Nalane ea Kereke
“Molimo, Ke tlile ho Uena”


“Molimo, Ke tlile ho Uena,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe (2022)

“Molimo, Ke tlile ho Uena,” Linalane tsa Lefats´e ka Bophara: Zimbabwe

“Molimo, Ke tlile ho Uena”

Everjoyce le Never Chikunguwo ba Mutare ba ne ba na le bana ba bane. Ba ne ba labalabela ho tiisoa mmoho joaloka lelapa; le ha ho le joalo, tempele e neng e le haufi e ne e le bohole ba lik´hilomitara tse 1,127 (limaele tse 700), Johannesburg, Afrika Boroa.

Liofisi tsa li visa li ne li le bohole ba lik´hilometara tse 286 (limaele tse 178), Harare. Never o ile a tsamaea a le mong ho fokotsa litjeo. O ile a fihla liofising tsa li visa ka 5:00 hoseng ´me a kena moleng. Moleng o ile a ithuta hore hona le molao o mocha o neng o thibela mang kapa mang ho etsa kopo lebitsong la motho e mong, esita le molekane oa hae. Never a qala ho rapela ka tjantjello. Ha a ntse a eme moleng, mohlanka ea ntseng a fana ka liforomo o ne a hanela kopo ea foromo tse fetang bonngoe, a ntse a pheta hore ha hona motho ea tlang ho fumana visa bakeng sa motho e mong. Never o ile a rapella ka pelong, “ Oho Molimo, Ke tlile ho Uena. Thato ho phethoe ea hau.”

Ha monna eo a fihla sebakeng sa Never moleng, o ile a sheba Never, a bala beche ea morumuoa oa boruti lichabeng oa setereke e neng e le seaparong sa hae, ´me a bososela a mo fa liforomo tse peli.

Ba shebileng ba lemosa Never hore esita le ha a na le liforomo tse peli, bahlanka ba keke ba mo lumella ho nka visa lebitsong la mosali oa hae. Ha lebitso la Never le bitsoa, o ile a phahama ho lata pasa ea hae. Joale o ile a ema moleng hape.

Ha lebitso la Everjoycele bitsoa, Never a itlhahisa hape. “Na u Everjoyce?” mohlanka a botsa. Never a bososela ´me a hlalosa hore Everjoyce, mosali oa hae, o hae o ntse a lokisetsa leeto la bona la Tempele. “Eaba ke hlahisa tumello eaka ea ho kena tempeleng le ea mosali oaka, a pheta. “O ile a ncheba, a bala beche eaka ea borumuoa ba boruti lichabeng ea Setereke e neng e le seaparong sa ka, eaba o tempa visa le pasa.”

Ho latela ho tlile leeto la ho ea Johannesburg ka ´Mesa 1993. Lelapa le ile la paka mekotla ea lijo le likuku. Ba ile ba palama bese letsatsi lohle. Ha ba fihla lelibohong, ba ile ba fumana hore ka lebaka la moferefere o neng o le Afrika Boroa, bese ea bona e kopanyang leeto e khelositsoe hore e nke batho ba neng ba baleha naheng eo.

Setśoantśo
Lelapa la Chikunguwo

Lelapa la Chikunguwo, ca. 1993

Lelapa le ne le selebaletsoe empa ba ne ba se na chelete e lekaneng ho patalla hotele. Never o ile a lebela lelapa la hae ha le robetse moo ho bulehileng feela. Qetellong, mantsiboea a letsatsi le hlahlamang, ba ile ba palama bese e eang Johannesburg.

Ba ile ba fihla ka 4:00 hoseng ´me ba fumana motse o moferefere. Kamor´a ho ngolisa hoteleng, thapama lelapa le ile la potlakela tempeleng. Ha ba ka ba ema ho etsa lits´ebeletso tse ling empa ba khutla letsatsi le hlahlamang. Ha ba le setopong sa likoloi tsa baeti Johannesburg, ba ile ba bona meferefere le lipolao empa ba fihla hae ka polokeho.

Mafelelong a selemo seo, ba ha Chikunguwo ba ile ba etela tempeleng hape ba felehelitsoe ke malapa a mang a mabeli a neng a ea khetlo la pele. Khetlong lena leeto le ne le se na mathata.

“Malapa ao a mabeli a ile a tiisoa,” ho bolela Never. “E bile boiphihlelo bo monate ha ke bona mosali oaka a kena metsing a kolobetso, ho lopola baholo holo ba hae le ba ka.”

Hatisa