Mangolo a halalelang
2 Nefi 19


Khaolo ea 19

Esaia o bua ka Messia—Batho ba lefifing ba tla bona khanya e kholo—Molemong oa rona bohle ngoana o hlahile—E tla ba Khosana ea Khotso ’me o tla busa teroneng ea Davida—Bapisa Esaia 9. Ka bo 559–545 B.C.

1 Le ha ho le joalo, lefifi le ke ke la ba joalo ka le ne le le teng pherekanong ea hae, ha pele a ile a hlorisa ka bobebe lefats’e la Sabulone le lefats’e la Nefthali, ’me kamora moo a hlorisa habohloko ho feta tseleng e sikang le leoatle le lefubelu mose oane oa Jordane, e leng Galelea ea lichaba.

2 Sechaba se neng se tsamaea lefifing se bone leseli le leholo; bao ba lulang lefats’eng la moriti oa lefu, holima bona leseli le khanyelitse.

3 O atisitse sechaba seo, ’me o ekelitse ka thabo—ba tla thaba ponts’eng ea hao joaloka nyakallo ea mohla kotulo, le joaloka ha ho thauthoa lithepa tsa ts’enyo.

4 Hobane o robile joko ea mojaro oa hae, le thupa e neng e otla mahetla a hae, le molamu oa mohlorisi oa hae.

5 Hobane ntoa e ngoe le e ngoe ea mohlabani ke ka lerata le ferekaneng, ’me liaparo li pitikisitsoe maling; empa sena e tla ba ka ho tuka le mafura a mollo.

6 Hobane re tsoaletsoe ngoana, re fuoe mora; ’me ’muso o tla ba lehetleng la hae; ’me o tla bitsoa ea makatsang, Moeletsi, Molimo ea Matla, Ntate oa Bosafeleng, Khosana ea khotso.

7 Ea kholiso ea ’muso le ho tlisa khotso ha e na pheletso, holima terone ea Davida le holima ’muso oa hae ho o hlophisa, le ho o theha ka toka le ka ho loka ho tloha joale, esita le ka ho sa feleng. Cheseho ea Morena oa makhotla e tla etsa hona.

8 Morena o romela lentsoe la hae ho Jakobo ’me le kena Iseraeleng.

9 ’Me sechaba kaofela se tla le utloa, e leng Efraime le ba ahileng Samaria, ba reng ka boikhants’o le ka boikhohomoso ba lipelo tsa bona:

10 Makote a oetse fats’e, empa re tla haha ka majoe a betliloeng; lifate tsa sikomora li remiloe, empa re tla hloma likedare bakeng sa tsona.

11 Ka baka leo Morena o tla mo hlahisetsa lira tsa Retsine khahlanong le eena, ’me a kopanye lira tsa hae hammoho;

12 Ba-Siria ka pele le Bafilesta kamorao; ’me ba tla ja Iseraele ka molomo o ahlamileng. Hobane khalefo ena eohle ea hae ha e ba furalle, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

13 Hobane sechaba sena ha se khutlele ho ea se otlang, le ho se batle Morena oa makhotla.

14 Ka baka leo, Morena o tla khaola ho Iseraele hlooho le mohatla, lekala le moseme ka tsatsi le le leng.

15 E moholo, ke hlooho; ’me moporofeta ea rutang leshano, ke mohatla.

16 Hobane baetapele ba sechaba sena ba etsa hore se khelohe; ’me ba etelloang pele ke bona ba timetsoa.

17 Ka baka leo, Morena a ke ke a ba le nyakallo ho bahlankana ba bona, le ha e le ho ba le qenehelo ho likhutsana le bahlolohali ba bona; hobane e mong le e mong ke molotsana le moetsalibe, ’me molomo o mong le o mong o bua boatla. Hobane khalefo ena eohle ea hae ha e ba furalle, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

18 Hobane bokhopo bo hotetsa joaloka mollo; bo chesa meutloa le libajoa, bo tukisa meru e teteaneng, ’me eo e fella mosing o lopallang holimo.

19 Ka baka la khalefo ea Morena oa makhotla lefats’e leo le fifetse, ’me sechaba se ba joaloka lipatsi tse entsoeng lijo tsa mollo; ha ho motho ea tla hauhela ngoanabo.

20 ’Me o tla hlotha ka letsohong le letona e be oa lapa; ’me o tla ja ka letsohong le lets’ehali ’me ha ba na ho khora; ba tla ja e mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae—

21 Manasse, Efraime; le Efraime, Manasse, bona ’moho ba tla ba khahlanong le Juda. Hobane khalefo ena eohle ea hae ha e ba furalle, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.