Mangolo a halalelang
2 Nefi 26


Khaolo ea 26

Kreste o tla ruta Ba-Nefi—Nefi o bona timelo ea batho ba habo—Ba tla bua ho tsoa leroleng—Balichaba ba tla aha likereke tsa bohata le liketso tsa sekhukhu—Morena o thibela batho ho itloaetsa boprista ba bohata. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me kamora hore Kreste a tsohe bafung o tla iponahatsa ho lona, bana ba ka, le bana beso ba ratehang; ’me mantsoe oa a tlang ho a bua ho lona e tla ba molao oo le tla o etsa.

2 Hobane bonang, ke re ho lona ke bone hore meloko e mengata e tla feta, ’me ho tla ba le lintoa tse kholo le likhang har’a batho ba heso.

3 ’Me kamora hore Messia a tle ho tla ba le mats’oao a fuoang batho ba heso a tlhaho ea hae, ’me le lefu la hae le tsoho ea bafu; ’me letsatsi leo e tla ba le leholo le ts’abehang ho ba khopo, hobane ba tla timela; ’me ba timela hobane ba lelekile baporofeta, ’me bahalaleli ba ba tlepelitse ka majoe, ’me ba ba bolaea; ka baka leo sello sa mali a bahalaleli se tla nyolohela holimo ho Molimo ho tsoa fats’e khahlanong le bona.

4 Ka baka leo, bohle ba ikhohomosang, le ba etsang ka bokhopo, letsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Morena oa Makhotla, hobane ba tla ba joaloka litlhaka.

5 ’Me bao ba bolaeang baporofeta, le bahalaleli, botebo ba lefats’e bo tla ba koenya, ho bolela Morena oa Makhotla; ’me lithaba li tla ba koahela, ’me setsokotsane se ba nke, le meaho e tla ba oela holimo ’me e ba choatle likotoana ’me e ba sile ho ba phofo.

6 ’Me ba tla eteloa ka lialuma, le mahalima, le ho sisinyeha ha lefats’e, le mekhoa eohle ea ts’enyo, hobane lelakabe la khalefo ea Morena le tla ba tukela, ’me ba tla ba joalo ka litlhaka, ’me letsatsi leo le tlang le tla ba harola, ho bolela Morena oa Makhotla.

7 Oho bohloko, le masisa-pelo a moea oaka bakeng sa tahlehelo ea batho ba heso ba bolauoeng! Hobane ’na, Nefi, ke e bone, ’me e le haufi le ho nkharola ka pele ho boteng ba Morena; empa ke tlameha ho llela ho Moimo oa ka: Litsela tsa hau li lokile.

8 Empa bonang, ba lokileng ba mamelang mantsoe a baporofeta, ’me ba sa a senye, empa ba shebela pele ho Kreste ka ho tiea bakeng sa mats’oao a fanoeng, ho sa natsoe hloriso eohle—bonang, ke bona bao ba ke keng ba timela.

9 Empa Mora oa Ho Loka o tla hlaha ho bona, ’me o tla ba folisa, ’me ba tla ba le khotso le eena, ho fihlela meloko e meraro e feta, ’me le ba bangata ba moloko oa bone ba tla feta ka ho loka.

10 ’Me ha lintho tsena li se li fetile ts’enyeho e potlakileng e tla ho batho ba heso; hobane, ho sa natsoe mahloko a moea oaka, ke e bone; ka baka leo, kea tseba hore ho tla etsahala; ’me ba ithekisetsa bakeng sa mafelafelane; hobane, bakeng sa moputso oa boikhohomoso le booatla ba bona ba tla kotula ts’enyo; ka lebaka la hobane ba inehela ho diabolose ’me ba khetha mesebetsi ea lefifi ho fapana le khanya, ka baka leo ba tlameha ho ea tlase liheleng.

11 Hobane Moea oa Morena o keke oa lula o na le batho kamehla. ’Me ha Moea o emisa ho ba le batho joale ho tla ts’enyeho e potlakileng, ’me sena se hlonamisa moea oaka.

12 ’Me joaloka ha ke buile malebana le ho kholisa Ba-Juda, hore Jesu ke Kreste oa ’nete, ho ea hlokahala hore le Balichaba ba kholisoe le bona hore Jesu ke Kreste, Molimo oa Bosafeleng;

13 ’Me hore a tle a iponahatse ho bohle ba lumelang ho eena, ka matla a Moea o Halalelang; ee, ho lichaba tsohle, leloko, leleme, le batho, mesebetsi ea mehlolo e meholo, mats’oao, le limakatso har’a bana ba batho ho latela tumelo ea bona.

14 Empa bonang, ke le porofetela malebana le matsatsi a ho qetela; malebana le matsatsi ao Morena Molimo a tlang ho tlisa lintho tsena ho bana ba batho.

15 Kamora hore peo eaka le peo ea bana beso e fele ke ho se lumele, ’me ba otloe ke Balichaba; ee, kamora hore Morena Molimo a ba lalle ka nga tsohle, ’me a ba teele hare ka terata khahlonong le bona, ’me a behile thibella ea thaba, le ka lifika tse phahameng khahlanong le bona; ’me kamora hore ba tlisoe tlase leroleng, esita le hore ha ho so be joalo, empa mantsoe a ba lokileng a tla ngoloa, ’me lithapelo tsa ba tletseng tumelo li tla utloahala, ’me bohle ba felletseng ho se lumeleng ha ba na lebaloa.

16 Hobane bao ba tla timetsoa ba tla bua le bona ho tsoa fats’e, ’me puo ea bona e tla ba tlaase ho tsoa leroleng, ’me lentsoe la bona le tla ba joaloka le nang le moea o tloaelehileng; hobane Morena Molimo o tla mo fa matla, hore a tle a sebe malebana le bona, esita joaloka ho tsoa fats’e; ’me puo ea bona etla seba ho tsoa leroleng.

17 Hobane Morena Molimo o bolela joana: Ba tla ngola lintho tse tla etsoa har’a bona, ’me li tla ngoloa ’me li tiisoe ka har’a buka, ’me bao ba felletseng ho se lumeleng ha ba na ho ba le tsona, hobane ba batla ho timetsa lintho tsa Molimo.

18 Ka baka leo, joaloka ha ba timelitsoeng ba ile ba timetsoa kapele; ’me bongata ba bona ba ba ts’abehang bo tla ba joaloka ’moko o fetang—ee, Morena Molimo o bolela joana: e tla ba hanghang, ka ts’ohanyetso—

19 ’Me ho tla etsahala, hore bao ba felletseng ho se lumeleng ba tla otloa ka letsoho la Balichaba.

20 ’Me Balichaba ba phahamiselitsoe holimo ka boikhohomoso ba mahlo a bona, ’me ba khoptjooe, ka lebaka la boholo ba khopiso ea bona, ea hore ba ahile likereke tse ngata; le ha ho le joalo, ba theola matla le mehlolo ea Molimo, ’me ba rutana bohlale ba bona le boithuto ba bona, hore ba tle ba fumane phaello ’me ba sila lifahlehong tsa bafutsana.

21 ’Me li ngata likereke tse ahiloeng tse bakang mona, le likhang, le lonya.

22 ’Me hape ho na le liketso tsa sekhukhu, esita joaloka nakong tsa khale, ho latela mekhatlo ea diabolose, hobane ke mothehi oa tsena tsohle; ee, mothehi oa polao, le mesebetsi ea lefifi; ee, ’me o ba etella pele ka molala ka thapo ea lesela, ho fihlela a ba tlama ka lithapo tsa hae tse matla ka ho sa feleng.

23 Hobane bonang, bana beso ba ratehang, ke re ho lona hore Morena Molimo ha a sebeletse lefifing.

24 Ha hona seo a se etsang ntle le hore e be ke molemong oa lefats’e; hobane o rata lefats’e, esita le hore o tela bophelo ba hae hore a tle a tlise batho bohle ho eena. Ka baka leo, ha hona eo a mo laetseng hore a se ke a amohela pholoso ea hae.

25 Bonang, na hona le eo a llang ho eena, a re: tloha ho ’na? Bonang, ke re ho lona, Che; empa o re: Tlohong ho ’na lona bohle lipheletso tsa lefats’e, ithekeleng lebese le mahe a linots’i, ntle le chelete le ntle le theko.

26 Bonang, na o laetse hore ho be le bao ba tla tsoela ka ntle ho lisinagoge, kapa ka ntle ho matlo a borapeli? Bonang, ke re ho lona, Che.

27 Na o laetse hore ho se ke ha eba le ea amohelang pholoso ea hae? Bonang ke re ho lona, Che; empa o fane ka eona mahala bakeng sa batho bohle; ’me o laetse batho ba hae hore ba khothalletse batho bohle pakong.

28 Bonang, na ho na le eo Morena a laetseng hore a se ke a amohela molemo oa hae? Bonang, ke re ho lona, Che; empa batho bohle ba na le tokelo e mong joaloka e mong, ’me ha hona ea thibetsoeng.

29 O laetse hore ho se ke ha eba le boprista ba bohata; hobane, bonang, boprista ba bohata ke hore batho ba ruta le ho ipeha e le khanya ea lefats’e, hore ba tle ba fumane phaello le thoriso ea lefats’e; empa ha ba batle boiketlo ba Sione.

30 Bonang, Morena o thibetse ntho ena, ka baka leo, Morena Molimo o fane ka taelo ea hore batho bohle ba be le qenehelo, qenehelo eo e leng lerato. ’Me ntle le hore ba be le qenehelo e ne e se letho. Ka baka leo, ha ba ka ba le qenehelo ba ke ke ba lumella hore mosebeletsi oa Sione a timele.

31 Empa mosebeletsi a Sione o tla sebeletsa Sione; hobane ha a ka sebeletsa chelete o tla timela.

32 ’Me hape, Morena Molimo o laetse hore batho ba se ke ba bolaea; hore ba se ke ba thetsa; hore ba se ke ba utsoa, hore ba se ke ba tlaela ka lebitso la Morena Molimo oa bona; hore ba se ke ba ba mona; hore ba se ke ba ba lonya; hore ba se ke ba etsa khang e mong le e mong; hore ba se ke ba feba; le hore ba se ke ba etsa efe kapa efe ea lintho tsena; hobane ea li etsang o tla timela.

33 Hobane ha hona ba bobe bo fe kapa bo fe ho ana bo tsoang ho Morena; hobane o etsa seo se molemo har’a bana ba batho; ’me o ba mema bohle ho tla ho eena ’me ba amohele molemo oa hae; ’me ha a thibele mang kapa mang ho tla ho eena, ba bats’o le ba basoeu, ba litlamong le ba lokolohileng, ba ba tona le ba ba ts’ehali, ’me o hopola bahetene; ’me bohle ba ts’oana ho Molimo, ’moho Mo-Juda le Molichaba.