Mangolo a halalelang
2 Nefi 6


Khaolo ea 6

Jakobo o fana ka nalane ea Ba-Juda: Ho kena litlamong tsa Babilona le ho khutla; bosebeletsi le ho thakhisoa ha ea Mohalaleli oa Iseraele; thuso e fumanoeng hotsoa ho Balichaba; le tsosoloso ea Ba-Juda ea matsatsi a ho qetela ha ba lumela ho Messia. Ka bo 559–545 B.C.

1 Mantsoe a Jakobo, moena oa Nefi, ao a a buileng ho batho ba Nefi:

2 Bonang, bana beso ba ratehang, ’na, Jakobo, ke bitsitsoe ke Molimo, ’me ka beoa boruti ka peo ea matsoho ho latela taelo ea hae e halalelang, ke hlohonolofalitsoe ke moholoane oaka Nefi, eo le mo nkang e le morena kapa mots’ireletsi, ’me eo ho eena le its’etlehileng bakeng sa polokeho, bonang lea tseba hore ke buile ho lona ntho tse ngata ka ho fetisa.

3 Le ha ho le joalo, ke bua ho lona hape; hobane ke lakaletsa boiketlo ba meea ea lona. Ee, ngongoreho ea ka e kholo bakeng sa lona; ’me le ka bo-lona lea tseba hore esale ho le joalo. Hobane ke ile ka le khothatsa ka mafolofolo ohle; ’me ke le rutile mantsoe a ntate; ’me ke buile ho lona malebana le tsohle tse ngotsoeng, ho tloha tlholehong ea lefats’e.

4 ’Me joale, bonang, ke tla bua ho lona malebana le lintho tse joalo, le tse tlang; ka baka leo, ke tla le balla mantsoe a Esaia. ’Me ke mantsoe ao moholoane oaka a lakalitseng hore kea bue ho lona. ’Me ke bua ho lona molemong oa lona, hore le tle le ithute ho tlotlisa lebitso la Molimo.

5 ’Me joale, mantsoe ao ke tlang ho a bala ke mantsoe ao Esaia a ileng a a bua malebana le ntlo ea Iseraele; ka baka leo, a bapisoa ho lona, hobane le ba ntlo ea Iseraele. ’Me li ngata lintho tse ileng tsa buoa ke Esaia tse ka bapisoang le lona, hobane le ba ntlo ea Iseraele.

6 ’Me joale, ke ona mantsoe ana: Joana ho bua Morena Molimo: Bonang, ke tla emisetsa letsoho la ka ho Balichaba, ’me ke tla emisa lets’oao ho batho; ’me ba tla tlisa bara ba hau ka liatleng tsa bona, ’me barali ba hau ba tla ba jara mahetleng a bona.

7 ’Me marena e tla ba bo-ntat’ao ba u fepang, le mafumahali a bona e tla ba bo-’mao ba u fepang; ba tla inamela fats’e ho uena ka lifahleho tsa bona, ’me ba nyeke lerole la maoto a hau; ’me u tla tseba hore ke Morena; hobane ha ba na ho soaba bao ba nkemetseng.

8 ’Me joale ’na, Jakobo, ke tla bua ha joana malebana le mantsoe ana. Hobane bonang, Morena o ile a mponts’a hore bano ba neng ba le Jerusalema, moo re tsoang teng, ba bolailoe le ho jareloa litlamong.

9 Le ha ho le joalo, Morena o ile a mpots’a hore ba tla khutla hape. ’Me o ile a mponts’a hape hore Morena Molimo, Mohalaleli oa Iseraele, o tla itlhahisa ho bona ka nama; ’me kamora hore a itlhahise ho bona ba tla mo hlokofatsa ’me ba mo thakhise, ho latela mantsoe ao lengeloi lea buileng ho ’na.

10 ’Me kamora hore ba thatafatse lipelo tsa bona ’me ba tiise melala ea bona khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele, bonang, likahlolo tsa Mohalaleli oa Iseraeleli tla tla holima bona. ’Me letsatsi lea tla leo ba tlang ho otloa le ho hlorisoa.

11 Ka baka leo, kamora hore ba khanneloe pele le morao, hobane lengeloi le itse joana, ba bangata ba tla hlorisoa nameng, ’me ba keke ba lumelloa hore ba timele, ka lebaka la lithapelo tsa ba tletseng tumelo; ba tla qhaloa, ’me ba otloe, ’me ba hlouoe; le ha ho le joalo, Morena o tla ba le qenehelo ho bona, hore ha ba tla tsebong ea Molopolli oa bona, ba tle ba bokelloe hape mafats’eng a bona a bojalefa.

12 ’Me ho lehlohonololo Balichaba, bao baporofeta ba ngotseng ka bona; hobane bonang, haeba ba tla baka ’me ba se ke ba loana khahlanong le Sione, ’me ba keke ba ikopanya e le kereke ela e kholo e manyala, ba tla bolokoa; hobane Morena Molimo o tla phethahatsa lilekane tseo a li entseng ho bana ba hae; ’me ka lebaka lena moporofeta o ngotse ntho tsena.

13 Ka baka leo, bao ba loanang khahlanong le Sione le batho ba selekane ba Morena ba tla nyeka lerole la maoto a bona; ’me batho ba Morena ba keke ba soaba. Hobane batho ba Morena ke bao ba mo emelang; hobane ba ntse ba emetse ho tla ha Messia.

14 ’Me bonang, ho latela mantsoe a moporofeta, Messia o tla ikemisa hape lekhetlo la bobeli ho ba khutlisa; ka baka leo, o tla itlhahisa ho bona ka matla le khanya e kholo, ho timetsa lira tsa bona, ha letsatsi leo le fihla ha ba tla lumela ho eena; ’me ha hona ea tla timetsa ba lumelang ho eena.

15 ’Me bao ba sa lumeleng ho eena ba tla timetsoa, bobeli ka mollo le ka sefefo se matla, le ka ho reketla ha lefats’e, le ka ts’ollo tsa mali, le ka seoa, le ka tlala. ’Me ba tla tseba hore Morena ke Molimo, Mohalaleli oa Iseraele.

16 Na phofu e ka nkuoa ho tloha ho ea matla, kapa ba litlamong ka molao ba lokolloe?

17 Empa o re joana Morena: Esita le ba litlamong tsa ba matla ba tla nkeloa hole, ’me phofu ea ea ts’abehang e tla lopolloa; hobane Molimo ea matla o tla lopolla batho ba hae ba selekane. Hobane o re joana Morena: Ke tla loana le bona ba u loants’ang—

18 ’Me ke tla fepa bona bao hatellang, ka nama ea bona; ’me ba tla taoa ke mali a bona joalo ka veine e monate; ’me nama eohle e tla tseba hore ’na Morena ke Mopholosi le Molopolli, Ea Matla oa Jakobo.

Hatisa