Mangolo a halalelang
Mosaia 15


Khaolo ea 15

Ke joang Kreste e leng bobeli Ntate le Mora—U tla etsa poelano ’me a jare litlolo tsa batho ba Hae—Bona le baporofeta bohle ba halalelang ke peo ea Hae—U tlisa ho etsahala ha tsoho ea bafu—bana ba banyenyane ba na le bophelo ba bosafeleng. Ka bo 148 B.C.

1 ’Me joale Abinadi a re ho bona: Ke lakatsa hore le utloisise hore Molimo ka bo-eena o tla tla tlase har’a bana ba batho, ’me o tla lopolla batho ba hae.

2 ’Me hobane o lutse ka nama o tla bitsoa Mora oa Molimo, ’me ka ho beha nama tlasa thato ea Ntate, e le Ntate le Mora—

3 Ke Ntate, hobane o ile emoloa ka matla a Molimo; ’me ke Mora, ka lebaka la nama; ke joana a fetohang Ntate le Mora—

4 ’Me ke Molimo a le mong, ee, eena Ntate oa Bosafeleng oa leholimo le lefats’e.

5 ’Me ke joana nama e bang tlasa taolo ea Moea, kapa Mora ho Ntate, e le Molimo ea mong, o mamella teko, ’me ha a inehele tekong, empa o mamella hore eena a songoe, ’me a shapuoe, ’me a lahleloe ka ntle, ’me a latoloe ke batho ba hae.

6 ’Me kamora sena sohle, kamor’a ho etsa mehlolo e meholo har’a bana ba batho, o tla etelloa, ee, esita le joaloka ha Esaia a boletse, joaloka ha nku ka pele ho mokuti e thotse, joale ha a ka a bula molomo oa hae.

7 Ee, esita le joalo o tla etelloa, a thakhisoe, ’me a bolaoe, nama e fetohe e busoang esita le ho ea lefung, thato ea Mora e tla koenyetsoa thatong ea Ntate.

8 ’Me ke joana Molimo a khaolang litlamo tsa lefu, a fihletse tlholo holima lefu; ka ho fa Mora matla a ho buella bakeng sa bana ba batho—

9 A nyolohetse leholimong, a na le maikutlo a mohau; a tletse ka khauhelo ho leba ho bana ba batho; a eme lipakeng tsa bona le toka; a khaotse litlamo tsa lefu, o inketse ho eena bokhopo ba bona le litlolo tsa bona, a ba lopollotse, ’me a khotsofalitse litlhoko tsa toka.

10 ’Me joale ke re ho lona, ke mang ea tla phatlalatsa moloko oa hae? Bonang, ke re ho lona, hore ha moea oa hae o se o entsoe sehlabelo bakeng sa sebe o tla bona peo ea hae. ’Me joale lona le reng? ’Me ke mang ea tla ba peo ea hae?

11 Bonang kere ho lona, mang kapa mang ea utloileng mantsoe a baporofeta, ee, bohle baporofeta ba halalelang ba porofetileng malebana le ho tla ha Morena—ke re ho lona, hore bohle ba mametseng mantsoe a hae, ’me ba lumetse hore Morena o tla lopolla batho ba hae, ’me ba lebella letsatsi la ts’oarelo ea libe tsa bona, ke re ho lona, bana ke bona peo ea hae, kapa ke majalefa a ’muso oa Molimo.

12 Hobane bana ke bona bao libe tsa bona a li jarileng; bana ke bona bao a ba shoetseng, ho ba lopolla ho tsoa litlolong tsa bona. ’Me joale, na ha se bona peo ea hae?

13 Ee, ’me na ha se baporofeta, e mong le e mong ea butseng molomo oa hae ho porofeta, ba sa kang ba oela litlolong, ke bolela bohle baporofeta ba halalelang ho tloha ha lefats’e le simolla? Ke re ho lona ke bona peo ea hae.

14 ’Me bana ke bona ba ileng ba phatlalatsa khotso, ba tlisitseng litaba tse molemo tsa botle, ba phatlalalitseng poloko; ’me ba re ho Sione; Molimo oa Hau oa busa!

15 ’Me Oho a ne a le matle joang holim’a lithaba maoto a bona!

16 ’Me hape, a matle joang holim’a lithaba maoto a bao ba ntseng ba phatlalatsa khotso!

17 ’Me hape, a matle joang holima lithaba maoto a bao kamorao ho mona ba tlang ho phatlalatsa khotso, ee, ho tloha nakong ea ho tloha joale le ka hosafeleng!

18 ’Me bonang, ke re ho lona, sena ha se sohle. Hobane Oho a matle joang holim’a lithaba maoto a eena ea tlisang litaba tse molemo, eo e leng mothehi oa khotso, ee, esita le Morena, ea lopollotseng batho ba hae; ee, eena ea faneng ka poloko ho batho ba hae;

19 Hobane ha e ne e se ka topollo eo a e entseng bakeng sa batho ba hae, eo e neng e hlophisitsoe ho tloha metheong ea Lefats’e, ke re ho lona, ha e ne e se ka sena, batho bohle ba ne ba tla tlameha hore e be ba timetse.

20 Empa bonang, litlamo tsa lefu li tla khaoloa, ’me Mora o oa busa, ’me o na le matla holima lefu; ka baka leo, o tlisa hore ho etsahale tsoho ea bafu ea ba shoeleng.

21 ’Me ke moo ho tlang tsoho ea bafu, esita le tsoho ea bafu ea pele; ee, esita le tsoho ea bafu ea bao ba bileng, le bao e leng, le bao e tla bang, esita le ho fihlela tsoho ea bafu ea Kreste—hobane joale ke ka moo a tlang ho bitsoa.

22 ’Me joale, tsoho ea bafu ea baporofeta bohle, le bohle ba lumetseng mantsoeng a bona, kapa bohle ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba tla tla ka tsoho ea bafu ea pele; ka baka leo, ke bona tsoho ea bafu ea pele.

23 Ba tsosetsoa ho tla lula le Molimo ea ba lopollotseng; joana ba na le bophelo ba bosafeleng ka Kreste, eo a khaotseng litlamo tsa lefu.

24 ’Me bana ke bao ba nang le karolo tsohong ea bafu ea pele; ’me bana ke bona ba ileng ba shoa pele Kreste a tla, ho hlokeng tsebo ha bona, ho sa ka hoa phatlalatsoa poloko ho bona. ’Me ke joana Morena a tlisang tsosoloso ea bana; ’me ba na le karolo tsohong ea bafu ea pele, kapa ba na le bophelo ba bosafeleng, ba lopollotsoe ke Morena.

25 ’Me le bana ba banyenyane ba na le bophelo ba bosafeleng.

26 Empa bonang, le ts’abe, ’me le thothomele ka pele ho Molimo, hobane le tlameha ho thothomela; hobane Morena ha a lopolle mang ea joalo ka ea fetohang khahlanong le eena ’me ba shoela libeng tsa bona; ee, esita le bohle ba timeletseng libeng tsa bona ho tloha ha lefatsé le simolla, bao ka boomo ba fetohileng khahlano le Molimo, ba tsebileng litaelo tsa Molimo, ’me ba ne ba sa li boloke; bana ke ba se nang karolo tsohong ea bafu ea pele.

27 Ka baka leo na ha lea tlameha ho thothomela? Hobane poloko ha e tle ho mang ea joalo; hobane Morena ha a lopolla mang ea joalo; ee, le hore Morena a ka lopolla ba joalo; hobane o sitoa ho itatola; hobane o sitoa ho latola toka ha e na le tseko ea eona.

28 ’Me joale ke re ho lona nako e tla fihla eo poloko ea Morena e tlang ho phatlalatsoa ho lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho.

29 Ee, Morena, balebeli ba hau ba tla phahamisa lentsoe la bona; ’me ka lentsoe hammoho ba tla bina; hobane ba tla bona ka ho ts’oana ha Morena a tlisa Sione hape.

30 Hlabang ka nyakallo; binang hammoho lona libaka tse lesupi tsa Jerusalema; hobane Morena o ts’elisitse batho ba hae, o lopollotse Jerusalema.

31 Morena o fuparollotse letsoho la hae mahlong a lichaba tsohle; ’me le lipheletso tsohle tsa lefats’e li tla bona poloko ea Molimo oa rona.

Hatisa