Mangolo a halalelang
2 Nefi 22


Khaolo ea 22

Ka letsatsi la lilemo tse sekete batho bohle ba tla rorisa Morena—O tla lula har’a bona—Bapisa Esaia 12. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me ka letsatsi leo o tla re: Oho Morena, kea o rorisa; le hoja o ne o nkhalefetse bohale ba hao bo khutlile, ’me o nts’elisitse.

2 Bonang, Molimo ke poloko ea ka, ke ba le ts’epo, ’me nke ke ka ts’aba; hobane Morena Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o fetohile ’moloki oa ka.

3 Ka baka leo, le tla kha metsi ka nyakallo lilibeng tsa poloko.

4 ’Me ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Morena, bitsang lebitso la hae, le phatlalatse liketso tsa hae har’a lichaba, phatlalatsang hore lebitso la hae le phahamisitsoe.

5 Binelang Morena; hobane o entse taba tse kholo; sena sea tsebahala lefats’eng lohle.

6 Llang le hoelehetse, lona ba ahileng Sione; hobane o moholo Mohalaleli oa Iseraele har’a lona.