Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3: Thuto ea 4—Ho Fetoha Barutuoa ba Jesu Kreste ba Bophelo bohle


“Khaolo ea 3: Thuto ea 4— Ho fetoha Barutuoa ba Jesu Kreste ba Bophelo bohle” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023.)

Khaolo ea 3: Thuto ea 4,” Ruta evangeli Eaka

Khaolo ea 3: Thuto ea 4

Ho ba Barutuoa ba Jesu Kreste ba Bophelo bohle

Setśoantśo
Konyana e Lahlehileng, ka Del Parson

Ho Ruta Thuto Ena

Kolobetso ke ts´ebeletso e thabisang e nang le ts´epo. Ha re kolobetsoa, re bonts´a tabatabelo ea rona ea ho latela Molimo ´‘me re kena tseleng e isang bophelong bosafeleng. Hape re bontsa boitlamo ba ho fetoha barutuoa ba Jesu Kreste ba bophelo bohle.

Thuto e na e hlophisitsoe ho ipapisitsoe le lilekane tseo re li etsang ha re kolobetsoa. E kenyelletsa litemana tse latelang tsa mantlha, `me e ´ngoe le e ´ngoe e na le likaroloana:

  • Selekane sa Rona hore re Ikemisetse ho Inkela Lebitso la Jesu Kreste

  • Selekane sa Rona Sa ho Boloka Litaelo tsa Molimo

  • Selekane sa Rona sa ho Sebeletsa Molimo le ba Bang

  • Selekane sa Rona sa ho Mamella ho isa Qetellong

Thusa batho hore metheo le litaelo tseo u li rutang ke karolo ea selakane seo batla se etsa ha ba kolobetsoa. Ba hlokomelise ka moo karolo e ´ngoe le e ´ngoe ea thuto ena e tla ba thusa “tlohong ho Kreste … ‘me lenke pholoho ea Hae” (Omni 1:26; bona hape 1 Nefi 15:14).

U ka batla ho ruta thuto ena ka ho ba etela hangata. Ha se hangata thuto e lokelang ho feta metsotso e 30 . Ho kaba bohlokoa ho eta ha ngatanyana nako e khuts´oanyane u ruta likarolo tse nyenyane tsa boithuto.

Rala seo u tla seruta, le nako eo u tla se ruta ka eona. Ela hloko litlhoko tsa batho bao u ba rutang `me u kope tataiso ea Moea o Halalelang. U na le bolokolohi ba ho ruta lithuto ka tsela efe kapa efe e bobebe ho thusa batho ho itokisetsa kolobetso le ho tiisoa.

Tse ling tsa litemana tsa thuto ena li kenyeletsa memo e otlolohileng. Kopa ts´usumetso ho etsa qeto ea hore na ke joang, neng u ka etsang limemo. E ba seli ka boemo ba kutloisiso ea motho ka mong. Mo thuse ho phela evangeli hanyane ka hanyane.

Setśoantśo
mosali o nka selallo

Selekane sa Rona hore re Ikemisetse ho Inkela Lebitso la Jesu Kreste

Ha re kolobetsoa, re etsa selekane sa ho latela Jesu Kreste “ka pelo e ikemiselitseng.” Hape re paka hore re “ikemiselitse ho [inkela] lebitso la Kreste” (2 Nefi 31:13; hape sheba Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:37).

Ho inkela ho rona lebitso la Jesu Kreste ho bolela hore rea Mohopola ′me re ikitlaetsa ho phela joaloka balateli ba Hae ba bophelo bohle. Re lumella leseli la Hae le khants´e ho ba bang ka rona. Re ipona joaloka ba Hae, ′me re Mo beha pele bophelong ba rona.

Litemana tse latelang li hlalosa litsela tse peli tseo re hopolang le ho latela Jesu Kreste.

Rapela Khafetsa

Thapelo e kaba puisano e bonolo le Ntat´arona ea Maholimong e tsoang pelong. Thapelong, re bua le Eena re phuthulohile. Re hlalosa lerato la rona ho Eena le ho lebohela lihlohonolofatso tsa rona. Re boela re kopa thuso, ts´ireletso, le ts´upiso ea tsela. Hare koala lithapelo tsa rona, re lokela ho nka motsotsoana ´me re mamele.

Jesu o rutile,“Kamehla le lokela ho rapela Ntate ka lebitso la ka” (3 Nefi 18:19,khatiso e ekelitsoe bona hape Moshe 5:8). Ha re rapela ka Lebitso la Jesu Kreste, re ba hopola bobeli Eena le Ntate ea Maholimong.

Kreste o re beetse mohlala oo re lokelang ho o latela ha re rapela. Re ka ithuta haholo ka thapelo ka ho ithuta thapelo ea Mopholosi mangolong a halalelang (sheba Matteu 6:9–3; Johanne 17).

Lithapelo tsa rona li ka kenyelletsa likarolo tse latelang:

  • Qala ka ho bua le Ntate ea Maholimong.

  • Re hlalose maikutlo a lipelo tsa rona, joaloka liteboho ka lihlohonolofatso tseo re li filoeng.

  • Botsa lipotso, kopa tataiso, hape re kope mahlohonolo.

  • Re qetelle ka ho re, “Ka lebitso la Jesu Kreste, amen.”

Mangolo a halalelang a re eletsa ho rapela hoseng le mantsiboea. Le hahole joalo, re ka rapela nako eona, sebakeng se seng le seseng le maemong a fe kapa a fe Bakeng sa lithapelo tsa rona kapa tsa lelapa, ho ka etsa moelelo ho khumama ha re rapela. Re lokela hoba le thapelo lipelong tsa rona. (bona Alma 34:27; 37:36–37; 3 Nefi 17:13; 19:16.)

Lithapelo tsa rona li lokela ho ba tsa boimamelo ´me li tlohe pelong. Ha re rapela, re lokela ho qoba ho phetaka ntho e ts´oanang nako eohle.

Re rapela ka tumelo, re tiile, ‘me re na le boikemisetso ba ´nete, le ka maikemisetso a sebele a ho nka khato ka likarabo tseo re li fumanang. Ha re etsa joalo, Molimo o tla re tataisa a be a re thuse ho etsa liqeto tse nepahetseng. Re tla ikutloa re le haufi le Eena. O tla re fa kutloisiso le ´nete. O tla re hlohonolofatsa ka mats´eliso, khotso le matla.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolong a Halalelang: “Thapelo

  • Mantsoe a Bibele: “Thapelo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Thapelo

Ithute Mangolo a Halalelang

Nefi o rutile,“Ithabiseng ka mantsoe a Kreste; hobane [a] tla le bolella linthoana-nthoana tseo le lokelang ho li etsa” (2 Nefi 32:3; hape sheba 31:20).

Ho ithuta mangolo a halalelang ke mokhoa oa bohlokoa oa ho hopola le ho latela Jesu Kreste. Mangolong a halalelang re ithuta ka bophelo ba Hae, bosebeletsi, le lithuto tsa Hae. Hape re ithuta ka lits´episo tsa Hae. Ha re bala mangolo a halalelang, re utloa lerato la Hae. Meea ea rona ea hola, tumelo ea rona ho Eena ea eketseha, ´me likelello tsa rona lia matlafala. Bopaki ba rona ba thomo ea Hae e halalelang e ba bo matla.

Re hopola le ho latela Jesu ha re sebelisa mantsoe a Hae bophelong ba rona. Re lokela ho ithuta mangolo a halalelang letsatsi le letsatsi, haholo Buka ea Mormone.

Mangolo a Halalelang a Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke Bibele e Halalelang, Buka ea Mormone, Lithuto tsa Tumelo le Lilekane, le Perela ea Theko e Kholo. Tsena li boetse li bitsoa “mesebetsi e tloaelehileng

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Mangolong a Halalelang:

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Mangolo a Halalelang

Setśoantśo
Jesu Kreste o ruta bongata

Selekane sa Rona Sa ho Boloka Litaelo tsa Molimo

Ela Hloko: Mekhoa e mengata ea ho ruta melao temaneng ena. Mohlala, u ka ba ruta ka ho ba etela makhetlonyana. Kapa u ka ruta emeng ea eona e le karolo ea lithuto tse tharo tse qalang. Ha u ruta melao, netefatsa hore u e hokahanya le selekane sa kolobetso le morero oa pholoho.

Ha re kolobetsoa, re etsa selekane le Molimo hore re tla “boloka litaelo tsa hae” (Mosaia 18:10; Alma 7:15).

Molimo o re file melao hobane oa re rata. O re batlela tse molemo, hona joale le ka ho safeleng. Joaloka Ntat´a rona ea Maholimong, O tseba seo re se hlokang molemong oa bophelo ba rona ba moea le ba nama. Hape Oa tseba hore na ke eng e tla re tlisetsa thabo e fetisisang. Taelo e ´ngoe le e ´ngoe ke mpho ea bomolimo, e fanoeng ho tataisa liqeto tsa rona, ho re sireletsa, le ho re thusa ho hola.

Lebaka le leng leo ka lona re tlileng lefats´eng ke ho ithuta le ho hola ka ho sebelisa boikhethelo ba rona ka bohlale (bona Abrahama 3:25). Ho khetha ho mamela melao ea Molimo—le ho baka ha re fosa—ho re thusa ho tsamaea leetong lena la bophelo le atisang ho ba le mathata.

Melao ea Molimo ke mohloli oa matla le lihlohonolofatso (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 82:8-9). Ka ho boloka litaelo, re ithuta hore ha se melao e boima e thibelang tokoloho ea rona. Tokoloho ea ´nete e tlisoa ke ho mamela litaelo. Ho mamela ke mohloli oa matla a re tlisetsang leseli le tsebo ka Moea o Halalelang. Re le bana ba Molimo, e re tlisetsa thabo e kholo le ho re thusa ho fihlela bokhoni ba rona ba bomolimo.

Molimo o ts´′episa ho re hlohonolofatsa, ha re boloka melao ea Hae Lihlohonolofatso tse ling li tobane le litaeo tse itseng. Lihlohonolofatso tsa hae tsa ho qetela ke khotso bophelong bona le bophelo bo safeleng lefats´eng le tlang. (Bona Mosaia 2:41; Alma 7:16; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 14:7; 59:23; 93:28; 130:20–21.)

Lihlohonolofatso tsa Molimo ke tsa moea le tsa nama. Ka linako tse ling, re lokela ho ba le mamello ho li emela, re ts′epa hore li tla tla ho ea ka thato ea Hae le nako ea Hae (bona Mosaia 7:33; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:68). E le hore re lemohe lihlohonolofatso tse itseng, re lokela ho ba hlokolosi moeeng re be re be seli. Sena ke ´nete haholo-holo ka lihlohonolofatso tse tlang ka litsela tse bonolo le tse bonahalang e le tse tloaelehileng.

Lihlohonolofatso tse ling li kanna tsa bonahala feela ha motho a nahana ka seo a se entseng. Tse ling li kanna tsa se tle ho fihlela kamor´a bophelo bona. Ho sa natsehe nako kapa mofuta oa lihlohonolofatso tsa Molimo, re ka kholiseha hore li tla tla ha re ntse re hahamalla ho phela evangeli ea Jesu Kreste (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 82:10).

Molimo o rata bana ba Hae bohle ka ho phethahala. O na le mamello bofokoling ba rona, `me O oa ts´oarela ha re baka.

Melao e ´Meli e Meholo

Jesu ha a botsoa, “Molao o moholo ka hofitisisa ke o fe na?” O ile a araba, “Rata Morena Molimo oa hau ka pelo eohle ea hau, le ka moea oohle oa hau, le ka kelello eohle ea hau.”

Jesu a boela a re “Me oa bobeli ke o ts’oanang le oona, Rata oa heno joalokaha u ithata” (Mattheu 22:36–39). “Ha ho molao o mong o moholo ho feta ona” (Mareka 12:31).

Joaloka bana ba Molimo ba moea, re na le matla a maholo a ho rata. Ke karolo ea lefa la rona moeeng. Ho phela ka melao e ´meli e meholo—ho rata Molimo pele le ho rata moahisane oa rona—ke ts´obotsi e khethollang barutuoa ba Jesu Kreste.

Lerato la Molimo

Litsela li ngata tseo re ka bonts´ang lerato la rona ho Molimo. Re ka boloka litaelo tsa Hae (bona Johanne 14:15, 21). Re ka Mo beha pele bophelong ba rona, ra ikokobelletsa thato ea Hae. Re ka beha litakatso, mehopolo, le lipelo tsa rona ho Eena (bona Alma 37:36). Re ka phela ka ho leboha lihlohonolofatso tseo a re fileng tsona—´me re be le seatla se bulehileng ho abelaneng lihlohonolofatso tseo (bona Mosaia 2:21–24; 4:16–21). Ka thapelo le ts´ebeletso ho ba bang, re ka bonts´a le ho tebisa lerato la rona ho Eena.

Joaloka melao e meng, molao oa ho rata Molimo o molemong oa rona. Seo re se ratang se laola seo re se batlang. Seo re se batlang se laola seo re se nahanang le seo re se etsang. ´Me seo re se nahanang le seo re se etsang li laola seo re leng sona—le seo re tlang ho ba sona.

Rata ba Bang

Ho rata ba bang ke katoloso ea lerato la rona ho Molimo. Mopholosi o re rutile mekhoa e mengata ea ho rata ba bang (Bona mohlala, Luka 10:25–37 and Mattheu 25:31–46). Rea ba khahlametsa le ho ba amohela lipelong le bophelong ba rona. Re rata ka ho sebeletsa—ka ho itela esita le ka litsela tse nyenyane. Re rata ba bang ka ho sebelisa limpho tseo Molimo a re fileng tsona ho ba hlohonolofatsa.

Ho rata ba bang ho kenyeletsa ho ba le mamello, mosa le ho ts´epahala. Ho kenyeletsa ho ts´oarela ka bolokolohi. Ho bolela ho ts´oara batho bohle ka tlhompho.

Ha re rata motho e mong, rona le motho eo e mong, bobeli rea hlohonolofatsoa. Lipelo tsa rona lia hola, bophelo ba rona bo ba le sepheo se se holoanyane, ’me thabo ea rona e ea eketseha.

Lihlohonolofatso

Melao e `meli e meholo—ho rata Molimo le ho rata oa heno—ke motheo oa melao eohle ea Molimo (bona Mattheu 22:40). Ha re rata Molimo pele, hape re rata ba bang, ntho e `ngoe le e `ngoe bophelong ba rona e tla ea sebakeng sa eona se loketseng. Lerato lena le tla ama tsela eo re shebang litaba ka eona, tsela eo re sebelisang nako ea rona ka eona, lintho tse re thahasellang ho li etsa, le ka moo re etsang tatellano ea lintho tse tlang pele bophelong ba rona.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang: “Lerato le Tebileng,” “Lerato

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Lerato le Tebileng,” “Lerato

Latela Moporofeta

Molimo o bitsa baprofeta hore e be baemeli ba Hae lefats´eng. Ka baprofeta ba Hae, O senola –´nete le ho fana ka tataiso le litemoso.

Molimo o bitsitse Joseph Smith ho ba moprofeta oa pele oa mehla ea kajeno (sheba thuto ea 1). Bahlahlami ba Joseph Smith le bona ba bitsitsoe ke Molimo ho etella Kereke ea Hae pele, ho kenyeletsa le moporofeta ea e etelletseng pele kajeno. Re lokela ho fumana kholiseho ea pitso ea bomolimo ea moprofeta ea phelang le ho latela lithuto tsa hae.

Lithuto tsa baprofeta le baapostola ba phelang li fana ka metheo ea `nete e sa feleng lefats´eng la boits´oaro bo fetohang. Ha re ntse re latela baporofeta ba Molimo, pherekano le likhohlano tsa lefats´e li ke ke tsa re aparela. Re tla fumana thabo e kholo bophelong bona ´me re fumane tataiso bakeng sa karolo ena ea leeto la rona la ka ho safeleng.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

Boloka Melao e Leshome

Molimo o senolletse e mong oa baporofeta ba khale-khale ea bitsoang Moshe Melao e Leshome ho tataisa batho ba hae. Melao ena e sebetsa le mehleng ena ea rona. E re ruta ho khumamela le ho bonts´a tlhompho ho Molimo E boetse e re ruta hore na re ka ts´oarana joang.

  • “U seke oa ba le melimo e meng kantle ho ´na ” (Exoda 20:3). E meng “melimo” e ka kenyeletsa lintho tse ngata joaloka maruo, matla, kapa setumo.

  • “U seke oa iketsetsa sets´oants´o se betliloeng” (Exoda 20:4).

  • “U seke oa sebelisa lebitso la Morena Molimo oa Hao ka ho hlapanya” (Exoda 20:7).

  • “Hopola ho boloka letsatsi la sabata, le halalela” (Exoda 20:8).

  • “Hlompha ntatao le ´mao” (Exoda 20:12).

  • “U seke oa bolaea” (Exoda 20:13).

  • “U seke oa feba” (Exoda 20:14).

  • “U seka oa utsoa” (Exoda 20:15).

  • “U seke oa hlapanya ka leshano khahlanong le oa heno” (Exoda 20:16).

  • “U se ke oa ba mohono” (Exoda 20:17).

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang: “Melao, Leshome

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Melao e Leshome

Setśoantśo
monna o nkile mosali

Phela Molao oa Bohloeki

Molao oa bohloeki ke karolo ea bohlokoa ea morero oa Molimo bakeng sa pholoho le phahamiso ea rona. Karolelano ea likobo pakeng tsa monna le mosali e behiloe ke Molimo bakeng sa ho bopa bana le bakeng sa ponts´o ea lerato lenyalong. Kamano ena e tebileng le matla a ho bopa bophelo ba motho li reretsoe ho ba tse ntle ´me e be tse halalelang.

Molao oa Molimo oa bohloeki ke ho qoba likamano tsa thobalano ka ntle ho lenyalo la molao pakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong. Molao ona o boetse o bolela ho ba le bots′epehi bo feletseng ho molekane oa motho ka mor´a lenyalo.

Ho re thusa ho boloka molao oa bohloeki, baporofeta ba re eletsa hore re hloeke menahanong le mantsoeng a rona. Re lokela ho qoba lits′oants′o tsa maponapona ka tsela e fe kapa e fe. E le ho boloka molao oa bohloeki, re lokela ho itlhompha boits′oarong le chebahalong ea rona.

Ba itukisetsang ho kolobetsoa ba lokela ho phela ka molao oa bohloeki.

Pako le Ts´oarelo

Mahlong a Molimo, ho tlola molao oa bohloeki ho tebile haholo (bona Exoda 20:14; Ba-Efese 5:3). E sebelisa hampe matla a halalelang ao A faneng ka oona ho bopa bophelo. Empa O ntse a tsoela pele ho re rata le haeba re tlotse molao ona. O re mema ho baka le ho hloeka ka sehlabelo sa topollo ea Jesu Kreste. Ho nyahamisa ha sebe ho ka nkeloa sebaka ke khotso e monate ea ts′oarelo ea Molimo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 58:42– 43).

Lihlohonolofatso

Molimo o fane ka molao oa bohloeki ho re hlohonolofatsa le bana ba moea bao A ba romelang lefats´eng. Ho mamela molao ona hobohlokoa bakeng sa khotso ea botho le ho ba le lerato, ts′epo le bonngoe likamanong tsa rona tsa malapa.

Ha re phela ka molao oa bohloeki, re tla sireletsoa kotsing ea moea e tlisoang ke likamano tsa thobalano kantle ho lenyalo. Hape re tla qoba mathata a maikutlo le a ´mele ao hangata a tsamaeang le likamano tse joalo. Re tla hola ts´epong ea rona kapel´a Molimo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 121:45). Re tla buleloa haholoanyane ts′usumetsong ea Moea o Halalelang. Re tla be re itokiselitse hantle ho etsa lilekane tse halalelang tempeleng tse kopanyang malapa a rona ka hosafeleng.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Bohloeki

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Bohloeki

Boloka Molao oa Karolo ea Leshome

Monyetla o moholo oa ho ba setho sa Kereke ke monyetla oa ho lefa karolo ea leshome. Ha re lefa karolo ea leshome, re thusa ho nts′etsa pele mosebetsi oa Molimo le ho hlohonolofatsa bana ba Hae.

Molao oa karolo ea leshome o qalile mehleng ea Testamente ea Khale. Mohlala, moprofeta Abrahama o ile a lefa karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona (bona Alma 13:15; Genese 14:18–20).

Lentsoe boshome ha e le hantle le bolela karolo e le ´ngoe leshomeng. Ha re lefa karolo ea leshome, re lefa karolo e le ´ngoe leshomeng ea kuno ea rona ho Kereke (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 119:3–4; tsoala e utloisiseha e le kuno). Sohle seo re nang le sona ke mpho e tsoang ho Molimo. Ha re lefa boshome, re bonts´a teboho ho Molimo bakeng sa lihlohonolofatso tsa rona.

Ho lefa karolo ea leshome ke ponts´o ea tumelo ea rona. Hape ke tsela ea ho hlompha Molimo. Jesu o rutile hore re lokela ho “batla … ´muso oa Molimo pele” (Mattheu 6:33) ´me karolo ea leshome ke mokhoa oa ho etsa joalo.

Setśoantśo
Widow’s Mite[Nyehelo e Fokolang ea Mohlolohali], ka Sandra Rast

Mesebetsi ea Matlole a Karolo ea Leshome

Matlole a karolo ea leshome a ea halalela. Re fana ka karolo ea leshome ea rona ho setho sa bobishopo, kapa libakeng tse ngata tseo re ka li lefang ka marang-rang. Ha bobishopo bo amohela karolo ea leshome, ba e fetisetsa ntlo-kholo ea Kereke.

Boetapele ba Pele, Lekhotla la ba-Apostola ba Leshome le Metso e ´Meli, le bobishopo bo okametseng ba etsa qeto ea hore na letlole la karolo ea leshome e sebelisoe joang (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 120:1). Lisebelisoa tsena li kenyeletsa:

  • Ho aha le ho hlokomela litempele, likereke le meaho e meng ea Kereke.

  • Ho fetolela le ho hatisa mangolo.a halalelang.

  • Ts´ehetso ea liketsahalo le mesebetsi ea liphutheho tsa sebaka.

  • Ts´ehetso ea mesebetsi oa boromuoa lichabeng lefats´e lohle.

  • Ts´ehetso ea mosebetsi oa nalane ea lelapa.

  • Ho ts´ehetsa likolo le thuto ka lichelete.

Karolo ea leshome ha e sebelisoe ho lefa baetapele ba sebaka ba Kereke. Ba sebeletsa ka boithatelo ntle le tefo ea letho.

Lihlohonolofatso

Ha re lefa karolo ea leshome, Molimo o ts´episa lihlohonolofatso tse fetang tseo re fanang ka tsona. O tla “bula … likhoro tsa leholimo, `me a ts´ollele hlohonolofatso, hoo ho ke keng ha e-ba le sebaka se lekaneng sa ho e amohela” (Malakia 3:10; bona temana ea 7–12). Lihlohonolofatso tsena e ka ba tsa moea le tsa nama.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

Mamela Lentsoe la Bohlale

Molao oa Morena oa Bophelo

´Mele ea rona ke limpho tse halalelang tse tsoang ho Molimo. E mong le e mong oa rona o hloka ´mele oa nama ho ts´oana le Eena. ´Mele ea rona e bohlokoa hoo mangolo a a bapisang le litempele (bona 1 Ba-Korinthe 6:19–20).

Morena o batla hore re ts´oare ´mele ea rona ka tlhompho. Ho re thusa ho etsa sena, O ile A senola molao oa bophelo bo botle o bitsoang Lentsoe la Bohlale. Ts´enolo ena e re ruta ka ho ja lijo tse matlafatsang le ho se sebelise lintho tse lematsang ´mele ea rona-haholo joala, koae le lino tse chesang (tee le kofi).

Ka moea oa Lentsoe la Bohlale, baprofeta ba kajeno ba hlokomelisitse khahlanong le ho sebelisa lintho tse ling tse kotsi, tse seng molaong, kapa tse bakang bokhoba ho tsona. Baprofeta ba boetse ba lemositse khahlanong le ts´ebeliso e mpe ea lithethefatsi tse fanoeng ke ngaka. (Mookameli oa hau oa borumuoa ba boruti lichabeng o tla araba lipotso tse mabapi le lisebelisoa tse itseng tse fumanehang tikolohong ea heno tse sa lokelang ho sebelisoa.)

Lihlohonolofatso

Morena o fane ka Lentsoe la Bohlale ho ntlafatsa bophelo ba ´mele le ba moea ea rona. O re ts´episa lihlohonolofatso tse kholo ha re boloka molao ona. Lihlohonolofatso tsena li kenyeletsa bophelo, bohlale, matlotlo a tsebo, le tsi´reletso (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 89:18–21.).

Ho mamela Lentsoe la Bohlale ho tla re thusa hore re amohele haholo ts´usumetso ea Moea o Halalelang. Le hoja kaofela re na le mathata a bophelo, ho mamela molao ona ho tla re thusa hore re phele hantle `meleng, kelellong le moeeng.

Ba itokisetsang ho kolobetsoa ba lokela ho mamela Lentsoe la Bohlale

Bakeng sa tataiso mabapi le ho thusa batho ba loanang le bokhoba ba lintho tse itseng, bona khaolo ea 10

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang: “Lentsoe la Bohlale

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Bophelo,” “Lentsoe la Bohlale

  • Thuso ea Bophelo: “Bokhoba

Boloka Letsatsi la Sabata le Halalela

Letsatsi la Phomolo le ho Khumamela

Sabata ke letsatsi le halalelang leo Molimo a re behetseng lona beke le beke ho phomola mesebetsing ea rona ea letsatsi le letsatsi le ho Mo khumamela. O mong oa Melao E Leshome e filoeng Moshe ke ho “hopola letsatsi la sabata, ho le boloka le halalela” (Exoda 20:8; bona hape temana ea 9–11)

Ts´enolelong ea morao-rao, Morena o ile a tiisa hape hore Sabata “ke letsatsi le khethetsoeng lona hore le phomole mesebetsing ea lona, le ho fana ka boinehelo ba lona ho Ea Holimo-limo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 59:10). O boetse a re Sabata e lokela ho ba letsatsi la thabo, thapelo, le liteboho (bona temana ea 14–15).

E le karolo ea khumamelo ea Sabata, re ea kopanong ea selallo beke le beke. Kopanong ena, re ja selallo ho hopola Jesu Kreste le Topollo ea Hae. Ha re ja selallo, re nchafatsa lilekane tsa rona le Molimo ´me re bonts´a hore re ikemiselitse ho baka libeng tsa rona. Ts´ebeletso ea selallo ke khubu ea ho boloka letsatsi la Sabata.

Kerekeng hape re nka karolo lihlopheng tseo ho tsona re ithutang haholo ka evangeli ea Jesu Kreste. Tumelo ea rona ea hola ha re ithuta mangolo a halalelang hammoho. Lerato la rona lea hola ha re sebeletsana le ho matlafatsana.

Holim´a moo, ho phomoleng mesebetsing ea rona ka Sabata, re lokela ho qoba ho reka le ho etsa lintho tse ling tse ka etsang hore e ikutloe eka ke letsatsi le tloaelehileng. Re behella mesebetsi ea lefats´e ka thoko `me re tsepamisa mehopolo ea rona le liketso tsa rona linthong tsa moea.

Letsatsi la ho Etsa Botle

Ho etsa hantle ka letsatsi la Sabata bonyane ho bohlokoa joalo ka seo re qobang ho se etsa ho le boloka le halalela. Re ithuta evangeli, re matlafatsa tumelo, re aha likamano, re fana ka lits´ebeletso, le ho nka karolo mesebetsing e meng e hlabollang le ba lelapa le metsoalle.

Setśoantśo
balekane ba bala mangolo a halalelang

Lihlohonolofatso

Ho boloka letsatsi la Sabata le halalela ke sesupo sa boinehelo ba rona ho Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste. Ha re ntse re etsa hore mesebetsi ea rona ea Sabata e tsamaisana le morero oa Molimo bakeng sa letsatsi, re tla utloa thabo le khotso. Re tla feptjoa moeeng ´me re khatholohe ´meleng. Hape re tla ikutloa re le haufi le Molimo le ho tebisa kamano ea rona le Mopholosi oa rona. Re tla ipoloka re “se na sekoli lefats´eng” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 59:9 Sabata e tla fetoha “monyaka” (Esaia 58:13; bona hape temana ea 14).

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Letsatsi la Sabata

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Letsatsi la Sabata.”

Mamela´me U Hlomphe Molao

Balumeli ba Mehla ea Kajeno ba lumela ho mamela molao le ho ba baahi ba molemo (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 134; Lintlha tsa Tumelo 1:12). Litho tsa likereke li khothalletsoa ho fana ka ts´ebeletso ho ntlafatsa sechaba le lichaba tsa bona. Ba boetse ba khothaletsoa ho ba le ts´usumetso bakeng sa litekanyetso tse ntle tsa boits´oaro sechabeng le pusong.

Litho tsa likereke li memeloa ho kenya letsoho pusong le tsamaisong ea lipolotiki ho latela molao. Litho tse nang le maemo pusong li sebetsa maemong a kang a baahi ba amehang, eseng e le baemeli ba Kereke.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Mosebetsi oa Lipolotiki le oa Sechaba” Temaneng ea 38.8 ea General Handbook

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Bojaki

Setśoantśo
The Greatest in the Kingdom[Ea Moholohali ´Musong], ka J. Kirk Richards

Selekane sa Rona sa ho Sebeletsa Molimo le ba Bang

Ts´ebeletso

Ha re kolobetsoa, re etsa selekane sa ho sebeletsa Molimo le ho sebeletsa ba bang. Ho sebeletsa ba bang ke e ´ngoe ea litsela tse ka sehloohong tseo re sebeletsang Molimo ka tsona (bona Mosaia 2:17). Moporofeta Alma o rutile bao ba lakatsang ho kolobetsoa hore ba lokela ho “ikemisetsa ho jarelana boima e mong ho e mong, … ho lla le ba llang … , le ho ts´elisa ba emeng ba na le tlhoko ea mats´eliso”(Mosaia 18:8–9).

Nakoana ka mor´a kolobetso, litho tse ncha hangata li fumana pitso ea ho sebeletsa Kerekeng. Pitso ena ke ea boithaopo ebile ha e lefelloe. Ha re ba amohela `me re ba sebeletsa ka mafolofolo, re hola tumelong, re nts´etsa litalenta tsa rona pele, ebile re hlohonolofatsa ba bang.

Karolo e ´ngoe ea ts´ebeletso ea rona ka Kerekeng ke ho ba “moena ea sebeletsang” kapa “khaitseli ea sebeletsang.” Boikarabelong bona, re sebeletsa batho ka bomong le malapa ao rea abetsoeng.

Joaloka barutuoa ba Jesu Kreste, re batla menyetla ea ho sebeletsa letsatsi le leng le le leng. Joaloka Eena, re tsoela pele ho “etsa tse molemo”(Liketso 10:38). Re sebeletsa baahisani ba rona le ba bang sechabeng sa habo rona. Re ka kenya letsoho moo honang le menyetla ea lits´ebeletso ka JustServe moo e fumanehang. Re ka ts´ehetsa boiteko ba Kereke ba ho thusa batho le ho kenya letsoho ho arabela likoluoa.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang, “Ts´ebeletso

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Ts´ebeletso

Setśoantśo
batho ba ea bua

Ho Arolelana ka Evangeli

E le karolo ea selekane sa rona sa kolobetso, re ts´episa ho “ema re le lipaki tsa Molimo” (Mosaia 18:9). Tsela e ´ngoe eo re emang re le lipaki ka eona ke ka ho arolelana evangeli ea Jesu Kreste. Re tla bolokeha nakong ea Ho tla Labobeli ha Mopholosi ha re lefa boshome (bona Lithuto tsa Tumelo le Likekane 18:15–16). Ke ponts´o e matla ea lerato la rona.

Ha re utloa lihohonolofatso tsa ho phela evangeli, ka tlholeho re batla ho arolelana lihlohonolofatso tseo. Litho tsa lelapa, metsoalle le batho bao re ba tloaetseng hangata ba thahasella ha re etsa mohlala oa tumelo ´me ba bona kamoo evangeli e hlohonolofatsang bophelo ba rona. U ka ruta evangeli ka litsela tse tloaelehileng tsa tlholeho (bona General Handbook, khaolo 23).

Mema ba bang ho nka karolo le rona moo re fanang ka ts´ebeletso, sechabeng, boithapollong le liketsahalong tsa Kereke. Re ka ba memela phuthehong ea Kereke kapa ts´ebeletsong ea kolobetso. Re ka ba memela ho shebella ts´oants´iso e hatisitsoeng ho marang-rang e hlalosang evangeli ea Jesu Kreste, ho bala Buka ea Mormone, kapa ho etela ntlo e buletsoeng ea tempele. Ho na le limemo tse makholo tseo re ka li fetisang. Hangata, ho mema ho bolela feela ho kenyeletsa malapa a rona, metsoalle le bahaisane ho seo re seng re ntse re se etsa.

Ha re kopa, Molimo o tla re thusa ho lemoha menyetla ea ho arolelana evangeli le ho bolella ba bang ka moo e hlohonolofatsang bophelo ba rona.

Bakeng sa tlhaiso-leseling e batsi mabapi le ho sebelisa melao-motheo ea ho rata, ho ruta, le ho mema, bona “Kopano ea Litho” khaolo ea 9.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

Ho Itima Lijo le Linyehelo tsa Ho Itima

Molimo o thehile molao oa ho itima lijo e le mokhoa oa ho holisa matla a moea le ho thusa ba hlokang.

Ho itima lijo ho bolela ho se je lijo kapa ho se noe nako e itseng. Hangata Kereke e behella ka thoko Sontaha sa pele sa khoeli e ´ngoe le e ´ngoe e le letsatsi la ho itima lijo. Letsatsi la ho itima lijo hangata le kenyelletsa ho itima lijo le ho noa nako ea lihora tse 24 haeba re phetse hantle ´meleng. Likarolo tse ling tsa bohlokoa tsa Sontaha sa ho itima lijo li kenyeletsa thapelo le ho fana ka bopaki. Re boetse re khothalletsoa ho itima lijo ka linako tse ling ha re utloa ho hlokahala.

Ho Haha Matla a Moea o Halalelang

Ho itima lijo ho ka re thusa ho ikokobetsa, ho atamela haufi le Molimo, le ho ikutloa re nchafalitsoe moeeng. Pele a qala ts´ebeletso ea Hae, Jesu Kreste o ile a itima lijo (bona Mattheu 4:1–2). Mangolo a halalelang a tlaleha liketsahalo tse ngata tsa baporofeta le ba bang ba itima lijo hore ba tle ba eketse matla a bona a semoea le ho ipatlela mahlohonolo a khethehileng bakeng sa bona kapa ba bang.

Ho itima lijo le thapelo li tsamaea ´moho. Ha re itima lijo le ho rapela ka tumelo, re tloaela ho amohela ts´enolo ea botho. Re boetse re amohela ho ela hloko ´nete le kutloisiso ea thato ea Molimo haholoanyane.

Ho Thusa ba Hlokang

Ha re itima lijo, re fana ka chelete ho Kereke ho thusa ho hlokomela batho ba hlokang. Sena se bitsoa nyehelo ea boitimo. Re memeloa ho fana ka nyehelo e lekanang bonyane le boleng ba lijo tse sa jeoang. Re khothaletsoa ho fana ka seatla se bulehileng le ho fana ho feta boleng ba lijo tsena haeba re na le hona. Ho fana ka nyehelo ea ho itima lijo ke tsela e ´ngoe ea ho sebeletsa ba bang.

Linyehelo tsa ho itima lijo li sebelisetsoa ho fana ka lijo le litlhoko tse ling ho batho ba hlokang, sebakeng sa lehae le lefats´eng ka bophara. Tlhahiso-leseling mabapi le mokhoa oa ho kenya letsoho linyehelo tsa ho itima lijo, bona “Ho Lefa Boshome le Linyehelo tse Ling” thutong ena.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ho Itima Lijo

Ho Hlokomela Ba Hlokang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Boitimo , Ho Itima Lijo

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: 22.2.2

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Ho Itima Lijo le Linyehelo tsa Ho Itima Lijo

Setśoantśo
lelapa kantle ho tempele

Selekane sa Rona sa ho Mamella ho isa Qetellong

Ha re kolobetsoa, re etsa selekane le Molimo ho “mamella ho isa qetellong” ho pheleng evangeli ea Jesu Kreste (2 Nefi 31:20; see also Mosaia 18:13). Re leka ho ba barutuoa ba Jesu Kreste ba bophelo bohle.

Moporofeta oa Buka ea Mormone Nefi o hlalositse kolobetso e le khoro eo ka eona re kenang tseleng ea evangeli (bona 2 Nefi 31:17). Kamor´a kolobetso, re tsoela pele ho “hahamalla pele ka ho tsitsa ho Kreste” (2 Nefi 31:20).

Ha re “hahamalla pele” tseleng ea borutuoa, re itokisetsa ho ea tempeleng. Teng re tla etsa lilekane le Molimo ha re amohela lits´ebeletso tsa tempele. Ka tempeleng, re tla fuoa letlotlo ´me re ka tiisoa re le malapa ka ho safeleng. Ho boloka lilekane tseo re li etsang ka tempeleng ho tla bula monyako ea litokelo le hlohonolofatso tsohle tsa moea tseo Molimo a re behetseng tsona.

Ha re tsoela pele ka bots´epehi tseleng ea evangeli, qetellong re tla amohela mpho e kholo ka ho fetisisa ea Molimo—mpho ea bophelo bo safeleng(bona 2 Nefi 31:20; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 14:7).

Likarolo tse latelang li hlalosa likarolo tse ling tsa seo Molimo a faneng ka sona ho re thusa ho mamella ho isa qetellong ea leeto la rona la ho shoa—le ho fumana thabo ho lona.

Boprista le Mekhatlo ea Kereke

Boprista ke matla le tokelo tsa Molimo. Ka boprista, Ntate ea Maholimong o phethahatsa mosebetsi oa Hae “ho phethahatsa ho se shoe le bophelo bo safeleng” ba bana ba Hae.” (Moshe 1:39). Molimo o fana ka tokelo le matla ho bara le barali ba Hae lefats´eng ho thusa ho phetha mosebetsi ona.

Boprista bo re hlohonolofatsa bohle. Melao e kang kolobetso le selallo li amoheloa ka ba nang le liofisi tsa boprista. Re ka amohela hape lihlohonolofatso tsa boprista tsa pholo, boiketlo, le tataiso.

Boprista le Boetapele le Lipitso tsa Kereke

Kereke e etelletsoe pele ke Jesu Kreste ka baporofeta le baapostola. Baetapele bana ba bitsoa ke Molimo, ho hlomamisoa, le ho fuoa tokelo ea boprista ho sebetsa ka lebitso la Mopholosi.

Khale-khale, Kreste o ile a neha Baapostola ba Hae tokelo e ts´oanang ea boprista, e ileng ea ba lumella ho etella pele Kereke ea Hae kamor´a hore A nyolohele leholimong. Khabareng tokelo eo e ile ea lahleha ha batho ba nyahlatsa evangeli le ho bolaea Kreste le Baapostola ba e shoa.

Manqosa a Leholimo a tsosololitse boprista ka 1829 ka Moporofeta Joseph Smith, ´me Morena a boela a theha Kereke ea Hae ka baapostola le baporofeta. (bona thuto ea 1.)

Boemong ba lehae, babishopo le baetapele ba litereke tse ikemetseng ba na le tokelo ea boprista ho etella pele liphutheho tsa Kereke.

Ha banna le basali ba bitsoa le ho khetheloa ho sebeletsa ka Kerekeng, ba nehoa tokelo e tsoang ho Molimo ho sebetsa pitsong eo. Tokelo ena e fuoa barumuoa ba boruti lichabeng, baetapele, litichere, le ba bang ho fihlela ba lokolloa pitsong ea bona. E abeloa tlas´a tataiso ea ba ts´oereng linotlolo tsa boprista.

Tokelo ea boprista e ka sebelisoa feela ka ho loka (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 121:34–46). Tokelo ena ke ts´epo e halalelang ea ho emela Mopholosi le ho sebetsa ka lebitso la Hae. Kamehla e reretsoe ho hlohonolofatsa le ho sebeletsa ba bang.

Setśoantśo
bahlankana sekolong sa sontaha

Boprista ba Aarone le Boprista ba Melchizedeke

Kahare ho Kereke, boprista bo kenyeletsa Boprista ba Aarone le Boprista ba Melchizedeke. Tlasa tataiso ea ba ts´oereng linotlolo tsa boprista, Boprista ba Aarone le Melchizedeke bo abeloa ho litho tsa Kereke tse ts´oanelehang tsa banna. Ka mor´a hore boprista bo loketseng bo abeloe, motho o behoa matsoho ofising ea boprista boo, joaloka motiakone kapa moholo. O lokela ho behoa matsoho ke ea nang le tokelo e hlokehang.

Ha monna kapa mohlankana a amohela boprista, o etsa selekane le Molimo ho phethahatsa mesebetsi e halalelang, ho sebeletsa ba bang, le ho thusa ho aha Kereke.

Bahlankana ba ka amohela Boprista ba Aarone ´me ba beoa matsoho e le batiakone ho qala ka Pherekhong ea selemo seo ba kenang selemong sa 12. Ba ka behoa matsoho hoba litichere selemong seo ba kenang selemong sa 14 le baprista selemong seo ba kenang selemong sa 16. Basokolohi ba banna ba lilemong ba ka amohela Boprista ba Aarone hang ka mor´a kolobetso le tiiso. Ba nang le Boprista ba Aarone ba etsa lits´ebeletso tse kang selallo le kolobetso.

Kamor´a ho sebetsa ha nakoana e le moprista kahar´a Boprista ba Aarone, monna ea lokelang, ´me bonyane a le lilemo li 18 a ka amohela Boprista ba Melchizedeke ´me a behoa matsoho ho ba moholo. Banna ba amohelang Boprista ba Melchizedeke ba ka etsa lits´ebeletso tsa boprista joalo ka ho fana ka lihlohonolofatso tsa pholiso le mats´eliso ho litho tsa malapa le ba bang.

Bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 38.2.9.1, bakeng sa tlhahiso-leseling mabapi le litho tse ncha tse amohelang boprista.

Makhotla le Mekhatlo ea Kereke

Makhotla a Boporista. Lekhotla ke sehlopha se hlophisitsoeng sa ba nang le boprista. Lebatooa ka leng le na le lekhotla la baholo bakeng sa banna ba baholo. Makhotla a batiakone, litichere, le baprista bakeng sa bahlankana.

Mokhatlo oa Lithuso. Mokhatlo oa Lithuso o kenyeletsa basali ho tloha ka lilemo tse 18 ho ea holimo. Litho tsa Mokhatlo oa Lithuso li matlafatsa malapa, batho ka bo mong, le sechaba.

Baroetsana. Baroetsana ba kena mokhatlo oa Baroetsana ho qala Pherekhong ea selemo seo ba kenang selemong sa 12.

Setśoantśo
mosali o ruta sehlopha

Sekolo sa Mathomo. Bana bohle ba lilemo tse 3 hoisa ho 11 ke karolo ea mokhatlo oa Sekolo sa Mathomo.

Sekolo sa Sontaha. Batho bohle ba baholo le bacha ba kena Sekolo sa Sontaha, moo ba kopanang ho ithuta mangolo a halalelang hammoho.

Ho fumana lintlha tse ling mabapi le boprista, bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, khaolo ea 3.

Ho fumana lintlha tse ling mabapi le makhotla a boprista le Mekhatlo ea Kereke, bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, khaolo ea 8–13.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, khaolo ea 3: “Metheo ea Boprista

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Boprista ba Aarone,” “Boprista ba Melchizedeke,” “Boprista

Lenyalo le Lelapa.

Lenyalo

Lenyalo pakeng tsa monna le mosali le hlotsoe ke Molimo. Ke khubu ea morero oa Hae oa tsoelopele ea bosafeleng ea bana ba Hae.

Kopano ea monna le mosali lenyalong e lokela ho ba kamano ea bona e ratehang haholo lefats´eng. Ba na le boikarabelo bo halalelang ba ho ts´epahala e mong ho e mong le ho ts´epahalla selekane sa bona sa lenyalo.

Monna le mosali ba ea lekana mahlong a Molimo. Haho ea loketseng ho busa e mong. Liqeto tsa bona li lokela ho etsoa ka kopanelo le ka lerato, ka bobeli ba kenye letsoho ka botlalo.

Ha monna le mosali ba ratana ´me ba sebetsa hammoho, lenyalo la bona e ka ba mohloli oa thabo e kholohali ho bona. Ba ka thusana le bana ba bona ho hatela pele ho ea bophelong bo safeleng.

Lelapa

Joaloka lenyalo, lelapa le hlotsoe ke Molimo ´me le khubung ea morero oa Hae oa thabo ea ka hosafeleng. Malapa a rona a ka thaba ha re phela ka lithuto tsa Jesu Kreste. Batsoali ba ruta bana ba bona evangeli ea Jesu Kreste le ho ba mohlala ho e phela. Malapa a fana ka menyetla ea hore re ratane le ho sebeletsana.

Batsoali ba lokela ho beha malapa a bona pele ho lintho tsohle. Ke tokelo e halalelang le boikarabelo ho batsoali ho hlokomela bana bao ba khonang ho ba tsoala kapa ho ba holisa.

Malapa ohle a na le liqholotso. Ha re kopa ts´ehetso ea Molimo le ho boloka melao ea Hae, liqholotso tsa lelapa li ka re thusa ho ithuta le ho hola. Ka linako tse ling liqholotso tsena li re thusa ho ithuta ho baka le ho ts´oarela.

Setśoantśo
ntate o ruta lelapa

Baetapele ba likereke ba khothalelitse litho ho etsa ´mantsiboea-lapeng beke le beke. Batsoali ba sebelisa nako ena ho ruta bana ba bona evangeli, ho matlafatsa likamano tsa malapa, le ho ithabisa hammoho. Baeta-pele ba Kereke hape ba fane ka phatlalatso e rutang linnete tsa bohlokoa ka lelapa (bona “Lelapa: Phatlalatso ho Lefats´e,” ChurchofJesusChrist.org).

Tsela tse ling tsa ho matlafatsa lelapa li kenyeletsa thapelo ea lelapa, boithuto ba mangolo a halalelang le ho khumamela hammoho kerekeng. Hape re ka batlisisa nalane ea lelapa, ra bokella lipale tsa malapa, le ho sebeletsa ba bang.

Batho ba bangata ba na le menyetla e fokolang ea lenyalo kapa likamano tse lerato tsa lelapa. Ba bangata ba bile le tlhalo le maemo a mang a thata a lelapa. Le ha ho le joalo, evangeli e re hlohonolofatsa ka bomong ho sa natsoe maemo a malapa a rona. ´Me ha re ntse re ts´epahala, Molimo o tla re fa tsela ea hore re fumane lihlohonolofatso tsa malapa a re ratang, ebang ke bophelong bona kapa bo tlang.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Lenyalo

Lelapa

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Lelapa,” “Lenyalo, Nyala

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, khaolo ea 2: “Ts′ehetso ea Batho ka Bomong le Malapa Mosebetsing oa Poloko le Phahamiso

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Lenyalo,” “Lelapa,” “Botsoali

Mosebetsi oa Tempele le oa Nalane ea Lelapa Bakeng sa Baholo ba Hlokahetseng

Ntate ea Maholimong o rata bana bohle ba Hae, ´me o lakatsa pholoho le phahamiso ea bona. Leha ho le joalo libilione tsa batho ba shoele ba eso utloe evangeli ea Jesu Kreste kapa ho amohela melao e pholosang ea evangeli. Lits´ebeletso tsena li kenyelletsa kolobetso, tiiso, peho ea boporista ho banna, hlohonolofatso ea tempeleng, le lenyalo la bosafeleng.

Ka mohau oa Hae le mosa, Morena o fane ka tsela e ´ngoe bakeng sa batho bana ho amohela evangeli le lits´ebeletso tsa eona. Lefats´eng la moea, evangeli e rutoa ho bao ba ileng ba shoa pele ba e fumana (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 138). Litempeleng, re ka etsa lits´ebeletso molemong oa baholo-holo ba rona ba seng ba hlokahetse le ba bang. Batho bana ba hlokahetseng, lefats´eng la moea ba ka amohela kapa ba hana evangeli le lits´ebeletso tseo ba li etsetsoang.

Setśoantśo
lelapa le bala mangolo a halalelang

Pele re ka etsa lits´ebeletso tsena, re lokela ho tseba baholo-holo ba rona ba e-s´o ka ba etsetsoa lits´ebeletso. Ho fumana litho tsa malapa a rona hore ba tle ba fumane lits´ebeletso ke sepheo sa mantlha sa mosebetsi oa nalane ea malapa a rona. Ha re fumana tlhahiso-leseling ka bona, re e kenya polokelong ea Kereke ho FamilySearch.org. ´Me ebe rona (kapa ba bang) re ka ba etsetsa lits´ebeletso ka mokhoa oa boemeli tempeleng.

Ha re tseba baholo-holo ba rona le ho ba etsetsa lits´ebeletso tsa tempele, malapa a rona a ka kopana ka ho sa feleng.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, Khaolo 28: “Ts′ebeletso ea Tempele Bakeng sa Bafu

  • lihlooho tsa Evangeli: “Kolobetso bakeng sa Bafu,” “Nalane ea Lelapa

Litempele, Letlotlo, Lenyalo la Bosafeleng, le Malapa a Bosafeleng

Litempele

Tempele ke ntlo ea Morena. Ke sebaka se halalelang moo re ka etsang lilekane le Molimo ha re amohela melao ea Hae e halalelang. Ha re boloka lilekane tsena, re tla ba le matla a bomolimo a bonahalang maphelong a rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:19–22; 109:22–23).

Letlotlo

Ts´ebeletso e ´ngoe eo re e amohelang tempeleng ke letlotlo. Lentsoe letlotlo le bolela “ mpho.” Mpho ena ea tsebo le matla e tsoa ho Molimo. Nakong ea hlohonolofatso, re etsa lilekane le Molimo tse re tlamahanyang le Eena le Mora oa Hae, Jesu Kreste (Sheba khaolo ea 1

Batho ba baholo ba ka ba le tokelo ea ho fumana hlohonolofatso ea bona ea tempele ka mor´a bonyane selemo se le seng sa botho ba Kereke. Ho fumana lintlha tse ling mabapi le hlohonolofatso, sheba Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 27.2.

Lenyalo la ka Hosaeleng le Malapa a kaHosa feleng

Morero oa Molimo oa thabo o nolofaletsa likamano tsa lelapa ho mamella ka ´nqane ho lebitla. Ka tempeleng re ka nyalana honajoale le ka hosafeleng. Sena se nolofalletsa malapa hore a be ´moho ka hosafeleng.

Ka mora ho amohela lihlohonolofatso tsa bona, banyalani ba ka tlamahangoa-mmoho ka hosafeleng. Bana ba bona ba ka tlamahangoa ho bona.

Monna le mosali ba tlamahantsoeng ´moho tempeleng ba lokela ho boloka lilekane tseo ba li entseng hore ba tle ba fumane lihlohonolofatso tsa lenyalo la bosafeleng.

Setśoantśo
ba babeli ba tsamaea tseleng

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute haholo ka Motheo Ona

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, khaolo ea 27: “Lits´ebeletso tsa Tempele bakeng sa ba Phelang

  • Lihlooho tsa Evangeli “Litempele,” “Letlotlo,” “Lenyalo

  • temples.ChurchofJesusChrist.org

Hatisa