Mangolo a halalelang
2 Nefi 8


Khaolo ea 8

Jakobo o tsoelapele ho bala ho tloha ho Esaia: Ka matsatsi a ho qetela, Morena o tla khothatsa Sione ’me a bokelle Iseraele—Ba lopollotsoeng ba tla tla Sione hara nyakallo e kholo—Bapisa Esaia 51 le 52:1–2. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Mameleng, lona ba latelang kamora ho loka. Shebang lefikeng ho tloha moo le khephotsoeng, le lesoba la sekoti seo le chekiloeng ho sona.

2 Shebang ho Abrahama, ntat’a lona, le ho Sara, ea le tsoetseng; hobane ke ’mitsitse eena a le mong, ’me ka mo hlohonolofatsa.

3 Hobane Morena o tla ts’elisa Sione, o tla khothatsa libaka tsohle tsa hae tse senyehileng; ’me o tla etsa lefella la hae joalo ka Edene, le lehoatata la hae joalo ka serapa sa Morena. Thabo le nyakallo li tla fumanoa teng, ka liteboho le lentsoe la pina ea thoriso.

4 ’Mameleng, batho ba ka; ’me le mphe tsebe, Oho sechaba sa ka, hobane molao o tla tsoa ho ’na, ’me ke tla etsa hore kahlolo eaka e lule e le khanya bakeng sa batho.

5 Ho loka ha ka ho haufi; poloko eaka e ile pele, ’me letsoho la ka le tla ahlola batho. Lihlekehleke li tla nkemela, ’me letsohong la ka ba tla ts’epa.

6 Phahamisetsang mahlo a lona leholimong, ’me le shebe lefats’eng ka tlaase; hobane maholimo a tla nyamela joalo ka mosi, ’me lefats’e le tla tsofala joalo ka seaparo; ’me le ba phelang teng ka mokhoa o ts’oanang. Empa poloko eaka e tla ba teng ka ho sa feleng, ’me ho loka ha ka ho keke ha felisoa.

7 ’Mameleng, lona ba tsebang ho loka, batho bao lipelong tsa bona ke ngotseng molao oaka, le se ts’abe nyatso ea batho, ntle le ho ts’aba lits’omo tsa bona.

8 Hobane ba tla jeoa ke ts’oele joalo ka seaparo, ’me seboko se ba je joalo ka boea. Empa ho loka ha ka e tla ba ka ho sa feleng, ’me poloko eaka ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.

9 Tsoha, tsoha! Apara matla, Oho letsoho la Morena; tsoha joalo ka matsatsing a khale. Ha se oena ea ileng a khaola Rahaba, le ho hlaba drakone?

10 Ha se oena ea omisitseng leoatle, metsi a boliba bo boholo; ea entseng botebo ba leoatle tsela bakeng sa hore ba lopolotsoeng ba fete holima lona?

11 Ka baka leo, ba lopolotsoeng ba Morena ba tla khutla, ’me ba tle ka lipina Sione; ’me nyakallo e sa feleng le khalalelo li tla ba holima lihloho tsa bona; ’me ba tla fumana nyakallo le thabo; masoabi le lillo li tla balehela hole.

12 Ke ’na; ee, ke ’na ea le ts’elisang. Bonang, le bo mang, ba ka ts’abang motho, ea tla shoa, le mora motho, ea tla omisoa joalo ka joang?

13 ’Me le lebala Morena ’mopi oa lona, ea alileng maholimo, le ho beha metheho ea lefats’e, ’me le tsoetsepele ho ts’aba letsatsi le leng le le leng, ka lebaka la khalefo ea mohatelli, joalo ka ha eka o na itokisitse ho timetsa? ’Me e kae khalefo ea mohatelli?

14 Ea litlamong o tla phakisa, hore a tle a tlamolloe, ’me a ke ke a shoela sekoting, kapa a hloke bohobe ba hae.

15 Empa ke Morena Molimo oa hao, eo maqhubu a hae a rorang; Morena oa Makhotla ke lebitso la ka.

16 ’Me ke beile mantsoe a ka molomong oa hau, ’me ke u apesite ka moriti oa letsoho la ka, hore ke tle ke thehe maholimo ’me ke behe metheho ea lefats’e, ’me ke re ho Sione: Bonang, le batho ba ka.

17 Tsoha, tsoha, ema, Oho Jerusalema, ea noeleng letsohong la Morena senoelo sa khalefo ea hae—o noele lits’ifa tsa senoelo se tahisang—

18 ’Me ha hona ea mo tataisang har’a bara bohle bao a ba tlisitseng pele; ha hona le ea mo ts’oarang ka letsoho, ho bara bohle bao a ba holisitseng.

19 Bara bana ba babeli ba tla ho uena, ke mang ea tla u utloela—lesupi le ts’enyeho ea hau, le tlala, le sabole—ke ka mang ke tla o ts’elisa?

20 Bara ba hau ba ilibane, ntle le bana ba babeli; ba lula likoung tsa literata tsohle; joalo ka poho e hlaha e ts’oasehileng letloeng, ba tletse khalefo ea Morena, khalemo ea Molimo oa hao.

21 Ka baka leo utloa sena joale, oena ea hlorisitsoeng, le ea tahiloeng, ’me e seng ke veine:

22 O itse joana Morena oa hao, Morena le Molimo oa hau o ts’ireletsa nyeoe ea batho ba hae; bonang, ke nkile ho tsoa letsohong la hao senoelo se thekeselang, lits’ifa tsa khalefo eaka; ha o sa tla se noa hape.

23 Empa ke tla se beha letsohong la ba u hlorisang; ba itseng ho moea oa hao: Inama fats’e, hore re tsamae ka holimo—’me o alile ’mele oa hao joaloka mobu le joalo ka seterata ho ba tsameang holima teng.

24 Tsoha, tsoha, apara matla a hau, Oho Sione; apara seaparo sa hau se setle, Oho Jerusalema, motse o halalelang; ho tloha joale ha ho sa tla ba le ba sa bollang le ba lits’ila ba sa tla kena.

25 Itlhotlhore ho tsoa leroleng; tsoha, lula fats’e, Oho Jerusalema; iphasolle marapo a molaleng oa hao, Oho morali ea litlamong oa Sione.