Mangolo a halalelang
2 Nefi 33


Khaolo ea 33

Mantsoe a Nefi kea ’nete—A paka ka Kreste—Ba lumelang ho Kreste ba tla lumela matsoe a Nefi, a tla ema e le paki ka pele ho tulo ea kahlolo. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale ’na, Nefi, ke sitoa ho ngola lintho tsohle tse ileng tsa rutoa har’a batho ba heso, le haele ho ba matla ho ngoleng, joaloka ho bueng; hobane ha motho a bua ka matla a Moea o Halalelang matla a Moea o Halalelang a e nkela lipelong tsa bana ba batho.

2 Empa bonang, ba bangata ba thatafatsang lipelo tsa bona khahlanong le Moea o halalelang, hore e be ha o na sebaka ka ho bona; ka baka leo, ba lahlela ntho tse ngata hole tse ngotsoeng ’me ba li nka e le lintho tsa lefeela.

3 Empa ’na, Nefi, ke ngotse tseo ke li ngotseng, ’me ke li hlompha joaloka ha e le tsa bohlokoa bo boholo, ’me haholo ho batho ba heso. Hobane ke ba rapella kamehla letsatsi le letsatsi, ’me mahlo a ka a ts’ela mosamo oaka ka metsi bosiu, ka lebaka la bona; ’me ke llela ho Molimo oaka ka tumelo, ’me kea tseba hore o tla utloa sello sa ka.

4 ’Me kea tseba hore Morena Molimo o tla halaletsa lithapelo tsa ka molemong oa batho ba heso. ’Me mantsoe ao kea ngotseng ka bofokoli a tla etsoa hore a be matla ho bona; hobane a ba khothaletsa ho etsa botle; a etsa hore ba tsebe ka bo ntat’a bona; ’me a bua ka Jesu, ’me a ba khothaletsa ho lumela ho eena, le ho mamella ho isa qetellong, e leng bophelo ba bosafeleng.

5 ’Me a bua ka bohale khahlanong le sebe, ho latela ho hlaka ha ’nete; ka baka leo, ha hona motho ea tla halefela mantsoe ao kea ngotseng ntle le haeba e tla be e le oa moea oa diabolose.

6 Ke thabela ho hlaka; ke thabela ’nete, ke thabela Jesu oaka, hobane o lopollotse moea oaka liheleng.

7 Ke na le qenehelo bakeng sa batho ba heso, le tumelo e kholo ho Kreste hore ke tla kopana le meea e mengata e senang letheba setulong sa hae sa kahlolo.

8 Ke na le qenehelo ho Mo-Juda—ke re Mo-Juda, hobane ke bolela bao ba moo ke tsoang teng.

9 Ke na le qenehelo hape ho Balichaba. Empa bonang, hobane ha hona ofe kapa ofe oa bona eo nka khonang ho ba le ts’epo ntle le hore ba tle ba boelane le Kreste, ’me ba kene ka har’a khoro e ts’esane, ’me ba tsamaee ka har’a tsela e patisaneng e lebisang bophelong, ’me ba tsoelepele ka har’a tsela ho fihlela qetello ea letsatsi la teko.

10 ’Me joale, bana beso ba ratoang, le hape Mo-Juda, ’me le lona bohle ba lipheletsong tsa lefats’e, mamelang mantsoe ana ’me le lumele ho Kreste; ’me haeba le sa lumele mantsoeng ana lumelang ho Kreste. ’Me haeba le tla lumela ho Kreste le tla lumela ho mantsoe ana, hobane ke mantsoe a Kreste, ’me o ile a mpha ona; ’me a ruta batho bohle hore ba etse botle.

11 ’Me haeba ha se mantsoe a Kreste, lona ahlolang—hobane Kreste o tla le bonts’a, ka matla le khanya e kholo, hore ke mantsoe a hae, ka letsatsi la ho qetela; ’me ’na le uena re tla ema re shebane mahlong ka pele ho tulo ea hae ea kahlolo; ’me le tla tseba hore ke laetsoe ke eena ho ngola lintho tsena, ho sa natsoe bofokoli ba ka.

12 ’Me ke rapela Ntate ka lebitso la Kreste hore bongata ba rona, haeba e se kaofela, re tle re pholosoe ’musong oa hae ka letsatsi leo le leholo la ho qetela.

13 ’Me joale, bana beso ba ratoang, bohle bao le leng ba ntlo ea Iseraele, ’me le lona bohle ba lipheletsong tsa lefats’e, ke bua le lona joaloka lentsoe la ea llang ho tsoa leroleng: Salang hantle ho fihlela letsatsi leo le leholo le tla.

14 ’Me lona ba ke keng ba amohela molemo oa Molimo, le ho hlompha mantsoe a Ba-Juda, le hape mantsoe a ka, le mantsoe a tla tla ho tsoa molomong oa Konyana ea Molimo, bonang, ke le fa tumeliso ea ka ho sa feleng, hobane mantsoe ana a tla le ahlola ka letsatsi la ho qetela.

15 Hobane seo ke se tiisang lefats’eng, se tla tlisoa khahlanong le lona tulong ea kahlolo; hobane ke joana Morena a ileng a ntaela, me ke tlamea ho mamela. Amen.