Mangolo a halalelang
2 Nefi 9


Khaolo ea 9

Jakobo o hlalosa hore Ba-Juda ba tla bokelloa mafats’eng ohle a bona a pallo—Topollo e pholosa batho ho ho Oela—’Mele ea ba shoeleng e tla tsoha ho tsoa mabitleng, le meea ea bona ho tsoa liheleng le ho tsoa paradeising—Ba tla ahloloa—Topollo e boloka ho tloha lefung, lihele, diabolose, le tlhokofatso e sa feleng—Ba lokileng ba tla bolokoa ’musong oa Molimo—Likotlo tsa libe lia boleloa—Mohalaleli oa Iseraele ke mohlokomeli oa khoro. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale, bana beso ba ratehang, ke balile ntho tsena hore le tle le tsebe malebana le lilekane tsa Morena tseo a li entseng le ntlo eohle ea Iseraele—

2 Hore o ile a bua ho Ba-Juda, ka molomo oa baporofeta ba hae ba halalelang, esita le ho tloha qalong tlaase, ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, ho fihlela nako e tla hore ba tle ba tsosolosetsoe ho kereke ea ’nete le sehlopha sa Molimo; ha ba bokelloa hae ho mafats’e a bona a bojalefa, ’me ba tla thehoa mafats’eng ohle a bona a pallo.

3 Bonang, bana beso ba ratehang ke bua ho lona lintho tsena hore le tle le thabe, ’me le phahamise lihloho tsa lona ka ho sa feleng, ka lebaka la lihlohonolofatso tseo Morena Molimo a tla li abela bana ba lona.

4 Hobane kea tseba hore le batlile haholo, bongata ba lona, ho tseba lintho tse tlang; ka baka leo kea tseba hore nama ea rona e tlameha ho senyeha ’me e shoe; le ha ho le joalo, ka ’mele ea rona re tla bona Molimo.

5 Ee, kea tseba hore lea tseba hore ka ’mele o tla iponahatsa ho bao ba Jerusalema, ho tloha moo re tsoang; hobane ho hlokahala hore e be har’a bona; hobane ho bohlokoa ho ’Mopi ea moholo hore a itumelle hore a fetohe ea busoang ke batho nameng, ’me a shoele batho bohle, hore batho bohle ba tle ba fetohe ba busoang ke eena.

6 Hobane joalo ka lefu le feta holima batho bohle, ho phethahatsa morero oa qenehelo oa ’Mopi e moholo, e ka khona ho be le matla a tsoho ea bafu, ’me tsoho ea bafu e tlameha ho tla ho batho ka lebaka la ho oa; ’me ho oa ho tlile ka lebaka la tlolo; ’me hobane batho ba ile ba fetoha ba oeleng ba ile ba khaoloa ponts’eng ea Morena.

7 Ka baka leo, e tlameha ho hlokahale e be topollo e sa feleng—ntle le hore e be topollo e sa feleng ho bola hona ho ne ho keke ha apara ho sa boleng. Ka baka leo, kahlolo ea pele e tlileng holima batho e ne tlameha e sale ho nako e sa feleng. ’Me haeba ho le joalo, nama ena e ne e tlameha ho robatsoa tlaase ho bola le ho senyehela ho ’ma eona mobu, e se hlole e tsoha.

8 Oho bohlale ba Molimo, lereko le mohau oa hae! Hobane, bonang, haeba nama e sa tlo hlole e tsoha meea ea rona e tlameha ho fetoha e busoang ke lengeloi lane le oeleng ho tloha ponts’eng ea Molimo oa Bosafeleng, ’me la fetoha diabolose, ho se hlole a tsoha.

9 ’Me meea ea rona e ne e tlameha ho fetoha ho ts’oana le eena, ’me re fetohe bo-diabolose, mangeleloi a diabolose, ho koalloa kantle ho tloha ponts’eng ea Molimo oa rona, le ho sala le ntat’a leshano, mahlomoleng, joaloka eena; ee, ho eane eo a qhekeletseng batsoali ba rona ba pele, ea ileng a iphetola ho iketsa joaloka lengeloi la khanya, ’me a hlohleletsa bana ba motho ho mekhatlo ea sephiri ea ho bolalea le mekhoa eohle ea mesebetsi ea sephiri ea lefifi.

10 Oho ho ho holo hakaakang ho loka ha Molimo oa rona, ea lokisang tsela ea ho phonyoha ha rona ho tloha ho matla a kholumolumo ena e mpe; ee, kholumolumo eane, lefu le lihele, tseo ke li bitsang lefu la ’mele, ’me hape le lefu la moea.

11 ’Me ka lebaka la tsela ea topollo ea Molimo oa rona, Mohalaleli oa Iseraele, lefu lena, leo ke buileng ka lona, e leng lefu la nama, le tla lopolla ba lona ba shoeleng; lefu leo e leng lebitla.

12 ’Me lefu lena leo ke buileng ka lona, e leng lefu la moea, le tla lopolla ba lona ba shoeleng; lefu la moea e leng lihele; ka baka leo, lefu le lihele li tlameha ho lopolla bafu, ’me lihele li lopolle meea e litlamong, ’me lebitla le lopolle ’mele e litlamong, ’me ’mele eo le meea eo ea batho li tla tsosolosetsoa e ’ngoe ho e ’ngoe; ’me ke ka matla a tsoho ea bafu ea Mohalaleli oa Iseraele.

13 Oho o moholo hakaakang moralo oa Molimo oa rona! Hobane ke letsohong le leng, paradeisi ea Molimo e tlameha ho lopolla meea ea ba lokileng, ’me lebitla le lopolle ’mele ea ba lokileng; ’me moea le ’mele li tsosoloselitsoe ho bo-ona hape, ’me batho bohle ba fetohela ho se boleng, le ho se shoe, ’me ke meea e phelang, ba na le tsebo e phethahetseng joaloka rona nameng, ntle le hore tsebo ea rona e tla be e phethahetse.

14 Ka baka leo, re tla ba le tsebo e phethahetseng ea melato eohle ea rona, le ho se hloeke, le bofela ba rona; ’me ba lokileng ba tla ba le tsebo e phethahetseng ea monate oa bona, le ho loka ha bona, ba apesitsoe ka bohloeki, ee, esita le ka kobo ea ho loka.

15 ’Me ho tla etsahala hore ha batho bohle ba se ba fetile lefung lena la pele ho ea bophelong, joaloka ha ba se ba fetohile ba sa shoeng, ba tlameha ho hlaha ka pela setulo sa kahlolo sa Mohalaleli oa Iseraele; ’me joale ho tla kahlolo, ’me joale ba ahloloa ho latela kahlolo e halalelang ea Molimo.

16 ’Me ka sebele, joaloka ha Morena a phela, hobane Morena Molimo o e buile, ’me ke lentsoe la hae la bosafeleng, le kekeng la feta, hore bao ba lokileng ba tla ne ba lule ba lokile, le bao ba lits’ila ba tla lula ba le lits’ila; ka baka leo, ba lits’ila ke diabolose le mangeloi a hae; ’me ba tla ea mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng bona; ’me tlhokofatso ea bona ke lets’a la mollo le sebabole, le lelakabe la teng le nyolohelang holimo ho fihlela ’me ha le na pheletso.

17 Oho boholo le toka ea Molimo oa rona! Hobane o phethisa mantsoe ohle a hae, ’me a tsoile ho ea pele ho tsoa molomong oa hae, ’me molao oa hae o tlameha ho phethahala.

18 Empa, bonang, ba lokileng, bahalaleli ba Mohalaleli oa Iseraele, bao ba lumetseng ho Mohalaleli oa Iseraele, bao ba ileng ba mamella lifapano tsa lefats’e, ’me ba nyelisa lihlong tsa teng, ba tla ja lefa la ’muso oa Molimo, o lokiselitsoeng bona ho tloha methehong ea lefats’e, ’me thabo ea bona e tla tlala ka ho sa feleng.

19 Oho boholo ba lereko la Molimo oa rona, Mohalaleli oa Iseraele! Hobane o lopollotse bahalaleli ba hae ho tonanahali e mpe diabolose, le lefu, le lihele, le lets’a la mollo le sebabole, e leng tlhokofatso e sa feleng.

20 Oho e kholo hakaakang khalalelo ea Molimo oa rona! Hobane o tseba ntho tsohle, ’me ha hona letho ntle le hore o oa le tseba.

21 ’Me o tla lefats’eng hore a tle a boloke batho bohle haeba ba tla mamela lentsoe la hae; hobane, bonang, o utloa bohloko ba batho bohle, ee, bohloko ba sebopua sohle se phelang, bohle banna, basali le bana, bao e le ba lelapa la Adama.

22 ’Me o ile a mamella sena hore tsoho ea bafu e tle e fete holima batho bohle, hore bohle ba tle ba eme ka pele ho eena ka letsatsi le leholo la kahlolo.

23 ’Me o laela batho bohle hore ba bake, ’me ba kolobetsoe ka lebitso la hae, ba na le tumelo e phethahetseng ho Mohalaleli oa Iseraele, kapa ba keke ba bolokoa ’musong oa Molimo.

24 ’Me haeba ba keke ba baka le ho lumela lebitsong la hae, ’me ba kolobetsoe ka lebitso la hae, ’me ba mamelle ho isa pheletsong, ba tlameha ho tsuoa; hobane Morena Molimo, Mohalaleli oa Iseraele o e buile.

25 Ka baka leo, o fane ka molao; ’me moo ho sa fanoang ka molao ha hona kotlo; ’me moo ho senang tsuo qenehelo ea Mohalaleli oa Iseraele e ikarabella holima bona, ka lebaka la topollo; hobane ba lopollotse ka matla a hae.

26 Hobane topollo e khotsofatsa litlhoko tsa toka ea hae holima bohle ba sa fuoang molao hore ba lopolloe ho tonanahali eane e mpe, lefu le lihele, le diabolose, le lets’a la mollo le sebabole, e leng tlhokofatso e sa feleng; ’me ba tsosolosetsoa ho Molimo eane ea ba fileng phefumoloho, e leng Mohalaleli oa Iseraele.

27 Empa ho malimabe eo a nang le molao a o fuoe, ee, ea nang le litaelo tsa Molimo, joaloka rona, ’me a e tlole, ’me a senye matsatsi a hae a teko, hobane boemo ba hae ke bo bobe!

28 Oho oo o maano morero oa e mobe! Oho lefeela leo, le mefokolo, le booatla ba batho! Ha ba rutehile ba nahana hore ba bohlale, ’me ha ba mamele taelo ea Molimo, hobane ba e behella ka thoko, ba nahana hore ba tseba ka bo-bona, ka baka leo, bohlale ba bona ke booatla ’me ha bo ba tsoele molemo. ’Me ba tla timela.

29 Empa ho ruteha ho nepahetse haeba ba mamela litaelo tsa Molimo.

30 Empa ho malimabe barui, ba ruileng ho latela ntho tsa lefats’e. Hobane ka lebaka la hore ba ruile ba nyelisa bafutsana, ’me ba hlorisa ba bonolo, ’me lipelo tsa bona li holima matlotlo a bona; ka baka leo, letlotlo la bona ke molimo oa bona. ’Me bonang, letlotlo la bona le tla timela le bona hape.

31 ’Me ho malimabe ba sa utloeng ba kekeng ba utloa; hobane ba tla timela.

32 Ho malimabe a sa boneng ba kekeng ba bona; hobane ba tla timela hape.

33 Ho malimabe ba sa bolotsang lipelo, hobane tsebo ea bokhopo ba ba bona e tla ba otla ka letsatsi la ho qetela.

34 Ho malimabe ea leshano, hobane o tla lahleloa tlaase liheleng.

35 Ho malimabe ’molai ea bolaeang ka morero, hobane o tla shoa.

36 Ho malimane ba etsang bohlola, hobane ba tla lahleloa tlaase liheleng.

37 Ee, ho malimabe ba khumamelang melingoana, hobane diabolose oa bo-diabolose bohle oa ba thabela.

38 ’Me, ka kakaretso, ho malimabe bohle ba shoelang libeng tsa bona; hobane ba tla khutlela ho Molimo, ’me ba bone sefahleho sa hae, ’me ba sale libeng tsa bona.

39 Oho, bana beso ba ratehang, hopolang bobe ba ho tlola khahlanong le Molimo ea Halalelang, ’me hape bobe ba ho inehela ho hohela ha eane ea maano. Hopolang, ho nahana ka nama ke lefu, ’me ho nahana ka moea bophelo ba bosafeleng.

40 Oho, bana beso ba ratehang, fang mantsoe a ka tsebe. Hopolang boholo ba Mohalaleli oa Iseraele. Le se ke la re ke buile ntho tse thata khahlanong le lona; hobane haeba le etsa joalo, le tla hlapaola ’nete; hobane ke buile mantsoe a ’mopi oa lona. Kea tseba hore mantsoe a ’nete a thata khahlanong le ho se hloeke hohle, empa ba lokileng ha ba a ts’abe, hobane ba rata ’nete ’me ha ba ts’ohe.

41 Oho jolale, bana beso ba ratehang, tlohong ho Morena, ea Halalelang. Hopolang hore litsela tsa hae li lokile. Bonang, tsela ea motho e patisane, empa e lutse mocheng o otlolohileng ka pele ho eena, ’me mohlokomeli oa khoro ke Mohalaleli oa Iseraele ’me ha ho na mohlanka ea mo hirileng moo; ’me ha hona tsela e ngoe ntle le ka khoro; hobane a ke ke a qhekelloa, hobane Morena Molimo ke lebitso la hae.

42 ’Me ea ka kokotang, ho eena o tla bula, ’me ba bohlale, le ba rutehileng, le bao ba ruileng, ba ikhohomosang ka lebaka la ho ruteha ha bona, le bohlale ba bona, le maruo a bona—ee, ke bona bao a ba nyelisang; ’me ntle le hore ba tle ba lahlele ntho tse hole, ’me ba ikuke e le maoatla ka pela Molimo, ’me ba tle tlaase ka botebo ba boikokobetso, a keke a ba bulela.

43 Empa lintho tsa ba bohlale le ba hlalefileng ba tla li pateloa ka ho sa feleng—ee, nyakallo eo e lokiselitsoeng bahalaleli.

44 Oho, bana beso ba ratehang, hopolang mantsoe a ka. Bonang, ke hlobola liaparo tsa ka, ’me ke li hlohlora ka pele ho lona; ke rapela Molimo oa poloko ea ka hore a ntalime ka leihlo la hae le batlisisang sohle; ka baka leo, le tla tseba ka letsatsi la ho qetela, ha batho bohle ba tla ahloleloa mesebetsi ea bona, hore Molimo oa Iseraele o ile a paka hore ke hlohlorile bokhopo ba lona ho tloha moeeng oaka, ’me ke ema ka ho khanya ka pele ho eena, ’me ke tlositsoe mali a lona.

45 Oho, bana beso ba ratehang, furallang libe tsa lona; hlohlorang liketane tsa eo a tla le tlama ka tieo; tlohong ho Molimo eo e leng lefika la poloko ea lona.

46 Lokisang meea ea lona bakeng sa letsatsi leno le khanyang ha toka e tla abeloa ba lokileng, esita le letsatsi la kahlolo, hore le tle le se ke la ikhula ka ts’abo e mpe; hore le se ke la hopola melato ea lona e mebe ka ho phethahala, ’me le se thibeloe ho hoelehetsa: Lia Halalela, lia halalela likahlolo tsa hao, Oho Morena Molimo ea matla ohle—empa ke tseba melato eaka; ke tlotse molao, ’me litlolo tsa ka ke tsa ka; ’me diabolose o mphumane, hore ke phofu ea mahlomola a hae a mabe.

47 Empa bonang, bana beso, na ho ea lokela hore ke le tsosetse ho bobe ba ’nete ea lintho tse? Ne ke tla nyarosetsa meea ea lona holimo haeba likelello tsa lona li ne li hloekile? ke ne ke tla otloloha ho lona ho latela ho otloloha ha ’nete haeba le ne le lokolohile sebeng?

48 Bonang, haeba le ne le halalela ke ne ke tla bua ho lona ka khalalelo; empa joalo ka ha le sa halalele, ’me le sheba ho ’na joalo ka moruti, ho tlameha ho lokela hore ke le rute ka litlamorao tsa sebe.

49 Bonang, moea oaka o nyonya sebe, ’me pelo eaka e thabela ho loka; ’me ke tla rorisa lebitso le halalelang la Molimo oaka.

50 Tlohong, bana beso, e mong le e mong ea nyoriloeng, tlohong metsing; ’me ea se nang chelete, tloho o reke ’me o je; ee, tloho o tlo reka veini le lebese ntle le chelete le ntle le theko.

51 Ka baka leo, le se ke la sebelisa chelete bakeng sa se se nang boleng, kapa matla a lona ho se sa khotsofatseng. ’Mamelang ka mafolofolo, ’me le hopole mantsoe ao ke a buileng; ’me le tle ho Mohalaleli oa Iseraele, ’me le keteke holima seo se sa senyeheng, le hore ha se khone ho bolisoa, ’me o lumelle moea oa hao ho thabela mafura.

52 Bonang, bana beso ba ratehang, hopolang mantsoe a Molimo oa lona; tsoelang pele ho mo rapela mots’eare, ’me le ise liteboho ho lebitso la hae le halalelang bosiu. Lokollang lipelo tsa lona li thabe.

53 ’Me bonang na li kholo joang lilekane tsa Morena, ’me ho ho holo joang ho theohela tlaase ho bana ba batho; ’me ka lebaka la boholo ba hae, le mohau oa hae le qenehelo ea hae, o ts’episitse ho rona hore peo ea rona ha ena timetsoa kaofela, ho latela nama, empa o tla ba boloka; ’me melokong ea ka moso ba tla fetoha lekala le lokileng ho ntlo ea Iseraele.

54 ’Me joale, bana beso, ne ke tla bua ho lona ho feta mona; empa ka hosane ke tla le phatlaletsa sa mantsoe a ka a setseng. Amen.