Mangolo a halalelang
2 Nefi 28


Khaolo ea 28

Likereke tse ngata tsa bohata li tla ahoa ka matsatsi a ho qetela—Li tla ruta bohata, bofeela, le lithuto tsa tumelo tsa booatla—Koeneho e tla ba ngata ka lebaka la baruti ba bohata—Diabolose o tla halefa ka hare ho lipelo tsa batho—O tla ruta mefuta eohle ea lithuto tsa tumelo tsa bohata. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale, bonang, bana beso, ke buile le lona, ho latela kamoo Moea o ileng oa nts’usumetsa; ka baka leo, kea tseba hore kannete li tla etshahala.

2 ’Me lintho tse tla ngoloa ho tsoa bukeng e tla ba tsa bohlokoa haholo ho bana ba batho, ’me haholo-holo ho peo ea rona, eo eleng karolo e setseng ea ntlo ea Iseraele.

3 Hobane ho tla etsahala hore ka letstsi leo ha likereke tse ahiloeng, ’me e se bakeng sa Morena, ha e ’ngoe e tla re ho e ’ngoe: Bona, ’na, ke ea Morena; ’me tse ling li tla re: ’Na, ke ea Morena; ’me joana e mong le e mong ea reng ba ahile likereke, ’me e se bakeng sa Morena—

4 ’Me li tla loants’ana e ’ngoe le e ’ngoe; ’me baprista ba tsona ba tla loants’ana e ’mong le e ’mong, ’me ba tla ruta ka borutehi ba bona ’me ba latole Moea o Halalelang, o fanang ka ts’usumetso.

5 ’Me ba latola matla a Molimo, Mohalaleli oa Iseraele, ’me ba re ho batho: Re mameleng, ’me le utloe litaelo tsa rona; hobane bonang ha hona Molimo kajeno, hobane Morena le Molopolli o se a entse mosebetsi oa hae, ’me o file batho matla a hae;

6 Bonang, mamelang litaelo tsa ka; haeba ba tla re ho na le mohlolo o tlisitsoeng ke letsoho la Morena, le se lumele, hobane ka letsatsi lena ha se Molimo oa mehlolo; o se a entse mosebetsi oa hae.

7 Ee, ’me ba tla ba bangata ba tla re: Jang, noang, ’me le thabe, hobane ka hosane rea shoa; ’me ho tla ba hantle ka rona.

8 ’Me ho tla ba le ba bangata hape ba tla re: Jang, noang, ’me le thabe; le ha ho le joalo, le ts’abe Molimo—o tla latolela molato ka ho etsa sebe se senyane; ee, thetsa ha nyane, nka monyetla ka e mong ka lebaka la mantsoe a hae, chekela mohaisane oa hau sekoti; ha hona kotsi ka ho etsa sena; ’me etsa tsena tsohle, hobane ka hosane rea shoa; ’me ha e ka ba re molato, Molimo o tla re shapa ka metopa e ’maloa, ’me qetellong re tla pholosoa ’musong oa Molimo.

9 Ee, ’me ba tla ba bangata ba tla ruta ka oona mokhoa ona, lithuto tsa tumelo tsa bohata, lefeela, le booatla, ’me ba tla ikhants’a lipelong tsa bona, ’me ba tla batla ka botebo ho pata merero ea bona ho Morena; ’me mesebetsi ea bona e tla ba lefifing.

10 ’Me mali a bahalaleli a tla lla ho tsoa fats’e khahlanong le bona.

11 Ee, kaofela ha bona ba tsoile tseleng; ba fetohetse ho ba senyehileng.

12 Ka lebaka la boikhohomoso, ’me ka lebaka la baruti ba bohata, le lithuto tsa tumelo tsa bohata, likereke tsa bona li fetohile tse silafetseng, ’me likereke tsa bona li ikakasitse; ka lebaka la boikhohomoso lia ikhants’a.

13 Li tlatlapa bafutsana ka lebaka la lihalaletso tsa tsona tse khabane; li tlatlapa bafutsana ka lebaka la liaparo tsa bona tse khabane; ’me ba hlorisa ba mosa le ba pelo li futsanehileng, hobane boikhohomosong ba bona ba ea ikhants’a.

14 Ba bonts’a melala e sataletseng le lihlooho tse holimo; ee, ka lebaka la boikhohomoso, le bokhopo, le manyala, le bohlola, kaofela ba tsoile tseleng ntle le ba ’maloa, bao e leng balateli ba Kreste ba ikokobelitseng; le ha ho le joalo, ba etelletsoe pele, kahoo ka makhetlo a mangata ba fosa hobane ba rutiloe ka litaelo tsa batho.

15 Ho malimabe ba bohlale, le ba rutehileng, le ba ruileng, ba ikhants’ang ka boikhohomoso ba lipelo tsa bona, le bohle ba rutang lithuto tsa tumelo tsa bohata, le bohle ba etsang bohlola, ’me ba fetolang tsela e nepahetseng ea Morena, ho malimabe-mabe-mabe bona, ho bolela Morena Molimo ea Matla ’Ohle, hobane ba tla lahleloa tlaase liheleng!

16 Ho malimabe bona ba sutumeletsang ka thoko ba lokileng joaloka ntho tsa lefeela ’me ba nyefola khahlanong le se lokileng, ’me ba re ha sena thuso! Hobane letsatsi le tla tla leo Morena Molimo kapele a tla etela baahi ba lefats’e; ’me ka letsatsi leo bao ba butsoitseng ka bokhopo ba tla timela.

17 Empa bonang, haeba baahi ba lefats’e ba tla bakela bokhopo le manyala a bona ha ba na timetsoa, ho bolela Morena oa Makhotla.

18 Empa bonang, kereke ela e kholo e manyala, seotsoa sa lefats’e lohle, e tlameha ho oela fats’e, ’me ho tlameha ho ba ho holo ho oa ha teng.

19 Hobane ’muso oa diabolose o tlameha ho choatleha, ’me bao e leng ba ona ba tlameha ho hlohleletsoa pakong, kapa diabolose o tla ba ts’oara ka liketane tsa hae tsa ka ho sa feleng, ’me ba fulueloa khalefong, ’me ba timela;

20 Hobane bonang, ka letsatsi leo o tla kenya khalefo lipelong tsa bana ba batho, ’me a ba fuluoele ho halefa khahlanong le seo se nepahetseng.

21 ’Me ba bang o tla ba khutsisa, ’me a ba kokobeletse ho isa ts’ireletsong ea thato ea nama, hore ba tla re: Tsohle li hantle Sione; ee, Sione e ea atleha, tsohle li hantle—’me ke joana diabolose a qhekellang meea ea bona, ’me a ba etella pele ka hlokolosi ho ea tlaase liheleng.

22 ’Me bonang, ba bang o ba qhekanyeletsa hole, ’me a ba joetsa hore ha hona lihele; ’me o re ho bona: Ha ke diabolose, hobane ha a eo—’me ke joana a sebang ka litsebeng tsa bona, ho fihlela a ba fasa ka liketane tsa hae tse ts’abehang, ho tsoa moo ho se nang topollo.

23 Ee, ba ts’oeroe ka lefu, le lihele; le lefu, le lihele, le diabolose, ’me bohle ba ileng ba ts’oaroa ke tsona ba tlameha ho ema ka pele ho terone ea Molimo, ’me ba ahloloe ho latela mesebetsi ea bona, ho tloha moo ba tlamehang ho ea sebakeng seo ba se lokiselitsoeng, esita le lets’a la mollo le sebabole, e leng hlokofatso e sa feleng.

24 Ka baka leo, ho malimabe ea nolofaletsoeng Sione!

25 Ho malimabe ea phatlalatsang: Tsohle li hantle!

26 Ee, ho malimabe eena ea mamelang litaelo tsa batho, ’me a latola matla a Molimo, le mpho ea Moea o Halalelang!

27 Ee, ho malimabe ea reng: Re amohetse, ’me ha re sa hloka ho fetisa!

28 ’Me ha ke phethela, ho malimabe bohle ba thothomelang, ’me ba halefile ka lebaka la ’nete ea Molimo! Hobane bonang, ea ahiloeng holima lefika o e amohela ka thabo; ’me ea ahiloeng holima motheo oa lehlabathe o oa thothomela e se re a oela.

29 Ee, ho malimabe ea reng: Re amohetse lentsoe la Molimo, ’me ha re sa hloka ho feta ha lentsoe la Molimo, hobane re na le le lekaneng!

30 Hobane bonang, joana ho bolela Morena Molimo: Ke tla fa bana ba batho mola ka mola, taelo ka taelo, mona hanyane le mane hanyane, ’me ho lehlohonolo ba mamelang litaelo tsa ka, ’me ba alimana ka tsebe likeletsong tsa ka, hobane ba tla ithuta bohlale; hobane ho eena ea amohelang ke tla mo fa ho feta; ’me ho tloha ho bona ba tla re, re na le ho lekaneng, ho tloha ho bona ho tla nkeloa hole se ba nang le sona.

31 O rohakiloe ea behang ts’epo ea hae ho motho, kapa ho etsa nama matla a hae, kapa ho mamela litaelo tsa motho, ntle le ha litaelo tsa bona li fanoe ka matla a Moea o Halalelang.

32 Ho malimabe Balichaba, ho bolela Morena oa Makhotla! Hobane le ha ho le joalo ke tla otlollela letsoho la ka ho bona letsatsi le letsatsi, ba tla ntatola; le ha ho le joalo, ke tla ba lereko ho bona, ho bolela Morena Molimo, haeba ba tla baka ’me ba tle ho ’na; hobane letsoho la ka le otlolletsoe ka ntle boleleng ba letsatsi lohle, ho bolela Morena Molimo oa makhotla.