Mangolo a halalelang
Jakobo 5


Khaolo ea 5

Jakobo o qotsa Zenose malebana le sets’oants’o sa lifate tsa mohloare tse thapisitsoeng le tse hlaha—Ke ts’oants’iso ea Iseraele le Balichaba—Ho qhalana le ho bokelloa ha Iseraele ho etsoa ponts’o—Ho etsoa lipapiso ka Ba-Nefi le Ba-Lamane le ntlo eohle ea Israele—Balichaba ba tla hlohomathiseletsoa Iseraeleng—Qetellong ts’imo ea morara e tla chesoa. Ka bo 544–421 B.C.

1 Bonang, bana beso, ha le hopole le bala mantsoe a moporofeta Zenose, ao a ileng a bua ho ntlo ea Iseraele, a re:

2 Mamelang, Oho lona ntlo ea Iseraele, ’me le utloe mantsoe a ’na, moporofeta oa Morena.

3 Hobane bonang, o re joana Morena, ke tla u ts’oants’isa, Oho ntlo ea Iseraele, joaloka sefate sa mohloare se thapisitsoeng, seo monna a ileng a se nka ’me a se matlafatsa ts’imong ea hae ea morara; ’me sa hola, ’me sa tsofala, ’me sa qala ho bola.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore mong’a ts’imo ea morara o ile a ea, ’me a bona hore sefate sa hae sa mohloare se qala ho bola; ’me a re: Ke tla se hlaolela, ke leme ho se potapota, ’me ke se matlafatse, hore mohlomong se ke se hlome makala a manyane a bonolo, ’me se se ke sa timela.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore a se hlaolele, ’me a se lemele ho potapota, ’me a se matlafatsa ho latela lentsoe la hae.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora matsatsi a mangata se ile sa qala hanyane ho hlahisa, makala a manyenyane a bonolo; empa bonang, karolo e kaholimo ka sehloohong ea sona ea qala ho timela.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore mong’a ts’imo ea morara a se bona, ’me a re ho mohlanka oa hae: ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke sefate sena; ka baka leo, tsamaea ’me o khe makala a sefate sa mohloare se hlaha, ’me o a tlise ho ’na; ’me ke tla khola makala ano a sehlooho a qalellang ho shoa, ’me re tla a lahlela mollong hore a tle a che.

8 ’Me bonang, ho bolela Morena oa ts’imo ea morara, ke nka makala a mangata ana a manyenyane a bonolo, ’me ke tla a kenya hohle moo ke batlang; ’me ha hona taba ha eba mothapo oa sefate sena o tla shoa, ke tle ke ipolokele tholoana ea sona; ka baka leo, ke tla nka makala a na a manyenyane a bonolo, ’me ke tla a kenya hohle moo ke batlang.

9 Oena nka makala a sefate sa mohloare se hlaha, ’me o a kenye ho sena, bakeng sa ana; ’me ana ao ke a khotseng ke tla a lahlela mollong ’me kea chese, hore a tle a se ke a silafatsa mobu oa ts’imo eaka ea morara.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore mohlanka oa Morena oa ts’imo ea morara a etsa ho latela lentsoe la Morena oa ts’imo ea morara, ’me a kenya makala a sefate sa mohloare se hlaha.

11 ’Me Morena oa ts’imo ea morara a etsa hore se lemeloe ho se potapota, ’me se hlaoleloe, ’me se matlafatsoe, a ntse a re ho mohlanka oa hae: ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke sefate sena; ka baka leo, hore mohlomong ke tle ke ipolokele methapo ea sona hore e se ke ea shoa, hore ke tle ke ipolokele eona, ke e ntse ntho ena.

12 Ka baka leo, tsoelapele; hlokomela sefate seo, se matlafatse, ho latela mantsoe a ka.

13 ’Me ana ke tla a beha karolong e katlase ea ts’imo eaka ea morara, ke tla etsa hohle moo ke batlang, ha hona taba ho lona, ’me ke etsa joalo hore ke tle ke ipolokele makala a tlholeho a sefate seo; ’me hape, hore ke tle ke ipolokele tholoana ea sona bakeng sa nako, hobane ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke sefate sena le tholona ea sona.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a tsoelepele, ’me a pata likarolong tse katlase tsa ts’imo ea morara makala a tlholeho a sefate sa mohloare se thapisitsoeng, a mang ho e ’ngoe ’me a mang ho e ’ngoe, ho latela thato le takatso ea hae.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore nako e telele e fete, ’me Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka oa hae: Tloho, ha re ee tlase ts’imong ea morara, hore re tle re sebetse ts’imong ea morara.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara, ’me hape le mohlanka, ba ee tlase ts’imong ho ea sebetsa. ’Me ho ile ha etsahala hore mohlanka a re ho mong’a hae: Bona, sheba mona; bona sefate seo.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a shebe ’me a bone sefate seo makala a sefate sa mohloare se hlaha a neng a kentsoe ho sona; ’me se ne se entse mahlomela ’me se qala ho mela tholoana. ’Me o ile a bona hore se nepehatse; ’me tholoana ea teng e ne e ts’oana le tholoana ea tlholeho.

18 ’Me o ile a re ho mohlanka: Bona, makala a sefate se hlaha a ts’oere mongobo oa mothapo oa sona, hore mothapo oa sona o hlahisitse matla a mangata; ’me ka lebaka la matla a mangata a mothapo oa sona makala a hlaha a hlahisitse tholoana e thapisitsoeng. Joale, haeba re ne re sa kenya makala a, sefate sa teng se ka be se shoele. ’Me joale, bona, ke tla boloka litholoana tse ngata, tseo sefate seo se li hlahisitseng; ’me thoaloana ea sona ke tla e bolokela nako, bakeng sa ka.

19 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka, Tloho, ha re ee karolong e ka tlase ea ts’imo ea morara, ’me re bone hore na makala a tlholeho a sefate ha a hlahise litholoana tse ngata le ona, hore ke tle ke ipolokele tholoana ea sona khahlanong le nako, bakeng sa ka.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ee hohle moo mong’a ts’imo a neng a patile makala a tlholeho a sefate seo, ’me a re ho mohlanka: Bona tsena; ’me a bona hore ao a pele a hlahisitse tholoana e ngata; ’me a bona hape hore e ntle. ’Me a re ho mohlanka: Nka tholoana eo ea teng, ’me o e bolokele nako, hore ke tle ke ipolokele eona; hobane bona, ho bolela eena, nako ena e telele ke e matlafalitse, ’me e hlahisitse tholoana e ngata.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore mohlanka a re ho mong’a hae: U tlile joang mo ho tla lema sefate se, kapa lekala le la sefate? Hobane bona, e ne e le sebaka se senang tlhahiso ka ho fetisa ka har’a lefats’e lohle la ts’imo ea hau ea morara.

22 ’Me Morena oa ts’imo ea morara a re ho eena: U se ke oa nkeletsa; Ke ne ke tseba hore e ne e le sebaka se senang tlhahiso sa mobu; ka baka leo, ke itse ho uena, ke se matlafalise nako ena e telele, ’me oa bona hore se hlahisitse tholoana e ngata.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka oa hae: Sheba mona; bona ke lemme lekala le leng la sefate seo hape, ’me oa tseba hore sebaka sena sa mobu se ne se sena tlhahiso ho feta sa pele. Empa, bona sefate. Ke se matlafalitse nako ena e telele, ’me se hlahisitse tholoana e ngata, ka baka leo, e bokelle, ’me u e bolokele nako, hore ke tleke ipokelle eona.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka oa hae: Sheba mona; ’me bona lekala le leng hape, leo ke le lemmeng, bona hore ke le matlafalitse le lona, ’me le hlahisitse tholoana e ngata.

25 ’Me o ile a re ho mohlanka eo: Sheba mona ’me bona la ho qetela. Bona, lena ke le lemme sebakeng se setle sa mobu; ’me ke se matlafalitse nako ena e telele, ’me ke karolo feela ea sefate seo e hlahisitseng tholoana e thapisitsoeng, ’me karolo engoe ea sefate e hlahisitse tholoana e hlaha; bona, ke matlafalitse sefate sena joaloka tse ling.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka eo: khaola makala ao a sa hlahisang tholoana e molemo, ’me u a lahlele mollong.

27 Empa bonang, mohlanka eo a re ho eena: Ha re se hlahole, ’me re leme ho se potapota, ’me re se matlafatse ha lelelenyana, hore mohlomong se ka hlahisa tholoana e molemo, hore u tle u e bolokele nako.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara le mohlanka oa Morena oa ts’imo ea morara ba matlafatse tholoana eohle ea ts’imo ea morara.

29 ’Me ho ile ha etsahala hore nako e telele e fete, ’me Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka oa hae: Tloho, ha re ee tlase ts’imong ea morara, hore re tle re sebetse hape ts’imong ea morara. Hobane bona, nako e ea atamela, ’me pheletso e se e le haufi e tla; ka baka leo, ke tlameha ho ipolokela tholoana bakeng sa nako.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara le mohlanka eo ba ile ba ea tlase ts’imong ea morara: ’me ba fihla sefateng seo makala a sona a tlholeho a neng a robiloe, ’me makala a hlaha a kentsoe, ’me bonang mefuta eohle ea tholoana e ile ea silafatsa sefate seo.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a latsoe tholoana eo, mofuta o mong le o mong ho latela palo ea eona. ’Me Morena oa ts’imo ea morara a re: Bona, nako ena e telele re matlafalitse sefate sena, me ke ipoloketse bakeng sa nako tholoana e ngata.

32 Empa bona, nakong ena se hlahisitse tholoana e ngata, ’me ha hona le e’ngoe ea teng e ntle. ’Me bona, hona le mefuta eohle ea tholoana e mpe; ’me ha e mphe phaello ea letho, ho sa natsehe mosebetsi ohle oa rona; ’me joale ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke sefate sena.

33 ’Me Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka eo: Re tla etsang ho sefate seo, hore ke tle ke ipolokele hape tholoana e molemo ea sona?

34 ’Me mohlanka eo a re ho mong’a hae: Bona, hobane o kentse makala a sefate se hlaha sa mohloare a matlafalitse methapo, hore e ea phela ’me ha e ea shoa; ka baka leo, oa bona hore e sa le me tle.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka eo: sefate se ha se mphe phaello ea letho, le methapo ea teng hae mphe phaello ea letho ha fela e tla hlahisa tholoana ea bobe.

36 Le ha ho le joalo, kea tseba hore methapo eo e metle, ’me bakeng sa sepheo sa ka ke e bolokile; ’me ka lebaka la matla a eona a maholo ke mona e hlahisitse, ho tsoa makaleng a hlaha, tholoana e molemo.

37 Empa bona, makala ao a hlaha a holile ’me a imetse methapo ea teng; ’me ka lebaka la hore makala ao a hlaha a hlotse methapo ea teng se hlahisitse tholoana e ngata e mpe; ’me ka lebaka la hore se hlahisite tholoana e mpe e ngata hakaalo oa bona hore se qala ho shoa; ’me haufi se tla senyeha, hore se tle se lahleloe mollong, ntle le hore re etse ho hong ho se boloka.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka oa hae: Ha re ee tlase likarolong tse tlase tsa ts’imo ea morara, ’me re bone hore na makala a tlholeho le ona a hlahisitse tholoana e mpe.

39 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ee tlase likarolong tse tlase tsa ts’imo ea morara. ’Me ho ile ha etsahala hore ba bone hore tholoana ea makala a tlholeho e ne e bolile le eona; ee, ea pele le ea bobeli ’me hape le ea ho qetela, ’me kaofela li ne li bolile.

40 ’Me tholoana eo e hlaha ea sa ho qetela e ne hlotse karolo eno ea sefate e hlahisitseng tholoana e molemo, esita le hore lekala leo le ile la pona ’me la shoa.

41 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a lle, ’me a re ho mohlanka eo: Na e be ke eng seo nka be ke se entse ho feta mo bakeng sa ts’imo eaka ea morara?

42 Bona, ke ne ke tseba hore tholoana eohle ea ts’imo ea morara, ntle le tsena, hore li bolile. ’Me joale tsena tse kileng tsa hlahisa tholoana e molemo le tsona li bolile; ’me joale lifate tsohle tsa ts’imo eaka ea morara ha li na molemo oa letho ha e se hore li ratheloe fats’e ’me li lahleloe mollong.

43 ’Me bona sena sa ho qetela, seo lekala la sona le ponneng, ke lemme sebakeng se setle sa mobu; ee, esita le se neng se khathehile ho ’na kaholimo ho likarolo tse ling tsa lefats’e la ts’imo eaka ea morara.

44 ’Me oa bona hore hape ke khaolela fats’e seo se silafalitseng sebaka sena sa mobu, hore ke tle ke leme sefate sena sebakeng sa teng.

45 ’Me oa bona hore karolo ea teng e hlahisitse tholoana e molemo, ’me karolo ea teng e hlahisitse tholoana e hlaha; ’me hobane ha kea kha makala a teng ’me ka a lahlela mollong, bona, a hlotse lekala le letle hoo le ponneng.

46 ’Me joale, bona, ho sa natsehe tlhokomelo eohle eo re e nkileng ea ts’imo eaka ea morara, lifate tsa teng li bolile, hoo li hlahisang tholoana e sieo e molemo; ’me tsena ke tse ke ts’epile ho li boloka, ho ipolokela tholoana ea teng bakeng sa nako. Empa, bona, li fetohile joaloka sefate sa mohloare se hlaha, ’me ha li na molemo empa ho ratheloa fats’e ’me li lahleloe mollong; ’me ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke tsona.

47 Empa ke eng seo nka be ke se entse ho feta mo bakeng sa ts’imo eaka ea morara? Na ke fokolisitse letsoho la ka, hore ebe ha kea e matlafatsa? Che, ke e matlafalitse, ke lemme ho e potapota, ’me ka e hlaolela, ’me ka e ts’ella mononts’a, ’me ke otlolotse letsoho la ka ho ka bang bolelele ba letsatsi lohle, ’me pheletso e ea atamela haufinyane. ’Me ke hlonamisoa ke hore ke tla rathela fats’e lifate tsohle tsa ts’imo eaka ea morara, ’me ke li lahlele mollong hore li tle li chesoe. Ke mang ea bolisitseng ts’imo eaka ea morara?

48 ’Me ho ile ha etsahala hore mohlanka eo a re ho mong’a hae: Na ha se boikhants’o ba ts’imo ea hau ea morara—na makala a teng ha a hlola methapo eo e molemo? ’Me hobane makala ao a hlotse methapo ea teng, bona a hotse kapele ho feta matlafalo ea methapo, a inkela matlafalo eo. Bona, ke re, na hoo ha se sona sesosa sa hore e be lifate tsa ts’imo ea hau ea morara li bolile?

49 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a re ho mohlanka eo oa hae: Ha re ee ’me re lo rathela fats’e lifate tsa ts’imo ea morara, ’me re li lahlele mollong, hore li tle li se ke tsa silafatsa mobu oa ts’imo eaka ea morara, hobane ke entse sohle. Na ke eng seo nka be ke se entse ho feta moo bakeng sa ts’imo eaka ea morara?

50 Empa, bonang, mohlanka eo o ile a re ho Morena oa ts’imo ea morara: E boloke sebakanyana.

51 ’Me Morena a re: Ee, ke tla e boloka sebakanyana, hobane ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke lifate tsa ts’imo eaka ea morara.

52 Ka baka leo, ha re nke a mang a makala a tsena tseo keli lemmeng likarolong tse tlase tsa ts’imo eaka ea morara, ’me ha re a kenye lifateng tseo a tsoang ho tsona; ’me ha re khe sefateng makala ao a tholoana li babang ka ho fetisa, ’me re kenye makala a tlholeho a sefate bakeng sa teng.

53 ’Me sena ke tla se etsa hore sefate se se ke sa shoa, hore, mohlomong ke tle ke ipolokele methapo ea teng bakeng sa sepheo sa ka.

54 ’Me, bona, methapo ea makala a tlholeho a sefate seo ke se lemmeng hohle moo ke batlang ke lekanya hore e ntse e phela, ka baka leo, hore ke tle ke ipolokele eona hape bakeng sa sepheo sa ka, ke tla nka makala a sefate sena, ’meke tla a kenya ho eona. Ee, ke tla kenya ho oona makala a ’ma sefate sa oona, hore ke tle ke ipolokele methapo hape, hore ha e se a le matla ho lekana mohlomong a ka nhlahisetsa tholoana e molemo, ’me ke hona ke tla thabela tholoana ea ts’imo eaka ea morara.

55 ’Me ho ile ha etsahala hore ba nke ho tsoa sefateng sa tlholeho se neng se se se fetohile hlaha, ’me ba kenye ho lifate tsa tlholeho, tseo le tsona li neng li se li fetohile hlaha.

56 ’Me ba ile ba nka hape lifate tsa tlholeho tse neng li fetohile tse hlaha, me ba li kenya ho ’ma lifate tsa tsona.

57 ’Me Morena oa ts’imo ea morara o ile a re ho mohlanka eo, o se ke oa kha makala a hlaha lifateng, ntle le haele ao a babang ka ho fetisa; ’me ho tsona le tla kenya ho latela seo ke se boletseng.

58 ’Me re tla matlafatsa hape lifate tsa ts’imo ea morara, ’me re tla fokotsa makala a teng, ’me re tla kenya ho tsoa lifateng makala ao a butsoitseng, ao a tlamehang ho shoa, ’me re a lahlele mollong.

59 ’Me sena ke se etsa hore, mohlomong, methapo ea teng e tle e nke matla ka lebaka la molemo oa eona; le ka lebaka la ho fetoha ha makala, hore a molemo a ke a hlole a mabe.

60 ’Me ka lebaka la hore ke bolokile makala a tlholeho le methapo ea teng, ’me ke kentse hape makala a tlholeho ho ’ma sefate sa oona, ’me ke bolokile methapo ea sefate sa ’ma oona, hore, mohlomong, lifate tsa ts’imo eaka ea morara li ke li hlahise hape tholoana e molemo; ’me hore nke ke be le thabo hape tholoaneng ea ts’imo eaka ea morara, ’me, mohlomong, hore nke ke thabe kaho fetisisa hore ke bolokile methapo eo le makala ao a tholoana ea pele—

61 Ka baka leo, tsamaea, ’me o bitse bahlanka, hore re ke re sebetse ka mafolofolo ka matla a rona ts’imong ea morara, hore re ke re lokise tsela, hore nke ke hlahise hape tholoana ea tlholeho, eo tholoana ea tlholeho e leng molemo ’me le bohlokoa kaholimo ho tholoana tsohle.

62 Ka baka leo, ha re tsamaeeng ’me re lo sebetsa ka matla a rona nako ena ea ho qetela, hobane bonang pheletso e atametse haufi, ’me ena ke nako ea ho qetela eo ke tlang ho hlaolela ts’imo eaka ea morara.

63 Kenyang makala; qalang ho a ho qetela hore e tle e be a pele, ’me hore a pele e ke e be a hoqetela, ’me le leme ho potapota lifate, tse kholo le tse nyenyane, tsa pele le tsa ho qetela, ’me tsa ho qetela e tla ba tsa pele, hore tsohle li ke li matlafatsoe hape bakeng sa nako ea ho qetela.

64 Ka baka leo, lemang ho potapota le tsona, le li hlaolele, le li ts’elle mononts’a ha ’ngoe hape, bakeng sa nako ea ho qetela, hobane pheletso e atametse haufi. ’Me haeba ho ka etsahala hore mahlomela a a hoqetela a tle a hole, ’me a hlahise tholoana ea tlholeho, ha hole joalo le tla a lokisetsa tsela, hore a tle a hole.

65 ’Me a ntse a qala ho hola le tla tlosa makala a hlahisang tholana e babang, ho latela matla a molemo le boholo ba teng; ’me ha le na tlosa bobe ba teng hang kaofela, e se re methapo ea teng e be matla haholo bakeng sa mahlomela, ’me mahlomela a teng a tle a shoe, ’me ke lahleheloe ke lifate tsa ts’imo eaka ea morara.

66 Hobane ke hlonamisoa ke hore ke tla lahleheloa ke lifate tsa ts’imo eaka ea morara; ka baka leo letla tlosa tse mpe ho latela ha tse ntle li hola, hore mothapo le ka holimo li ke li lekane ka matla, hofihlela tse molemo li tla hlola tse mpe, ’me tse mpe li khatheloe fats’e ’me li lahleloe mollong, hore li se ke tsa silafatsa mobu oa ts’imo eaka ea morara; ’me ke joana ke tlang ho fiela tse mpe ho tsoa ts’imong eaka ea morara.

67 ’Me makala a sefate sa tlholeho ke tla a kenya hape sefateng sa tlholeho;

68 ’Me makala a sefate sa tlholeho ke tla a kenya makaleng a tlholeho a sefate seo; ’me ke joana ke tlang ho a tlisa hammoho hape, hore a tle a hlahise tholoana ea tlholeho, ’me e tla ba ntho e le ’ngoe.

69 ’Me a mabe a tla lahleloa hole, ee, esita le kantle ho lefats’e lohle la ts’imo eaka ea morara; hobane bonang, ke feela hanngoe tjena ke tlang ho hlaolela ts’imo eaka ea morara.

70 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena oa ts’imo ea morara a rome mohlanka oa hae; ’me mohlanka a ea ’me a etsa kamoo Morena a neng a mo laetse, ’me a tlisa bahlanka ba bang; ’me ba ne ba le ’maloa.

71 ’Me Morena oa ts’imo ea morara a re ho bona: Tsamaeang, ’me le sebetse ts’imong eaka ea morara ka matla a lona. Hobane bonang, ena ke nako ea ho qetela ea hore ke tla matlafatsa ts’imo eaka ea morara; hobane pheletso e haufi e fihla, ’me le nako e phakisa ho tla, ’me haeba le sebetsa ka matla a lona le ’na le tla ba le thabo tholoaneng eo ke ipolokelang eona bakeng sa nako e tlang haufi.

72 ’Me ho ile ha etsahala hore bahlanka ba tsamaee ’me ba sebetse ka matla a bona; ’me Morena oa ts’imo ea morara o ile a sebetsa le bona; ’me ba ile ba mamela litaelo tsa Morena oa ts’imo ea morara linthong tsohle.

73 ’Me ho ile ha qala ho ba le tholoana ea tlholeho hape ts’imong ea morara; le makala a tlholeho a qala ho hola le ho atleha ka ho fetisisa; ’me makala a hlaha a qala ho tlosoa ’me a lahleloa hole; ’me ba boloka mothapo le ka holimo ha teng ho lekana, ho latela matla a teng.

74 ’Me ke joana ba ileng ba sebetsa, ka mafolofolo ohle, ho latela litaelo tsa Morena oa ts’imo ea morara, esita le hofihlela tse mpe li lahletsoe hole ka ntle ho ts’imo ea morara, ’me Morena o ne a ipoloketse hore lifate tseo hape li fetohile tholoana ea tlholeho, ’me li fetohile joaloka ’mele o le mong, le litholoana li ne li lekana; ’me Morena oa ts’imo ea morara o ne a ipoloketse tholoana ea tlholeho, eo e neng e le ea bohlokoa ka ho fetisa ho eena ho tloha ts’imolohong.

75 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Morena oa ts’imo ea morara a bona hore tholoana ea hae e ne e le molemo, le hore ts’imo ea hae ea morara ha e sa bolile, o ile a bitsa bahlanka ba hae, ’me a re ho bona: Bonang, hobane nakong ena ea ho qetela re matlafalitse ts’imo eaka ea morara, ’me lea bona hore ke entse ho latela thato eaka; ’me ke bolokile tholoana ea tlholeho, hore e molemo, esita joaloka ha e ne e le ts’imolohong. ’Me ho lehlohonolo lona; hobane ka lebaka la hore le bile mafolofolo ho sebetsa le ’na ts’imong eaka ea morara, ’me le bolokile litaelo tsa ka, ’me le nthlahiselitse hape tholoana ea tlholeho, hore e be ts’imo eaka ea morara ha e sa bolile, ’me tse mpe li lahletsoe hole, bonang le tla ba le thabo le ’na ka lebaka la tholoana ea ts’imo eaka ea morara.

76 Hobane bonang, bakeng sa nako e telele ke tla ipolokela tholoana ea ts’imo eaka ea morara bakeng sa nako, e phakisang ho tla; ’me bakeng sa nako ea ho qetela ke matlafalitse ts’imo eaka ea morara, ’me ka e hlaolela, ’me ka e lemela ho potapota, ’me ka e ts’ella mononts’a; ka baka leo ke tla ipolokela tholoana bakeng sa nako e telele, ho latela seo ke se buileng.

77 ’Me ha nako e tla hore tholoana e mpe e boele e tle ts’imong eaka ea morara, ha ho le joalo ke tla etsa hore e molemo le e mpe li bokelloe; ’me e molemo ke tla ipolokela eona, ’me e mpe ke tla e lahlela hole sebakeng sa eona. ’Me e be ho tla nako le pheletso; ’me ke tla etsa hore ts’imo eaka ea morara e chesoe ka mollo.

Hatisa