Mangolo a halalelang
Mosaia 16


Khaolo ea 16

Molimo o lopolla batho ho tsoa boemong ba bona ba ho lahleha le ho oa—Bao ba ratang tsa nama ba sala joaloka ha e ka ho ne ho se na topollo—Kreste o tlisa hore ho etsahale tsoho ea bafu ho ea ho bophelo bo sa feleng kapa ho tsuo e sa feleng. Ka bo 148 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore kamora hore Abinadi a bue mantsoe ana o ile a otlollela letsoho la hae pele ’me a re: Nako e tla tla ea ha bohle ba tla bona poloko ea Morena; ha lichaba, maloko, maleme, le batho bohle ba tla bona ka ho ts’oana ba tla ipolela ka pele ho Molimo hore likahlolo tsa hae li lokile.

2 ’Me e be ba khopo ba tla lelekoa, ’me ba tla ba le lebaka la ho etsa mohono, le ho lla, le ho bokolla, le ho tsikitlanya meno a bona; ’me sena hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentsoe la Morena; ka baka leo Morena a ke ke a ba lopolla.

3 Hobane ba na le thato ea nama ’me ba ’na le botemona, le diabolose o na le matla holim’a bona; ee, esita le noha eno ea khale e ileng ea qhekella batsoali ba rona ba pele, e leng seo e bileng lebaka la ho oa ha bona; e leng se entseng hore batho bohle ba na le thato ea nama, ba rata tsa nama, ba na le botemona, ba tseba bobe ho tsoa ho botle, ba ipeha taolong ea diabolose.

4 Joana batho bohle ba ne ba lahlehile; ’me bonang, ba ne ba ka lahleha ka ho sa feleng ha e ne e se hore Molimo eo o lopollotse batho ba hae ho tsoa boemong ba bona ba tahleho leho oa.

5 Empa hopolang hore ea phehellang tlholehong ea hae ea thato ea nama, ’me a tsamaela litseleng tsa sebe le ho fetohela khahlanong le Molimo, o sala boemong ba hae ba ho oa ’me diabolose o na le matla ohle holima hae. Ka baka leo o joaloka ha eka ho ne ho se na topollo e entsoeng, e le sera sa Molimo; ’me diabolose le eena ke sera sa Molimo.

6 ’Me joale haeba Kreste o ne a sa tla lefats’eng, ke bua ka lintho tse tlang joaloka ha eka li se li se ntse li tlile, ho ne ho ke ke ha ba le topollo.

7 ’Me haeba Kreste a ne a sa ka a tsoha bafung, kapa a khaola litlamo tsa lefu hore lebitla le se ke la eba le tlholo, le hore lefu le se ke la eba le ho hlaba, ho ka be ho se na tsoho ea bafu.

8 Empa ho na le tsoho ea bafu, ka baka leo lebitla ha le na tlholo, le ho hlaba ha lefu ho koenyeletsoa holimo ho Kreste.

9 Ke khanya le bophelo ba lefats’e; ee, khanya e sa feleng, eo le ka mohla e ke keng ea fifala; ee, ’me hape le bophelo bo sa feleng, bo ke keng ba eketseha ho ba lefu.

10 Esita le ’mele ona o shoang o tla apara ho se shoe, ’me o tla tlisoa ho tla ema ka pele ho tulo ea kahlolo ea Molimo, ho tla ahloloa ke eena ho latela mesebetsi ea bona hore na e bile metle kapa hore na e bile mebe—

11 Haeba e le metle, e isa tsohong ea bafu ea bophelo bo sa feleng le thabo; ’me haeba e le mebe, e isa tsohong ea bafu ea tsuo e sa feleng, ba neheloa ho diabolose, ea ba laolang, e leng tsuo—

12 Ka ha ba tsamaile ho latela thato le litakatso tsa bona tsa thato ea nama; ba sa kang le ka mohla ba bitsa ho Morena ha matsoho a hae a mohau a ne a otlolletsoe ho lebana le bona, ’me ba ne ba ka ke; bona ba ne ba hlokomelisitsoe ka bokhopo ba bona le ha ba ne ba sa ka ba tloha ho bona; ’me ba ne ba laetsoe ho baka ’me le ha ba ne ba ke ke ba baka.

13 ’Me joale, na le ke ke la tlameha ho thothomela le ho bakela libe tsa lona, ’me le hopole hore ke feela ka ho eena le ka Kreste le ka pholosoang?

14 Ka baka leo, haeba le ruta molao oa Moshe, hape le rute hore hoo ke ts’oants’iso ea lintho tseo tse tlang ho tla—

15 Le ba rute hore topollo e tla ka Kreste Morena, eo e leng ka ’nete Ntate oa Bosafeleng. Amen.