Mangolo a halalelang
2 Nefi 5


Khaolo ea 5

Ba-Nefi ba ikarola ka bobona ho Ba-Lamane, ba boloka molao oa Moshe, ’me ba aha tempele—Ka lebaka la ho se lumele ha bona, Ba-Lamane ba khaoloa ponts’eng ea Morena, ba rohakeha, ’me ba fetoha bahlorisi ba Ba-Nefi. Ka bo 588–559 B.C.

1 Bonang, ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke ile ka llela haholo ho Morena Molimo oaka, ka lebaka la khalefo ea bana beso.

2 Empa bonang, khalefo ea bona e ile ea eketseha khahlanong le ’na, haholo hoo ba ileng ba batla ho nka bophelo ba ka.

3 Ee, ba ile ba tletleba khahlanong le ’na, ba re: Moena’ rona o rera ho re busa; ’me re bile le khathatso e ngata ka lebaka la hae; ka baka leo, joale ha re mo bolaeeng, hore re se hlole re hlorisoa ho feta ka lebaka la mantsoe a hae. Hobane bonang, re ke ke ra mo lumella ho ba ’musi oa rona; hobane ke ea rona, bao re leng baholoane ho busa batho bana.

4 Joale ha ke ngole holima matlapa ana mantsoe ohle a bona ho tletleba khahlanong le ’na. Empa ho lekane ho ’na hore, ba ile ba batla ho nka bophelo ba ka.

5 ’Me ho ile ha etsahale hore Morena o ile a nhlokomelisa, hore, ’na, Nefi, ke tlohe ho bona ’me ke balehele lefelleng, le bohle ba neng ba tsamaea le ’na.

6 Ka baka leo, ho ile ha etsahala hore, ’na, Nefi, ke nke lelapa la ka, ’me hape Zorame le lelapa la hae, le Seme, moholoane oaka le lelapa la hae, le Josefa le Jakobo, baena ba ka, hape likhaitseli tsa ka, le bohle ba neng ba tsamaea le ’na. ’Me bohle ba neng ba tsamaea le ’na e ne e le ba neng ba lumela ho litemoso le lits’enolo tsa Molimo; ka baka leo, ba ile ba mamela mantsoe a ka.

7 ’Me re ile ra nka litente tsa rona le eng kapa eng ea lintho tseo ho neng ho khoneha bakeng sa rona, ’me re ile ra tsamaea lefelleng sebaka sa matsatsi a mangata. ’Me kamora hore re tsamaee sebaka sa matsatsi a mangata re ile ra hloma litente tsa rona.

8 ’Me batho ba ka ba ne ba batla re bitse sebaka seo Nefi; ka baka leo, re ile ra se bitsa Nefi.

9 ’Me bohle ba neng ba na le ’na ba ile ba inkela ho bona ho ipitsa batho ba Nefi.

10 ’Me re ile ra leka ho boloka likahlolo, le melao, le litaelo tsa Morena nthong tsohle, ho latela molao oa Moshe.

11 ’Me Morena o ne a na le rona; ’me re ile ra atleha ka ho fetisa; hobane re ile ra jala peo, ’me ra kotula ka bongata. ’Me re ile ra qala ho holisa likhuts’oane, le mehlape, le liphoofolo tsa mefuta eohle.

12 ’Me, ’na, Nefi, hape ke ne ke tlile le lingoliloeng tse neng li ngotsoe holima matlapa a ts’epe e khubelu; ’me hape le pitikoe, kapa sesupa-tsela, e neng e lokiselitsoe ntate ka letsoho la Morena, ho latela se ngotsoeng.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore re qale ho atleha ka ho fetisa, ’me le ho ngatafala lefats’eng leo.

14 ’Me, ’na, Nefi, ke ile ka nka sabole ea Labane, ’me ka etsa lisabole tse ngata kamora mokhoa oa eona, esere ka mokhoa o fe kapa ofe batho ba neng ba se ba bitsoa Ba-Lamane ba tle ho rona ’me ba re bolaea; hobane ke ne ke tseba lehloeo la bona ho leba ho ’na le bana ba ka le ba neng ba bitsoa batho ba ka.

15 ’Me ke ile ka ruta batho ba ka ho aha meaho, le ho sebetsa ka mekhoa eohle ea patsi, le ts’epe, le koporo, le ts’epe e khubelu, le ts’epe, le khauta, le silevera, le lits’epe tsa bohlokoa, tse neng li le ka bongata.

16 ’Me ’na, Nefi, ke ile ka aha tempele; ’me ke ile ka e haha kamora mokhoa oa tempele ea Salomone ntle le hore e ne e sa ahoa ka lintho tse ngata haholo tsa bohlokoa; hobane li ne li sa fumanehe lefats’eng leo, ka baka leo, e ne e keke ea ahoa joalo ka tempele ea Salomone. Empa mokhoa oa ho haha o ne o ts’oana le oa tempele ea Salomone; ’me moetso oa eona o ne o le motle ka ho fetisa.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke etse hore batho ba ka ba sebetsetse ka thata, le ho sebetsa ka matsoho a bona.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore ba batle hore ke be morena oa bona. Empa, ’na, Nefi, ke ne ke lakatsa hore ba se ke ba eba le morena; le ha ho le joalo, ke ile ka ba etsetsa ho latela se neng se le matleng a ka.

19 ’Me bonang, mantsoe a Morena a ne a phethahalitsoe ho bana beso, ao a ileng a a bua ho bona, hore ke tla ba ’musi le moruti oa bona. Ka baka leo, ke ile ka ba ’musi le moruti oa bona, ho latela letaelo tsa Morena, hofihlela nakong eo ba neng ba batla ho nka bophelo ba ka.

20 Ka baka leo, mantsoe a Morena a ne a phethahetse ao a ileng a a bua ho ’na, a re: Ha feela ba keke ba mamela mantsoe a hau ba tla khaoloa ho tloha ponts’eng ea Morena. ’Me bonang, ba ile ba khaoloa ponts’eng ea hae.

21 ’Me o ile a etsa hore thohako e tle holima bona, ee, esita le thohako e bohloko, ka lebaka la bokhopo ba bona. Hobane, bonang, ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona khahlanong le eena, hore ba ne ba fetohile joaloka lejoe le thata; ka baka leo, joaloka ha ba ne ba le basoeu, ’me ba le batle le ho thabisa ka ho fetisa, hore ba tle ba se ke ba hohela batho ba ka Morena Molimo o ile a etsa hore lebala la bots’o le tle holima bona.

22 ’Me ho bolela Morena Molimo: Ke tla etsa hore ba tle ba nyonyehe ho batho ba hao, ntle le ha ba ka baka bokhopo ba bona.

23 ’Me ho tla rohakeha peo ea ba tla kopanang le peo ea bona; hobane ba tla rohakeha ka thohako e ts’oanang. ’Me Morena o ile a e bua, ’me e ile ea etsahala.

24 ’Me ka lebaka la thohako ea bona e neng e le holima bona ba ile ba fetoha batho ba botsoa, ba tletseng likhathatso le bomenemene, ’me ba ne ba tsoma liphoofolo tse jang tse ling.

25 ’Me Morena Molimo o ile a re ho ’na: E tlaba bahlorisi ho peo ea hau, ho ba sisinya ho nkhopola; ’me ha feela ba sa nkhopole, le ho mamela mantsoe a ka, ba tla ba hlorisa esita le ho isa ts’enyehong.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore ’na, Nefi, ke hlohonolofatse Jakobo le Josefa, hore e be baprista le baruti holima lafats’e la batho ba ka.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore re phele kamora mokhoa oa nyakallo.

28 ’Me lilemo tse mashome a mararo li ne li fetile ho tloha nakong eo re ne re tlohe Jesrusalema.

29 ’Me ’na, Nefi, ke ne ke bolokile lingoliloeng holima matlapa a ka, ao ke neng ke a entse, ka batho ba ka hofihlela mona.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena Molimo a re ho ’na: Etsa matlapa a mang; ’me u tla ngola lintho tse ngata holima ona tse ntle mahlong a ka, molemong oa batho ba hau.

31 Ka baka leo, ’na, Nefi, ho mamela melao ea Morena, ke ile ka ea ’me ka etsa matlapa ana holima moo ke ngotseng ntho tsena.

32 ’Me ke ngotse seo se neng se khahlisa ho Molimo. ’Me haeba batho ba ka ba khahlisoa ke ntho tsa Molimo ba tla khahlisoa ke lingoliloeng tsa ka tse holima matlapa ana.

33 ’Me haeba batho ba ka ba lakatsa ho tseba haholoanyane karolo e itseng ka ho khetheha ea nalane ea batho ba ka ba tlameha ho batla matlapa a mang a ka.

34 ’Me ho lekane ho ’na hore lilelmo tse mashome a mane li ne li fetile, ’me re ne re se ntse re ile ra ba le lintoa le likhang le bana ba bo rona.

Hatisa