Mangolo a halalelang
2 Nefi 4


Khaolo ea 4

Lehi o eletsa le ho hlohonolofatsa leloko la hae—Oa shoa ’me oa patoa—Nefi o rorisa molemo oa Molimo—Nefi o beha ts’epo ea hae ho Morena ka ho sa feleng. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me joale, ’na Nefi, ke bua malebana le boporofeta boo ntate a buileng ka bona, malebana le Josefa, ea ileng a nkeloa Egepeta.

2 Hobane bonang, ka ’nete o ile a porofeta malebana le peo eohle ea hae. ’Me boporofeta boo a bo ngotseng, ha hona bo bongata bo bo fetang. ’Me o ile a porofeta malebana le rona, le meloko ea rona ea ka moso; ’me li ngotsoe holima matlapa a ts’epe e khubelu.

3 Ka baka leo, kamora hore ntate a etse pheletso ea ho bua malebana le boporofeta ba Josefa, o ile a bitsa bana ba Lamane, bara ba hae, le barali ba hae, ’me a re ho bona: Bonang, bara ba ka, le barali ba ka, bao le leng bara le barali ba letsibolo la ka, nka re le tle le fe litaba tsa ka tsebe.

4 Hobane Morena Molimo o itse: Ha feela le tla boloka litaelo tsa ka le tla atleha lefats’eng; ’me ha feela le ke ke la boloka litaelo tsa ka le tla khaoloa ponts’eng eaka.

5 Empa bonang, bara ba ka le barali ba ka, nke ke ka ea tlaase lebitleng la ka ntle le hore ke sie hlohonolofatso holima lona; hobane bonang, kea tseba hore ha le holiselitsoe tseleng eo le tlang ho e tsamaea ha le na tloha ho eona.

6 Ka baka leo, haeba le rohakiloe, bonang, ke sia hlohonolofatso eaka holima lona, hore thohoako eo e ke e tlosoe ho lona ’me e tle e arajoe holima lihlooho tsa batsoali ba lona.

7 Ka baka leo, ka lebaka la hlohonolofatso eaka Morena Molimo a ke ke a lumela hore le tle le timele; ka baka leo, o tla ba le qenehelo ho lona le ho peo ea lona ka ho sa feleng.

8 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora hore ntate a etse pheletso ea ho bua ho bara le barali ba Lamane, o ile a etsa hore bara le barali ba Lamuele ba tlisoe ka pele ho eena.

9 ’Me o ile a bua ho bona a re: Bonang, bara ba ka le barali ba ka, beo le leng bara le barali ba mora oaka oa bobeli; bonang ke sia ho lona hlohonolofatso e ts’oanang le eo ke e siileng ho bara le barali ba Lamane; ka baka leo, ha le na ho timetsoa ka botlalo; empa qetellong peo ea lona e tla hlohonolofala.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ntate a se a entse pheletso ea ho bua ho bona, bonang, o ile a bua ho bara ba Ishmaele, ee, ’me esita le bohle ba ntlo ea hae.

11 ’Me kamora hore a etse pheletso ea ho bua ho bona, o ile a bua o ho Seme, a re: U lehlohonolo, le peo ea hau; hobane u tla rua lefa la lefats’e joaloka ngoaneno Nefi. ’Me peo ea hau e tla baloa le peo ea hae; ’me u tla ba esita joalaka ngoaneno, le peo ea hau joaloka peo ea hae; ’me u tla hlohonolofala matsatsing oohle a hau.

12 ’Me ho ile ha etsahala kamora hore ntate, Lehi, a bue ho bohle ba ntlo ea hae, ho latela maikutlo a pelo ea hae le Moea oa Morena o neng o le ka ho eena, o ile a tsofala. ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a shoa, ’me a patoa.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore matsatsi a seng mangata kamora lefu la hae, Lamane le Lamuele le bara ba Ishmaele ba ne ba nkhalefele ka lebaka la litemoso tsa Morena.

14 Hobane ’na, Nefi, ke ile ka susumetsoa ho bua ho bona, ho latela lentsoe la hae; hobane ke ne ke buile ntho tse ngata ho bona, hape le ntate pele ho lefu la hae; boholo ba lipuo tseo e leng tse ngotsoeng matlapeng a mang a ka; hobane boholo ba likarolo tsa nalane li ngotsoe holima matlapa a mang a ka.

15 ’Me holima a na ke ngola lintho tsa moea oaka, ’me bongata ba mangolo a halalelang a ngotsoe holima matlapa a ts’epe e khubelu. Hobane moea oaka o thabela mangolo a halalelang, ’me pelo eaka e ea a nahana, le ho a ngola bakeng sa thuto le molemo oa bana ba ka.

16 Bonang, moea oaka o thabela linthong tsa Morena; ’me pelo eaka e tsoelapele ho nahana holima lintho tseo ke li boneng le ho li utloa.

17 Le ha ho le joalo, ho sa tsotellehe molemo o moholo oa Morena, ka ho mponts’a mesebetsi ea hae e meholo e makatsang, pelo eaka e ea hoelehetsa: Oho ke motho ea soto hakaakang! Ee, pelo eaka e hlomohile ka lebaka la nama eaka; moea oaka o utloile bohloko ka lebaka la bokhopo ba ka.

18 Ke teetsoe hare, ka lebaka la liteko le libe tse nts’oasang feela ka bobebe.

19 ’Me ha ke lakatsa ho thaba, pelo eaka e bobola ka lebaka la libe tsa ka; le ha ho le joalo, kea tseba hore na ke ts’epetse ho mang.

20 Molimo oaka e bile ts’ehetso ea ka, o ile a nketella mahlomoleng lefelleng; ’me o mpolokile holima metsi a botebo bo boholo.

21 O ile a ntlatsa ka lerato la hae, esita le ho timetsa ha nama eaka.

22 O ile a tlotlolla lira tsa ka, ka ho etsa hore ba thothomele ka pele ho ’na.

23 Bonang, o ile a utloa sello sa ka mots’eare, ’me o ile a mpha tsebo ka lipono ka nako ea bosiu.

24 ’Me mots’eare ke ile ka ipha sebete ka thapelo e matla ka pele ho eena; ee, lentsoe la ka ke ile kale romella holimo moo ho phahameng; ’me mangeloi a ile a theohela tlaase ’me a nts’ebeletsa.

25 ’Me holima mapheo a Moea oa hae ’mele oaka o ile oa nkeloa hole o le holima lithaba tse phahameng ka ho fetisa. ’Me mahlo a ka a ile a bona lintho tse kholo, ee, esita le tse kholo haholo bakeng sa motho; ka baka leo ke ile ka laeloa hore ke se ke ka li ngola.

26 Oho, joale, haeba ke ile ka bona ntho tse kholo hakaalo, haeba Morena ka ho itheolela tlaase ho bana ba motho o ile a etela batho ka qenehelo e kholo joalo, hobaneng pelo eaka e ka bokolla ’me moea oaka o lule phuleng ea masoabi, le nama eaka e senyehe, le matla a ka a fele, ka lebaka la mahlomola a ka?

27 Hobaneng ke ka inehela sebeng, ka lebaka la nama eaka? Ee, hobaneng ke ka lumella liteko, hore e mobe a be le sebaka ka pelong eaka ho senya khotso eaka le ho hlomola moea oaka? Hobaneng ke halefile ka lebaka la sera sa ka?

28 Tsoha, moea oaka! Se hlole u nyahamela sebeng. Nyakalla, Oho pelo eaka, ’me u se ke ua hlola u fa sera sa moea oaka sebaka.

29 Se ke ua halefa hape ka lebaka la lira tsa ka. Matla a ka a se ke a fela ka lebaka la mahlomola a ka.

30 Nyakalla, Oho pelo eaka, llela ho Morena, ’me u re: Oho Morena, ke tla o rorisa ka ho sa feleng; ee, moea oaka o tla thabela ho uena, Molimo oaka, le lefika la pholoho eaka.

31 Oho Morena, na u ka lopolla moea oaka? Na u ka ntokolla ho tsoa matsohong a lira tsa ka? Na u ka etsa hore nke ke thothomele ponts’eng ea sebe?

32 Ha likhoro tsa lihele kamehla li ke li koale ka pele ho ’na, ka lebaka la hore pelo eaka e robehile le moea oaka o soabile! Oho Morena, u ke u se koale likhoro tsa ho loka ha hau ka pele ho ’na, hore nke ke tsamaee tseleng ea phula e tlaase, hore ke tle ke be hlokolosi tseleng e bonolo!

33 Oho Morena, u ke u nkapese ka kobo ea hau ea ho loka! Oho Morena, u ke u etse tsela ea ho phonyoha ha ka ka pele ho lira tsa ka! U ke u etse hore tsela eaka e otlolohe ka pele ho ’na! U ke u se ke oa beha likhopiso ka tseleng eaka—empa hore u ke u tlose tseleng eaka ka pele ho ’na, ’me u se ke ua thibela tsela eaka, empa litsela tsa lira tsa ka.

34 Oho Morena, ke ts’epetse ho uena, ’me ke ts’epela ho uena ka ho sa feleng. Ha ke na beha ts’epo eaka matleng a nama; hobane kea tseba hore o rohakiloe ea behang ts’epo ea hae matleng a nama. Ee, o rohakiloe ea behang ts’epo ea hae ho motho kapa ho etsa nama matla a hae.

35 Ee, kea tseba hore Molimo o tla fana ka phano e kholo ho ea kopang. Ee, Molimo oaka o tla mpha, ha ke sa kope phoso; ka baka leo ke tla phamisetsa lentsoe la ka holimo ho uena; ee, ke tla llela ho uena, Molimo oaka, lefika la ho loka. Bona, lentsoe la ka ka ho sa feleng le tla nyolohela holimo ho uena, lefika la ka, Molimo oaka oa ka ho sa feleng. Amen.