Mangolo a halalelang
Mosaia 29


Khaolo ea 29

Mosaia o sisinya hore baahloli ba khethoe sebakeng sa morena—Marena a sa lokang a etella batho ba ona sebeng—Alma e monyane o khethoa moahloli e moholo ka lentsoe la batho—Hape ebile ke moprista e moholo holim’a kereke—Alma e moholo le Mosaia ba shoa. Ka bo 92–91 B.C.

1 Joale ha Mosaia a se a entse sena o ile a romela hoohle lefats’eng leo har’a batho bohle, a lakatsa ho tseba thato ea bona malebana le hore na ke mang ea tlang ho ba morena oa bona.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la batho le tle, le re: Re lakatsa hore Aarone mora oa hau e tle e be morena oa rona le ’musi oa rona.

3 Joale Aarone o ne a nyolohetse lefats’eng la Nefi, ka baka leo morena o ne a sitoa ho fana ka puso holim’a hae; le haele Aarone o ne a sa nkele puso holim’a hae: le haele o fe oa bara ba Mosaia a ikemiselitseng ho nkela holim’a bona puso.

4 Ka baka leo morena Mosaia o ile a romela hape ho batho bao; ee, esita le lentsoe le ngotsoeng la romeloa hara’a batho. ’Me ana ke mantsoe a neng a ngotsoe, a re:

5 Bonang, Oho lona batho ba heso, kapa bana beso, hobane ke nka ho le joalo, ke lakatsa hore le tle le nahane ka boemo boo le bitselitsoeng ho tla bo nahana—hobane le lakatsa ho ba le morena.

6 Joale ke phatlalatsa ho lona hore eo ho eena puso ka toka e leng ea hae o latotse, ’me a keke a nkela puso holim’a hae.

7 ’Me joale haeba ho ka ba le e mong a khethiloeng sebakeng sa hae, bonang kea ts’aba hore ho tla tsoha likhang har’a lona. ’Me ke mang ea tsebang empa keng mor’a ka, ho eena eo puso e lokelang, a ka fetohela khalefong ’me a hulele hole karolo ea batho ba na kamor’a hae, e leng se ka bakang lintoa le likhang har’a lona, e leng se ka bang sesosa sa ts’ollo ea mali a mangata le ho kheloha tsela ea Morena, ee, ’me se timetse meea ea batho ba bangata.

8 Joale ke re ho lona ha re beng bohlale ’me re nahaneng lintho tsena, hobane ha re na tokelo ea ho timetsa mora oaka, le haele tokelo efe ho timetsa e mong haeba a tla behoa sebakeng sa hae.

9 ’Me haeba mor’aka a fetohela hape boikhohomosong ba hae le ntho tsa lefeela o tla hopola lintho tseo a li boletseng, ’me a batle tokelo ea hae pusong, e leng se tla etsa hore eena le batho ba habo ba etse sebe se se ngata.

10 ’Me joale ha re beng bohlale ’me re shebele pele linthong tsena, ’me re etse seo se tlang ho bopa bakeng sa khotso ea batho bana.

11 Ka baka leo ke tla ba morena oa lona ho setseng ha matsatsi a ka, le ha ho le joalo, ha re khetheng baahloli, ho ahlola batho ba na ho latela molao oa rona; ’me re tla hlophisa bocha litaba tsa batho ba na, hobane re tla khetha banna ba bohlale ho ba baahloli, ba tla ahlola batho ba na ho latela litaelo tsa Molimo.

12 Joale ho molemo hore motho a ahloloe ke Molimo ho ena le motho, hobane likahlolo tsa Molimo kamehla li lokile, empa lekahlolo tsa motho ha lia loka kamehla.

13 Ka baka leo, ha ho ne ho khoneha hore le ka ba le banna ba lokileng ho ba marena a lona, ba neng ba tla tiisa melao ea Molimo, ’me ba ahlole batho ba na ho latela litaelo, ee, haeba le ka ba le banna bakeng sa marena a lona ba neng ba tla etsa joaloka ha ntate Benjamine a ileng a etsetsa batho ba hae—Ke re ho lona, haeba sena e ne e ka ba boemo kamehla joale ho ne ho tla lokela hore kamehla le tle le be le marena ho busa holim’a lona.

14 ’Me esita le ’na ka bo ’na ke sebelitse ka matla oohle le bokhoni bohle boo ke bileng le bona, ho le ruta litaelo tsa Molimo, le ho theha khotso le hohle lefats’eng lena, hore ho tle ho se ke ha eba le lintoa le haele likhang, ho se be le ho utsoa, le haele bosholu, kapa ho bolaea, le haele mofuta ofe oa bokhopo;

15 ’Me mang kapa mang ea entseng bokhopo, eena ke ile ka mo otla ho latela botlokotsebe boo a bo entseng, ho latela molao, oo re o filoeng ke bo ntat’a rona.

16 Joale ke re ho lona, hobane batho bohle ha ba ea loka ha ho ea lokela hore le tle le be le morena kapa marena ho busa holim’a lona.

17 Hobane bonang, ke bokhopo bo bo kakang boo morena a le mong ea khopo a etsang hore bo etsoe, ee, ’me ke ts’enyo e kaakang!

18 Ee, hopolang morena Noe, bokhopo ba hae le manyala a hae, hape le bokhopo le manyala a batho ba hae. Bonang na ke ts’enyo e kholo joang e ileng ea tla holim’a bona; ’me hape ka lebaka la bokhopo ba bona ba ile ba tlisoa litlamong.

19 ’Me ha e ne e se ka bokenalipakeng ba ’mopi oa bona ea bohlale bohle, ’me sena ka lebaka la pako ea bona ea ’nete, ba ne ba tlameha ka ho se qobehe ba sale litlamong hofihlela joale.

20 Empa bonang, o ile a ba lopolla hobane ba ile ba ikokobetsa ka pele ho eena; le hobane ba ile ba llela ho eena haholo o ile a ba lopolla litlamong; ’me joana Morena o sebetsa ka matla a hae maemong oohle har’a bana ba batho, a otlollotse letsoho la hae le lereko ho bona ba behang ts’epo ea bona ho eena.

21 ’Me bonang, joale ke re ho lona, le keke la theola morena ea khopo ntle le hore e be ka likhang tse ngata, le ts’ollo ea mali a mangata.

22 Hobane bonang, o na le metsoalle ea hae bokhopong, ’me o boloka balebeli ba hae ba mo potapotile; ’me o tabola melao ea bao ba ileng ba busa ka ho loka pele ho eena; ’me o hatikela tlas’a maoto a hae litaelo tsa Molimo;

23 ’Me o etsa melao, ’me o e romela har’a batho ba hae, ee, melao e latelang mokhoa oa bokhopo ba hae; ’me mang kapa mang ea sa mameleng melao ea hae o etsa hore a timetsoe; ’me mang kapa mang ea fetohang khahlanong le eena o tla romela mabotho a hae ho loana khahlanong le bona, ’me haeba a ka khona o tla ba timetsa; ’me ke joana morena ea khopo a khopamisang litsela tsa ho loka hohle.

24 ’Me joale bonang ke re ho lona, ha ho ea lokele hore manyala a tjena a tle a tle holim’a lona.

25 Ka baka leo, khethang lona ka lentsoe la batho ba na, hore le tle le ahloloe ho latela melao eo le e fuoeng ke bo ntat’a rona, e nepahetseng, ’me eo le e fuoeng ka letsoho la Morena.

26 Joale ha ho ea tloaheleha hore lentsoe la batho le lakatse eng kapa eng e khahlanong le seo se nepahetseng; empa ho tloahelehile hore karolo e nyane ea batho ho lakatsa seo se sa nepahalang; ka baka leo sena le tla se hlokomela ’me le se etse molao oa lona—ho etsa mesebetsi ea lona ho ea ka lentsoe la batho.

27 ’Me haeba nako eo e tla ea hore lentsoe la batho le khethe bokhopo, joale ke nako eo likahlolo tsa Molimo li tla tlang holim’a lona; ee, joale ke nako eo a tlang ho le etela ka ts’enyo e kholo esita le joaloka ha hofihlela joale a etetse lefats’e lena.

28 ’Me joale haeba le na le baahloli, ’me ba sa le ahlole ho latela molao o fanoeng, le ka etsa hore ba ahloloe ke moahloli a phahameng.

29 Haeba baahloli ba lona ba phahameng ba sa ahlole likahlolo tse lokileng, le tla etsa hore palo e nyane ea baahloli ba lona ba tlaase ba tle ba bokellehe hammoho, ’me ba tla ahlola baahloli ba lona ba phahameng, ho latela lentsoe la batho.

30 ’Me ke le laela ho etsa lintho tsena ka ho ts’aba Morena; ’me ke le laela ho etsa lintho tsena, ’me le se ke la eba le Morena, hore haeba batho bana ba etsa libe le bokhopo li tla arabeloa lihloohong tsa bona.

31 Hobane bonang ke re ho lona, libe tsa batho ba bangata li bakiloe ke bokhopo ba marena a bona; ka baka leo bokhopo ba bona bo tla arabeloa holima lihlooho tsa marena a bona.

32 ’Me joale ke lakatsa hore ho se lekane hona ho se hlole ho ba teng lefats’eng lena, haholoholo har’a batho bana ba heso; empa ke lakatsa hore lefats’e lena e be lefats’e la tokoloho, ’me motho e mong le e mong a ke a natefeloe ke litokelo le melemo ka ho ts’oana, ha feela Morena a bona ho lokela hore re phele ’me re je lefa lefats’e leo, ee, esita le hofihlela moloko ofe oa rona o sala holim’a sefahleho sa lefats’e leo.

33 ’Me li ngata tse ling tseo morena Mosaia a ileng a ba ngolla tsona, a ba phuthullela liteko tsohle le mathata a morena ea lokileng, ee, mahlomola oohle a moea bakeng sa batho ba bona, ’me hape le litletlebo tsohle tsa batho ho morena oa bona; ’me o ile a e hlalosa kaofela ho bona.

34 ’Me a ba bolella hore lintho tsena ha lia ts’oanela ho ba joalo; empa moroalo o tle holim’a batho bohle, hore motho e mong le e mong a ke a mamelle karolo ea hae.

35 ’Me hape o ile a ba phuthullela mefokolo eohle eo ba sebetsang tlasa eona, ka ho ba le morena ea sa lokang ho busa holim’a bona;

36 Ee, bokhopo bohle ba hae le manyala, le lintoa tsohle, le likhang, le ts’ollo ea mali, le ho utsoa, le bosholu, le ho etsa bofebe, le mekhoa eohle ea bokhopo e ke keng ea baloa—a ba bolella hore lintho tsena ha lia ts’oanela ho ba joalo, hore li ne li nyonyeha ka ho hlaka ho litaelo tsa Molimo.

37 ’Me joale ho ile ha etsahala, kamor’a hore morena Mosaia a romele lintho tsena har’a batho ba ne ba kholisehile ke ’nete ea mantsoe a hae.

38 Ka baka leo ba ile ba tlohela litakatso tsa bona bakeng sa morena, ’me ba fetohela ho ts’oenyeha ka ho fetisisa hore motho e mong le e mong a tle a be le monyetla o lekanang hohle lefats’eng leo; ee, ’me motho e mong le e mong o ile a hlakisa boikemisetso ba ho ikarabella libe tsa hae.

39 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore ba ile ba bokellana hammoho ka lihlopha hohle lefats’eng leo, ho lahlela mantsoe a bona malebana le molao oo ba u fuoeng; ’me ba ne ba nyakalletse ka ho fetisisa ka lebaka la tokoloho eo ba e fuoeng.

40 ’Me ba ile ba tiiea haholo ka lerato ho lebisa ho Mosaia; ee, ba ile ba mo hlonepha ho feta motho e mong le e mong; hobane ha ba ka ba mo sheba joalo ka mohatelli ea neng a batla ho rua, ee, bakeng sa chelete eo e khopamisang moea; hobane ha a ka a ba batla maruo, le haele ho nyakallisoa ke ts’ollo ea mali; empa o ile theha khotso lefats’eng leo, ’me o ne a file batho ba hae hore ba lopolloe mekhoeng eohle ea litlamo; ka baka leo ba ile ba mo hlonepha, ee, ka ho fetisisa, ho feta tekanyo.

41 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khetha baahloli ho busa holim’a bona, kapa ho ba ahlola ho latela molao; ’me sena ba se etsa hohle lefats’eng leo.

42 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma a khethoa ho ba moahloli e moholo, eena a bile e le moprista e moholo, ntat’ae a ne a behile ofisi eo holim’a hae, a mo file boikarabelo malebana le litaba tsa kereke.

43 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma o ile a tsamaea litseleng tsa Morena, ’me a boloka litaelo tsa hae, ’me a ahlola likahlolo tse lokileng; ’me ho ne ho ena le khotso e tsoelang pele hohle lefats’eng leo.

44 ’Me ke joana ho ileng ha qala puso ea baahloli hohle lefats’eng lohle la Zarahemla, har’a batho bohle ba neng ba bitsoa Ba-Nefi ’me Alma e ne e le oa pele moahloli e moholo.

45 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ntat’ae a shoe, a le lilemo tse mashome a robeli a metso e ’meli, a pheletse ho phethahatsa litaelo tsa Molimo.

46 ’Me ho ile ha etsahala hore Mosaia a shoe le eena, ka selemo sa mashome a mararo a metso e meraro a puso ea hae, a le lilemo tse mashome a ts’eletseng a metso e meraro; ho etsa ka kakaretso, lilemo tse makholo a mahlano a metso e robong ho tloha nakong eo Lehi a tlohileng Jerusalema.

47 ’Me ke joana ho felileng puso ea marena holim’a batho ba Nefi; ’me ke joana ho felileng matsatsi a Alma, eo e neng e le mothehi oa kereke.