Mangolo a halalelang
Alma 41


Khaolo ea 41

Ka tsoho ea bafu batho ba tsohela boemong ba thabo e sa feleng kapa tlokotsi e sa feleng—Bokhopo ha bo so ka bo hlola e le thabo—batho ba thato ea nama ha ba na Molimo lefats’eng—Motho e mong le e mong o fumana hape ka Tsosoloso lits’obotsi le libopeho tse fumanehileng ka ’mele o shoang. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me joale, mora oaka, ke na le ho bolela hanyane malebana le tsosoloso eo ho boletsoeng ka eona; hobane bona, ba bang ba sothile mangolo a halalelang, ’me ba khelohetse hole ka lebaka la ntho ena. ’Me kea lemoha hore kelello ea hau e ts’oenyehile malebana le ntho ena. Empa bona, ke tla u hlaloseta eona.

2 Ke re ho uena, mora oaka, hore moralo oa tsosoloso oa hlokahala ka toka ea Molimo; hobane ho ea hlokahala hore lintho tsohle li tsosolosetsoe mokhoeng oa tsona o lokelang. Bona, ho ea hlokahala le ho loka, ho latela matla a ho tsoha bafung ha Kreste, hore moea oa motho o tle o tsosolosetsoe ho ’mele oa teng, le hore karolo engoe le e ngoe ea ’mele e tle e tsosolosetsoe ho eona.

3 ’Me ho ea hlokahala ke toka ea Molimo hore batho bohle ba tle ba ahloloe ho latela mesebetsi ea bona; ’me haeba mesebetsi ea bona e ne e le metle bophelong bona, le litakatso tsa lipelo tsa bona li ne li le ntle, hore hape, ka letsatsi la ho qetela, ba tle ba tsosolosetsoe ho seo se setle.

4 ’Me haeba mesebetsi ea bona e mebe ba tla tsosolosetsoa ho bona bakeng sa bobe. Ka baka leo, lintho tsohle li tla tsosolosetsoa ho mokhoa oa tsona o lokelang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho sebopeho sa eona sa tlhaho—o shoang ho bophelo bo sa feleng, sebolu ho bophelo—ho tsosetsoa thabong e sa feleng ho ja lefa ’muso oa Molimo, kapa ho tlokotsi e sa feleng ho ja lefa ’muso oa diabolose, e mong ka letsohong le le leng, e mong ka ho le leng—

5 E mong a tsosetsoa thabong ho latela litakatso tsa hae tsa thabo, kapa ho latela litakatso tsa hae tsa botle; ’me e mong ho bobe holatela litakatso tsa hae tsa bobe; hobane joaloka ha a lakalitse ho etsa bobe boleleleng ba letsatsi lohle esita le joalo o tla fumana moputso oa hae oa bobe ha bosiu bo tla.

6 ’Me ho joalo ka letsohong le leng. Haeba a bakile libeng tsa hae, ’me a lakalitse ho loka hofihlela qetello ea matsatsi a hae, esita le joalo o tla putsetsoa ho lokeng.

7 Bana ke bona bao ba lopollotsoeng ke Morena, ee, bana ke bona ba nkeloang kantle, ba lopollotsoeng ho tsoa bosiung boo bo sa feleng ba lefifi; ’me ke joana ba emang kapa ba oelang; hobane bona, ke baahloli ba bona ka bobona, hore na ba etsa botle kapa ba etsa bobe.

8 Joale, litaelo tsa Molimo ha li fetolehe; ka baka leo, tsela e hlophisitsoe hore mang kapa mang a ka tsamaea moo ’me a pholosoe.

9 ’Me joale bona, mora oaka, u se ke oa ipeha kotsing ka khopiso e ngoe hape khahlanong le Molimo oa hau holim’a lintlha tseno tsa thuto ea tumelo, tseo hofihlela joale u ipehileng kotsing ka ho etsa sebe.

10 U se ke ua nahana, hobane ho boletsoe malebana le tsosoloso, hore u tla tsosolosoa ho tloha sebeng ho ea thabong. Bona, ke re ho uena, bokhopo ha bo so ka bo hlola e le thabo.

11 ’Me joale, mora oaka, batho bohle bao ba leng boemong ba tlhaho, kapa nka re, boemong ba nama, ba ka nyookong e babang le ka har’a litlamo tsa bokhopo; ba hloka Molimo lefats’eng, ’me ba ile khahlanong le sebopeho sa Molimo; ka baka leo, ba boemong bo khahlanong le semelo sa thabo.

12 ’Me joale bona, na moelelo oa lentsoe tsosoloso ke ho nka ntho ea boemo ba tlhaho ’me u e beha boemong boo e seng ba tlhaho, kapa ho e beha boemong bo khanyetsong ea tlhaho ea eona?

13 Oho, mora oaka, sena ha se joalo; empa moelelo oa lentsoe tsosoloso ke ho khutlisetsa hape bobe bakeng sa bobe, kapa thato ea nama bakeng sa thato ea nama, kapa botemona bakeng sa botemona—molemo bakeng sa seo se molemo, ho loka bakeng sa seo se lokileng; ho hloka leeme bakeng sa seo se hlokang leeme; mohau o tletseng bakeng sa seo se tletseng mohau.

14 Ka baka leo, Mora oaka, bona hore u ba le moahu o tletseng ho bana beno, sebetsa ka ho hloka leeme, ahlola ka ho loka, ’me u tsoelepele ho etsa botle; ’me haeba u tla etsa lintho tsena tsohle joale u tla fumana moputso oa hau: ee, u tla fumana toka e tsosolosoa ho uena hape, u tla fumana kahlolo e lokileng ho tsosolosetsoa ho uena hape; ’me u tla fumana botle bo putsoetsoa ho uena hape.

15 Hobane sane seo u se hlahisang kantle se tla khutlela ho uena hape, ’me se tsosolosoe; ka baka leo, lentsoe tsosoloso ka botlalo ho feta le nyatsa moetsalibe; ’me ha le mo latolele melato hohang.

Hatisa