Mangolo a halalelang
Alma 4


Khaolo ea 4

Alma o kolobetsa likete tsa ba sokolohileng—bokhopo bo kena ka kerekeng, ’me tsoelopele ea kereke e ea sitisoa—Nefiha o khethoa ho ba moahloli e moholo—Alma, joaloka moprista e moholo, o inehela bosebeletsing. Ka bo 86–83 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa bots’elela sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi, ho ne ho se na likhang kapa lintoa lefats’eng la Zarahemla;

2 Empa batho ba ne ba hlokofetse, ee, ba hlokofetse haholo ka lebaka la tahlehelo ea bana ba bo bona, ’me le tahlehelo ea likhuts’oane le mehlape ea bona, ’me hape le bakeng sa tahlehelo ea masimo a bona a lijo thollo, ao a ileng a hatikeloa tlasa maoto le ho timetsoa ke Ba-Lamane.

3 ’Me ane a le maholo hoo mahlomola a bona hoo moea o mong le o mong o ileng oa lla; ’me ba ne ba lumela hore ke likahlolo tsa Molimo tse rometsoeng holim’a bona ka lebaka la bokhopo ba bona le manyala; ka baka leo ba ile ba tsosetsoa ho hopola ts’oanelo ea bona.

4 ’Me ba ile ba qala ho theha kereke ka botlalo ho feta; ee, ’me ba bangata ba ile ba kolobetsoa metsing a Sidone ’me ba kena kereke ea Molimo; ee, ba ile ba kolobetsoa ka letsoho la Alma, eo a neng a tlotsitsoe e le moprista e moholo holim’a batho ba kereke, ka letsoho la ntat’ae Alma.

5 ’Me ho ile ha etshala hore ka selemo sa bosupa sa puso ea baahloli ho ne ho ena le e ka bang likete tse tharo makholo a mahlano meea e ileng ea ikopanya le kereke ea Molimo ’me ba kolobetsoa. ’Me ke joana ho felileng selemo sa bosupa sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi; ’me ho ne ho ena le khotso e tsoelang pele ka nako eo eohle.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa borobeli sa puso ea baahloli, hore batho ba kereke ba ile ba qala ho ikhohomosa, ka lebaka la marua a bona a fetisisang, le silika ea bona e ntle, le lesela la bona le lohiloeng hantle, ’me le ka lebaka la likhuts’oane le mehlape ea bona e mengata, le khauta ea bona le silevera, le mekhoa eohle ea lintho tsa bohlokoa, tseo baneng ba li fumane ka ho sebetsa ha bona; ’me linthong tsena tsohle ba ne ba phahamiselitsoe boikhohomosong ba mahlo a bona, hobane ba ile ba qala ho apara liaparo tse theko e kholo haholo.

7 Joale sena e ne e le sesosa sa mahlomola a mangata ho Alma, ee, le ho ba bangata ba batho bao Alma a neng a ba tlotselitse ho ba baruti, le baprista, le baholo holim’a kereke; ee, ba bangata ba bona ba ne ba hlomohile feela ka lebaka la bokhopo boo ba bo boneng hore bo qalile ho ba har’a batho ba bona.

8 Hobane ba bone le ho lebella ka mahlomola a maholo hore batho ba kereke ba qalile ho phahamisetsoa boikhohomosong ba mahlo a bona, le ho beha lipelo tsa bona holim’a maruo le holima lintho tsa lefeela tsa lefats’e, hore ba qalile ho phoqana, e mong ho e mong, ’me ba qala ho hlorisa bao ba neng ba sa lumele ho latela thato ea bona le monyaka.

9 ’Me ke joana, selemong sena sa borobeli sa puso ea baahloli, ho ile ha qala ho ba le likhang tse kholo har’a batho ba kereke; ee, ho bile le mehono, le khang, le lonya, le lihloriso, le boikhohomoso, esita le ho feta boikhohomoso ba bao ba sa keneng kereke ea Molimo.

10 ’Me ke joana ho felileng selemo sa borobeli sa puso ea baahloli; ’me bokhopo ba kereke e ne e le lejoe le leholo la khopiso ho ba neng ba sa kene kereke; ’me kereke e ile ea qala ho hloleha tsoelopeleng ea eona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore ka qaleho ea selemo sa borobong, Alma a bona bokhopo ba kereke, ’me a bona hape hore mohlala oa kereke o qala ho etella bao e neng e se balumeli ho ea pele ho tloha karolong e le ’ngoe ea bokhopo ho ea ho e ’ngoe, ke joana e tlisa timetso ea batho bao.

12 Ee, a bona tlhokeho ea tekano e kholo har’a batho, ba bang ba iphahamisetsa holimo ka boikhohomoso ba bona, ba nyelisa ba bang, ba furalla bahloki le ba hlobotseng le ba neng ba lapile, le ba neng ba nyoriloe, le baneng ba kula le ho hlokofala.

13 Joale sena e ne e le sesosa se seholo sa lillo har’a batho, ha ba bang ba ne ba inyenyefatsa ba thusa ba neng ba hloka thuso ea bona, joaloka ho fana ka maruo a bona ho mafutsana le bahloki, ba fepa ba lapileng, le ho mamella mekhoa eohle ea mahlomola, bakeng sa Kreste, ea tla tla ho latela moea oa boporofeta;

14 Ba shebetse pele letsatsing leo, joana ba bolokile ts’oarelo ea libe tsa bona; ba tletse ka nyakallo e kholo ka lebaka la ho tsoha bafung ha ba shoeleng, ho latela thato le matla le topollo ea Jesu Kreste ho tloha litlamong tsa lefu.

15 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma, ha a bone mahlomola a balateli ba ikokobelitseng ba Molimo, le lihloriso tse bokelletsoeng holim’a bona ke karolo e setseng ea batho ba hae, ’me ka ho bona ho hloka tekano hohle ha bona, a qala ho ba masoabi haholo; le ha ho le joalo Moea oa Morena ha oa ka oa mo lahla.

16 ’Me o ile a khetha monna ea bohlale ea neng a le har’a baholo ba kereke, ’me a mo fa matla ho latela lentsoe la batho hore a tle a be le matla a ho phethahatsa melao ho latela melao e ileng ea fanoa, ’me le ho e kenya ts’ebetsong ho latela bokhopo le botlokotsebe ba batho.

17 Joale lebitso la monna enoa e ne e le Nefiha, ’me o ile a khethoa ho ba moahloli e moholo; ’me o ile a lula setulong sa kahlolo ho ahlola le ho busa sechaba.

18 Joale Alma ha a ka a mo fa ofisi ea ho ba moprista e moholo holim’a kereke, empa o ile a ipolokela ofisi ea moprista e moholo; empa o ile a fana ka setulo sa kahlolo ho Nefiha.

19 ’Me sena o se entse hore eena ka boeena a tle a ee har’a batho ba habo, kapa har’a batho ba Nefi, hore a tle a rute lentsoe la Molimo ho bona, ho ba hlohleletsa ho hopola ts’oanelo ea bona, le hore a tle a theolele tlase, ka lentsoe la Molimo, boikhohomoso bohle le thetso le likhang tsohle tse neng li le har’a batho, a sa bone tsela ea hore a tle a ba khutlise ntle le hore e be ka ho hatella fats’e ka bopaki bo hloekileng khahlanong le bona.

20 ’Me ke joana qalong ea selemo sa borobong sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi, Alma o ile a fana ka setulo sa kahlolo ho Nefiha, ’me a inehela ka botlalo ho boprista bo boholo ba mokhoa o halalelang oa Molimo, ho bopaki ba lentsoe, ho latela moea oa ts’enolo le boporofeta.

Hatisa