Mangolo a halalelang
2 Nefi 1


Buka ea Bobeli ea Nefi

Hlaloso ea lefu la Lehi. Bana ba bo Nefi ba mo fetohela. Morena o lemosa Nefi ho fallela lefelleng. Maeto a hae lefelleng, le ho ea pele.

Khaolo ea 1

Lehi o porofeta ka lefats’e la tokoloho—Peo ea hae e tla qhalana le ho otloa haeba ba hana ea Mohalaleli oa Iseraele—O eletsa bara ba hae ho apara lihlomo tsa ho loka. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore kamora hore ’na, Nefi ke etse pheletso ea ho ruta bana beso, ntat’a rona, Lehi, le eena o ile a bua ntho tse ngata ho bona, ’me a etsa khopotso ho bona, kamoo Morena a entseng ntho tse kholo bakeng sa bona ka ho ba nts’a lefats’eng la Jerusalema.

2 ’Me o ile a bua le bona malebana le ho fetoha ha bona holima metsi, ’me le ka mohau oa Molimo ka ho qenehela maphelo a bona, hore e be ha ba ka ba noela ka hare ho leoatle.

3 ’Me o ile a bua le bona hape malebana le lefats’e la pallo, leo ba neng ba le fumane—kamoo Morena a bileng mohau ka ho re lemosa hore re balehele kantle ho lefats’e la Jerusalema.

4 Hobane, bonang, o ile a re, ke bone pono, eo ka eona ke tsebang hore Jerusalema e sentsoe; ’me ha e ba re ne re setse Jerusalema le rona re ne re tla be re timelitsoe.

5 Empa, a re, ho sa tsotelehe mahlomola a rona, re fumane lefats’e la pallo, lefats’e le khethehileng holima mafats’e a mang ohle; lefats’e leo Morena Molimo a entseng selekane le ’na hore e be lefats’e la bojalefa ba peo eaka. Ee, Morena o entse selekane ka lefats’e lena le ’na, le bana ba ka ka ho sa feleng, ’me hape le bao ba tlang ho etelloa ke letsoho la Morena ho tsoa linaheng tse ling.

6 Ka baka leo, ’na, Lehi, ke porofeta ho latela mesebetsi ea Moea o ka ho ’na, hore ha hona ba tla tla ka hare ho lefats’e lena ntle le hore ba tla tlisoa ke letsoho la Morena.

7 Ka baka leo, lefats’e lena le halalelitsoe ho eo a tlang ho mo tlisa. ’Me ha ho ka etsahala hore ba mo sebeletse ho latela litaelo tseo a li faneng, e tla ba lefats’e la tokoloho ho bona; ka baka leo, ba ke ke ba tlisoa tlaase litlamong; haeba, e tla ba ka lebaka la bokhopo, hobane haeba bokhopo bo ka ba bongata ho tla rohakeha lefats’e ka lebaka la bona, empa ho ba lokileng le tla hlohonolofatsoa ka ho sa feleng.

8 ’Me bonang, ke bohlale hore lefats’e lena le bolokoe le ha ho le joalo tsebong ea lichaba tse ling, hobane bonang lichaba tse ngata li ka ts’olohella lefats’e, hoo ho ke keng ha e ba le sebaka sa bojalefa.

9 Ka baka leo, ’na, Lehi, ke fumane ts’episo, hore ha feela bao Morena Molimo a tlang ho ba tlisa ho tsoa lefats’eng la Jerusalema ba ka boloka litaelo tsa hae, ba tla atleha holima sefahleho sa lefats’e lena; ’me ba tla bolokeha ho lichaba tse ling tsohle, hore ba tle ba rue lefats’e lena ka bobona. ’Me haeba ba tla boloka litaelo tsa hae ba tla hlohonolofatsoa holima sefahleho sa lefats’e lena, ’me ha hona ea tla ba hlekefetsa, kapa ho nka lefats’e la bona la bojalefa; ’me ba tla phela ka polokeho ka ho sa feleng.

10 Empa bonang, ha nako e fihla eo ba tlang ho fella ho se lumeleng, kamora hore ba amohele lihlohonolofatso tse kholo hakaalo ho tsoa letsohong la Morena—ba na le tsebo ea ts’imoloho ea lefats’e, le batho bohle, ba tseba mesebetsi e meholo le e makatsang ea Morena ho tloha ts’imolohong ea lefats’e; ba fuoe matla a ho etsa lintho tsohle ka tumelo; ba na le litaelo tsohle ho tloha qalong, ’me ba tlisitsoe ke molemo oa hae o sa feleng ka hare ho lefats’e lena la bohlokoa la pallo—bonang, ke re, haeba letsatsi le tla tla leo ba tlang ho hana ea Mohalaleli oa Iseraele, Messia oa ’nete, Molopolli oa bona le Molimo oa bona, bonang, likahlolo tsa eena ea lokileng li tla oela holima bona.

11 Ee, o tla tlisa lichaba tse ling ho bona, ’me o tla ba fa matla, ’me o tla nka mafats’e ao ba a ruileng, ’me o tla etsa hore ba qhalane ’me ba otloe.

12 Ee, ha moloko o mong o fetela ho o mong, ho tla ba le lits’ollo tsa mali, le ho tla ha likotlo tse kholo har’a bona, ka baka leo, bara ba ka, ke ne nka re le hopole; ee, ke ne nka re le mamele mantsoe a ka.

13 Oho hore le ka tsoha; tsohang borokong bo tebileng, ee, esita le boroko ba lihele, ’me le hlohlore liketane tse mpe tseo le tlangoeng ka tsona, tseo e leng liketane tse tlamang bana ba batho, hore ba nkeloe litlamong tlase khohlong ea bosafeleng ea mohlomola le malimabe.

14 Tsohang! ’me le phahame ho tsoa leroleng, ’me le utloe mantsoe a motsoali ea thothomelang, eo litho tsa hae haufi le tlang ho li robatsa fats’e lebitleng le batang le khutsitseng, moo ho se nang motsamai ea ka khutlang; matsatsi a se a se ma kae ’me ke tla ikela ka tsela ea lefats’e lohle.

15 Empa bonang, Morena o lopollotse moea oaka ho tsoa liheleng; ke bone khanya ea hae, ’me ke sekiloe ka ho sa feleng ka hara liphaka tsa hae tsa lerato.

16 ’Me ke lakatsa hore le tle le hopole ho hlokomela melao le litaelo tsa Morena; bonang, sena e bile ho ts’oenyeha ha moea oaka ho tloha qalong.

17 Pelo eaka esale e imeloa ke masoabi nako le nako, hobane ke ts’ohile, e se re ka lebaka la ho thatafala ha lipelo tsa lona Morena Molimo oa lona a tle a tsoe ka khalefo e tletseng ea hae holima lona, hore le khaoleloe ruri ’me le timetsoe ka ho sa feleng;

18 Kapa, hore thohako e tle e tle holima lona bakeng sa meloko e mengata; ’me le eteloe ka sabole, le ka tlala, ’me le hloiloe, ’me le etelloa ho latela thato le litlamo tsa diabolose.

19 Oho bara ba ka, hore lintho tsena li tle li se ke tsa tla holima lona, empa hore le mpe le be batho ba khethiloeng ba ratoang ba Morena. Empa bonang, thato ho etsoe ea hae; hobane litsela tsa hae ke ho loka ka ho sa feleng.

20 ’Me o itse: Ha feela le boloka litaelo tsa ka le tla atleha lefats’eng; empa ha feela le sa boloke litaelo tsa ka le tla khaoloa ho tloha ponts’eng ea ka.

21 ’Me joale hore moea oaka o ke o fumane nyakallo ho lona, ’me hore pelo eaka e ke e tlohe lefat’seng lena ka thabo ka lebaka la lona, hore ke tle ke se ke ka nkeloa tlaase lebitleng ka mesarelo le masoabi, phahamang leroleng, bara ba ka, ’me le be banna, ’me le ikemisetse ka kelello e le ngoe le pelo e le ngoe, le kopane linthong tsohle, hore le tle le se ke la tla tlaase litlamong;

22 Hore le tle le se ke la rohakoa ka thohako e bohloko; ’me hape, hore le tle le se ke la itlisetsa ho se khotsofale ha Molimo ea lokileng holima lona, ho isa timelong, ee, timelo ea bosafeleng ea moea le ’mele hammoho.

23 Tsohang bara ba ka; aparang lihlomo tsa ho loka. Hlohlorang liketane tseo le tlangoeng ka tsona, ’me le tle pele ho tsoa lefifing, ’me le phahame ho tsoa leroleng.

24 Se hloleng le fetohela ngoana’bo lona, eo maikutlo a hae a khanyang, ’me eo a bolokileng litaelo ho tloha nakong eo re tlohang Jerusalema; ’me eo e bileng sesebelisoa ka hara matsoho a Molimo, ho re tlisa lefats’eng la pallo; hobane ha e ne e se ka eena, re ka be re ile ra timela ke tlala lefelleng; le ha ho le joalo, le batla ho nka bophelo ba hae; ee, ’me o mamelletse mahlomola a mangata ka lebaka la lona.

25 ’Me ke ts’aba le ho thothomela ka ho fetisa ka lebaka la lona, e se re a utloa bohloko hape; hobane bonang, le mo qositse ka hore o batla matla le tokelo holima lona; empa kea tseba hore ha a batla matla le tokelo holima lona, empa o batlile khanya ea Molimo, le boiketlo ba lona ba bosafeleng.

26 ’Me le ile la tletleba hobane o ne a totobetse ho lona. Le re o sebelisitse bohale; le re o ne a le halefetse; empa bonang, bohale ba hae e ne e le bohale ba matla a lentsoe la Molimo, le neng le le ka hare ho eena; ’me seo le se bitsang khalefo e ne e le ’nete, ho latela seo se leng ka hare ho Molimo, eo le neng le ke ke la e thibela, a bonahatsa ka sebete bokhopo ba lona.

27 ’Me ho ne ho hlokahala hore matla a Molimo a be le eena, esita le ho le laela hore le mamele. Empa bonang, e ne e se eena, empa e ne e le Moea oa Morena o neng o le ka hare ho eena, o ileng oa bula molomo oa hae hore a bue hore o ne a sa khone ho o koala.

28 ’Me joale mora’ka, Lamane, ’me hape le Lamuele le Seme, ’me hape le bara ba ka bao e leng bara ba Ishmaele, bonang, ha le ka mamela lentsoe la Nefi le ke ke la timela. ’Me ha le ka mo mamela ke le siela hlohonolofatso, ee, esita le hlohonolofatso eaka ea pele.

29 Empa ha le keke la mo mamela ke nka hlohonolofatso eaka ea pele, ee, esita le hlohonolofatso eaka, ’me e tla ba holima hae.

30 ’Me joale, Zorame, ke bua le uena: Bona, uena u mosebeletsi oa Labane; le ha ho le joalo, u tlisitsoe ho tsoa lefats’eng la Jerusalema, ’me kea tseba hore u motsoalle oa ’nete ho mora oaka, Nefi, ka ho sa feleng.

31 Ka baka leo, hobane u ts’epahetse peo ea hau e tla hlohonolofatsoa le peo ea hae, hore ba tle ba phele ka katleho ka nako e telele holima sefahleho sa lefats’e lena; ’me ha ho letho, ntle le ha ho ka ba le bokhopo ha’ra bona, bo tla senya le ho sitisa katleho ea bona holima sefahleho sa lefats’e lena ka ho sa feleng.

32 Ka baka leo, haeba le tla boloka litaelo tsa Morena, Morena o halalelitse lefats’e lena bakeng sa ts’ireletseho ea peo ea hau le peo ea mora’ka.