Mangolo a halalelang
Alma 25


Khaolo ea 25

Tlhekefetso ea Ba-Lamane e ea pharalla—Peo ea baprista ba Noe e ea timela joaloka ha Abinadi a ile a porofeta—Ba-Lamane ba bangata ba ea sokoloha ’me ba kopana le sechaba sa Anti-Nefi-Lehi—ba lumela ho Kreste ’me ba boloka molao oa Moshe. Ka bo 90–77 B.C.

1 ’Me bonang, joale ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane bao ba ile ba halefa ho feta hobane ba ne ba bolaile bana ba bo bona; ka baka leo ba ile ba hlapanya boiphetetso holim’a Ba-Nefi; ’me ba ile ba emisa ho leka ho bolaea sechaba sa Anti-Nefi-Lehi ka nako eo.

2 Empa ba ile ba nka mabotho a bona ’me ba tsamaela meeling ea lefats’e la Zarahemla, ’me ba oela holim’a sechaba se neng se le lefats’eng la Ammoniha ’me ba ba timetsa.

3 ’Me kamor’a moo, ba ile ba eba le lintoa tse ngata le Ba-Nefi, tseo ka tsona ba ileng ba khannoa le ho bolaoa.

4 ’Me har’a Ba-Lamane ba ileng ba bolaoa e ne e batlile e ba peo ea Amulone le ba habo, bao e neng e le baprista ba Noe, ’me ba ne ba bolailoe ke matsoho a Ba-Nefi;

5 ’Me ba setseng, ka ho balehela lefelleng le ka bophirima, ’me ka ho hapa matla le tokelo holim’a Ba-Lamane, ba ile ba etsa hore ba bangata ba Ba-Lamane ba timele ka mollo ka lebaka la ho lumela ha bona—

6 Hobane ba bangata ba bona, kamora ho mamella tahlehelo e ngata le mahlomola a mangata hakaalo, ba ile ba qala ho tsoseletsoa khopolong ea mantsoe ao Aarone le bana babo ba ileng ba ba ruta oona lefats’eng la bona; ka baka leo ba ile ba qala ho se lumele mekhoeng ea bo ntat’a bona, ’me ba lumele ho Morena, ’me o ile a fana ka matla a maholo ho Ba-Nefi; ’me ke joana ba bangata ba bona ba ileng ba sokoloha lefelleng.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore babusi bao e neng e le karolo e setseng ea bana ba Amulone ba ile ba etsa hore ba bolaoe, ee, bohle ba neng ba lumela lintho tsena.

8 Joale ho shoela tumelo hona ho ile ha etsa hore ba bangata ba bana ba bona ba hlohleletsoe ho halefa; ’me ho ile ha qala hore ho be le likhang lefelleng; ’me Ba-Lamane ba ile ba qala ho tsoma peo ea Amulone le ba habo, ’me ba qala ho ba bolaea; ’me ba ile ba balehela lefelleng le ka bophirima.

9 ’Me bonang ka nako ena ba tsongoa ke Ba-Lamane. Ke joana mantsoe a Abinadi a ileng a etsahala, ao a ileng a a bolela malebana le peo ea baprista bao ba ileng ba etsa hore a mamelle lefu ka mollo.

10 Hobane o ile a re ho bona; Seo le tlang ho se etsa ho ’na e tla ba ts’oants’iso ea lintho tse tlang.

11 ’Me joale Abinadi e ne e le oa pele oa ho mamella lefu ka mollo ka lebaka la hae la ho lumela ho Molimo; joale sena ke sona seo a neng a se bolela, hore ba bangata ba tla mamella lefu ka mollo, ho latela joaloka ha a ile a le mamella.

12 ’Me o ile a re ho baprista ba Noe hore peo ea bona e tla etsa hore ba bangata ba bolaoe, ka mokhoa o ts’oanang joaloka eena, le hore ba tla hasana kantle ’me ba bolaoe, esita le joaloka linku tse se nang molisa li khannoa le ho bolaoa ke libata tse hlaha; ’me joale bonang, mantsoe a na a netefalitsoe, hobane ba ile ba khannoa ke Ba-Lamane, ’me ba ile ba tsongoa, ’me ba ile ba otloa.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba bona hore ba ne ba sitoa ho hlola Ba-Nefi ba ile ba khutlela hape lefats’eng la bona; ’me ba bangata ba bona ba ile ba tla ho tla lula lefats’eng la Ishmaele, le lefats’e la Nefi, ’me ba ile ba ikopanya le batho ba Molimo, bao e neng e le sechaba sa Anti-Nefi-Lehi.

14 ’Me le bona ba ile ba epela lihlomo tsa bona tsa ntoa, joaloka ha bana babo bona ba ile ba etsa, ’me ba ile ba qala ho ba batho ba lokileng; ’me ba ile ba tsamaea ka litsela tsa Morena, ’me ba ile ba ela hloko ho boloka litaelo tsa hae le melao ea hae.

15 Ee, ’me ba ile ba boloka molao oa Moshe, hobane ho ne ho le molemo hore ba boloke molao oa Moshe nakong eo, hobane o ne o so phethahatsoe kaofela. Empa ho sa tsotellehe molao oa Moshe, ba ne ba shebela pele ho tla ha Kreste, ka ho lemoha hore molao oa Moshe e ne e le ts’oants’iso ea ho tla ha hae, ’me ba ne ba lumela hore ba tlameha ho boloka liketsahalo tseo tse tsoelang kantle hofihlela nako eo a tlang ho senoloa ho bona.

16 Joale ba ne ba sa nahane hore poloko e tla ka molao oa Moshe; empa molao oa Moshe o ne o sebetsa ho matlafatsa tumelo ea bona ho Kreste; ’me ke joana ba ileng ba boloka ts’epo ka tumelo, ho isa polokong ea bosafeleng, ka ho its’etleha ka moea oa boporofeta, o boletseng ka lintho tseo tse tla tla.

17 ’Me joale bonang, Ammone, le Aarone, le Omnere, le Himni, le ba habo bona ba ile ba nyakalla ka ho fetisisa, ka lebaka la katleho eo ba bileng le eona har’a Ba-Lamane, ka ho bona hore Morena o ba file ho latela lithapelo tsa bona, le hore hape o netefalitse lentsoe la hae ho bona ka ntho tsohle.

Hatisa