Mangolo a halalelang
Alma 32


Khaolo ea 32

Alma o ruta bafutsana bao mahlomola a bona a ba kokobelitseng—Tumelo ke ts’epo ho seo se sa bonoeng seo e leng ’nete—Alma o pakahatsa hore mangeloi a ruta banna, basali, le bana—Alma o bapisa lentsoe le peo—E tlameha hore e jaloe le ho feptjoa—Joale e hola ho ba sefate seo ho sona tholoana ea bophelo ba bosafeleng e khuoang. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba tsamaea, ’me ba qala ho ruta lentsoe la Molimo ho sechaba seo, ba kena lisinagogeng tsa bona, le matlong a bona; ee, ’me esita le hore ba ile ba ruta lentsoe literateng tsa bona.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore kamora mosebetsi o mongata har’a bona, ba ile ba qala ho ba le katleho har’a karolo ea bafutsana ba sechaba seo; hobane bonang, ba ne ba lahletsoe kantle ho lisinagoge ka lebaka la ho hoasha ha liaparo tsa bona—

3 Ka baka leo ba ne ba sa lumelloe ho kena lisinagogeng tsa bona ho khumamela Molimo, ba ne ba nkuoa joalo ka lits’ila; ka baka leo ba ne ba futsanehile; ee, ba ne ba nkoa ke bana ba bo bona joaloka manya; ka baka leo ba ne ba futsanehile ha e le linthong tsa lefats’e; ’me hape ba ne ba futsanehile pelong.

4 Joale, ha Alma a ntse a ruta le ho bua ho batho bao holima leralla Onida, ho ile ha tla bongata bo boholo ho eena, bao e neng e le bao re ne re ntse re bua ka bona, bao ba neng ba futsanehile lipelong ka lebaka la bofutsana ho ea ka lintho tsa lefats’e.

5 ’Me ba ile ba tla ho Alma; ’me eo a neng a le ka pele har’a bona a re ho eena: Bona, ba tla etsa joang bana baa beso, hobane ba nyelisoa ke batho bohle ka lebaka la bofutsana ba bona, ee, ’me haholo ka ho khetholoha ke baprista ba rona; hobane ba re lahletse kantle ho lisinagoge tsa rona, tseo re sebelitseng ka bongata ho aha ka matsoho a rona; ’me ba re lahlatse kantle ka lebaka la bofutsana ba rona bo fetisang; ’me ha re na sebaka sa ho khumamela Molimo oa rona; ’me bona re tla etsa joang?

6 ’Me joale ha Alma a utloa sena, o ile a reteleha, sefahleho sa hae hang-hang ho lebana le eena, ’me a bona ka nyakallo e kholo; hobane o ne a bona hore mahlomola a bona a ba kokobelitse e le kannete, le hore ba ne ba lokiselitsoe ho utloa lentsoe.

7 Ka baka leo ha ka a hlola a re letho ho bongata bane bo bong; empa o ile a otlolla letsoho la hae, ’me a hoelehetsa ho bao a neng a ba bona, ba neng ba soabile e le kannete, ’me a re ho bona:

8 Kea bona hore le pelo e nolo: ’me haeba hojoalo, le lehlohonolo.

9 Bonang ngoana bo lona o itse, Na re tla etsa joang?—hobane re lahletsoe kantle ho lisinagoge tsa rona, hore e be re sitoa ho khumamela Molimo oa rona.

10 Bonang ke re ho lona, na le nahana hore le sitoa ho khumamela Molimo ntle le hore e be ka lisinagogeng tsa lona feela?

11 ’Me ho feta moo, nka botsa, na le nahana hore ha lea tlameha ho khumamela Molimo feela ha ngoe ka beke?

12 Ke re ho lona, ke hantle hore e be le lahletsoe kantle ho lisinagoge tsa lona, hore le ke le kokobele, le hore le ke le ithute bohlale; hobane ho ne ho hlokeha hore le tle le ithute bohlale; hobane ke ka lebaka la hore le lahletsoe kantle, hore le nyatsitsoe ke ba habo lona ka lebaka la bofutsana ba lona bo fetisang, hore le tlisitsoe pelong e nolo; hobane ke ka nepo le tlisetsoang ho ikokobetsa.

13 ’Me joale, hobane le qobelloa ho ikokobetsa ba lehlohonolo ke lona; hobane monna ka nako e ngoe, haeba a qobelloa ho ikokobetsa, o batla pako; ’Me joale kannete, mang kapa mang ea bakang o tla fumana mohau; ’me eo a fumanang mohau le ho mamella ho isa qetellong ke eena ea tla pholoha.

14 ’Me joale, joaloka ha ke boletse ho lona, hore hobane le ne le qobelletsoe ho ikokobetsa le bile lehlohonolo, na ha le nahane hore ba hlohonolofetse ho feta bao ba ikokobetsang ka lebaka la lentsoe.

15 Ee, eo a ikokobetsang e le kannete, ’me a bakela libe tsa hae, le ho mamella ho isa qetellong, ke eena ea tla pholoha—ee, ba hlohonolofetse le ho feta bao ba qobelloang ho ikokobetsa ka lebaka la bohloki ba bona.

16 Ka baka leo, ho lehlohonolo ba ikokobetsang ntle le hore ba qobelloe ho ikokobetsa; kapa, ka mantsoe a mang, ho lehlohonolo ea lumelang lentsoeng la Molimo, ’me a kolobetsoa ntle le pelo e manganga, ee, ntle le ho tlisoa ho tseba lentsoe, kapa esita le ho qobelloa ho tseba, pele ba tla lumela.

17 Ee, ho na le ba bangata ba reng: Haeba u tla re bonts’a lets’oao le tsoang leholimong, joale re tla tseba e le kannete; joale re tla lumela.

18 Joale kea botsa, na seo ke tumelo? Bonang, ke re ho lona, Che; hobane haeba motho a tseba ntho ha a na lebaka la ho lumela, hobane o oa e tseba.

19 ’Me joale, ho rohakehile hakae eo a tsebang thato ea Molimo ’me e be ha a e etse, ho feta ea lumelang feela, kapa a na le lebaka feela la ho lumela, ’me a oele tlolong?

20 Joale ka ntho ena le tlameha ho ahlola. Bonang, ke re ho lona, ho joalo ka letsohong le leng esita joaloka ho le joalo ka ho le leng; ’me ho tla ba joalo ho motho e mong le e mong ho latela mosebetsi oa hae.

21 ’Me joaloka ha ke boletse malebana le tumelo—tumelo ha se ho ba le tsebo e phethehileng ea lintho; ka baka leo haeba le na le tumelo le na le ts’epo ea lintho tse sa bonoeng, tseo e leng ’nete.

22 ’Me joale bonang, ke re ho lona, ’me nka lakatsa hore le tle le hopole, hore Molimo o tletse mohau ho bohle ba lumelang lebitsong la hae; ka baka leo o lakatsa hore, bakeng sa pele, le tle le lumele, ee, esita le ho lentsoe la hae.

23 ’Me joale, o senola lentsoe la hae ka mangeloi ho batho, ee, e seng feela banna empa le basali hape. Joale sena ha se sohle; bana ba banyenyane ba na le mantsoe ao ba a fuoang linako tse ngata, ao a hlolang ba bohlale le ba rutehileng.

24 ’Me joale, bana beso ba ratoang, joaloka ha le lakalitse ho tseba ka ’na hore na ke eng eo le ka e etsang hobane le hlokofetse le ho lahleloa kantle—joale ha ke lakatse hore le nahane hore ke bolela ho le ahlola feela ho latela seo e leng ’nete—

25 Hobane ha ke bolele hore lona kaofela ha lona le qobelletsoe ho ikokobetsa; hobane kannete kea lumela hore ho na le ba bang har’a lona ba neng ba tla ikokobetsa, ba le maemong a fe kapa a fe ao ba ka bang ho ona.

26 Joale, joaloka ha ke boletse malebana le tumelo—hore e ne e se tsebo e phethehileng—esita le joale ho joalo ka mantsoe a ka. Le sitoa ho tseba ka bonnete ba ona qalong, ka ho phetheha, le ha joaloka tumelo e se tsebo e phethehileng.

27 Empa bonang, haeba le tla tsoha le tsose boiphihlelo ba lona, esita le ho etsa teko mantsoeng a ka, ’me le sebelise karoloana ea tumelo, ee, esita le haeba feela le ke ke la feta ho lakatsa ho lumela, lumellang takatso ena hore e sebetse ka ho lona, esita le ho fihlela le lumela ka mokhoa oo le ka fang sebaka karolo ea mantsoe a ka.

28 Joale, re tla bapisa lentsoe ho peo. Joale, haeba le fana ka sebaka, hore peo e ke e joaloe pelong ea hau, bonang, haeba e le peo ea ’nete, kapa peo e molemo, haeba u sa e lahlele kantle ka ho se lumele ha hau, hore u hanyetse Moea oa Morena, bonang, e tla qala ho kokomoha ka lifubeng tsa lona; ’me ha le utloa lits’isinyo tsa ho kokomoha hona, le tla qala hore ka har’e ho bo-lona—E tlameha hore e be ena ke peo e molemo, kapa hore lentsoe leo le molemo, hobane le qalile ho holisa moea oa ka; ee, le qalile ho chabisetsa kutloisiso ea ka, ee, le qalile ho ba monate ho ’na.

29 Joale bonang, na se ha se na ho eketsa tumelo ea hau? Ke re ho lona, Ee; le ha ho le joalo ha e so holele ho fihla tsebong e phethehileng.

30 Empa bonang, ha peo e kokomoha, ’me e hlomela, ’me e qala ho hola, joale u tlameha ho hloka ho bua hore peo eo e molemo; hobane bona e ea kokomoha, le ho hlomela, ’me e qala ho hola. ’Me joale, bonang, na se ha se na ho matlafatsa tumelo ea hau? Ee, e tla matlafatsa tumelo ea hau: hobane u tla re kea tseba hore ena ke peo e molemo; hobane bona e hlometse ’me e qalile ho hola.

31 ’Me joale, bonang, na le na le bonnete ba hore e ke peo e ntle? Ke re ho lona, Ee, hobane peo e ngoe le e ngoe e hlahisa se ts’oanang le eona.

32 Ka baka leo, haeba peo e hola e molemo, empa haeba e sa hole, bonang ha e molemo, ka baka leo e lahleloa hole.

33 ’Me joale, bonang, hobane le ile la etsa teko eo, ’me la jala peo, ’me ea kokomoha le ho hlomela, ’me ea qala ho hola, le tlameha ho hloka ho tseba hore peo eo e molemo.

34 ’Me joale, bonang, na tsebo ea lona e phethehile? Ee, tsebo ea lona e phethehile nthong eo, ’me tumelo ea lona e robetse; ’me sena hobane lea tseba, hobane lea tseba hore lentsoe le kokomositse meea ea lona, ’me hape lea tseba hore e hlometse, hore kutloisiso ea lona e qalile ho bonesoa, ’me kelello ea lona e qalile ho atoloha.

35 Oho joale, na se ha se ’nete? Ke re ho lona, Ee, hobane ke khanya: ’me eng kapa eng e khanyang e molemo, hobane e ea utloisiseha, ka baka leo le tlameha ho tseba hore e molemo; ’me joale bonang, kamora hore e be le latsoitse khanya eo na tsebo ea lona e phethehile?

36 Bonang ke re ho lona, Che; ha lea tlameha hore le behelle tumelo ea lona thoko, hobane le sebelisitse tumelo ea lona feela ho jala peo eo hore le tle le leke teko ho tseba haeba peo eo e ne e le molemo.

37 ’Me bonang, ha sefate se qala ho hola, le tla re: Ha re se fepeng ka tlhokomelo ea kholo, hore se tle se fumane mothapo, hore se ke se hole, hore se tle se re tlisetse litholana. ’Me joale bonang, haeba le se fepa ka tlhokomelo e kholo se tla fumana mothapo, ’me se hole, ’me se tlise tholoana.

38 Empa haeba le sa tsotelle sefate seo, ’me le sa nke mohopolo oa phepo ea sona, bonang ha se na ho fumana mothapo; ’me ha mocheso oa letsatsi o tla ’me o se chesa, ka lebaka la hore ha se na mothapo sea omella, ’me e be lea se kha ’me le se lahlela kantle.

39 Joale, sena ha se hobane peo e ne e se molemo, le ha e le hobane tholoana ea sona e ne e keke ea lakatseha; empa ke hobane lefats’e la lona le nyopile, ’me le keke la fepa sefate seo, ka baka leo le sitoa ho ba le tholoana ea sona.

40 ’Me joana, haeba ha le na ho fepa lentsoe, le shebetse pele ka leihlo la tumelo tholoaneng ea sona, ha hona le ka mohla le ka khang tholoana ea sefate sa bophelo.

41 Empa haeba le tla fepa lentsoe, ee, le fepe sefate ha se qala ho hola, ka tumelo ea lona ka mafolofolo a maholo, le ka mamello, le shebetse pele tholoana ea sona, se tla nka mothapo; ’me bonang e tla ba sefate se holelang holimo ho isa bophelong bo sa feleng.

42 ’Me ka lebaka la mafolofolo a lona le tumelo ea lona le mamello ea lona ka lentsoe ka ho le fepa, hore le ke le nke mothapo ka ho lona, bonang, ho tla isa isa le tla kha tholoana ea teng, eo e leng bohlokoa ka ho fetisisa, eo e leng tsoekere ka holimo ho sohle se tsoekere, ’me eo e leng ts’oeu ka holimo ho sohle se se soeu, ee, le ho hloeka ka holimo ho sohle se hloekileng; ’me le tla keteka ka tholoana ena esita le hofihlela le khots’e, hore e be ha le lape, le ha e le hore le nyoroe.

43 Joale, bana beso, le tla kotula meputso ea tumelo ea lona, mafolofolo a lona, le mamello, le ho mamella, le emetse tholoana ea sefate seo ho le tlisetsa tholoana.

Hatisa