Mangolo a halalelang
Alma 34


Khaolo ea 34

Amuleke o paka hore lentsoe le ka ho Kreste ho isa polokong—Ntle le hore ho topollo e etsoe, batho bohle ba tlameha ho timela—Molao oa Moshe kaofela o supela ho lebana le sehlabelo sa Mora oa Molimo—moralo oa bosafeleng oa topollo o thehiloe holim’a tumelo le pako—Rapellang lihlohonolofatso tsa nameng le moeeng—Bophelong bona ke nako ea batho ho lokisetsa ho kopana le Molimo—Sebeletsa poloko ea hau ka ts’abo ka pele ho Molimo. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Alma a bolele mantsoe a na ho bona o ile a lula fats’e holim’a lefats’e, ’me Amuleke a phahama ’me a qala ho ba ruta, a re:

2 Bana beso, ke nahana hore ha ho khonehe hore e be le hloka tsebo ea lintho tsena tse boletsoeng malebana le ho tla ha Kreste, eo ho rutoang ke rona ho ba Mora oa Molimo; ee, kea tseba hore lintho tsena le li rutiloe ka botlalo pele ho phapang ea lona ho tsoa har’a rona.

3 ’Me joaloka ha le lakalitse ka ngoaneso ea ratoang hore a tle a etse hore ho tsebahale ho lona seo le tlang ho se etsa, ka lebaka la mahlomola a lona; ’me o buile hanyenyane ho lona ho lokisa likelello tsa lona; ee, ’me o le khothalelitse tumelong le mamellong—

4 Ee, esita le hore le ka ba le tumelo e ngata hoo joaloka esita le ho jala peo ea lentsoe ka lipelong tsa lona, hore le ke le leke teko ea molemo oa eona.

5 ’Me re bone hore potso e kholo e likelellong tsa lona ke hore na lentsoe le ka ho Mora oa Molimo, kapa hore na ha ho na ho ba le Kreste.

6 ’Me hape le bone hore ngoaneso o le netefalelitse, makhetlong a mangata, hore lentsoe le ka ho Kreste ho isa polokong.

7 Ngoaneso o bitsitse ho mantsoe a Zenose, hore topollo e tla ka Mora oa Molimo, ’me hape le ho mantsoe a Zenock; ’me hape o ipilelitse ho Moshe, ho netefatsa hore lintho tsena ke ’nete.

8 ’Me joale, bonang, ke tla paka ho lona ka bo ’na hore lintho tsena ke ’nete. Bonang, ke re ho lona, hore kea tseba hore Kreste o tla tla har’a bana ba batho, ho inkela ho eena litlolo tsa batho ba hae, le hore o tla lefa bakeng sa libe tsa lefats’e; hobane Morena Molimo o e boletse.

9 Hobane ho ea lokeleha hore topollo e tle e etsoe; hobane ho latela moralo o moholo oa Molimo oa Bosafeleng ho tlameha hore ho be le topollo e etsoang, kapa ho seng joalo batho bohle ba tlameha ho timela ho sa qobehe; ee, bohle ba thatafetse; ee, bohle ba oele ’me ba lahlehile, ’me ba tlameha ho timela ntle le hore e be ka topollo eo ho lokelehang hore e tle e etsoe.

10 Hobane ho ea lokeleha hore ho tle ho be le sehlabelo se seholo le sa ho qetela; ee, e seng sehlabelo sa motho, le ha ele sa phoofolo, le ha e le sa mokhoa o fe kapa ofe oa nonyana; hobane ha e na ba sehlabelo sa motho, empa e tlameha ho ba sehlabelo se sa feleng le sa bosafeleng.

11 Joale ha hona motho o fe kapa o fe ea ka etsang sehlabelo ka mali a hae a tlang ho lefella libe tsa e mong. Joale, haeba motho a bolaea, bonang na molao oa rona, o lokileng, o nka bophelo ba ngoan’a bo? Ke re ho lona, Che.

12 Empa molao o batla bophelo ba eo a bolaileng; ka baka leo ho ke ke ha eba le letho le sa fihleleng topollo e sa feleng e tla lekana bakeng sa libe tsa lefats’e.

13 Ka baka leo, ho ea lokeleha hore ho tle ho be le sehlabelo se seholo le sa ho qetela, ’me joale ho tla ba le, kapa ho ea lokeleha hore ho be le, ho emisa ts’ollo ea mali; joale molao oa Moshe o tla phethahatsoa; ee, o tla phethahala kaofela, jota le hlaku engoe le engoe, ’me ha hona e tla feta.

14 ’Me bonang, ona ke moelelo ohle oa molao, tsohle li supile ho sehlabelo sa ne se seholo ’me sa ho qetela; ’me sehlabelo seo se seholo le sa ho qetela e tla ba Mora oa Molimo, ee, se sa feleng le bosafeleng.

15 ’Me ke joana a tlang ho tlisa poloko ea bao bohle ba tlang ho lumela lebitsong la hae; sena e le maikemisetso a sehlabelo sena sa ho qetela, ho tlisa maikutlo a mohau, a hlolang toka, ’me a tlisa mokhoa bathong hore ba ke ba be le tumelo ho isa pakong.

16 ’Me ke joana mohau o khotsofatsang lipehelo tsa toka, ’me o ba khakeletsa ka liatla tsa polokeho, ha ea sa sebeliseng tumelo ho isa pakong o pepeselitsoe molaong kaofela oa lipehelo tsa toka; ka baka leo ke ho feela eena eo a nang le tumelo ho isa pakong ho tlisitsoeng moralo o moholo oa bosafeleng oa topollo.

17 Ka baka leo e ke Molimo a ka le fa, bana beso, hore le ke le qale ho sebelisa tumelo ea lona ho isa pakong, hore le tle le qale ho bitsa ho lebitso la hae le halalelang, hore a tle a be le mohau ho lona.

18 Ee, llelang ho eena bakeng sa mohau; hobane o matla ohle ho pholosa.

19 Ee, ikokobetseng, ’me le tsoelepele ka thapelo ho eena.

20 Llelang ho eena ha le le masimong a lona, ee, bakeng sa mehlape eohle ea lona.

21 Llelang ho eena ka matlong a lona, ee, bakeng sa bohle ba ntlo ea hau, mmoho hoseng, mots’eare, le mantsiboea.

22 Ee, llelang ho eena khahlanong le matla a lira tsa lona.

23 Ee, llelang ho eena khahlanong le diabolose, eo e leng sera sa ho loka hohle.

24 Llelang ho eena bakeng sa lijalo tsa masimo a lona, hore le ke le atlehe ka tsona.

25 Llelang bakeng sa mehlape ea masimo a lona, hore li ke li eketsehe.

26 Empa sena ha se tsohle; le tlameha ho ts’ella kantle meea ea lona likamoreng tsa lona, le libakeng tsa lona tsa lekunutu, le lefelleng la lona.

27 Ee, ’me ha le sa llele ho Morena, etsang hore lipelo tsa lona li tlale, li huleloe kantle thapelong ho tsoelapele ho ea ho eena bakeng sa litlhoko tsa lona, le bakeng sa litlhoko tsa bohle ba o pata-potileng.

28 ’Me joale bonang, bana beso ba ratoang, ke re ho lona, le se ke la nahana hore sena ke phetho; hobane kamor’a hore le etse tsena tsohle, haeba le furalla ba hlokang, le ba hlobotseng, ’me le sa etele ba kulang le ba mahlomoleng, le ho fana ka maruo a lona, haeba le na le ona, ho bao ba hlokang—ke re ho lona, haeba le sa etse e feng ea lintho tsena, bonang, thapelo ea lona kea lefeela, ’me ha e na thuso, ’me le joaloka baikaketsi ba latolang tumelo.

29 Ka baka leo, haeba le ke ke la hopola ho ba le qenehelo, le joaloka lits’ila, tseo bahloekisi ba li lahlelang ka ntle, (tsona li sena boleng) ’me li hatikeloa tlasa maoto a batho.

30 ’Me joale, bana beso, ke lakatsa hore kamor’a hore e be le amohetse lipaki tse ngata ha kaalo, le bona hore mangolo a halalelang a paka ka lintho tsena, le tle ’me le hlahise litholoana tsa pako.

31 Ee, ke lakatsa hore le tle le tle ’me le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona ho feta mona; hobane bonang, honajoale ke nako le letsatsi la poloko ea lona; ka baka leo, haeba le tla baka ’me le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona, hang-hang moralo o moholo oa topollo o tla tlisetsoa ho ba ho lona.

32 Hobane bonang, bophelong bona ke nako bakeng sa batho ho lokisetsa ho kopana le Molimo; ee, bonang letsatsi la bophelong bona ke letsatsi la batho ho etsa mesebetsi ea bona.

33 ’Me joale, joaloka ha ke ile ka bolela pele, joaloka ha le bile le lipaki tse ngata hakaalo, ka baka leo, kea le kopa hore le se ke la chechisa letsatsi la pako ea lona ho fihlela qetelong; hobane kamor’a letsatsi lena la bophelo, leo re le filoeng ho lokisetsa bosafeleng, bonang, haeba re sa ntlafatse nako ea rona ha re sa le bophelong bona, joale ho tla bosiu ba lefifi moo teng ho se nang mosebetsi o ka etsoang.

34 Le ke ke la re, ha le tlisoa tsietsing eo e ts’abehang, hore ke tla baka, hore ke tla khutlela ho Molimo oa ka. Che, le tla sitoa ho bolela sena; hobane moea o ts’oanang le oo o ruileng mmele ea lona ka nako eo le tsamaeang ho tsoa bophelong bona, ona moea o ts’oanang o tla ba le matla a ho rua mmele oa hau lefats’eng leo la bosafeleng.

35 Hobane bonang, haeba le chechisitse letsatsi la pako ea lona esita le ho fihlela lefung, bonang, le fetohetse ho ba tlasa moea oa diabolose, ’me o le tiisa ba hae; ka baka leo, Moea oa Morena o le furaletse, ’me ha o na sebaka ka ho lona, ’me diabolose o na le matla oohle holima lona; ’me bona ke boemo ba ho qetela ba ba khopo.

36 ’Me sena kea tseba, hobane Morena o itse ha a lule litempeleng tse sa halaleleng, empa lipelong tsa ba lokileng teng o oa lula; ee, ’me hape o boletse hore ba lokileng ba tla lula fats’e ’musong oa hae, ho se hlole ba tsoela kantle; empa liaparo tsa bona li tle li etsoe hore li be ts’oeu ka mali a konyana.

37 ’Me joale, bana beso ba ratoang, ke lakatsa hore le tle le hopole lintho tsena, le hore le tle le sebetse poloko ea lona ka ts’abo ka pele ho Molimo, le hore le se hlole le latola ho tla ha Kreste;

38 Hore le se hlole le loana khahlanong le Moea o Halalelang, empa hore le o amohele, ’me le inkele ho lona lebitso la Kreste; hore le ikokobetse esita le ho isa leroleng, le khumamele Molimo, sebakeng se fe kapa se fe seo le leng ho sona, ka moea le ka ’nete; le hore le phele ka ho fana ka teboho letsatsi le letsatsi, bakeng sa mehau le lihlohonolofatso tseo a li fanang holim’a lona.

39 Ee, ’me hape kea le khothatsa, bana beso, hore le falimehele thapelong ho tsoelapele, hore le tle le se ke la etelloa hole ke liteko tsa diabolose, hore a tle a se ke a le hlola, hore le tle le se ke la fetoha ba tlasa hae ka letsatsi la ho qetela; hobane bonang, ha ho letho le molemo leo a le putsang ka lona.

40 ’Me joale bana beso ba ratoang, ke lakatsa ho le khothaletsa ho ba le mamello, le hore le mamelle mekhoa eohle ea mahlomola; hore le se ke la nyefola khahlanong le bao ba le lahlelang kantle ka lebaka la bofutsana ba lona bo fetisisang, e se re la fetoha baetsalibe joaloka bona.

41 Empa hore le be le mamello, ’me le mamelle mahlomola ao, ka ts’epo e tiileng hore ka letsatsi le leng le tla phomola ho tsoa mahlomoleng oohle a lona.

Hatisa