Mangolo a halalelang
Mosaia 7


Khaolo ea 7

Ammone o fumana lefats’e la Lehi-Nefi, moo Limhi e leng morena—Batho ba Limhi ba litlamong tsa Ba-Lamane—Limhi o pheta nalane a bona—Moporofeta (Abinadi) o ile a paka hore Kreste ke Molimo le Ntat’a lintho tsohle—Ba jalang lits’ila ba kotula setsokotsane, ’me ba behang ts’epo ea bona ho Morena ba tla lopolloa. Ka bo 121 B.C.

1 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore kamor’a hore morena Mosaia a be le khotso e tsoelang pele sebaka sa lilemo tse tharo, o ne a lakatsa ho tseba malebana le batho ba ileng ba nyolohela ho ea phela lefats’eng la Lehi-Nefi, kapa motseng oa Lehi-Nefi; hobane batho ba habo ba ne ba so utloe letho ho tsoa ho bona ho tloha nakong eo ba neng ba tloha lefats’eng la Zarahemla; ka baka leo, ba ne ba mo khathalitse ka lipatlisiso.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore morena Mosaia a fane hore banna ba bona ba matla ba leshome le metso e ts’eletseng ba ke ba nyolohele lefats’eng la Lehi-Nefi, ho ea batla malebana le bana ba bo bona.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore ka hosane ba ile ba qala ho nyolohela holimo, ba na le e mong Ammone, eena e le monna ea matla a moholo, le setloholo sa Zarahemla; ’me hape e ne e le moetapele oa bona.

4 ’Me joale, ba ne ba sa tsebe tsela eo ba tlamehang ho e tsamaea lefelleng ho nylohela lefats’eng la Lehi-Nefi; ka baka leo ba ile ba lelera matsatsi a mangata lefelleng, esita le matsatsi a mashome a mane ba ntse ba lelera.

5 ’Me ha ba se ba lelerile matsatsi a mashome a mane ba ile ba fihla leralleng, moo e leng leboea ho lefats’e la Shilome, ’me moo ba hloma litente tsa bona.

6 ’Me Ammone a nka ba bararo ba bana babo, ’me mabitso a bona e ne e le Amaleki, Heleme, le Heme, ’me ba ile ba ea tlaase lefats’eng la Nefi.

7 ’Me bonang, ba ile ba kopana le morena oa batho bao ba neng ba le lefats’eng la Nefi, le lefats’eng la Shilome; ’me ba ne ba potapotiloe ke bolebeli ba morena, ’me ba ile ba nkoa, ’me ba tlangoe, ’me ba isoa chankaneng.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba bile chankaneng matsatsi a mabeli ba ile nkoa hape ho tlisoa ka pele ho morena, ’me litlamo tsa bona tsa khoehlisoa; ’me ba ema ka pele ho morena, ’me ba lumelloa, kapa ho ena le hoo ba laeloa, hore ba tle ba arabe lipotso tseo a tlang ho ba botsa tsona.

9 ’Me o ile a re ho bona: Bonang, ke Limhi, Mora oa Noah, eo e neng e le mora oa Zeniffe, eo a ileng a nyoloha ho tsoa lefats’eng la Zarahemla ho ja lefa lefats’e lena, leo e leng lefats’e la bo ntat’a bona, eo a ileng a etsoa morena ka lentsoe la batho.

10 ’Me joale, ke lakatsa ho tseba lebaka leo ka hona le neng le le sebete hakaalo ho tla haufi le marako a motse, ha ’na, ka bo ’na, ke ne ke na le balebeli ba ka ka ntle ho khoro?

11 ’Me joale, ka lebaka lena ke mamelletse hore le baballoe, hore ke tle ke le botse, kapa ho seng joalo nka be ke entse hore balebeli ba ka ba le bolaee. Le lumeletsoe ho bua.

12 ’Me joale, ha Ammone a bona hore o ne a lumeletsoe ho bua, o ile a tsamaela pele ’me a khumama ka pele ho morena; ’me ha a ema hape a re: Oho morena, ke leboha haholo ka pele ho Molimo kajeno ha ke ntse phela, ’me ke lumeletsoe ho bua; ’me ke tla leka ho bua ka sebete;

13 Hobane ke kholisehile hore hoja u ile ua ntseba u ne u ke ke oa lumella hore e be ke roetse marapo a na. Hobane ke Ammone, ’me ke setloholo sa Zarahemla, ’me ke nyolohile ho tsoa lefats’eng la Zarahemla ho tla batla malebana le bana ba bo rona, bao Zeniffe a ba tlisitseng holimo ho tsoa lefats’eng leo.

14 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Limhi a utloe mantsoe a Ammone, o ne a thabile ka ho fetisa, ’me a re: Joale, ke tseba ka bonnete hore banabeso ba lefats’eng la Zarahemla ba ntse ba phela. ’Me joale, ke tla nyakalla; ’me hosane ke tla etsa hore batho ba heso le bona ba nyakalle.

15 Hobane bonang, re litlamong tsa Ba-Lamane, ’me re khafisoa ka khafa e bohloko ho e mamella. ’Me joale, bonang, bana ba bo rona ba tla re lopolla ho tsoa litlamong tsa rona, kapa ho tsoa matsohong a Ba-Lamane, ’me re tla ba makhoba a bona; hobane ho betere hore re be makhoba ho Ba-Nefi ho feta ho patala khafa ho morena oa Ba-Lamane.

16 ’Me joale, morena Limhi a laela balebeli ba hae hore ba se ke ba tsoelapele ho fasa Ammone kapa bana ba bo, empa a etsa hore ba ee leralleng le neng le le ng’a ea leboea ho Shilome, ’me ba tlise bana ba bo bona ka har’e ho motse, hore ka hona ba tle ba je, ba phomole ho tsoa mesebetsing ea leeto la bona; hobane ba ne ba mamelletse lintho tse ngata; ba ne ba mamelletse tlala, lenyora, le mokhathala.

17 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore ka hosane morena Limhi a romela phatlalatso har’a batho ba habo bohle, hore ka hona ba tle ba ipokellle hammoho tempeleng, ho tla utloa mantsoe ao a tlang ho a bua ho bona.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba se ba ipokelletse hammoho hore o ile a bua le bona ka mokhoa ona, a re: Oho lona batho ba heso, phahamisang lihlooho tsa lona ’me le ts’elisehe; hobane nako e haufi, kapa ha e sa le hole, ha re se re tla tlohella hoba tlasa taolo ea lira tsa rona, ho sa natsehe liteko tsa rona tse ngata tse bileng lefeela; le ha ho le joalo kea ts’epa hore ho ntse ho setse ho etsa boiteko bo sebetsang.

19 Ka baka leo, phahamisang lihlooho tsa lona, ’me le nyakalle, ’me le behe ts’epo ea lona ho Molimo, ho Molimo eane e neng e le Molimo oa Abrahama, le Isaka, le Jakobo; ’me hape, Molimo eane ea ileng a tlisa bana ba Iseraele ho tsoa lefats’eng la Egepeta, ’me a etsa hore ba tsamaee har’a Leoatle le Lefubelu holim’a mobu o ommeng, ’me a ba fepa ka manna hore ba tle ba seke ba timela lefelleng; ’me li ngata lintho tse ling tseo a ileng a ba etsetsa tsona.

20 ’Me hape, eena Molimo ea ts’oanang o tlisitse bo ntat’a rona ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ’me o bolokile le ho baballa batho ba hae esita le ho fihlela honajoale; ’me bonang, ke ka lebaka la bokhopo ba rona le manyala tse re tlisitseng litlamong.

21 ’Me bohle le lipaki kajeno, hore Zeniffe, eo a ileng a etsoa morena holima batho ba na, eena a ne a na le cheseho e kholo ho ja lefats’e la bo ntat’ae, ka baka leo ka ho thetsoa ka masene le bolotsana ba morena Lamane, eo ka ho kena selekaneng le morena Zeniffe, ’me a nehetse matsohong a hae maruo a karolo ea lefats’e leo, kapa esita le motse oa Lehi-Nefi, le motse oa Shilome; le lefats’e le potapotileng—

22 ’Me sena sohle o se entse, bakeng sa morero o mong feela oa ho tlisa batho bana litlamong. ’Me bonang, rona ka nako ena re patala lekhetho ho morena oa Ba-Lamane, ho fihlela ho boleng ba halofo ea poone ea rona, le harese ea rona, ’me esita le lijo thollo tsohle tsa rona tsa mefuta eohle, le halofo ea keketso ea likhuts’oane le mehlape ea rona; ’me esita le halofo ea maruo ohle a rona morena oa Ba-Lamane oa a batla, kapa bophelo ba rona.

23 ’Me joale, na seo ha se bohloko ho mamelloa? ’Me na mahlomola a a rona ha a maholo? Joale bonang, re na le lebaka le leholo joang la ho hlomoha.

24 Ee, ke re ho lona, a maholo mabaka ao ka oona re ts’oanelang ho hlomoha; hobane bonang ke ba bangata hakae bana babo rona ba bolailoeng, ’me mali a bona a tsoetse lefeela, ’me kaofela ka lebaka la bokhopo.

25 Hobane haeba batho bana ba ne ba sa oela tlolong, Morena a ka be a sa lumella hore bobe bona bo boholo ha kana bo tle holim’a bona. Empa bonang, ba ne ba sa mamele mantsoe a hae; empa ho ile ha tsoha likhang har’a bona, esita le haholo ho ba ileng ba ts’olla mali har’a bona.

26 ’Me moporofeta oa Morena ba mo bolaile; ee, monna ea khethiloeng oa Molimo, eo a ba boleletseng ka bokhopo ba bona le manyala, ’me a porofeta ka lintho tse ngata tse tlang ho tla, ee, esita le ho tla ha Kreste.

27 ’Me hobane o ne a itse ho bona hore Kreste e ne e le Molimo, Ntat’a lintho tsohle, ’me a itse o tla inkela ho eena sets’oants’o sa motho, ’me e tla ba sets’oants’o se ts’oanang le seo motho a ile a bopuoa ka sona qalong; kapa ka mantsoe a mang, o itse motho o ne a bopiloe ka sets’oants’o sa Molimo, ’me hore Molimo o tla theohela tlaase har’a bana ba batho, ’me a inkele ho eena nama le mali, ’me a tsamaee holima sefahleho sa lefats’e—

28 ’Me joale, ka lebaka la hore o boletse sena, ba ile ba mo bolaea; ’me le tse ling tse ngata tseo ba li entseng tse ileng tsa theolela khalefo ea Molimo holim’a bona. Ka baka leo, ke mang ea makaletseng hore ba litlamong, ’me ba otloa ka mahlomola a bohloko?

29 Hobane bonang, Morena o itse: Ha ke na ho thusa batho ba ka ka letsatsi la tlolo ea bona; empa ke tla koala litsela tsa bona hore ba se ke ba atleha; ’me liketso tsa bona e tla ba khopiso ka pele ho bona.

30 ’Me hape, o itse: Haeba batho ba ka ba tla jala lits’ila, ba tla kotula ’moko ka har’a setsokotsane; ’me litlamorao tsa teng ke chefo.

31 ’Me hape o itse: Haeba batho ba ka ba tla jala lits’ila, ba tla kotula moea oa bophirima, o tlisang ts’enyo ea hang hang.

32 ’Me joale, bonang, ts’episo ea Morena e phethehile, ’me le otluoe le ho hlokofatsoa.

33 Empa haeba le tla retelehela ho Morena ka morero oa pelo e phethehileng, ’me le behe ts’epo ea lona ho eena, ’me le mo sebeletse ka mafolofolo ohle a kelello, haeba le etsa sena, o tla, le lopolla ho tsoa litlamong ho latela thato ea hae le monyaka.