Mangolo a halalelang
Alma 42


Khaolo ea 42

Bophelo ba ho shoa ke nako ea teko ho lumella motho hore a bake ’me a sebeletse Molimo—Ho oa ho tlisitse lefu la nama le la moea bathong bohle—Topollo e tla ka pako—Molimo ka bo eena o lefella libe tsa lefats’e—Mohau ke oa ba bakang—Ba bang bohle ba tlasa toka ea Molimo—Mohau o tla ka lebaka la Topollo—Ba bakileng e le kannete feela ba ea pholosoa. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me joale, mora oaka, kea lemoha hore ho na le ha nyenyane ho feta ho ts’oenyang kelello ea hau, hoo u sitoang ho o utloisisa—hoo e leng malebana le toka ea Molimo kotlong ea moetsalibe; hobane u leka ho nahana hore ke ho hloka toka hore moetsalibe a fetisetsoe boemong ba tlokotsi.

2 Joale bona, mora oaka, ke tla hlalosa ntho ena ho uena. Hobane bona, kamor’a hore Morena Molimo a romele batsoali ba rona ba pele ho tloha serapeng sa Edene, ho lema mobung, moo ba nkiloeng teng—ee, o ile a hulela monna kantle, ’me a beha ka qetellong e ka bochabela ea serapa sa Edene, likerubime, le sabole e tukang e neng e ’oma ka ’ng’a tsohle, ho thiba tsela ea sefate sa bophelo—

3 Joale, rea bona hore monna o ne a fetohile ho ba joaloka Molimo, a tseba botle le bobe; ’me mohlomong a tle a otlolle letsoho la hae, ’me a nke hape le ea sefate sa bophelo, ’me a je ’me a phele ka ho sa feleng, Morena Molimo o ile a beha likerubime le sabole e tukang, hore a tle a sitoe ho ja tholoana eo—

4 ’Me ke joana re bonang, hore ho ne ho ena le nako e fanoeng ho motho hore a bake, ee, nako ea teko, nako ea ho baka le ho sebeletsa Molimo.

5 Hobane bona, haeba Adma a ne a otlolotse letsoho la hae hanghang, ’me a jele ea sefate sa bophelo, a ka be a phetse ka ho sa feleng, ho latela lentsoe la Molimo, a se na sebaka sa pako; ee, ’me hape lentsoe la Molimo le ka be le se na molemo, ’me morero o moholo oa pholoho o ka be o tsielehile.

6 Empa bona, ho ne ho khethetsoe ho motho ho shoa—ka baka leo, joaloka ha ba ne ba khaotsoe ho tloha sefateng sa bophelo ba tla khaoloa ho tloha sefahlehong sa lefats’e—’me motho o fetoha ea lahlehileng ka ho sa feleng, ee, o fetoha motho ea oeleng.

7 ’Me joale, u bona ka sena hore batsoali ba rona ba pele ba ile ba kholoa ka bobeli nameng le moeeng ho tloha ponts’eng ea Morena; ’me joana rea bona hore ba ile ba fetoha babusuoa ho latela kamora thato ea bona.

8 Joale bona, ho ne ho sa lokele hore motho a tle a lopolloe lefung lena la nama, hobane hoo ho ne ho tla timetsa morero o moholo oa thabo.

9 Ka baka leo, joaloka ha moea o ne o keke oa hlola o shoa, ’me ho oa ho ne ho tlisitse holima batho bohle lefu la moea le hape la nama, ke hore, ba ne ba khaotsoe ponts’eng ea Morena, ho ne ho lokela hore batho ba tle ba lopolloe lefung lena la moea.

10 Ka baka leo, joaloka ha ba ne ba fetohile ba thato ea nama, ba ratang tsa nama, le botemona, ka tlhaho, boemo bona ba teko bo ile ba fetoha boemo ba bona ho hlophisa, bo ile ba fetoha boemo ba tlhophisetso.

11 ’Me joale hopola, mora oaka, haeba e ne e se ka moralo oa topollo, (ho behella ka thoko) hang ha ba se ba shoele meea ea bona e ne e le tlokotsing, ba khaotsoe ho tsoa ponts’eng ea Morena.

12 ’Me joale, ho ne ho se na mokhoa oa ho lopolla batho ho tloha boemong bona ba ho oa, boo motho a neng a itliselitse bona ka lebaka la ho se mamele ha hae.

13 Ka baka leo, ho latela toka, moralo oa topollo o ne o keke oa tlisoa, feela ka lipehelo tsa pako ea batho boemong bona ba teko, ee, boemo bona ba tlhophisetso; hobane ntle le hore e be ke ka lipehelo tsena, mohau o ne u sitoa ho nka matla ntle le hore e be o timetsa mosebetsi oa toka. Joale mosebetsi oa toka o ne o keke oa timetsoa, haeba ho ne ho le joalo, Molimo o ne a tla emisa ho ba Molimo.

14 ’Me joana rea bona hore batho bohle ba ne ba oele, ’me ba ne ba le matleng a toka; ee, toka ea Molimo, eo e neng e ba fetisetsa ka ho sa feleng ho khaoloa ho tloha ponts’eng ea hae.

15 ’Me joale, moralo oa mohau o ne o sitoa ho tlisoa ntle le hore topollo e etsoe; ka baka leo Molimo ka bo eena o ile a lefella libe tsa lefats’e, ho tlisa moralo oa mohau, ho khotsofatsa lipehelo tsa toka, hore Molimo e ke e be ea phethehileng, ea nang le toka Molimo, ’me Molimo ea mohau hape.

16 Joale, pako e ne e sitoa ho tla ho batho ntle le hore e be ho na le kotlo, eo hape e neng e le ea bosafeleng joaloka ha bophelo ba moea bo tla ba joalo, e tlamelletsoe khanyetsong ho moralo oa thabo, oo e neng e le oa bosafeleng le ona joaloka bophelo ba moea.

17 Joale, motho o ne a tla baka joang ntle le hore a etse sebe? O ne a tla etsa sebe joang haeba ho ne ho se na molao? Ho ne ho tla ba le molao joang ha e se be ho ne ho ena le kotlo?

18 Joale, ho ne ho ena le kotlo e tlamelletsoeng, le molao o fanoeng, o neng o tlisa ts’oabo ea letsoalo ho motho.

19 Joale, haeba ho ne ho ena le molao o fanoeng—haeba motho ha a bolaile o tla shoa—na o ne a tla ts’aba hore o tla shoa haeba a bolaea?

20 ’Me hape, haeba ho ne ho se na molao o fanoeng khahlanong le sebe batho ba ne ba keke ba ts’aba ho etsa sebe.

21 ’Me haeba ho ne ho se na molao o fanoeng, haeba batho ba etsa sebe ke eng seo toka e neng e ka se etsa, kapa mohau le oona, hobane li ne li keke tsa eba le tseko ho sebupuoa?

22 Ema ho na le molao o fanoeng, le kotlo e tlamelletsoeng, le pako e lumeletsoeng; pako eo, mohau o e tsekang; ho seng joalo, toka e tseka sebupuoa ’me e phethisa molao, ’me molao o fana ka kotlo; haeba ho se joalo, mesebetsi ea toka e ne e tla timela, le Molimo o ne a tle emisa ho ba Molimo.

23 Empa Molimo ha a emise ho ba Molimo, le mohau o tseka ba bakileng e le kannete, ’me mohau o tlile ka lebaka la topollo, ’me topollo e tlisa hore ho etsahale tsoho ea bafu ba shoeleng; ’me tsoho ea bafu ba shoeleng e khutlisetsa batho ponts’eng ea Molimo, ’me ke joana ba tsosolosetsoang ponts’eng ea hae, ho ahloloa ho latela mesebetsi ea bona, ho latela molao le toka.

24 Hobane bona, toka o sebelisa lipehelo tsohle tsa hae, ’me hape le mohau o tseka tsohle tseo e leng tsa hae; ’me joana, ha ho mang empa ke ba bakileng e le kannete ba pholosoang.

25 Keng, o nahana hore mohau o ka tlatlapa toka? Ke re ho uena, Che, le hanyane. Ha ho ne ho le joalo, Molimo o ne a tla emisa ho ba Molimo.

26 ’Me ke joana Molimo a tlisitseng merero ea hae e meholo ea bosafeleng, eo e hlophisitsoeng ho tloha motheong oa lefats’e. ’Me ke joana ho tlileng poloko le topollo ea batho, ’me hape le timelo ea bona le tlokotsi.

27 Ka baka leo, Oho mora oaka, mang kapa mang ea tla tla a ka tla ’me a noa metsi a bophelo mahala; ’me mang kapa mang a ke keng a tla ea ts’oanang ha a qobelloe ho tla; empa ka letsatsi la ho qetela ho tla tsosolosetsoa ho eena ho latela liketso tsa hae.

28 Haeba o lakalitse ho etsa bobe, ’me a sa ka a baka matsatsing a hae, bona, bobe bo tla etsoa ho eena, ho latela tsosoloso ea Molimo.

29 ’Me joale, mora oaka, ke lakatsa hore u tle u se lumelle lintho tsena hore li u ts’oenye ho feta mona, ’me u etse feela hore libe tsa hau li u ts’oenye, ka ho ts’oenyeha ho tla u tlisa tlaase pakong.

30 Oho mora oaka, ke lakatsa hore u se ke oa latola toka ea Molimo ho feta. U se ke oa leka ho ikemela le ka ntlha e nyane ka lebaka la libe tsa hau, ka ho latola toka ea Molimo, empa etsa hore u lumelle toka ea Molimo, le mohau oa hae, le ho mamella ha hae li be le sebaka se tletseng pelong ea hau; ’me u e lumelle hore e u tlise tlase leroleng ka boikokobetso.

31 ’Me joalle, Oho mora oaka, u bitsitsoe ke Molimo ho ruta lentsoe ho sechaba sena. ’Me joale, mora oaka, tsamaea ka tsela ea hau, phatlalatsa lentsoe ka ’nete le tieo, hore u ke u tlise meea e mengata pakong, hore moralo o moholo oa mohau o ke o be le tseko ho bona. ’Me e ke Molimo a ka o fa esita le ho latela mantsoe a ka. Amen.

Hatisa