Mangolo a halalelang
2 Nefi 30


Khaolo ea 30

Balichaba ba sokolohileng ba tla baloa le batho ba selekane—Ba-Lamane le Ba-Juda ba bangata ba tla lumela lentsoe ’me ba fetohe ba ratehang—Iseraele e tla tsosolosoa ’me ba khopo ba timetsoe. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale bonang, bana beso ba ratoang, ke tla bua le lona; hobane ’na, Nefi, nke ke ka lumella hore le nahane hore le lokile ho feta kamoo Balichaba ba tla ba ka teng. Hobane bonang, ntle le hore le boloke litaelo tsa Molimo le tla timetsoa ka tsela e ts’oanang; ’me ka lebaka la mantsoe a builoeng ha lea lokela ho nahana hore Balichaba ba tla timetsoa ka botlalo.

2 Hobane bonang, ke re ho lona joaloka ha bongata ba Balichaba ba tla baka ke batho ba selekane ba Morena; ’me joaloka Ba-Juda ba bangata ba ke ke ba baka ba lahloa; hobane Morena ha a etse selekane le mang kapa mang ntle le ba bakang ’me ba lumela ho Mora oa hae, eo e leng Mohalaleli oa Iseraele.

3 ’Me joale, ke tla porofeta haholoanyane malebana le Ba-Juda le Balichaba. Hobane kamora hore buka eo ke buileng ka eona e tle, ’me e ngolloe Balichaba, ’me e tiisetsoe holimo hape ho Morena, ho tla ba le ba bangata ba tla lumela mantsoe a ngotsoeng; ’me ba tla a nka ho a isa ho karolo e setseng ea peo ea rona.

4 ’Me joale karolo e setseng ea peo ea rona e tla tseba malebana le rona, kamoo re tsoileng Jerusalema, le hore ke litloholo tsa Ba-Juda.

5 ’Me evangeli ea Jesu Kreste e tla phatlalatsoa har’a bona; ka baka leo, ba tla tsosolosetsoa tsebong ea bo ntat’a bona, ’me le tsebong ea Jesu Kreste, ea neng a le har’a bo ntat’a bona.

6 ’Me joale ba tla thaba; hobane ba tla tseba hore ke tlhohonolofatso ho bona ho tsoa letsohong la Molimo; ’me masira a bona a lefifi a tla qala ho tloha mahlong a bona; ’me meloko e mengata ha e na feta har’a bona, ntle le hore ba tla fetoha batho ba hloekileng ’me ba ratehang.

7 ’Me ho tla etsahala hore Ba-Juda ba qhalaneng le bona ba tla qala ho lumela ho Kreste, ’me ba tla qala ho bokellana holima sefahleho sa lefats’e; ’me joaloka ba bangata ba tla lumela ho Kreste ba tla fetoha batho ba ratehang.

8 ’Me ho tla etsahala hore Morena Molimo o tla qala mosebetsi oa hae har’a lichaba, maloko, maleme, le batho, ho tlisa tsosoloso ea sechaba sa hae holima lefats’e.

9 ’Me ka ho loka Morena Molimo o tla ahlola bafutsana, le ho khalema ka tekano bakeng sa ba mosa ba lefats’e. ’Me o tla otla lefats’e ka thupa ea molomo oa hae, ’me ka phefumoloho e melomong ea hae o tla bolaea ba khopo.

10 Hobane nako e phakisa e tla ea hore Morena Molimo o tla etsa karohano e kholo har’a batho, ’me ba khopo o tla ba timetsa; ’me o tla boloka batho ba hae, ee, esita le haeba a ka tlameha ho timetsa ba khopo ka mollo.

11 ’Me ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, ’nete e be leqhama maphakong a hae.

12 ’Me joale phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nonts’itsoeng li tla ba hammoho, li eteletsoe ke ngoana ea monyane.

13 ’Me khomo le bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a tla robala hammoho; ’me tau e tla fula joang joaloka khomo.

14 ’Me lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, le ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qooane.

15 Ha ho sa tla hlola ho sengoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefats’e le tla tlala tsebo ea Morena, joaloka ha metsi a aparetse leoatle.

16 Ka baka leo, lintho tsa lichaba tsohle li tla etsoa hore li tsebahale, ee, lintho tsohle li tla etsoa hore li tsebahale ho bana ba batho.

17 Ha hona letho leo e leng lekunutu ntle le hore le tla senoloa; ha hona mosebetsi oa lefifi ntle le hore o tla supeloa khanyeng; ’me ha hona letho le tiisitsoeng holima lefats’e ntle le hore le tla fasolloa.

18 Ka baka leo, lintho tsohle tse senoletsoeng bana ba batho ka letsatsi leo li tla senoloa; ’me Satane ha a sa tla ba le matla holima lipelo tsa bana ba batho, bakeng sa nako e telele. ’Me joale, bana beso ba ratoang, ke etsa pheletso ea lipolelo tsa ka.