Mangolo a halalelang
Mosaia 14


Khaolo ea 14

Esaia o bua ka Messia—Tlontlollo le mahlomola a Messia lia hlalosoa—U etsa Moea oa hae sehlabelo bakeng sa sebe ’me o etsa poelano bakeng sa batloli—Bapisa le Esaia 53. Ka bo 148 B.C.

1 Ee, na esita le Esaia ha a re: Ke mang ea lumetseng seo re se boletseng, ’me ke mang ea senoletsoeng letsoho la Morena?

2 Hobane o tla hola ka pele ho eena joaloka semela se hlokolosi, ’me joaloka motso o tsoang mobung o omeletseng; ha a na sebopeho sa le ha e le bokhabane; ’me ha re mo bona ha hona botle ba hore re tla khahlisoa ke eena.

3 O nyatsitsoe le ho furalloa ke batho; motho oa mahlomola, ’me ea tsebang bohloko; ’me re pata joaloka ha eka ke lifahleho tsa rona ho tsoa ho eena; o ile a nyatsoa, ’me ha rea ka ra mo hlonepha.

4 Kannete o ipelesitse mahloko a rona, ’me a jara mahlomola a rona, le ha feela re mo etse hloko e le ea hlokofatsoang, ea otloang ke Molimo, ’me ea mahlomoleng.

5 Empa o ile a hlabeloa litlolo tsa rona, o ile a tetekoa bakeng sa bokhopo ba rona; kotlo ea khotso ea rona e ne e le holim’a hae: ’me ka metopa ea hae rea folisoa.

6 Rona bohle, joaloka linku, re khelohile moo re tsamaeang; re tsamaile e mong le e mong ka tsela ea hae; ’me Morena o mo jarisitse bokhopo ba rona bohle.

7 O ile a hatelloa, ’me o ile a hlokofatsoa, le ha feela a sa ka a bula molomo oa hae; o tlisoa joaloka konyana ho mohlabi, ’me joaloka nku ka pel’a bakuti ba eona ke semumu joale ha a bule molomo oa hae.

8 O ile a nkuoa ho tsoa chankaneng le ho tsoa kahlolong, ’me ke mang ea tla phatlalatsa moloko oa hae? Hobane o ile a khaoloa lefats’eng la ba phelang; ka lebaka la litlolo tsa batho ba ka o ile a hlokofatsoa.

9 ’Me o entse lebitla la hae le ba khopo, ’me le morui lefung la hae; hobane o ne a sa etsa bobe le ha bo le bong, le hore ho ne ho se na thetso molomong oa hae.

10 Le ha ho le joalo hone ho thabisa Morena ho mo teteka; o ile a mo beha ho utloa bohloko, ha o etsa moea oa hae sehlabelo bakeng sa sebe o tla bona peo ea hae, o tla lelefatsa matsatsi a hae, ’me takatso ea Morena e tla atleha letsohong la hae.

11 O tla bona mohlomola a moea oa hae, ’me o tla khotsofatsoa; ka tsebo ea hae mohlanka oa ka ea lokileng o tla beha ba bangata ba lokileng, hobane o tla jara bokhopo ba bona.

12 Ka baka leo ke tla mo arolela karolo le ea baholo, ’me o tla arola tlatlapo le ba matla, hobane o neetse moea oa hae lefu; ’me o ne a baloa le litloli; ’me o jere libe tsa ba bangata, ’me o entse poelano bakeng sa litloli.