Mangolo a halalelang
Mosaia 27


Khaolo ea 27

Mosaia o thibela hloriso ’me o laela tekano—Alma e monyane le bara ba bane ba Mosaia ba batla ho timetsa kereke—Lengeloi lea hlaha ’me le ba laela ho emisa tsela ea bona e mpe—Alma o fetoha semumu—Batho bohle ba tlameha ho tsoaloa la bobeli ho fumana poloko—Alma le bara ba Mosaia ba phatlalatsa litaba tse molemo. Ka bo 100–92 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore lihloriso tseo li neng li qobelloa holim’a kereke ke ba sa lumeleng li ile tsa ba kholo hoo kereke e ileng ea qala ho korotla, le ho tletleba ho baetapele ba bona malebana le boemo boo; ’me ba ile ba korotla ho Alma. ’Me Alma a beha nyeoe eo ka pele ho morena oa bona, Mosaia. ’Me Mosaia a rerisana le baprista ba hae.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Mosaia a romele phatlalatso hohle lefats’eng leo ho potoloha hore ho se ke ha eba le mang ea sa lumeleng a tla hlorisa bao ba kenang kereke ea Molimo.

3 ’Me ho ne ho na le taelo e thata hohle likerekeng hore ho se ke ha eba le lihloriso har’a bona, hore ho tle ho be le tekano har’a batho bohle;

4 Hore ba se ke ba lumella boikhohomoso kapa boikakaso ho sitisa khotso ea bona; hore motho e mong le e mong a hlonephe moahisane oa hae joaloka bo eena, ba sebetsa ka matsoho a bona bakeng sa boipheliso ba bona.

5 Ee, ’me baprista bohle ba bona le baruti ba bona ba sebetse ka matsoho a bona bakeng sa boipheliso ba bona, maemong oohle ntle le bokulong, kapa bohloking bo bongata; ’me ka ho etsa lintho tsena, ba ile ba rua mohaung oa Molimo.

6 ’Me ha qala hore ho be le khotso e ngata hape lefats’eng leo; ’me batho ba qala ho ba lipalo li ngata haholo, ’me ba qala ho qhalanela hole holima sefahleho sa lefats’e, ee, ka leboea le ka boroa, ka bophirima le ka bochabela, ba aha metse e meholo le metsana likhutlong tsohle tsa lefats’e leo.

7 ’Me Morena o ile a ba etela ’me a ba ruisa, ’me ba fetoha batho ba baholo ba ruileng.

8 Joale bara ba Mosaia ba ne ba baloa har’a ba sa lumeleng; ’me hape le e mong oa bara ba Alma o ne a baloa har’a bona, eena a ne a bitsoa Alma, kamora ntata’e; le ha ho le joalo, o ile a fetoha monna ea khopo haholo le monna ea rapelang lits’oants’o. ’Me e ne e le monna oa mantsoe a mangata, ’me o ne a bua ka lithoholetso tse ngata ho batho bao, ka baka leo o ile a etella batho ba bangata ho etsa ka mekhoa ea hae ea bokhopo.

9 ’Me o ile a fetoha ts’itiso e kholo katlehong ea kereke ea Molimo; a utsoetsa lipelo tsa batho hole, a etsa ho be le liphapang tse ngata har’a batho; a file sera sa Molimo monyetla oa ho sebelisa matla a sona holim’a bona.

10 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha a ntse a tsamaea hohle ho timetsa kereke ea Molimo, hobane o ne a tsamaea hohle ka lekunutu le bara ba Mosaia ba ntse ba batla ho timetsa kereke, le ho khelosa batho ba morena, khahlanong le litaelo tsa Molimo, kapa esita le morena—

11 ’Me joale ka ha ke itse ho lona, ha ba ntse ba tsamaea hohle ba ntse ba fetohela khahlanong le Molimo, lengeloi la Morena le ile la hlaha ho bona; ’me a theoha joaloka ha eka o ka lerung; ’me o ile a bua joalo ka ha eka ke lentsoe la sealuma, leo le ileng la etsa hore lefats’e le sisinyehe holim’a moo ba emeng;

12 ’Me ho bile ho holo ho makala ha bona, hoo ba ileng ba oela fats’e, ’me ba sitoa ho utloisisa mantsoe ao a a buileng ho bona.

13 Leha ho le joalo o ile a hoelehetsa hape, a re: Alma, tsoha ’me o eme, hobane hobaneng o hlorisa kereke ea Molimo? Hobane Morena o itse: Ena ke kereke ea ka, ’me ke tla e theha, ’me ha ho letho le ka e phetholang, ntle le hore e be tlolo ea batho baka.

14 ’Me hape, lengeloi la re: Bonang, Morena o utloile lithapelo tsa batho ba hae, ’me hape le lithapelo tsa mohlanka oa hae, Alma, eo e leng Ntata’o; hobane o rapetse ka tumelo e ngata malebana le uena hore u ke u tlisoe tsebong ea ’nete; ka baka leo, ke ka lebaka lena ke tlileng ho tla u kholisa ka matla le tokelo ea Molimo, hore lithapelo tsa bahlanka ba hae li ke li arajoe ho latela tumelo ea bona.

15 ’Me joale bona, na u ka tsekisana le matla a Molimo? Hobane bona, na lentsoe la ka ha lea sisinya lefats’e? Na hape ha u mpone ka pele ho uena? ’Me ke rometsoe ho tsoa ho Molimo.

16 Joale ke re ho uena: Tsamaea, ’me u hopole litlamo tsa bo ntata’o lefats’eng la Helame, le lefats’eng la Nefi; ’me u hopole hore na ke lintho tse kholo hakaakang tseo a ba etselitseng tsona; hobane ba ne ba le litlamong ’me o ba lopollotse. ’Me joale ke re ho uena, Alma, tsamaea tseleleng ea hau, ’me u se hlole u batla ho timetsa kereke, hore lithapelo tsa bona li tle li arajoe, ’me sena esita le haeba uena ka bo uena u tla lahleloa hole.

17 ’Me joale ho ile ha etsahala hore a na e ne e le mantsoe a ho qetela ao lengeloi le a buileng ho Alma, ’me a tsamaea.

18 ’Me joale Alma le bao ba neng ba ena le eena ba oela fats’e hape, hobane ho ne ho le ho holo ho makala ha bona; hobane ka mahlo a bona ba ne ba bone lengeloi la Morena; ’me lentsoe la hae e ne eka sealuma, le ileng la sisinya lefats’e; ’me ba ne ba tseba hore ha hona letho ntle le matla a Molimo a neng a ka sisinya lefats’e ’me le etse hore le thothomele joaloka ha e ka le tla khaoha ka lehare.

19 ’Me joale ho makala ha Alma ho ne ho le ho holo ho a ileng a fetoha semumu, hore a sitoe ho bula molomo oa hae; ee, ’me o ile a fetoha ea fokolang, esita le hore a sitoe ho tsamaisa matsoho a hae; ka baka leo o ile a jaroa ke bao a neng a ena le bona, ’me a jeroe a se na letho, esita le ho fihlela a robatsoa ka pele ho ntata’e.

20 ’Me ba ile ba phetela ntata’e tsohle tse etsahetseng ho bona; ’me ntata’e o ile a nyakalla, hobane o ne a tseba hore ke matla a Molimo.

21 ’Me o ile a etsa hore bongata bo bokellehe hammoho hore ba ke ba pake seo Morena a se etselitseng mora oa hae, ’me lebakeng sa bohle ba neng ba ena le eena.

22 ’Me o ile a etsa hore baprista ba tle ba ikopanye hammoho; ’me ba ile ba qala ho itima, le ho rapela ho Morena Molimo oa bona hore a tle a bule molomo oa Alma, hore a ke a bue, ’me hape hore litho tsa hae li ke li fumane matla a tsona—hore mahlo a batho a ke a bulehe ho bona le ho tseba molemo le khanya ea Molimo.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore ba itime ’me ba rapele sebakeng a matsatsi a mabeli le masiu a mabeli, litho tsa Alma li ile tsa fumana matla a tsona, ’me o ile a ema ’me a qala ho bua le bona, a ba laela hore ba be le ho ts’eliseha ho molemo:

24 Hobane, o ile a re, Ke bakile libeng tsa ka, ’me ke lopollotsoe ke Morena, bonang ke tsoetsoe ke Moea.

25 ’Me Morena o itse ho ’na: Le seke la tsota hore batho bohle, ee, banna le basali, lichaba tsohle, maloko, maleme, le batho, ba tlameha ho tsoaloa la bobeli, ee, ba tsoaloe ke Molimo, ba fetohile ho tloha boemomong ba bona ba nama le ho oela, ho isa boemong ba ho loka, ba lopollotsoe ke Molimo, ba fetohile bara le barali ba hae;

26 ’Me ke joana ba ileng ba fetoha libopua tse ncha; ’me ntle le hore ba etse tjena, ha ho ka tsela eo ba ka nkang bojalefa ba ’muso oa Molimo.

27 Ke re ho lona, ntle le hore ena e be eona taba, ba tlameha ho lahleloa ka ntle; ’me sena kea se tseba, hobane ke ne ke ts’oana le ho lahloa.

28 Le ha ho le joalo, kamor’a ho solla har’a litsietsi tse ngata, le ho bakela haufi le lefu, Morena ka lereko o bone ho lokela hore a nqhautse ka har’a ho tuka ho sa feleng, ’me ke tsoaletsoe ho Molimo.

29 Moea oaka o lopollotsoe ho tsoa nyookong e babang le litlamo tsa bokhopo. Ke ne ke le mohohlong o lefifi-fifi; empa joale ke bona khanya e tsotehang ea Molimo. Moea oaka o ne o ts’oenngoa ke bohloko ba bosafeleng; empa ke phamotsoe, ’me moea oaka ha o sa utloile bohloko.

30 Ke latotse Molopolli oa ka. ’me ka hana seo se neng se builoe ke bo ntat’a rona; empa joale hore ba ke ba bonele pele hore o tla tla, ’me o hopola sebopua se seng le se seng sa popo ea hae, o tla etsa hore a its’enole ho bohle.

31 Ee, lengole le leng le le leng le tla khumama, le leleme le leng le le leng le ipolele ka pele ho eena. Ee, esita leka letstsi la ho qetela, ha batho bohle ba tla ema ho ahloloa ke eena, joale ba tla bolela hore ke Molimo, joale ba tla ipolela, ba phelang ntle le Molimo lefats’eng, hore kahlolo ea kotlo e sa feleng e lokile holim’a bona; ’me ba tla thothomela, le ho qhaqhasela, le ho honyela tlas’a chebo ea leihlo la hae le fuputsang tsohle.

32 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma a qale ho tloha nakong ena ho isa pele ho ruta batho bao, le bao ba neng ba ena le Alma ha lengeloi le hlaha ho bona, ba tsamaea hohle ho potoloha lefats’e leo lohle, ba phatlalatsa ho batho bohle lintho tseo ba li utloileng le ho li bona, ’me ba ruta lentsoe la Molimo litsietsing tse ngata, ba hlorisoa haholo ke bao ba sa lumeleng, ba otloa ke ba bangata ba bona.

33 Empa ho sa tsotellehe tsena tsohle, ba ile ba fana ka mats’eliso a mangata ho kereke, ba tiisa tumelo ea bona, ’me ba ba khothaletsa ka ho mamella le ka bohloko bo bongata ho boloka litaelo tsa Molimo.

34 ’Me ba bane ba bona e ne e le bara ba Mosaia; ’me mabitso a bona Ammone, le Aarone, le Omnere, le Himni; a na e ne e le mabitso a bara ba Mosaia.

35 ’Me ba ile ba tsamaea hohle lefats’eng la Zarahemla, ’me har’a batho bohle ba neng ba le tlasa puso ea Morena Mosaia, ka cheseho ba leka ho lokisa likotsi tseo ba li entseng ho kereke, ba ipolela libe tsa bona, ’me ba phatlalatsa lintho tsohle tseo ba li boneng, le ho hlalosa bopororofeta le mangolo a halalelang ho bohle ba neng ba lakatsa ho ba utloa.

36 ’Me ke joana e neng e le lisebelisoa ka matsohong a Molimo ho tlisa ba bangata tsebong ea ’nete, ee, tsebong ea Molopolli oa bona.

37 ’Me ba hlohonolofetse hakaakang! Hobane ba ile ba phatlalatsa khotso; ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa molemo; ’me ba ile ba phatlalatsa ho batho bao hore Morena oa busa.