Mangolo a halalelang
Mosaia 20


Khaolo ea 20

Ba bang ba barali ba Ba-Lamane ba koeteloa ke baprista ba Noe—Ba-Lamane ba isa ntoa holim’a Limhi le batho ba habo—Makhotla a Ba-Lamane a tebeloa le ho khutsisoa. Ka bo 145–123 B.C.

1 Joale ho ne ho ena le sebaka Shemlone moo barali ba Ba-Lamane ba neng ba ipokella hammoho ho bina, le ho tjeka, le ho etsa hore ba ithabise.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ka letsatsi le leng ho ne ho ena le palo e nyane ea bona e bokellehileng hammoho ho bina le ho tjeka.

3 ’Me joale baprista ba morena Noe, ka ho soabela ho khutlela lefats’eng la Nefi, ee, ’me hape ka ho ts’aba hore batho bao ba tla ba bolaea, ka baka leo ba ne ba sa qeke ho khutlela ho basali ba bona le bana ba bona.

4 ’Me ha ba se ba lutse lefelleng, ’me ba se ba sibollotse barali ba Ba-Lamane, ba ile ba paqama ’me ba ba shebella;

5 ’Me ha e ne e le ba fokolang ba bona ba bokellaneng hammoho ho tjeka, ba ile ba tla ho tsoa libakeng tsa bona tsa lekunutu ’me ba ba nka ba ba jarela lefelleng; ee, mashome a mabeli a metso e mene a barali ba Ba-Lamane ba ba jarela lefelleng.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba fumana hore barali ba bona ba lahlehile, ba ile ba halefela batho ba Limhi, hobane ba ile ba nahana hore e ne e le batho ba habo Limhi.

7 Ka baka leo ba ile ba romela sesole sa bona; ee, esita le morena ka bo-eena oile a tsamaea ke pele ho batho ba hae; ’me ba nyolohela lefats’eng la Nefi ho ea timetsa batho ba Limhi.

8 ’Me joale Limhi o ile a ba sibolla ho tsoa toreng, esita le lihlophiso tsa bona bakeng sa ntoa o ile a li sibolla; ka baka leo o ile a bokella batho ba habo hammoho, me ba lula ba ba emetse masimong le ka merung.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba se ba nyolohile, batho ba habo Limhi ba qala ho oela holim’a bona ho tsoa libakeng tsa bona tsa ho emela, ’me ba qala ho ba bolaea.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ntoa e fetohe ho ba bohloko ka ho fetisisa, hobane ba ile ba loana joaloka ka litau bakeng sa phofu ea tsona.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore batho ba habo Limhi ba qale ho khanna Ba-Lamane ka pele ho bona; le ha ba ne ba sa etse le halofo ea palo ea Ba-Lamane. Empa ba ile ba loanela bophelo ba bona, le bakeng sa basali ba bona, le bakeng sa bana ba bona; ka baka leo ba ile ba ikitlaetsa ’me joaloka lidrakone ba loana.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ba fumane morena oa Ba-Lamane har’a palo ea bona ea ba shoeleng; le ha a ne a sa shoa, a ne a lemetse ’me a siiloe fats’e, e ne e potlakile hoo paleho ea batho ba hae.

13 ’Me ba ile ba mo nka ’me ba tlamisa maqeba a hae, ’me ba mo tlisa ka pele ho Limhi, ’me ba re: Bona, ke enoa morena oa Ba-Lamane; eena ka ho fumana kotsi o oele har’a ba shoeleng ba bona, ’me ba mo siile; ’me bona, re mo tlisitse ka pele ho uena; ’me joale e re re ’molaee.

14 Empa Limhi a re ho bona: Ha lena ho ’molaea, empa mo tliseng haufi hore ke tle ke mo bone. ’Me ba ile ba mo tlisa. ’Me Limhi a re ho eena: Ke ka lebaka la eng leo le tlileng ho tla loana khahlanong le batho ba heso? Bona, batho ba heso ha ba so robe kano eo ke e entseng ho uena; ka baka leo, hobaneng le ka roba kano eo le e entseng ho batho ba heso?

15 ’Me joale morena a re: ke robile kano eo hobane batho ba heno ba ile ba jarela hole barali ba batho ba ka; ka baka leo, khalefong ea ka ke ile ka etsa hore batho ba ka ba nyolohele ho tla loana khahlanong le batho ba heno.

16 ’Me joale Limhi o ne sa so utloe letho malebana le taba ena; ka baka leo a re: Ke tla batla har’a batho ba heso ’me mang kapa mang ea entseng sena o tla timela. Ka baka leo o ile a etsa hore lipatlisiso li etsoe har’a batho ba habo.

17 Joale ha Gideone a se a utloile lintho tsena, eena e le molaoli oa morena, o ile a tsamaea ’me are ho morena: Kea u rapela ho emisa, ’me se ke oa batlisisa batho ba na, ’me u se ke oa beha ntho ena boikarabelong ba bona.

18 Hobane na ha ho hopole baprista ba ntata’o, bao batho bana ba batlileng ho ba timetsa? ’Me na ha ba lefelleng? ’Me na ha se bona ba utsoitseng barali ba Ba-Lamane?

19 ’Me joale, bona, ’me u bolelle morena ka lintho tsena, hore a tle a bolelle batho ba habo hore ba tle ba theole moea malebana le rona; hobane bona ba se ba ntse ba hlophisetsa ho tla khahlanong le rona; ’me bona hape hona le ba seng bakae feela ba rona.

20 ’Me bona, ba tla ka makhotla a bona a baloang; ’me ntle le hore morena a ba theole moea malebana le rona re tlameha ho timela.

21 Hobane na mantsoe a Abinadi ha a phethahala, ao a a porofetileng khahlanong le rona—’me tsena tsohle hobane re ne re sa mamele lentsoe la Morena, ’me re sa fetohe ho tsoa bokhopong ba rona?

22 ’Me joale ha re khutsise morena, ’me re phethisa kano eo re e entseng ho eena; hobane ho betere hore re be litlamong ho ena le hore re lahleheloe ke maphelo a rona; ka baka leo, ha re emise ts’ollo ea mali a mangata hakana.

23 ’Me joale Limhi a bolella morena lintho tsohle malebana le ntat’ae, le baprista ba balehetseng lefelleng, ’me a ba qosa ka ho jareloa hole ha barali ba bona.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore morena a theole moea malebana le batho ba habo; ’me a re ho bona: Ha re eeng re lo kopana le batho ba ka, ntle le lihlomo; ’me kea le hlapanyetsa ka kano hore batho ba heso ha ba na ho balaea batho ba habo lona.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore ba sale morena morao, ’me ba tsamaea ntle le lihlomo ho ea kopana le Ba-Lamane. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba kopana le Ba-Lamane; ’me morena oa Ba-Lamane o ile a inamela fats’e ka pele ho bona, ’me a kopa bakeng sa batho habo Limhi.

26 ’Me ha Ba-Lamane ba bona batho ba habo Limhi, hore ba ne ba se na lihlomo, ba ba le khauhelo ho bona ’me ba theola moea malebana le bona, ’me ba khutla le morena oa bona ka khotso ho ea lefats’eng la bona.