hana lejoe la motheo. Ka bo 544–421 B.C.

1 Joale bonang, ho ile ha etsahala hore ’na, Jakobo, ke ne ke rutile haholo batho ba heso ka lentsoe, (’me ke sitoa ho ngola empa mantsoe a fokolang a ka, ka lebaka la bothata ba ho ngola mantsoe a rona holim’a matlapa) ’me rea tseba hore lintho tseo re li ngolang holima matlapa li tlameha ho sala;

2 Empa ntho efe kapa efe eo re e ngolang holim’a eng kapa eng ntle le holima matlapa e tlameha ho senyeha ’me e nyamele; empa re ka khona ho ngola mantsoe a fokolang holima matlapa, ao re tlang ho a fa bana ba rona, hape le bana babo rona ba ratoang, karolo e nyane ea tsebo malebana le rona, kapa malebana le bo ntat’a rona—

3 Joale ntho ena rea e thabela; ’me re sebetsa ka mafolofolo ho ngola mantsoe ana holim’a matlapa, ka ts’epo ea hore bana babo rona ba ratoang le bana ba rona ba tla a amohela ka lipelo tse tletseng teboho, ’me ba talime ho ona hore ba tle ba ithute ka thabo ’me e seng ka masoabi, le haese ka nyatso malebana le batsoali ba bona ba pele.

4 Hobane, ke ka lebaka le boikemisetso bona re ngotseng lintho tsena, hore ba tle ba tsebe hore re ne re tseba ka Kreste, ’me re ne re na le ts’epo ea khanya ea hae lilemo tse makholo a mangata pele ho ho tla ha hae; ’me ha se rona feela ba neng ba na le ts’epo ea khanya ea hae, empa le baporofeta bohle ba halalelang ba bileng pele ho rona.

5 Bonang, ba ne ba lumela ho Kreste ’me ba khumamela Ntate ka lebitso la hae. ’Me ka lebaka la boikemisetso bona re boloka molao oa Moshe, ona o supela meea ea rona ho eena; ’me ka lebaka la sepheo sena o halalelitsoe ho rona bakeng sa ho loka, esita joaloka ha o ne balletsoe Abrahama lefelleng ho mamela litaelo tsa Molimo ka ho etsa sehlabelo ka mora oa hae Isaaka, e leng ts’oants’iso ea Molimo le Mora oa hae a ’Nots’i.

6 Ka baka leo, re ithuta baporofeta, ’me re na le lits’enolelo tse ngata le moea oa boporofeta; ’me ka ho ba le mapaki ana re fumana ts’epo, ’me tumelo ea rona e fetoha e sa tsitsinyeheng, hoo re khonang e le kannete ho laela ka lebitso la Jesu le lifate li re mamele, kapa lithaba, kapa maqhubu a leoatle.

7 Le ha ho le joalo, Morena Molimo o re bonts’a mefokolo ea rona, hore re tle re tsebe hore ke ka mohau oa hae, le boikokobetso bo boholo ho bana ba batho, re nang le matla a ho etsa lintho tsena tsohle.

8 Bonang, e meholo e ea makatsa mesebetsi ea Morena. Ha bo batlisisehe ha kakang botebo ba liphiri tsa hae; ’m’e ha ho khonahale hore motho a fumane litsela tsohle tsa hae. ’Me ha hona motho ea tsebang litsela tsa hae ntle le hore e be o li senoletsoe; ka baka leo, bana beso, se ka nyelisang lits’enolelo tsa Molimo.

9 Hobane bonang, ka matla a lentsoe la hae motho o ile a tla holima sefahleho sa lefats’e, lefats’e leo le bopiloeng ka matla a lent’soe la hae. Ka baka leo, haeba Molimo a khona ho bua e be lefats’e le ba teng, le ho bua e be motho oa bopuoa, Oho joale, hobaneng a keke a khona ho laela lefats’e, kapa mosebetsi oa matsoho a hae holima sefahleho sa lona, ho latela thato ea hae le khahleho?

10 Ka baka leo, bana beso, se ke la batlang ho eletsa Morena, empa ho nka boeletsi ho tsoa letsohong la hae. Hobane bonang, lona ka bolona lea tseba hore o eletsa ka bohlale, le ka toka, le ka lereko le leholo, holim’a mesebetsi eohle ea hae.

11 Ka baka leo, bana beso ba ratoang, boelanang ho eena ka topollo ea Kreste, Mora oa hae a ’Nots’i, ’me le ka fumana ho tsoha bafung, ho latela matla a ho tsoha bafung a ho Kreste, ’me le hlahisoe le le lithoaloana tsa pele tsa Kreste ho Molimo, le na le tumelo, ’me le fumane ts’epo e ntle ea khanya ho eena pele a iponahatsa ka nama.

12 ’Me joale, ba ratoang, se ka hlolloang ke hore ke le bolella lintho tsena; ka lebaka la hobaneng re ke ke ra bua ka topollo ea Kreste, le ho fihlela tsebo e phethahetseng ka eena, joaloka ho fihlela tsebo ea ho tsoha bafung le lefats’e le tlang?

13 Bonang, bana beso, ea porofetang, mo lumelleng hore a porofetele kutloisisong ea batho; hobane Moea o bua ’nete ’me ha o thetse. Ka baka leo, o bua ka lintho joalo ka ha ehlile li le joalo, le ka lintho joalo ka ha ehlile li tla ba ka teng; ka baka leo, lintho tsena li hlahisitsoe ho rona ka ho hlaka, bakeng sa pholoho ea meea ea rona. Empa bonang, ha re lipaki re le bang tsa lintho tsena; hobane Molimo o buile hape le ho baporofeta ba khale.

14 Empa bonang, Ba-Juda e ne e le batho ba satalalitseng melala; ’me ba ile ba nyelisa mantsoe a hlakileng, ’me ba bolaea baporofeta, ’me ba batla lintho tseo ba neng ba sitoa ho li utloisisa. Ka baka leo, ka lebaka la ho foufala ha bona, ho foufala hoo ho tlisitsoeng ke ho talima ka nqane ho lets’oao, ba tlameha ho oela; hobane Molimo o nkile ho hlaka ha hae ho bona, ’me o ba nehelletse ho lintho tseo ba sitoang ho li utloisisa, hobane ba lakalitse joalo. ’Me hobane ba lakalitse joalo Molimo o entse joalo, hore ba tle ba khoptjoe.

15 ’Me joale ’na, Jakobo, ke tsamaisoa ke Moea hore ke porofete; hobane kea lemoha ka tataiso ea Moea o ka honna, hore ka ho khoptjoa ha Ba-Juda ba tla latola lefika leo ba neng ba ka aha le ho ba le motheo o bolokehileng holim’a lona.

16 Empa bonang, ho latela mangolo a halalelang, lefika lena le tla fetoha le leholo le la ho qetela, le oona feela motheo oa ’nete, moo Ba-Juda ba ka ahang.

17 ’Me joale, ba heso ba ratoang, ho khonahala joang hore ba na, kamora ho latola motheo oa ’nete, ba khone hore le ka mohla ba tle ahe holima oona, hore o tle o fetohe hlooho ea bona ea ntlha?

18 Bonang, bana beso ba ratoang, ke tla le phuthullela sephiri; haeba nke ke etsa joalo, ka mekhoa efe ka efe, ka sisingoa ho tsoa ho tiieng Moeeng, ’me ka khoptjoa ka lebaka la ho ts’oenyeha bakeng sa lona.

Hatisa