Nalane ea Kereke
Sebaka sa ho ba karolo ea sona


“Sebaka sa ho ba karolo ea sona,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Sebaka sa ho ba karolo ea sona,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

Sebaka sa ho ba karolo ea sona

Naume Keresia Salizani o holetse lehaeng la boikokobetso lelapeng la bana ba robong. Ntate oa hae o ne a hlaha Malawi a ntse a batla mosebetsi. Bakeng sa ho etsa sa bophelo, eena le bana babo ba ne ba thusana ho hlahisa le ho rekisa tsoekere ea ´moba le litapole tse tsoekere. Ho sa tsotellehe mathata a na, o bile le nako e thabileng ea ho ba ngoana. “Ke ile ka natefeloa ke bophelo ba ka joaloka motho ea mocha, hobane ntate le ´m´e, hantle, ba ne ba ratana. ´Me ba ne ba re rata,” a bolela. “Joale ke ne ke thabile hona hoo.”

Khaitseli ea Naume o ile a kena kereke ka bo 1980, ha e ne e ntse le mocha. O ile a mo memela ho ba teng le eena. O ile a lumela “Ke ile ka utloa Moea,” a hopola. “Ke ile ka ikutloa joaloka ha eka ke karolo ea moo.” Pele a tsamaea bakeng sa borumuoa ba boruti lichabeng ba hae, khaitseli ea hae o ile a kolobetsa Naume nokeng e haufi e phallang ka matla. Ke ne ke le mosesane haholo. O ile a tlameha ho nts´oara a ntiisitse hobane metsi a ne a phalla ka thata hoo,” a ts´eha. “Ke ne ke tlameha feela ho its´oareletsa bakeng sa bophelo ba ka.”

E mong oa barumuoa ba boruti lichabeng ea ileng a nthuta o ne a bitsoa Edward Dube. Joaloka Naume, Edward o ne a holiselitsoe maemong a boikokobetso. Jaoaloka ngoana o ne a tsamaea ho feta lik´hilomithara tse supileng ho ea le ho khutla, ka maoto, ´me a thusa batsoali ba hae masimong ha sekolo se tsoile. Ha e le mohlankana e mocha o ne a sebetsa joaloka mosebeletsi oa lapeng bakeng sa lelapa la balumeli ba mehla ea kajeno la batho ba basoeu, ba ileng ba mo memela kerekeng.

Ha Edward a ne a qala ho ea kerekeng, o ile a ikutloa a sa phutholoha, hobane phutheo e ne e le ea batho ba basoeu ka tsela e feteletseng. “Joaloka ha ke kena ka ntlong ea thapelo, ke ne ke batla feela ho tsoela morao kantle,” o oa hopola. Ka mor´a kereke, o hopola, mookameli oa lekalana a mo lumelisa, empa boits´oaro ba litho tse ling bo ile ba mo etsa hore a ikutloe a sa amoheleha: “ka mahlo ao, na oa tseba? Ka mahlo feela, joalo ka ha eka ha ho karolo ea sebaka seo.

Ha khuts´oane kamorao ho moo, Edward o ile a ba teng sebokeng sa setereke Harare, moo a ileng a bona litho tse ngata tsa batho ba bats´o. Ka ho khothala, o ile a tsoelapele ho ba teng ´me o ile a kolobetsoa ka Phato. Lilemo tse peli kamora moo, o ile a sebeletsa e le morumuoa oa boruti lichabeng. Nakong ena, o ile a ruta Naume le lelapa labo. Nakong ea likhoeli tse 27 tsa bosebeletsi ba hae ba borumuoa ba boruti lichabeng, Edward o ile a tloha ho ho ba “ea thotseng” ho isa ho ea fumanang boits´epo joaloka ha ntse a sebetsa le ho ithuta ho rata batho ba bangata ba sa ts´oaneng le eena.

Kamor´a borumuoa ba hae lichabeng, eena le Naume ba ile ba qala ho ngollana mangolo ´me qetellong ba nka qeto ea ho nyalana. Ba ile ba rera ts´ebeletso e bonolo eo a neng a tla apara mose o tloahelehileng ´me eena a tle a apare sutu ea hae ea borumuoa ba boruti lichabeng. Empa bo ´m´e ba mokhatlo oa bo ´m´e ba lekalana la Edward le Kwekwe ba ile ba kena ho thusana. Naume o ile a qetella a khetha lipakeng tsa mese e meraro ea lechato. Batsoali ba bona le bana babo bona, le litho tsa habo bona tsa kereke ba ile ba tlatsa ntlo ea thapelo ea Kwekwe ka letsatsi leo la nyakallo.

Hatisa