Mangolo a halalelang
Mosaia 18


Khaolo ea 18

Alma o ruta lekunutung—O hlalosa selekane sa kolobetso ’me o kolobetsa metsing a Mormone—O hlophisa Kereke ea Kreste ’me o beha baprista matsoho—Ba ea itjara ’me ba ruta batho—Alma le batho ba habo ba baleha ho tloha ho morena Noe ho ea lefelleng. Ka bo 147–145 B.C.

1 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore Alma, eo a ileng a baleha ho tloha ho bahlanka ba morena Noe, a bakela libe tsa hae le bokhopo, ’me a tsamaea ka lekunutu har’a batho, ’me a qala ho ba ruta mantsoe a Abinadi—

2 Ee, malebana le seo se tla tla, le hape malebana le tsoho ea bafu ea ba shoeleng, le topollo ea batho, eo e tla tlisoa hore e etsahale ka matla, le lits’otleho, le lefu la Kreste, le tsoho ea bafu le nyolohelo ea hae ho ea leholimong.

3 ’Me ba bangata joaloka ba ka utloang lentsoe la hae o ile a ba ruta. ’Me o ile a ba ruta ka lekunutu, hore e tle e se ke ea tla tsebong ea morena. ’Me ba bangata ba ile ba lumela mantsoe a hae.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata joaloka ba neng ba mo lumela ba ile ba ea sebakeng se neng se bitsoa Mormone, se ne se fumane lebitso la sona ho tsoa ho morena, se ne se le meeling ea lefats’e le neng le hlasetsoe, ka linako kapa linako tsa selemo, ke libata tse hlaha.

5 Joale, Mormone ho ne ho ena le seliba sa metsi a hloekileng, ’me Alma o ile a ea teng, moo teng haufi le metsi e leng sehlopha sa lifate tse nyenyane, moo a neng a ipata ka nako ea mots’eare ho tsoa lipatlisisong tsa morena.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ba bangata joaloka ba neng ba mo lumela ba ile ba ea teng ho ea utloa mantsoe a hae.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a matsatsi a mangata ho ne ho ena le palo e ntle e bokelletsoeng hammoho sebakeng sa Mormone, ho utloa mantsoe a Alma. Ee, bohle ba ne ba bokelletsoe hammoho bao ba lumelang ho lentsoe la hae, ho ea mo utloa. ’Me o ile a ba ruta, ’me a ba ruta pako, le topollo, le tumelo ho Morena.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore a re ho bona: Bonang, ke ana metsi a Mormone (hobane ke joana a neng a bitsoa) ’me joale, joaloka ha le na le takatso ea ho kena mohlapeng oa Molimo, le ho bitsoa batho ba hae, ’me le ikemiselitse ho jarelana boima e mong ba e mong, hore bo tle bo bebofale;

9 Ee, ’me le ikemiselitse ho lla le ba llang; ee, le ho ts’elisa ba emeng ba na le tlhoko ea mats’eliso, le ho ema le le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle le linthong tsohle, le libakeng tsohle tseo le ka bang ho tsona, esita le ho isa lefung, hore le tle le lopolloe ke Molimo, ’me le baloe le bao ba tsoho ea bafu ea pele, hore le tle le be le bophelo ba bosafeleng—

10 Joale ke re ho lona, haeba sena ke takatso ea lipelo tsa lona, ke eng seo le nang le sona khahlanong le ho kolobetsoa ka lebitso la Morena, e le bopaki ka pele ho eena hore le kene selekaneng le eena, hore le tla mo sebeletsa ’me le boloke litaelo tsa hae, hore a tle a ts’ollele kantle Moea oa hae ka bongata ho feta ho lona?

11 ’Me joale ha batho ba se ba utloile mantsoe a na, ba ile ba opa liatla tsa bona ke nyakallo, ’me ba hoelehetsa: Sena ke takatso ea lipelo tsa rona.

12 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma a nke Helame, eena e le e mong oa ba pele, ’me a tsamaea ’me a ema pele ka metsing, ’me a lla, a re: Oho Morena, ts’ollela kantle Moea oa hau ho mohlanka oa hau, hore a tle a etse mosebetsi oona ka khalalelo ea pelo.

13 ’Me ha a se a buile mantsoe a na, Moea oa Morena o ne o le ho eena, ’me a re: Helame, kea o kolobetsa, ke na le tokelo ho tsoa ho Molimo ea matla ’ohle, e le bopaki ba hore o kene selekaneng ho mo sebeletsa hofihlela o shoele joaloka ho ’mele o shoang; ’me e ke Moea oa Morena o ts’olleloe kantle ho uena; ’me e ke a ka u fa bophelo ba bosafeleng, ka topollo ea Kreste, eo a mo hlophisitseng ho tsoa motheong oa lefats’e.

14 ’Me kamor’a hore Alma a bolele mantsoe a na, ’moho Alma le Helame ba ile ba patoa ka metsing; ’me ba ile ba tsoha ’me ba tsoa ka metsing ba nyakalletse, ba tlatsitsoe ka Moea.

15 ’Me hape, Alma a nka e mong, a kena lekhetlo la bobeli ka metsing, ’me a mo kolobetsa ho latela oa pele, ntle le hore ha a ka a ipata hape ka metsing.

16 ’Me ke ka oona mokhoa ona a ileng a kolobetsa e mong le e mong ea ileng a tsamaea ho ea sebakeng sa Mormone; ’me ka lipalo ba ne ba ka nna ea e ba meea e ka bang makholo a mabeli le metso e mene.

17 ’Me ba ne ba bitsoa Kereke ea Molimo, kapa Kereke ea Kreste, ho tloha nakong eo ho ea pele. ’Me ho ile ha etsahala hore mang kapa mang ea kolobelitsoeng ka matla le tokelo ea Molimo o ile a eketsoa ho Kereke ea hae.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma, a ena le tokelo e tsoang ho Molimo, a beha matsoho baprista; esita le moprista a le mong ho mashome a mahlano a mang le a mang a palo ea bona o ile a ba beha matsoho hore ba ba rute, le ho ba ruta malebana le lintho tse amanang le ’muso oa Molimo.

19 ’Me o ile a ba laela hore ba se ke ba ruta letho ntle le hore ke lintho tseo a li rutileng, ’me tseo li builoeng ka melomo ea baporofeta ba halalelang.

20 Ee, esita le ho ba laela hore ba se ke ba ruta letho ntle le hore e be pako le tumelo ho Morena, ea lopollotseng batho ba hae.

21 ’Me aba laela hore ho se ke ha ba le likhang e mong le e mong, empa hore ba tle ba lebelle ka chebo e le ’ngoe, ba na le tumelo e le ’ngoe le kolobetso e le ’ngoe, lipelo tsa bona li lohiloe hammoho ka kopano le ka lerato e mong ho isa ho e mong.

22 ’Me ke joana a ileng a ba laela ho ruta. ’Me ke joana ba ileng ba fetoha bana ba Molimo.

23 ’Me o ile a ba laela hore ba hlonephe letsatsi la Sabatha, ’me ba le boloke le halalela, ’me hape letsatsi le leng le le leng ba fane ka liteboho ho Morena Molimo oa bona.

24 ’Me a ba laela hape hore baprista bao a ba behileng matsoho ba tle ba sebetse ka matsoho a bona bakeng sa litlhoko tsa bona.

25 ’Me ho ne ho ena le letsatsi le le leng beke e ’ngoe le e ’ngoe le ileng la khetheloa hore ba tle ba ipokelle hammoho ho ruta batho bao, le ho khumamela Morena Molimo oa bona, ’me hape, hangata kamoo ho neng ho le matleng a bona, ho ipokella hammoho.

26 ’Me bapritsa ba ne ba sa tlameha ho its’etleha ka batho bao bakeng sa boipheliso; empa bakeng sa mosebetsi oa bona ba tle ba fumane molemo oa Molimo, hore ba tle ba iphe matla Moeeng, ka ho ba le tsebo ea Molimo, hore ba tle ba rute ka matla le tokelo e tsoang ho Molimo.

27 ’Me hape Alma a laela hore batho ba kereke ba fane ka maruo a bona, e mong le e mong ho latela seo a nang le sona; haeba a na le bongata a tle a fane ka bongata ho feta; ’me ho eena ea nang empa e le se se nyenyane, empa ho hlokoe se se nyenyane; ’me ho eena ea se nang letho a tle a fuoe.

28 ’Me ke joana ba tlang ho fana ka maruo a bona ka bolokolohi ba boikhethelo ba bona le litakatso tse ntle ho ea ho Molimo, le ho baprista bao ba emeng le tlhoko, ee, le ho moea o mong le o mong o hlokang o hlobotseng.

29 ’Me sena o se boletse ho bona, a ile a laeloa ke Molimo; ’me ba ile ba tsamaea ka ho loka pel’a Molimo, ba fana e mong ho e mong ’moho tsa nama le tsa moea ho latela litlhoko tsa bona le litabatabelo tsa bona.

30 ’Me joale ho ile ha etsahala hore tsena tsohle li phethiloe ho Mormone, ee, pela metsi a Mormone, ka morung o neng o le pel’a metsi a Mormone; ee, sebaka seo Mormone, metsi ao a Mormone, moru oo oa Mormone, li ntle hakaakang ho bao moo ba ileng ba tla tsebong ea Molopolli oa bona; ee, ba lehlohonolo hakaakang, hobane ba tla bina thoriso ea hae ka ho sa feleng.

31 ’Me ntho tsena li ile tsa phethoa meeling ea lefats’e leo, hore li tle li se ke tsa tla tsebong ea morena.

32 Empa bonang, ho ile ha etsahala hore morena, ka ho sibolla motsamao har’a batho, a romella bahlanka ba hae ho ba lebela. Ka baka leo ka letsatsi leo ba neng ba ipokelletse hammoho ho tla utloa lentsoe la Morena ba ile ba sibolleha ho morena.

33 ’Me joale morena a re Alma o ne a hlohlelletsa batho ho fetoha khahlonong le eena; ka baka leo a romella sesole sa hae ho ba timetsa.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma le batho ba Morena ba ne ba tsebisitsoe ka ho tla ha sesole sa morena; ka baka leo ba ile ba nka litente tsa bona le malapa a bona ’me ba fallela lefelleng.

35 ’Me ka palo ba ne ba hakanyetsoa ho makholo a mane le mashome a mahlano a meea.

Hatisa