Mangolo a halalelang
2 Nefi 20


Khaolo ea 20

Timetso ea Assiria ke ts’oants’iso ea timetso ea ba khopo ka nako ea ho tla khetlo la bobeli—Batho ba ’maloa ba tla sala kamora hore Morena a tle hape—Ba setseng ba Jakobo ba tla khutla ka letsatsi leo—Bapisa Esaia 10. Ka bo 559–545 B.C.

1 Ho malimabe ba beang melao e sa lokang, le bangoli ba ngolang mangolo a hloriso;

2 Ho amoha mafutsana tokelo ea ona, le ho hlakola tokelo ea bafumanehi ba sechaba sa ka, hore bahlolohali e be phofu ea bona, le ho tlatlapa likhutsana!

3 ’Me le tla etsa joang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se tsoa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, ’me le tla sia khanya ea lona kae?

4 Ntle le ’na ba tla kokobetsoa tlasa ba litlamong, ’me ba tla oa hara ba bolailoeng. Hobane khalefo ena eohle ea hae ha e ba furalle, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

5 Ho malimabe Assiria, thupa ea bohale ba ka, leha ke beile molamu oa khalefo ea ka matsohong a hae.

6 Ke tla mo romela khahlanong le sechaba se boikaketsi, ’me khahlanong le sechaba seo ke se halefetseng a tle a hape lintho tsa sona, ’me a nke liphofu, ’me a se hatakele joaloka liretse tsa ’mila.

7 Le ha ho le joalo ha a ikemisetse joalo, leha e le ho lemoha pelong ea hae hobane ho joalo, empa se ka pelong ea hae ke ho senya le ho felisa lichaba e seng tse ’maloa.

8 Hobane o re: Likhosana tsa ka na hase marena kaofela a tsona na?

9 Kalno ha e joaloka Karkemishe? Hamathe ha e joaloka Arpade? Samaria ha e joaloka Damaseka?

10 Joalo ka ha letsoho la ka le ile la theha mebuso ea melingoana, ’me lits’oantso tsa eona li ne li fetisa tsa Jerusalema le tsa Samaria;

11 Na nke ke ka etsa, joalo ka ha ke entse ho Samaria le melingoana ea hae, le ho etsa joalo ho Jerusalema le melingoana ea hae?

12 Ka baka leo ho tla etsahala hore ha Morena a qetile mosebetsi ohle oa hae thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla otla morena oa Assiria ka baka la litholoana tsa boikhohomoso ba pelo ea hae, le ka baka la boikhants’o ba mahlo a hae.

13 Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etsoe ke hlalefile, ke suthisitse meeli ea lichaba, ke ikhapetse matlotlo a tsona, ’me joalo ka mohale ke rapalalitse ba ahileng teng joalo ka monna oa mohale;

14 ’Me letsoho la ka le hapile menono ea lichaba joalo ka ha ho nts’etsa ntlo ea nonyana; ’me joalo ka ha ho bokelloa mahe a tlohetsoeng ke ipokelletse lefats’e kaofela; ’me ha ho ea kileng a sisinya mapheo, kapa ea ahlamisitseng molomo, kapa a lla.

15 Na selepe se ka ithoka ho ea remang ka sona? Na sakha e ka ithorisa ho ea sakhang ka eona? Joalo ka ha e ka thupa e ka its’isinya khahlanong le ea e emisang, kapa lere le ka ikemisa joalo ka ha eka ha se sefate!

16 Ka baka leo, Morena, Morena oa makhotla, o tla romela har’a ba hae ba nonneng, bosesane; ’me tlasa khanya ea hae ho tla hotela ho kang ho cha ha mollo.

17 ’Me la Iseraele le tla fetoha mollo, ’me oa hae Ea Halalelang e be lelakabe, ’me le tla chesa le ho felisa meutloa le libajoa tsa hae ka tsatsi le le leng;

18 ’Me le tla chesa khanya ea moru oa hae, ’me le ea masimo a hae, ’moho moea le ’mele, ’me ho be joalo ka ha mots’oari oa folakha a akheha.

19 ’Me lifate tsa moru oa hae tse tla sala e tla ba tse ’maloa, hore ngoana a ka tseba ho ngola palo ea tsona.

20 ’Me ho tla etsahala hore ka letsatsi leo, ho setseng ha Israele, le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo ha ba sa tla hlola ba ts’epa ea ileng a ba otla, empa ba tla ts’epa Morena, Mohalaleli oa Iseraele, ka ’nete.

21 Karolo e setseng e tla khutla, ee, esita le ho setseng ha Jakobo, ho Molimo ea matla.

22 Hobane leha sechaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la leoatle, e tla ba ho setseng ha sona feela ba tlang ho sokoloha; tefetso e reriloeng e tiile, e tla ts’oloha ka ho loka.

23 Hobane Morena Molimo oa makhotla o tla romela ts’enyo, esita le ea e rerileng lefats’eng leo kaofela.

24 Ka baka leo, o re Morena Molimo oa makhotla: Oho sechaba sa ka se ahileng Sione, o se ke oa ts’oha Assiria, leha a o otla ka thupa, ’me a emisitse molamu khahlanong le oena, joaloka ha ho kile ha etsoa Egepeta.

25 Hobane ho se ho se hokae, khalefo ea ka e tla feta, le bohale ba ka ho ba timetsa.

26 ’Me Morena oa makhotla o tla hlohlelletsa seoa bakeng sa hae joalo ka ha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe; ’me joalo ka ha thupa ea hae holima leoatle joale o tla e phahamisa joalo ka ha a entse Egepeta.

27 ’Me ho tla etsahala hore ka letsatsi leo boima ba hae bo tla tlosoa lehetleng la hao, le joko ea hae molaleng oa hao, ’me joko e tla senyeha ka baka la tlolo.

28 O se a tlile Ajathe, o fetela ho Migrone; Mikmashe o siile thoto ea hae.

29 Ba se ba fetile ka lekhalo; bosiu ba bo hlola Geba; ba Rama ba ts’ohile, ba Gibea-Saule ba balehile.

30 Phahamisa lentsoe la hao, Oho morali oa Gallime; o etse hore le utloahale ho Laishe, Oho Anathothe ea futsanehileng.

31 Madmena e tlositsoe, ba ahileng Gebime ba bokella lintho tsa bona ba baleha.

32 Hajoale o tla sala Nobe ka letsatsi leo; o tla sisisnya ka letsoho la hae khahlanong le thaba ea morali oa Sione, leralla la Jerusalema.

33 Bonang, Morena, Morena oa makhotla o tla roba makala a sefate seo ka matla a maholo, a matenya a tla rengoa, a phahamileng a kokobetsoe.

34 ’Me o tla rema boteteano ba moru ka ts’epe, ’me Lebanone e tla lihuoa ke ea matla.