Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3 Thuto ea 1—Molaetsa oa Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste


“Khaolo ea 3: Thuto ea 1—Molaetsa oa Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste,” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Khaolo ea 3: Thuto ea 1” Ruta Evangeli Eaka

Khaolo ea 3: Thuto ea 1

Molaetsa oa Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste

Setśoantśo
Pono ea Pele

Batho Ba Ka Ipotsa

  • Na Molimo O Teng?

  • Nka ikutloa ke le pela Molimo joang?

  • Nka ithuta ´nete joang lefats´eng lee la kajeno le ferekaneng?

  • Bolumeli bo ka nthusa joang?

  • Hobaneng ho ena le likereke tse ngata hakaale?

  • Hobaneng ke ba le liqholotso tse ngata hakaale?

  • Nka fumana khotso joang nakong ea pherekano?

  • Nka thaba joang?

  • Moporofeta a ka thusa lefats´e joang kajeno?

Ho tloha motheong oa lefats´e,Molimo u senotse evangeli ho bana ba Hae ka baporofeta. O entse sena ka Mora oa Hae, Jesu Kreste. Nakong ea khale-khale, Jesu o senotse evangeli ho baporofeta ba kang Adama, Noe, Abrahama, le Moshe. Empa ba bangata ba e hana.

Lilemo tse likete li peli tse fetileng, Jesu Kreste ka Bo-eena o ile a ruta evangeli ea hae ´me a theha Kereke ea hae. Batho ba ile ba ´na ba hana Jesu. Kamor´a lefu la Hae, ho ile ha eba le ho oa ho atileleng ´neteng ea Morena le Kereke. Evangeli e feletseng le tokelo ea boprista li ne li se li le sieo lefats´eng.

Makholo-kholo a lilemo hamorao, Molimo o ile a bitsa moporofeta e mong, Joseph Smith. Molimo o ile a tsosolosa evangeli e felletseng ka eena ´me a mo fa tokelo ea ho hlophisa Kereke ea Jesu Kreste hape.

Ho ba le evangeli e felletseng ea Jesu Kreste lefats´eng ke e ´ngoe ea lihlohonolofatso tse kholo tsa nako ea rona. Evangeli e re thusa ho araba lipotso tse batloang tsa bophelo. Baporofeta ba phelang ba re tataisa nakong ea liqholotso. Tokelo ea boprista ba Molimo bo boetse bo teng lefats´eng hape ho hlohonolofatsa bana ba Hae.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta lelapa

Litlhahiso Bakeng sa ho Ruta.

Karolo ena e fana ka mohlala oa ho re thusa ho lokitsetsa ho ruta. E na le mehlala ea lipotso le limemo tseo u ka li sebelisang.

Ha u lokitsetsa ho ruta, ka thapelo nahana ka boemo ba motho ka mong le litlhoko tsa hae. Khetha hore na ke eng e tla ba molemo ho e ruta. Itokisetse ho hlalosa mantsoe ao batho ba ka ´nang ba se a utloisise. Etsa moralo u ipapisitse le nako eo u tlang ho ba le eona, u ntse u hopola ho boloka thuto e le khuts´oanyane.

Khetha mangolo a halalelang ao u tla a sebelisa ha u ruta. Karolo ea “Thuto ea Motheo” e na le mangolo a halalelang a mangata a ka thusang.

Nahana ka lipotso tseo u ka li botsang ha u ntse u ruta. Etsa moralo ho fana ka limemo tse tla khothaletsa motho ka mong ho nka khato.

Toboketsa lihlohonolofatso tsa Molimo tse ts´episitsoeng ´me u fane ka bopaki ba hau ka seo u se rutang.

Seo U ka se Rutang Batho ka Metsotso e 15-25

Khetha e ´ngoe kapa tse ling tsa metheo ea mantlha e latelang ho ruta. Motheo oa thuto bakeng sa motheo oa mantlha o fanoe kamor´a tlhaloso ena.

Molimo ke Ntat´a Rona ea Maholimong ea Lerato

  • Molimo ke Ntat´a Rona ea Maholimong, ´me re bana ba Hae. O re bopile ka sets´oants´o sa Hae.

  • Molimo o re tseba ka bonngoe ´me oa re rata.

  • Molimo o na le ´mele oa nama le masapo o tlotlehang,o phethahetseng.

  • Molimo o batla ho re hlohonolofatsa ka khotso le nyakallo tse tlang ho ba teng ka ho safeleng.

  • Hobane Molimo oa re rata, O ile a romella Mora oa Hae, Jesu Kreste, ho re lopolla sebeng le lefung.

Molimo o Senola Evangeli ho Baporofeta ka Nako Eohle

  • Molimo o bitsa baporofeta ho ba baemeli ba Hae lefats´eng.

  • Nakong ea khale-khale, Molimo o ile a bitsa baporofeta ba kang Adama, Noe, Abrahama, le Moshe.

  • Moporofeta ea phelang o amohela ts´enolelo ho tsoa ho Molimo ho ruta le ho re etella pele kajeno.

Bosebeletsi le Topollo ea Jesu Kreste Lefats´eng

  • Jesu Kreste ke Mora oa Molimo.

  • Nakong ea bosebeletsi ba hae lefats´eng, Jesu o rutile evangeli ea Hae le ho theha Kereke ea Hae.

  • Morena Jesu o ile a bitsa Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli ´me a ba fa tokelo ea ho etella pele kereke ea Hae.

  • Qetellong ea bophelo ba Hae, Jesu o shoetse libe tsa rona ka ho hlorisoa ts´imong ea Gethsemane le nakong ea ho Thakhisoa ha Hae. Kamor´a lefu la Jesu, O ile a tsoha bafung.

  • Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste, re ka ts´oareloa ´me ra hlatsuoa libe tsa rona ha re baka. Sena se re tlisetsa khotso ´me se etsa hore re be le bokhoni ba ho boela re phela ponts´eng ea Molimo ´me re fumane thabo e phethahetseng.

  • Ka lebaka la ho Tsoha Bafung ha Jesu, bohle re tla phela hape kamor´a hore re shoe. Sena se bolela hore moea le nama tsa motho ka mong litla kopana hape ´me li phele ka ho sa feleng.

Ho Kheloha

  • Kamor´a hore Baapostola ba Jesu ba shoe ho ile ha eba le ho khelohaa ho pharalletseng ha evangeli le Kereke ea Jesu Kreste.

  • Nakong ena, batho ba ile ba fetola lithuto tse ngata tsa evangeli. Batho ba ile ba fetola hape lits´ebeletso tse ngata tsa boprista, joaloka kolobetso. Tokelo ea boprista le kereke eo Jesu a ileng a e theha li ne li se li le sieo lefats´eng.

Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste ka Joseph Smith

  • Joseph Smith o ne a hloka ho tseba hore na ke kereke efe eo e leng ea ´nete ea Molimo eo a ka e kenang. Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba ile ba itlhahisa ho eena ka 1820. Ketsahalo ena e bitsoa Pono ea Pele.

  • Molimo o ile a bitsa Joseph Smith hore e be moporofeta, joalo feela ka ha a ile A bitsa baporofeta nakong tse fetileng.

  • Evangeli ea Jesu Kreste e ile ea tsosolosoa ka Joseph Smith.

  • Barumuoa ba leholimo ba ile ba tsosolosa boprista ´me Joseph a nehoa tokelo ea ho hlophisa Kereke ea Jesu Kreste.

  • Jesu Kreste o tsoelapele ho etelella pele kereke ea Hae kajeno ka baporofeta le baapostola ba phelang.

Buka ea Mormone: Testamente e ´Ngoe ea Jesu Kreste

  • Buka ea Mormone ke lingoliloeng tsa mangolo a halalelang tse ngotsoeng nakong ea khale-khale ke baporofeta ba khale-khale ba Amerika. Moporofeta Joseph Smith o ile a e fetolela ka neo le matla a Molimo.

  • Hammoho le Bibile, Buka ea Mormone e fana ka bopaki ba bosebeletsi ba Jesu le lithuto, joaloka Mopholosi oa rona.

  • Re ka atamela ho Molimo ka ho bala Buka ea Mormone le ho etsa ka litaelo tsa eona.

  • Re ka tseba hore Buka ea Mormone ke lentsoe la Molimo ka ho e bala, ho nahanisa ka eona, le ka ho rapela ka eona. Sena se tla re thusa ho tseba hore Joseph Smith e ne e le moporofeta.

Rapella ho Tseba ´Nete ka Moea o Halalelang

  • Thapelo ke tsela ea puisana pakeng tsa Molimo le bana ba Hae.

  • Ka thapelo e tiileng, re ka tseba hore molaetsa oa Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ke ´nete.

  • Ha re rapela, Moea o Halalelang o ruta le ho netefatsa ´nete ho rona.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta bahlankana

Lipotso Tseo U Ka Li Botsang Batho

Lipotso tse latelang ke mehlala ea seo u ka se botsang batho. Lipotso tsena li ka u thusa ho ba le lipuisano tse molemo ´me ua utloisisa lipotso tsa batho le tsela eo ba bonang litaba ka eona.

  • Ke eng seo u se lumelang ka Molimo?

  • Ho ikutloa u le pela Molimo ho ka u thusa joang?

  • Ke eng seo u se tsebang ka Jesu Kreste? Bophelo ba Hae le lithuto tsa Hae li u susumetsa joang?

  • U ka fumana likarabo tse ts´epahalang joang lefats´eng lee la kajeno le ferekaneng?

  • Ho ka u thusa joang ho tseba hore ho na le moporofeta ea phelang lefats´eng kajeno?

  • Na u kile ua utloa ka Buka ea Mormone? Na re ka arolelana ka bohlokoa ba eona?

  • Na u ka arolelana ka tumelo ea hau ka thapelo? Na re ka arolelana ka tumelo ea rona ka thapelo?

Limemo Tseo U Ka Li Etsang

  • Na u tla kopa Molimo ka thapela ho u thusa ho tseba hore na seo re se rutileng ke ´nete? (Bona “Temoso ea ho Ruta: Thapelo” karolo e qetellong ea thuto.)

  • Na u tla ea kerekeng ka Sontaha ho ithuta haholo ka seo re se rutileng?

  • Na u tla bala Buka ea Mormone le ho rapela hore u tsebe hore ke lentsoe la Molimo? (U ka ´na ua etsa tlhahiso ea likhaolo e itseng kapa litemana.)

  • Na u tla latela mohlala oa Mopholosi ´me o kolobetsoe? (Bona “Memo ea ho Kolobetsoa le ho Tiisoa,” e tlang hang ka mora thuto ena.)

  • Na re ka etsa nako bakeng sa ketelo ea rona e latelang?

Thuto ea Motheo

Karolo ena e fana ka thuto ea tumelo le mangolo a halalelang bakeng sa boithuto ba hau ho matlafatsa tsebo ea hau le bopaki ba hau ka evangeli le ho u thusa ho ruta.

Setśoantśo
lelapa

Molimo ke Ntat´a Rona ea Maholimong ea Lerato

Molimo ke Ntat´a Rona ea Maholimong, ´me re bana ba Hae. O re bopile ka sets´oants´o sa Hae. O na le “´mele oa nama le masapo o tlotlehang,o phethahetseng, o ts´oarehang joaloka oa motho” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 130:22).

Molimo o re tseba ka bonngoe ´me o re rata ho feta ka moo re ka utloisisang. O utloisisa liteko tsa rona, mats´oenyeho a rona le bofokoli ba rona ´me O re fa ts´ehetso ho tsona. O thabela tsoelopele ea rona ´me O tla re thusa ho etsa likhetho tse nepahetseng. O batla ho bua le rona,´me re ka bua le Eena ka thapelo.

O re neile boiphihlelo bona lefats´eng hore re ithute, re hole, ´me re be joalo ka Eena. Ka lerato le phethahetseng, O batla hore re khutlele ho Eena kamor´a hore re shoe. Leha ho le joalo, re ke ke ra etsa sena ka bo rona. Hobane Molimo oa re rata, O ile a romella Mora oa Hae Jesu Kreste ho re lopolla. “Hobane Molimo o ratile lefats´e hakalo, O bile a le neha Mora oa hae a ´nots´i, hore ka Eena Lefats´e le tle le pholohe” (Johanne 3:16–17).

Molimo o batla ho re hlohonolofatsa ka khotso le nyakallo tse tlang ho ba teng ka ho safeleng. O fane ka moralo o re fang monyetla oa ho amohela lihlohonolofatso. Morero ona o bitsoa morero oa pholoho (bona Thuto 2).

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

Setśoantśo
Moshe le Matlapa ka Jerry Harston

Molimo o Senola Evangeli ho Baporofeta ka Nako Eohle

Baporofeta ke Baemeli ba Molimo Lefats´eng

Tsela e ´ngoe ea bohlokoa eo Molimo a re bonts´ang lerato la hae ka eona ke ka ho bitsa baporofeta, a ba fa tokelo ea boprista le ho ba susumetsa hobua bakeng sa hae. Molimo o bitsa baporofeta ho ba baemeli ba Hae lefats´eng. Moporofeta oa Testamente ea Khale Amose, o hatisitse hore “Morena Molimo a ke ke a etsa letho, empa o senola liphiri tsa hae ho baporofeta ba hae” (Amose 3:7). Tse ling tsa lihlohonolofatso tseo re li fumanang hotsoa ho baporofeta ba phelang li hlalositsoe ka tlase.

Lipaki tsa Jesu Kreste. Baporofeta ke lipaki tse khethehileng tsa Jesu Kreste tse pakahatsang ka Mopholosi le Molopolli oa rona.

Lithuto Baporofeta ba fumana tataiso ho Molimo hore ba re thuse ho lemoha ʼnete le phoso. Ba re ruta ho mamela litaeloo tsa Molimo ´me re bake ha re ntse re fosa. Ba nyatsa sebe ʼme ba re lemosa ka litlamorao tsa sona.

Lithuto tsa baporofeta li re phahamisetsa ho Molimo le ho re thusa ho fumana lihlohonolofatso tseo a re lakaletsang tsona. Poloko ea rona e kholo e itsʼetlehile ho ho latela lentsoe la Morena ka baporofeta ba Hae.

Matla a Boprista Moporofeta oa hajoale ke eena ea nang le boprista ea eteletseng pele lefats´eng. Boprista ke matla le tokelo ea Molimo. Moporofeta o na le tokelo ea ho bua le ho etsa ka lebitso la Molimo bakeng sa pholoho ea bana ba Hae.

Tataiso ea Kereke Kereke ea Jesu Kreste e ahiloe ka motheo oa baprorfeta le baapostola ( Baefese 2:19–20; 4:11–14).

Baporofeta ba Khale-Khale

Adama e bile moporofeta oa pele lefats´eng. Molimo o senotse evangeli ea Jesu Kreste ho eena ´me a mo neha tokelo ea boprista. Adama le Eva ba ile ba ruta bana ba bona ´nete tsena le ho ba khothaletsa ho nts´etsa-pele tumelo le ho phela evangeli

Qetellong maloko a Adama le Eva e ile ea eba marabele ´me ba furalla evangeli. Boemo bona bo ile ba isa ho ho bitsoang tsuo kapa ho oa. Ha tsuo e kholo e etsahala, Molimo o ile a nka tokelo ea Hae ea boprista, e leng eona e hlokehang ho ruta le ho tsamaisa lits´ebeletso tsa evangeli.

Testamente ea Khale e tlaleha liketsahalo tse ngata tsa tsuo e kholo. Ho felisa linako tsena, Molimo o ile a tla a thusa bana ba Hae ka ho bitsa moporofeta e mong. O senotse linnete tsa evangeli bocha ho baporofeta ba na ´me a ba neha tokelo ea boprista. Ba bang baporofeta ba na e bile, Noe, Abrahama, le Moshe. Ka bomalimabe, ka sebopeho se iphetang ka mor´a nako e itseng, qetellong batho ba furalla baporofeta ´me ba oele.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang: “Moporofeta

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Molimo Ntate” “Tsosoloso ea Kereke

Setśoantśo
O My Father, [Ntate Oaka],ka Simon Dewey

Bosebeletsi le Topollo ea Jesu Kreste Lefats´eng

Jesu Kreste ke Mora oa Molimo. Jesu le Topollo ea hae ke khubu ea Morero oa Molimo bakeng sa rona. Topollo ea hae e ne e kenyeletsa ts´otleho ea hae Serapeng sa Gethsemane, ts´otleho ea hae le lefu la hae sefapanong, le Tsoho ea Hae bafung.

Ho tloha nakong ea Adama le Eva, batho esale ba emela ho tla ha Jesu Kreste joalo ka Mopholosi le Molopolli oa rona. Ntate ea Maholimong o ile a romela Jesu lefats´eng lilemong tse 2000 tse fetileng.

Jesu o phetse bophelo bo phethahetseng. O ile a ruta evangeli ea Hae le ho theha kereke ea Hae. O ile a bitsa Baapostola ´me a ba neha tokelo ea boprista ho ruta evangeli le ho etsa mesebetsi e halalelang e kang kolobetso O ile a ba neha tokelo ea ho etella pele Kereke ea Hae.

Qetellong ea bophelo ba hae, Jesu o shoetse libe tsa rona ka ho hlorisoa ts´imong ea Gethsemane le nakong ea ho Thakhisoa ha hae. Ka lebaka la topollo ea Jesu Kreste, re ka ts´oareloa libe tsa rona ha re baka. Sena se etsa hore re be le bokhoni ba ho boela re phela ponts´eng ea Molimo ´me re be le thabo e phethahetseng.

Kamor´a hore Jesu a thakhisoe, O ile a tsoha, a nka tlholo holim´a lefu ka matla a Ntate ea Maholimong. Ka lebaka la ho Tsoha Bafung ha Jesu, bohle re tla tsoha kamor´a hore re shoe. Sena se bolela hore moea le nama tsa motho ka mong litla kopana hape ´me li phele ka hosafeleng ka ´mele o phethahetseng. (Bona “Topollo ea Jesu Kreste” thutong ea 2.)

Setśoantśo
Moporofeta Joseph Smith

Moporofeta Joseph Smith o rutile, “Metheo ea tumelo ea rona ke bopaki ba Baapostola le Baporofeta, malebana le Jesu Kreste hore o ile a shoa, a patoa, ´me a tsoha ka letsatsi la boraro, ´me a nyolohela leholimong, ´me lintho tsohle tse amanang le tumelo ea rona sehlomathiso feela tsa eona.”(Lithuto tsa Baokameli ba Kereke:Joseph Smith [2007], 49).

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang, “Jesu Kreste,.” “Lefella, Topollo

  • Bible Dictionary, “Topollo

  • Lihlooho tsa Evangeli:“Jesu Kreste,” “Topollo ea Jesu Kreste

Ho Kheloha

Ka mor´a lefu la Jesu Kreste, Baapostola ba hae ba ile ba leka ho boloka thuto ea tumelo ea Kreste e hloekile le ho boloka molao oa Kereke. Le hahole joalo, litho tsa Kereke tse ngata li ile tsa furalla Baapostola le thuto ea tumelo eo Jesu a e rutileng.

Kamor´a hore Baapostola ba Jesu ba bolaoe, ho ile hoa eba le ho kheloha ho ho holo ho evangeli le Kereke ea Jesu Kreste. Ketsahalo ena e bitsoa Tsuo e Kholo. Ka lebaka la eona, Molimo o ile a nka Boprista lefats´eng. Tahlehelo ena e ne e kenyeletsa tokelo e neng hlokeha ho etella pele Kereke. Ka baka leo, Kereke eo Jesu a ileng a e theha e ne e se ele sieo lefats´eng.

Nakong ena, batho ba ile ba fetola lithuto tse ngata tsa evangeli. Boholo ba tsebo ka boleng ba ´nete ba Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste, le Moea o Halalelang e ne e lahlehile. Batho ba ile ba fetola hape lits´ebeletso tse ngata tsa boprista, joaloka kolobetso.

Lilemo tse ngata hamorao, banna le basali ba neng ba batla ´nete ba ile ba leka tsosa lithuto le litloaelo tse neng li se li fetohile. Ba ile ba batla khanya ea semoea e kholoanyane,´me ba bang ba bona ba ile ba bua ka ho hlokeha ha tsosoloso ea ´nete. Boiteko ba bona bo ile ba etsa hore ho be le likereke tse ngata.

Nako ena e ile ea eketsa tlhokeho ea bolokolohi ba bolumeli,e butseng tsela bakeng sa tsosoloso ea ´nete le tokelo ea Molimo.

Baporofeta le baapostola ba ile ba bolela pele ka ho kheloha (bona 2 Thessalonika 2:1–3). Ba ile ba bolela pele hape hore evangeli le Kereke ea Jesu Kreste li tla tsososoa lefats´eng (bona Liketso 3:20–21). Haeba ha ho aba le ho kheloha, tsosoloso e kabe e sa hlokeha.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

Tsosoloso ea Evangeli ea Jesu Kreste ka Joseph Smith

Pono ea Pele le Pitso ea Joseph Smith joaloka Moporofeta

Lilemong tseo evangeli e phethahetseng ea Jesu Kreste e neng e le sioe lefats´eng, Ntate ea Maholimong o ile a tsoelapele ho thusa bana ba Hae. Ka mor´a nako e itseng, O ile a lokisa tsela hore ba boele ba hlohonolofatsoe ka evangeli ea hae e phethahetseng. Ha maemo a se a lokile, O ile a bitsa Joseph Smith. joaloka moporofeta eo ka eena evangeli le Kereke ea Jesu Kreste li tla tsosolosoa.

Joseph Smith. o ne a phela ka bochabela ho Linaha tse Kopaneng ka nako e kholo ea thabo ea bolumeli. Litho tsa lelapa la hae li ne li inehetse ho Molimo ´me ba batla ´nete. Likereke tse ngata li ne li ipolela li na le ´nete ´me Joseph o ile a lakatsa ho tseba e nepanetseng (bona Nalane ea Joseph Smith 1:18). Bibile e ruta hore ho na le “Morena a le mong, tumelo e le ´ngoe, kolobetso e le ´ngoe” (Baefese 4:5). Ha Joseph a ntse a ea likerekeng tse fapaneng, o ne a ferekane ho re na a kene e fe. Ha morao o ile a re:

“E ne e le pherekano e kholo le toants´ano kahar´a likereke tse fapaneng, hoo ho neng ho le boima ho motho ea monyane joalo ka ´na … ho fihlela qeto ea hore na ke mang ea nepang ´me ke mang ea phoso. …

“Kahar´a ntoa ena ea mantsoe le molumo oa maikutlo, ke ile ka itjoetsa hore: Ke eng se ka etsoang? Ke mang hara mekhatlo ee ea nepahetseng, kapa e fosahetse kaofela? Haeba ho na le e nepahetseng, ke e fe, ´me ke tla e tseba joang ?” (Nalane ea Joseph Smith. 1:8, 10).

Joalo ka batho ba bangata, Joseph Smith. le eena o ile a ba le lipotso tse ngata ka pholoho ea moea oa hae. O ne a batla hore libe tsa hae li ts´oareloe le hore a hloeke mahlong a Molimo. Ha a ntse a batla ´nete har´a likereke tse fapaneng,o ile a bala Bibileng, “Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Molimo, ea fanang ho bohle ka bolokolohi bo boholo, ´me a sa khanane,´me o tla fuoa” (Jakono 1:5).

Ka lebaka la molaetsa ona, Joseph o ile a etsa qeto ea ho botsa Molimo hore na o lokela ho etsa joang. Ka selemo sa 1820, o ile ea ea morung o haufi le lelapa la bo ´me a khumama a rapela. Ho na le liketsahalo tse ´ne tsa pono tse ileng tsa latela tse hatisitsoeng ke Joseph Smith kapa ke bangoli ba neng ba le tlasa tataiso ea hae (bona Gospel Topics Essays, “Liketsahalo tsa Pono ea Pele”). Ketsahalong ea ho ekang kea mangolo a halalelang, o hlalositse boiphihlelo boo tjena:

Setśoantśo
Pono ea Pele, by Linda Curley Christensen le Michael Malm

“Ke ile ka bona khanya holim´a hlooho eaka, e fetisang khanya ea letsatsi, e theohela butle hofihlela e oetse holim´a ka. … Ha khanya e se e lutse holim´a ka ke ile ka bona Batho ba babeli, bao khanya ea bona e fetang tsohle, ba eme holimak´a moeeng. E mong oa bona a bua le ´na, a mpitsa ka lebitso a re,a supile ho e mong—Enoa ke Mora Oaka ea Ratehang. Mo Utloe!” (Nalane aa Joseph Smith 1:16-17).

Ponong ena Molimo Ntate le Mora oa Hae, Jesu Kreste, ba ile ba itlhahisa ho Joseph Smith. Mopholosi o ile a mo bolella hore a se kene efe kapa efe ea tsona.

Ketsahalong e ´ngoe ea pono ena, Joseph o ile a re mopholosi o ile a mo bolella hore “Libe tsa hau lits´oaretsoe. … Bona, ke ´na Morena oa khanya. Ke ile ka thakhisoa bakeng sa lefats´e hore bohle ba lumelang ho lebitso la ka ba be le Bophelo bo sa feleng.”

Kamor´a pono, Joseph o ile a nahana, “Moea oaka o ne o tletse ka lerato, ´me bakeng sa matsatsi a mangata ke ne ke nyakaletse ka thabo e kholo ´me Morena o ne a na le ´na” (Joseph Smith History, circa Summer 1832, 3, josephsmithpapers.org; ).

Ka pono ena, Joseph Smith. o ile ea eba paki ea Jesu Kreste ´me a ithuta linnete tsa bohlokoa ka Molimo-hlooho. Mohlala, o ile a ithuta hore Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ke batho ba babeli ba arohaneng. Ha ba mo bitsa ka lebitso, o ile a ithuta hore Ba mo tseba ka boeena. Ha Joseph a bolelloa hore o ts´oaretsoe, o ile a ithuta hore Molimo o mosa. Ketsahalo ena e ile ea mo tlatsa ka thabo.

Joaloka ha Molimo a ile a etsa ka baporofeta ba bang, O ile a bitsa Joseph Smith ho ba moporofeta eo ka eena evangeli e phethahetseng e tlang ho tsosolosoa lefats´eng. Tsosoloso ena e ne e tla thusa bana ba Molimo ho fumana thabo lefats´eng lena le bophelo bo sa feleng lefats´eng le tlang—tsohle ka Jesu Kreste.

Tsosoloso ea boprista le Linotlolo tsa Boprista

Setśoantśo
Upon You My Fellow Servants [Ho Lona Basebeletsi Baka], by Linda Curley Christensen and Michael T. Malm

Ka mor´a ho hlaha ha Ntate le Mora, barumuoa ba bang ba leholimo, ba ile a rongoa ho Joseph Smith le motsoalle oa hae Oliver Cowdery. Johanne Mokolobetsi o ile a hlaha joalo ka motho ea tsohileng bafung ´me ba neha Boprista ba Aarone le linotlolo tsa teng. Boprista ba Aarone bo kenyeletsa tokelo ea ho kolobetsa.

Setśoantśo
The Voice of [Lentsoe la] Peterose, Jakobo, le Johanne, ka Welden C. Andersen

Nakoana kamor´a moo, Peter, Jakobo le Johanne —boraro ba Baapostola ba pele ba Kreste—ba ile ba hlaha e le batho ba tsohileng bafung.´me ba neha Joseph Smith le Oliver Cowdery boprista ba Melchizedeke le linotlolo tsa teng. Boprista bona ke tokelo e ts´oanang eo Kreste a e nehileng Baapostola ba hae ba khale-khale.

Setśoantśo
Image of Moses Elias and Elijah descending into the Kirtland temple and appearing to Joseph Smith.

Kahar´a Tempele ea Kirtland, Moshe, Eliase, le Elia ba ile ba hlaha ho Joseph Smith le Oliver Cowdery ´me ba fa tokelo e ´ngoe le linotlolo tsa boprista tse hlokehang ho fihlela mosebetsi oa Molimo matstsing a ho qetela. Moshe o ile a fana ka linotlolo tsa ho bokella Israele. Elia o ile a fana ka tsosoloso ea evangeli ea nako ea Abrahama. Elia o ile a fana ka linotlolo tsa matla a tlamahanyang hammoho. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 110:11; Bona hape Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 3.1.)

Tlhophiso ea Kereke

Joseph Smith o ile a laeloa ho hlophisa Kereke ea Jesu Kreste hape lefats´eng. Ka eena Jesu Kreste o ile a bitsa Baapostola.

Baporofeta ba mehleng ea bibile ba bitsitse nako eo re phelang ho eona matsatsi a ho qetela. Ke nako e haufi le Ho Tla Labobeli ha Jesu Kreste. Ke ka baka lena Kereke a bitsoang Kereke ea Jesu Kreste ea Mehla ea Kajeno (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 115:3-4; bona hape 3 Nefi 27:3–8).

Baporofeta le Baapostola ba Phelang Kajeno

Joaloka ha Jesu a bitsitse Baapostola nakong ea bosebeletsi ba Hae ha a le lefats´eng ho etella kereke ea Hae pele, O bitsitse Baapostola ho e etella pele le kajeno. Boetapele ba Pele le Lekhotla la Ba Leshome le Metso e ´Meli ke baporofeta,boralipono, le basenoli.

Moapostola e moholo ke eena feela ea bitsoang Mo porofeta hobane o okamela Kereke eohle ´me ka ho khetholoha o bua bakeng sa Morena. Ke mohlahlami oa molao ho Joseph Smith Eena le Moapostola oa hajoale, tokelo ea bona e tsoa ka kotloloho ho Jesu Kreste ka tlhophiso e qalileng ha Joseph Smith a hlomamisoa ka letsoho la barumuoa ba leholimo.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

Buka ea Mormone: Testamente e ´Ngoe ea Jesu Kreste

Buka ea Mormone ke khatiso ea khale-khale ea mangolo ea halalelang joalo ka Bibile. Bibile ke e ´ngoe ea paki ea Jesu Kreste ´me Buka ea Mormone ke paki ea bobeli ea bosebeletsi ba Hae, lithuto tsa hae ,le thomo ea Hae joaloka Mopholosi oa rona.

Joseph Smith o ile a laeloa ke morumuoa oa leholimo ea bitsoang Moroni ho ea thabeng moo khatiso e neng e patiloe ka lilemo tse ngata tse feliteng e neng e patiloe. Khatiso e na, e ne e ngotsoe holim´a matlapa a khauta (maqephe a masesane a ts´epe),e na le mangolo a baporofeta ka ts´ebelisano ea Molimo le batho ba khale-khale ba Amerika. Moporofeta Joseph Smith.o ile a fetolela khatiso e na ka neo le matla a Molimo.

Baporofeta ba ka hare ho Buka ea Mormone ba ne ba tseba ka thomo ea Jesu Kreste ´me ba ruta evangeli ea hae. Kamor´a hore Jesu a tsohe bafung, o ile a hlaha ho batho ´me a ba sebeletsa ka bo Eena. O ile a ba ruta ´me a theha kereke ea Hae.

Buka ea Mormone e re thusa ho atamela ho Molimo ha re ntse re ithuta, re utloisisa le ho etsa ho ea ka lithuto tsa eona. Moporofeta Joseph Smith o boletse hore monna kapa mosali a ka ba haufi le Molimo ka ho etsa ka litaelo tsa eona ho feta ka buka e fe kapa e fe (Lithuto: Joseph Smith64).

Setśoantśo
monna oa bala

Ho tseba hore Buka ea Mormone ke lentsoe la Molimo re lokela ho e bala, re nahanise ka eona ´me re rapele ka eona. Moporofeta oa Buka ea Mormone o ts´episitse hore Molimo o tla senola ´nete ea buka ena ho rona ha re rapela ka ,´nete,le ka sepheeo,´me le ka tumelo ho Kreste (bona Moroni 10:3-5). Ho ithuta Buka ea Mormone ho molemo bakeng sa ho mamella ts´okoloho.

Ha re bala Buka ea Mormone le ho rapela ka eona, re tla tseba nete ka Jesu Kreste e tlang ho hlohonolofatsa bophelo ba rona. Re tla tseba hape hore Joseph Smith e ne ele moporofeta oa Molimo le hore evangeli le Kereke ea Jesu Kreste li tsosolositsoe ka eena.

Setśoantśo
Mookameli Russell M. Nelson

“Ke ts´episa hore ha le ithuta Buka ea Mormone ka thapelo kamehla, le tla etsa liqeto tse betere—kamehla. Ke ts´episa hore ha le nahanisa ka seo le ithutang sona, lifenstere tsa leholimo li tla buleha ´me le tla fumana likarabo tsa lipotso tsa lona le tsela bakeng sa bophelo ba lona. Ke ts´episa hore ha le ithuta Buka ea Mormone letsatsi ka leng, le tla ts´ireletseha khahlanong le bobe ba kajeno ” (Russell M. Nelson, “Buka ea Mormone: Bophelo Ba Hau E Ne E ka Ba Eng Kantle Ho Eona?Ensign kapa Liahona, Mphalane. 2017, 62–63).

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

  • Selelekela sa Buka ea Mormone“Buka ea Mormone

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Buka ea Mormone

Setśoantśo
mosali o oa rapela

Rapella ho Tseba ´Nete ka Moea o Halalelang

Hobane Molimo ke Ntata rona, O tla re thusa ho elelloa ´nete. Re ka tseba hore molaetsa oa Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ke ´nete ha re bala Buka ea Mormone ´me re rapela Molimo. Ha re rapela ka tumelo,´me ka boikemisetso O tla araba lipotso tsa rona ´me A tataise maphelo a rona.

Hangata Molimo o araba lithapelo tsa rona ka Moea o Halalelang. Ha re rapela, Moea o Halalelang o ruta le ho netefatsa ´nete. Lipuisano tsa Moea o Halalelang li matla. Hangata li tla e le netefaletso ka maikutlo,le mehopolo,(bona 1 Marena 19:11–12; Helamane 5:30; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 8:2).

Boithuto bo tsitsitseng ba mangolo a halalelang (haholo Buka ea Mormone), ho kena kopano ea selallo beke le beke, le thapelo ka boikemisetso li re thusa ho utloa matla a moea o halalelang le ho fumana ´nete.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute Haholo ka Taba Ena Ea Motheo

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Thapelo

  • Bible Dictionary: “Thapelo

  • Lihlooho tsa Evangeli:“Thapelo

Lethathamo la thuto le lekhuts´oane ho isa bohareng.

Tlhaloso e latelang ke mohlala oa seo u ka se rutang haeba u na le nako e khuts´oanyane. Ha u sebelisa tlhaloso ena, khetha motheo o le mong kapa e ´meli eo u ka e rutang. Motheo oa thuto bakeng sa motheo oa mantlha o mong le o mong o fanoa pele ho thuto.

Ha u ruta, botsa lipotso ´me u mamele. Etsa limemo tse tla thusa batho ho ithuta ho holela haufi le Molimo. Memo e ´ngoe ea bohlokoa ke hore motho a tle a kopane le uena hape. Bolelele ba thuto bo tla laoloa ke lipotso tseo u li botsang le ho mamela hoa hau.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba bua le monna

Seo U Ka Se Rutang Batho Ka Metsotso e 3-10

  • Molimo ke Ntat´a rona ea Maholimong, ´me O re bopile ka sets´oants´o sa Hae. O re tseba ka bonngoe ´me O oa re rata. O batla ho re hlohonolofatsa ka khotso le nyakallo tse tlang ho ba teng ka hosafeleng.

  • Jesu Kreste ke Mora oa Molimo. Thomo ea Hae ke ho etsa hore re tle re hlatsuoe libe, re, re hlole lefu ´me re fumane bophelo bo safeleng.

  • Molimo o bitsa baporofeta ho ba baemeli ba Hae lefats´eng. Khale-khale O ile a bitsa baporofeta ba kang Adama, Noe, Abrahama, le Moshe. Moporofeta ea phelang o amohela ts´enolelo ho tsoa ho Molimo ho ruta le ho re etella pele kajeno.

  • Nakong ea thomo ea hae lefats´eng, O ile a theha Kereke ea Hae. Kamor´a hore Baapostola ba Jesu ba shoe ho ile ha eba le ho khelohaa ho pharalletseng ha evangeli le Kereke ea Jesu Kreste. Batho ba ile ba fetola lithuto le lits´ebele tse ngata tsa boprista, joaloka kolobetso.

  • Molimo o ile a bitsa Joseph Smith hore e be moporofeta, joalo feela ka ha a ile A bitsa baporofeta nakong tse fetileng. Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba ile ba Itlhahisa ho eena . Evangeli ea Jesu Kreste e ile ea tsosolosoa ka eena.

  • Buka ea Mormone ke khatiso ea mangolo ea halalelang. Joaloka Bibile, ke testamente ea Jesu Kreste ´me e re thusa ho atamela ho Molimo ha re e bala, le ho etsa ho ea ka litaelo tsa eona. Moporofeta Joseph Smith o ile a e fetolela ka neo le matla a Molimo.

  • Ka thapelo e nang le boikokobetso, re ka bua le Molimo. Re ka tseba hore molaetsa oa Tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ke ´nete.

Hatisa