Nalane ea Kereke
Holimo le Tlase


“Holimo le Tlase,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Holimo le Tlase,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

Holimo le Tlase

Balumeli ba mehla ea kajeno Zimbabwe ba phehelletse har´a linako tsa mathata a maholo.

Ho tloha ka 2007 ho ea 2009, sechaba se fihletse komello, sekhahla sa theko se etsang pale, seoa sa k´holera le bofutsana bo amanang le tlhokahalo ea botsitso. “ E ne e le phepetso ea ´nete. Hobane batho ba ne ba sotleha, ´me ho ne ho se na ho lekaneng, Nyikadzino Madzonga, ka nako eo a neng a sebeletsa e le mookameli oa lekalana la Chitungwiza oa hopola. “O ne o ka tsamaea ka kolotsana e tletseng chelete ho ea reka lebokose la mollo.´´ Litho tsa lekalana tse neng li na le lijo li ne li li tlisa kerekeng, ´me litho tsa mokhatlo oa bo ´m´e li ne li tla etela malapa ho fumana bao ba hlokang thuso e potlakileng. Mutare, baetapele ba setereke ba ile ba tlaleha hore ha ba ne ba etelela malapa a litho, ho ba isetsa lijo le litlhoko tse ling, ka nako engoe ba ne ba ka fihla ho fumana bana ka pitsa ea metsi a belang feela bakeng sa lijo.

Ka 2012, lebenkele la lijo Bindura moo Plaxedes Nyasondo Nyanhamo a sebelitseng bakeng sa lilemo tse ngata le ile la koala ka ts´ohanyetso. “Ke ne ke na le mora sekolong sa bolulo. Re ne re ntse re hirile. Ke ne ke se na ntho engoe eo nka e etsang ka nako eo”, a hopola. Ke ne ke na le liqholotso tsa ho patala boshome ba ka ´me qetellong ka lahla. “Ke ne ke se na chelete ea ho hlokomela lelapa la ka”

Ka ho elelloa ho lahleheloa ke moputso, Plaxedes o ile a utloa khatello e boima. Ke ile ka ameha nakoana mmeleng le moeeng. “O sitoa ho tsepamisa maikutlo, joale o shoa moeeng, hanyane hanyane.”. O ile a nka qeto ea ho qala khoebo ea ho pheha lijo. O ile a rekisa liphahlo tsa hae ´me ka $20 a reka phoofo (poone), nama, meroho, tamati, le ananyese. O ile a li pheha ka lipitsa tse kholo tse nne ka thuso ea ngoanabo le mochana. E ne e le phaello ea lekholo, a bolela. Khetlo la pele ke ile ka fumana $40. Joale ka tlameha ho nka $40 eo hape, ho reka sohle se tlang ho sebelisoa. Ke ne ke le boithutong. … Ke ne ke tla rapela ho Morena hore a tle a ntataise.”

Ka 2014, o ile a kena sehlopha sa Starting and Growing My Business le lenaneo la kereke la boitjaro. O ile a ithuta ho arola lichelete tsa khoebo ho tsa lelapa le ho boloka lipalopalo ho tseba hore na o ntse a etsa phaello. Ts´ia e ngoe ea bohlokoa e ileng ea tla khoebong ea hae e bile ha a hira basebetsi ba seng bakae. Engoe e bile konteraka ea ho fepa bakeng sa seboka sa kereke ea lehae se nang le batho ba fetang 600 ba neng ba le teng.

Ka basebetsi ba koetlisitsoeng hantle le mekhoa e matla ea ho boloka lichelete, Plaxedes o ile a khona ho sia mosebetsi hore a khone ho nka karolo liketsahalong tsa kereke. “Ke kentse lintho tse ngata hoo ts´ebetsong”, oa bolela. “Kea ngola haeba ho na le ho honyela ho itseng. Me ke ngola sohle seo ke se etsang: lipatala, lirasiti. … Joale ke khona ho lefa boshome ba ka.

“Molimo a keke a hlola a re beha boemong boo a tsebang hore re keke ra khona ho bo feta, a hetla morao. “Esita le khoebong, e keke ea tsamaea bothebelele—ka nako e ngoe holimo le tlase. Empa re hloka ho phehella le ho ba le tumelo ho Jesu Kreste, hore o tla re thusa ho feta.

Hatisa