Mangolo a halalelang
Alma 31


Khaolo ea 31

Alma o etella borumuoa ba boruti lichabeng ho khutlisa Ba-Zorame ba koenehileng—Ba-Zorame ba latola Kreste, ba lumela ho mohopolo oa bohata oa ho khethoa, ’me ba khumamela ka lithapelo tse behiloeng—Barumuoa ba boruti lichabeng ba tlala ka Moea o Halalelang—Mahlomola a bona a koenyetsoa nyakallong ea Kreste. Ka bo 74 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore kamor’a pheletso ea Koriho, Alma kamor’a hore a fumane litaba tsa hore Ba-Zorame ba ne ba khelohile litsela tsa Morena, le hore Zorame, eo e neng e le moetapele oa bona, o ne a etella lipelo tsa sechaba seo ho khumamela melingoana, pelo ea hae hape e ile ea qala ho kula ka lebaka la bokhopo ba batho bao.

2 Hobane e ne e le lebaka la masoabi a maholo ho Alma ho tseba ka bokhopo bo har’a batho ba habo; ka lebaka leo pelo ea hae e ne e tletse masoabi ka ho fetisisa ka lebaka la karohano ea Ba-Zorame ho tsoa ho Ba-Nefi.

3 Joale Ba-Zorame ba ne ba ipokelletse hammoho lefats’eng leo ba neng ba le bitsa Antionume, le neng le le bophirima ho lefats’e la Zarahemla, leo le neng le lutse haufi le ho ba le moeli le lebopo la leoatle, leo le neng le le boroa ho lefats’e la Jershone, leo le neng le na le moeli lefelleng le ka boroa, lefella leo le neng le tletse Ba-Lamane.

4 Joale Ba-Nefi ba ne ba ts’aba haholo hore Ba-Zorame ba tla kena puisanong le Ba-Lamane, ’me seo e tla ba mokhoa oa tahlehelo e kholo ka karolong ea Ba-Nefi.

5 ’Me joale, joaloka ha ho ruta lentsoe ho ne ho ena le ts’ekamelo e kholo ho etella batho hore ba etse seo se lokileng—ee, le ile la eba le phello e kholo likelellong tsa batho ho feta sabole, kapa ntho e fe kapa e fe e ’ngoe, eo e kileng ea ba etsahalla—ka baka leo Alma a hopola hore ho ne ho le molemo hore ba tle ba leke bokhabane ba lentsoe la Molimo.

6 Ka baka leo o ile a nka Ammone, le Aarone, le Omnere; ’me Himni o ile a mo sia kerekeng Zarahemla; empa ba bararo ba pele o ile a ba nka, ’me hape le Amuleke le Zeezrome, bao ba neng ba le Meleke; ’me hape o ile a nka ba babeli ba bar’a ba hae.

7 Joale ea moholoholo oa bara ba hae ha a ka a mo nka le eena, ’me lebitso la hae e ne e le Helamane; empa mabitso a bao a ileng a ba nka e ne e le Shiblone le Korintone; ’me a na ke mabitso a bao ba ileng ba tsamaea le eena har’a Ba-Zorame, ho ba ruta lentsoe.

8 Joale Ba-Zorame e ne e le bahanyetsi ho tsoa ho Ba-Nefi; ka baka leo ba ne ba ile ba eba le hore lentsoe la Molimo le rutoe ho bona.

9 Empa ba ne ba ile ba oela liphosong tse kholo, ka lebaka la hore ba ne ba sa hlokomele ho boloka litaelo tsa Molimo, le melao ea hae, ho latela molao oa Moshe.

10 Le ha e le ho hlokomela lits’ebeletso tsa kereke, ho tsoelapele ka thapelo le thapeli ho Molimo letsatsi le letsatsi, hore ba tle ba se kene tekong.

11 Ee, qetellong, ba ile ba kheloha litsela tsa Morena ka makhetlo a mangata haholo; ka baka leo, ke ka lebaka lena, Alma le bana ba bo ba ile ba kena lefats’eng leo ho ruta lentsoe ho bona.

12 Joale, ha ba se ba kene lefats’eng leo, bonang, ho makaleng ha bona ba ile ba fumana hore Ba-Zorame ba ahile lisinagoge, le hore ba ne ba ipokella hammoho ka letsatsi le le leng la beke, le ba neng ba le bitsa letsatsi la Morena; ’me ba ne ba khumamela ka mokhoa oo Alma le bana babo ba neng ba so o bone le ka mohla;

13 Hobane ba ne ba ena le sebaka se ahiloeng bohareng ba sinagoge ea bona, sebaka sa ho ema, seo se neng se phahame holim’a hloho; ’me tlhorong ea teng ho ne ho ema motho a le mong feela.

14 Ka baka leo, mang kapa mang ea lakatsang ho khumamela o tlameha ho tsamaea ’me a eme holim’a tlhoro ea teng, ’me a otlollele matsoho a hae ho leba leholimong, ’me a hoeletse ka lentsoe le lerata, a re:

15 Ea halalelang, ea halalelang Molimo; rea lumela hore u Molimo, ’me rea lumela hore u ua halalela, le hore u ne u le moea, le hore u moea, le hore u tla ba morena ka ho sa feleng.

16 Molimo ea Halalelang, rea lumela hore u re arotse ho tsoa ho ba habo rona; ’me ha re lumele mekhoeng ea ba habo rona, e ileng ea neheletsanoa ho bona ka bongoana ba bo ntat’a bona; empa rea lumela hore u re khethile ho ba bana ba hau ba halalelang; ’me hape u entse hore ho tsebahale ho rona hore ha hona ho ba le Kreste.

17 Empa u ea ts’oana maobane, kajeno, le ka ho sa feleng; ’me u re khethile hore re tla pholosoa, ha bohle ba re potileng ba khethetsoe ho lahleloa tlase liheleng ka khalefo ea hau; ka lebaka la ho halalela hoo, Oho Molimo, rea u leboha; ’me hape rea u leboha hore u re khethile, hore re tle re se ke ra etelloa hole kamor’a litloaelo tse bothoto tsa ba habo rona, tse ba tlamelletseng tlase tumelong ea Kreste, tseo li etellang lipelo tsa bona ho lelerela hole le uena, Molimo oa rona.

18 ’Me hape rea u leboha, Oho Molimo, hore re sechaba se khethiloeng se halalelang. Amen.

19 Joale ho ile ha etsahala hore kamora hor’e Alma le bana babo le bara ba hae ha ba se ba utloile lithapelo tsena, ba ne ba maketse kamoo ho sa lekanngoeng hohle.

20 Hobane bonang, motho e mong le e mong o ile a ea ’me a etsa tsona lithapelo tsena tse ts’oanang.

21 Joale sebaka seo se ne se bitsoa ke bona Rameamptome, eo, ha e tolokoa, ke setulo se halalelang.

22 Joale, ho tloha setulung sena ba ne ba etsa, motho e mong le e mong, thapelo e ts’oanang ho Molimo, ba ntse ba leboha Molimo oa bona hore ba ne ba khethiloe ke eena, le hore ha a ka a ba etella hole kamor’a litloaelo tsa ba habo bona, le hore lipelo tsa bona li ne li sa utsoetsoa hole ho lumela linthong tse tla tla, tseo ba sa tsebeng letho ka tsona.

23 Joale, kamor’a hore ha batho bohle ba se ba entse liteboho ka mokhoa ona, ba ne ba khutlela mahaeng a bona, ba sa hlole ba bua ka Molimo hape hofihlela ba boetse ba ipokahantse hammoho setulong se halalelang, ho etsa liteboho tsa bona ka mokhoa oa bona.

24 Joale ha Alma a bona sena pelo ea hae e ile ea hlonama; hobane o ile a bona hore e ne e le sechaba se khopo se khelohileleng; ee, o ile a bona hore lipelo tsa bona li ne li rata khauta, le silevera, le mekhoa eohle ea lithepa tse ntle.

25 Ee, ’me o ile a bona hore lipelo tsa bona li ne li phahamiselitsoe holimo boithorisong bo boholo, boikhohomosong ba bona.

26 ’Me o ile a phahamisetsa lentsoe la hae leholimong, a hoelehetsa, a re: Oho, ke nako e kae, Oho Morena, o tlang ho lumella hore bahlanka ba hau ba lule moo tlase nameng, ho bona bokhopo bo ts’abehang hakaale har’a bana ba batho?

27 Bona, Oho Molimo, ba hoelehetsa ho uena, le ha lipelo tsa bona li koenyelitsoe boikhohomosong ba bona. Bona, Oho Molimo, ba hoelehetsa ho uena ka melomo ea bona, ha ba ikhants’itse, esita le boholong, ka lintho tsa lefeela tsa lefats’e.

28 Bona, Oho Molimo oa ka, liaparo tsa bona tse theko e phahameng, le masale a bona, le mefits’ana ea bona, le mekhabiso ea bona ea khauta, le lintho tsohle tsa bohlokoa tsa bona tseo ba khabisitsoeng ka tsona; ’me bona, lipelo tsa bona li lutse ho tsona, ’me le ha ba hoelehetsa ho uena ’me ba re—Rea u leboha, Oho Molimo, hobane re sechaba se khethiloeng ho uena, ha ba bang ba tla timela.

29 Ee, ’me ba re u entse hore ho tsebahale ho bona hore ha hona ho ba le Kreste.

30 Oho Morena Molimo, ke nako e kae u tlang ho lumella hore bokhopo bo joalo le ho hloka bots’epehi bo tle bo be har’a sechaba se? Oho Morena, ke u kopa ho mpha matla, hore ke tle ke mamelle mefokolo ea ka. Hobane kea fokola, ’me bokhopo bo joalo har’a sechaba sena bo utloisa moea oa ka bohloko.

31 Oho Morena, pelo ea ka e tletse masoabi ka ho fetisa, ke kopa u ts’elise moea oa ka ho Kreste. Oho Morena, ke kopa hore u mphe hore ke be le matla, hore ke tle ke mamelle ka mamello mahlomola a na ao a tlang ho ntlela ka lebaka la bokhopo ba sechaba sena.

32 Oho Morena, ke kopa u ts’elise moea oa ka, ’me u mphe katleho, ’me hape le basebetsi-mmoho ba nang le ’na—ee, Ammone, le Aarone, le Omnere, ’me le Amuleke le Zeezrome, ’me le bara ba ka ba babeli—ee, esita le bana bohle ke kopa u ba ts’elise, Oho Morena. Ee, ke kopa u ts’elise meea ea bona ho Kreste.

33 Ke kopa hore u ba fe hore ba ke ba be le matla, hore ba tle ba mamelle mahlomola a bona ao a tlang ho tla holim’a bona ka lebaka la bokhopo ba sechaba sena.

34 Oho Morena, ke kopa u re fe hore re ke re be le katleho ho ba khutlisetsa hape ho uena ka Kreste.

35 Bona, Oho Morena, meea ea bona e bohlokoa, ’me ba bangata ba bona ke bana ba bo rona; ka baka leo, re fe, Oho Morena, matla le bohlale hore re ke re khutlisetse bana, bana ba bo rona, hape ho uena.

36 Joale ho ile ha etsahala hore ha Alma a se a boletse mantsoe ana, hore o ile a beha matsoho a hae ho bohle ba neng ba ena le eena. ’Me bonang, ha beha matsoho a hae holim’a bona, ba ile ba tlatsoa ka Moea o Halalelang.

37 ’Me kamorao ho moo ba ile ba ikarola e mong ho e mong, ho se na mohopolo oo ba o nkang bakeng sa bona hore na ba tla ja eng, kapa hore na ba tla noa eng, kapa hore na ba tla apara eng.

38 ’Me Morena o ile a fana bakeng sa bona hore ba se ke ba lapa, le ha e le ho nyoroa; ee, ’me hape o ile a ba fa matla, hore ba se mamelle mokhoa o fe oa mahlomola, ntle le hore a koenyetsoe holimo nyakallong ea Kreste. Joale sena e ne e le ho latela thapelo ea Alma; ’Me sena hobane o ile a rapela ka tumelo.

Hatisa