Mangolo a halalelang
Mosaia 4


Khaolo ea 4

Morena Benjamine o nts’etsapele puo ea hae—Poloko e tla ka lebaka la Topollo—Lumelang ho Molimo ’me le pholosoe—Bolokang ts’oarelo ea libe tsa lona ka ho ts’epahala—Fanang ka maruo a lona ho bafumanehi—Etsang lintho tsohle ka bohlale le ka ho hlopheha. Ka bo 124 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ha morena Benjamine a se a entse pheletso ea ho bua mantsoe ao a neng a neheloa ho eena ke lengeloi la Morena, o ile a lahlela mahlo a hae ho potoloha le bongata boo, ’me bonang ba ne ba oetse fats’e, hobane ts’abo ea Morena e ne e ba fihletse.

2 ’Me ba ile ba icheba ka boemo ba bona ba thato ea nama, esita le ho ba tlaase le ho feta lerole la lefats’e. ’Me ba ile ba lla ka lentsoe le le leng ba re: Oho eba le mohau, ’me o sebelise mali a lopollang a Kreste hore re tle re fumane t’soarelo ea libe tsa rona, ’me lipelo tsa rona li ke li hloekisoe; hobane re lumela ho Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ea bopileng leholimo le lefats’e, le lintho tsohle; ea tla theohela tlaase har’a bana ba batho.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore ba bue mantsoe ana Moea oa Morena o ile oa ba fihlela, ’me ba ne ba tletsoe ke nyakallo, ba se ba amohetse ts’oarelo ea libe tsa bona, ’me ba se ba na le khotso ea moea ka lebaka la tumelo e fetisisang eo ba neng ba na le eona ho Jesu Kreste ea tlang ho tla, ho latela mantsoe ao morena Benjamine a neng a a buile ho bona.

4 ’Me morena Benjamine a bula molomo oa hae hape ’me a qala ho bua le bona, a re: Metsoalle eaka le bana beso, leloko la heso le batho ba heso, ke tla bitsa tlhokomelo ea lona hape, hore le tle le utloe ’me le utloisise mantsoe a ka a setseng oa ke tlang ho a bua ho lona.

5 Hobane bonang, haeba tsebo ea molemo oa Molimo ka nako ena e le tsoselitse kutloisiso ea bo ha ho letho ba lona, le boleng bo sieo le boemo ba ho oela ba lona—

6 Ke re ho lona, haeba le fihletse tsebo ea molemo oa Molimo, le matla a hae a sa lekanngoeng, le bohlale ba hae, le mamello ea hae, le ho mamella ha hae ho lebana le bana ba batho; ’me hape le topollo e lokisitsoeng ho tloha methehong ea lefats’e, hore ka hona poloko e tle e tle ho eena ea tla beha ts’epo ea hae ho Morena, ’me a be mafolofolo ho boloka litaelo tsa hae, ’me a tsoelepele tumelong esita le ho isa pheletsong ea bophelo ba hae, ke bolela bophelo ba ’mele o shoang—

7 Ke re, enoa ke eena motho ea amohelang poloko, ka topollo e ileng ea lokisoa ho tloha methehong ea lefats’e bakeng sa batho bohle, bao ba ileng ba ka ba eba teng ho tloha ka ho oa ha Adama, kapa bao ba teng, kapa ba tlang ho ba teng, esita le hofihlela pheletsong ea lefats’e.

8 ’Me oona ke ona mokhoa oo poloko e tlang ka ona. ’Me ha hona poloko e ’ngoe ntle le ena eo ho builoeng ka eona; hape ha hona maemo a mang ao motho a ka pholosoang ntle le ka maemo ao ke le boleletseng oona.

9 Lumelang ho Molimo, lumelang hore o teng, le hore o bopile lintho tsohle, ka bobeli leholimong le lefats’eng; lumelang hore motho ha a utloisisi lintho tsohle tseo Morena a ka li utloisisang.

10 ’Me hape, lumelang hore le tlameha ho bakela libe tsa lona ’me le li furalle, ’me le ikokobetse ka pele ho Molimo; ’me le kope ka bots’epehi ba pelo hore a le ts’oarele; me joale haeba le lumela lintho tsena tsohle bonang hore lea li etsa.

11 ’Me hape ke re ho lona joaloka ha ke ile ka cho pele, hore joaloka ha le fihletse tsebo ea khanya ea Molimo, kapa haeba le tsebile ka molemo oa hae ’me le latsoitse lerato la hae, ’me le amohetse ts’oarelo ea libe tsa lona, e leng se tlisang nyakallo e kholo hakakang meeng ea lona, esita le joalo ke lakatsa hore le hopole, ’me le lule le hopotse, boholo ba Molimo, le bo feela ba lona, le molemo oa hae le mamello ho lebana le lona, libopuoa tse sa lokeleng, ’me le ikokobetse esita le botebong ba boikokobetso, le bitsa lebitso la Morena letsatsi le letsatsi, ’me le eme le tsitsitse tumelong ea tseo tse tlang, tse boletsoeng ka molomo oa lengeloi.

12 ’Me bonang, ke re ho lona hore haeba le etsa sena le tla nyakalla kamehla ’me le tlatsoe ka lerato la Molimo, ’me kamehla le boloke ts’oarelo ea libe tsa lona; ’me le tla hola tsebong ea khanya ea eena ea le bopileng, kapa tsebong ea seo se lokileng le ’nete.

13 ’Me ha le na ho ba le kelello ea ho lematsana, empa ho phela ka khotso, ’me le ho nehela ho motho e mong le e mong ho latela se mo loketseng.

14 ’Me ha le na ho lumela hore bana ba lona ba tsamaee ba lapile, kapa ba hlobotse, hape ha le na lumela hore ba siteloe melao ea Molimo, le ho loants’ana le ho qabana, ’me ba sebeletse diabolose, eo e leng monghali oa sebe, kapa eo e leng moea o mobe eo ho builoeng ka eena ke bo ntat’a rona, eena e le sera sa ho loka hohle.

15 Empa le tla ba ruta ho tsamaea ka litsela tsa ’nete le ho hlaphoheloa kelellong; le tla ba ruta ho ratana, le ho sebeletsana.

16 ’Me hape, lona ka bo lona le tla thusa ba emeng ba hloka thuso ea lona; le tla fana ka maruo a lona ho ea emeng a na le thloko; ’me le ke ke la lumela hore mokopi a behe kopo ea hae ho lona bakeng sa lefeela, ’me e be le mo khutlisetsa ka ntle ho ea timela.

17 Mohlomong le tla re: Motho eo o itliselitse oona mahlomola a hae; ka baka leo ke tla boloka letsoho la ka, ’me ha ke na mo fa lijo tsa ka, kapa ho mo fa maruo a ka hore a se ke a hlokofala, hobane likotlo tsa hae li lokile—

18 Empa ke re ho lona, Oho motho, mang kapa mang ea etsang sena ea ts’oanang o na le lebaka le leholo la ho baka; ’me ntle le hore a bakele seo a se entseng o timela ka hosafeleng, ’me ha a na seabo ’musong oa Molimo.

19 Hobane bonang, na ha re bakopi kaofela? Na bohle ha rea its’etleha ka ea ts’oanang, esita le Molimo, bakeng sa maruo ohle ao re nang le oona, bakeng sa bobeli lijo le liaparo, le bakeng sa khauta le silivera, le bakeng sa maruo oohle ao re nang le oona a mefuta eohle?

20 ’Me bonang, esita le ka eona nako ena, le ne le ntse le bitsa lebitso la hae, ’me le kopa ts’oarelo ea libe tsa lona. ’Me na o le lumeletse hore le kopele lefeela? Che; o ts’olletse Moea oa hae ho lona, ’me o entse hore lipelo tsa lona li tlale ka nyakallo, ’me o entse hore melomo ea lona e emisoe hoo le sitiloeng ho fumana puo, e ne e fetisisa haholo nyakallo ea lona.

21 ’Me joale, haeba Molimo, ea le bopileng, eo le its’etlehileng ka eena bakeng sa bophelo ba lona le bakeng sa tsohle tseo le nang le tsona le seo le leng sona, o le fa sohle seo le se kopang se nepahetseng, ka tumelo, le lumela hore le tla amohela, Oho joale, kamoo le tlamehang ho fana ka maruo a lona ao le nang le oona e mong ho e mong.

22 ’Me haeba le ahlola motho ea behang kopo e hae ho lona bakeng sa maruo a lona hore a se ke a timela, ’me le mo ahlola, ke hakakang ho feta moo kahlolo ea lona e tla ba toka bakeng sa ho hana ka maruo a lona, ao e seng a lona e leng a Molimo, eo le bophelo ba lona e leng ba hae; ’me le ha ho le joalo ha le etse kopo, kapa ho bakela ntho eo le e entseng.

23 Ke re ho lona, ho malimabe motho eo, hobane maruo a hae a tla timela le eena; ’me joale, ke bolela lintho tsena ho bao ba ruileng ho latela lintho tsa lefats’e lena.

24 ’Me hape, ke re ho bafutsana, lona ba se nang ’me le ha ho le joalo ba na le ho lekaneng, hore le sale letsatsi le letsatsi; ke bolela lona bohle ba timang mokopi, hobane le se na hona; ke batla hore le re ka lipelong tsa lona hore: Ha ke fane hobane ha ke na hona, empa haeba ke ne ke na le hona ke ne ke tla fana.

25 ’Me haeba le bolela sena ka lipelong tsa lona le sala le se na molato, ntle le moo le ahlotsoe; ’me kahlolo ea lona e lokile hobane le lakatsa seo le so kang le se amohela.

26 ’Me joale, molemong oa lintho tsena tseo ke li buileng ho lona—ke hore, bakeng sa ho boloka ts’oarelo ea libe tsa lona letsatsi le letsatsi, hore le tsamaee le se na molato ka pele ho Molimo—ke lakatsa hore le tle le fane ka maruo a lona ho bafutsana, motho e mong le e mong ho latela seo a nang le sona, joaloka ho fepa ba lapileng, ho apesa ba hlobotseng, ho etela ba kulang le ho fana bakeng sa phomolo ea bona, ka bobeli moeeng le nameng, ho latela litlhoko tsa bona.

27 ’Me le bone hore lintho tsena tsohle li etsoa ka bohlale le ka ho hlopheha; hobane ha ho hlokahale hore motho a mathe kapele ho feta matla ao a nang le oona. ’Me hape, ho ea hlokahala hore a be mafolofolo, hore ka hona a tle a hape moputso; ka baka leo, tsohle li tlameha ho etsoa ka ho hlopheha.

28 ’Me ke lakatsa hore le tle le hopole, hore mang kapa mang har’a lona ea alimang ho moahisane a khutlise ntho eo a e alimileng, ho latela joaloka ha a ne a lumetse, kapa ho seng joalo le tla etsa sebe; ’me mohlomong u tla etsa hore moahisane oa hau a etse sebe le eena.

29 ’Me qetellong, ke sitoa ho le bolella lintho tsohle tseo ka hona le ka etsang sebe; hobane li ngata litsela le mekhoa, esita le bongata hoo nke keng ka li bala.

30 Empa ha kana nka le bolella, hore haeba le sa itekole, le mehopolo ea lona, le mantsoe a lona, le liketso tsa lona, ’me le ele hloko litaelo tsa Molimo, ’me le tsoelepele ka tumelo ea seo le se utloileng malebana le ho tla ha Morena oa rona, esita le ho isa pheletsong ea bophelo ba lona, le tlameha ho timela. ’Me joale, Oho motho, hopola, ’me o se ke oa timela.